Pale ea Bophelo
Kamehla Jehova oa re Tsotella
JOALOKAHA HO BOLETSE ENELESI MZANGA
E ne e le ka 1972. Bahlankana ba leshome bao e neng e le litho tsa Mokhatlo oa Bacha oa Malawi, ba ile ba itšohlometsa ka tlung ea rōna, ba ntšoara, ’me ba nkhulanyetsa tšimong e haufi ea ’moba. Ha re fihla moo, ba ile ba nkotla ’me ba ntšiea ba nahana hore ke shoele.
Lipaki Tsa Jehova tse ngata Malawi li ile tsa hlaseloa ka mabifi tjena. Li ne li hlorisoa ka lebaka lefe? Ke eng se ileng sa li thusa hore li mamelle? Ka kōpo ntumelle hore ke u qoqele pale ea lelapa la ka.
KE HLAHILE ka la 31 December, 1921, ’me ke tsoaletsoe lelapeng le ratang bolumeli. Ntate e ne e le moruti oa Kereke ea Central African Presbyterian. Ke hōletse Nkhoma, e leng toropo e nyenyane e haufi le Lilongwe, motse-moholo oa Malawi. Ha ke le lilemo li 15, ke ile ka nyaloa ke Emmas Mzanga.
Ka letsatsi le leng motsoalle oa Ntate, eo le eena e neng e le moruti, o ile a re chakela. O ne a hlokometse hore Lipaki Tsa Jehova li lula haufi le lehae la rōna ’me o ile a re lemosa hore re se ke ra ikamahanya le tsona. O ile a re bolella hore Lipaki li na le bademona le hore haeba re se seli, le rōna re ka ba le bademona. Temoso eo e ile ea re tšosa hoo re ileng ra fallela motseng o mong, moo Emmas a ileng a fumana mosebetsi oa ho rekisa lebenkeleng. Empa ka potlako re ile ra fumana hore lehae la rōna le lecha le lona le ne le le pel’a Lipaki Tsa Jehova!
Leha ho le joalo, nakoana ka mor’a moo lerato la Emmas le tebileng ka Bibele le ile la mo susumelletsa hore a buisane le Paki e ’ngoe. Ka mor’a ho fumana likarabo tse kholisang lipotsong tsa hae tse ngata, Emmas o ile a lumela ha Paki eo e ithaopela ho ithuta Bibele le eena. Qalong thuto ea Bibele e ne e tšoareloa lebenkeleng leo a neng a sebetsa ho lona, empa hamorao thuto ea beke le beke e ile ea tšoarela lapeng la rōna. Nako le nako ha Lipaki Tsa Jehova li tla, ke ne ke tsoa ka tlung kahobane ke ne ke li tšaba. Leha ho le joalo, Emmas o ile a tsoela pele ho ithuta Bibele. Ka mor’a likhoeli tse ka bang tse tšeletseng a qalile ho ithuta, o ile a kolobetsoa ka April 1951. Leha ho le joalo, ha aa ka a mpolella hobane a ne a tšaba hore haeba nka tseba hore o kolobelitsoe ke tla qhala lenyalo la rōna.
Libeke Tse Thata
Leha ho le joalo, ka letsatsi le leng, motsoalle oa ka ea bitsoang Ellen Kadzalero o ile a mpolella hore monna oa ka o kolobelitsoe ’me ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Ke ne ke loloma ke bohale! Ho tloha letsatsing leo, ha kea ka ka mo buisa kapa ka mo phehela lijo. Hape ke ile ka khaotsa ho mo khella metsi a ho itlhatsoa le ho mo futhumalletsa ’ona—e leng mosebetsi oo ho latela setso sa rōna e leng mosebetsi oa mosali.
Ka mor’a ho mamella ho tšoaroa tjena ka libeke tse tharo, ka mosa Emmas o ile a nkōpa hore re ke re buisane ka taba ena, ’me a mpolella hore na ke hobane’ng ha a entse qeto ea ho ba Paki. O ile a bala a ba a hlalosa mangolo a mangata, a kang 1 Bakorinthe 9:16. Sena se ile sa nkama haholo ’me ka ikutloa hore le ’na ke lokela ho bolela litaba tse molemo. Kahoo, ke ile ka etsa qeto ea ho qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Hona mantsiboeeng ao, monna oa ka ea lerato o ile a thaba haholo ha ke mo phehela lijo tse hlabosang.
Ho Abela ba Lelapa le Metsoalle ’Nete
Ha batsoali ba rōna ba utloa hore re ne re kopanela le Lipaki Tsa Jehova, ba ile ba re hanyetsa ka matla. Ba lelapa leso ba ile ba re ngolla lengolo le re bolellang hore re se hlole re ba etela. Seo ba se entseng se ile sa re soabisa, empa re ile ra lumela seo Jesu a ileng a se tšepisa ha a ne a re re tla ba le bara le barali babo rōna le bo-ntate le bo-’mè ba moea ba bangata.—Matheu 19:29.
Ke ile ka hatela pele ka potlako thutong ea ka ea Bibele ’me ka kolobetsoa ka August 1951, likhoeli tse tharo le halofo feela ka mor’a hore monna oa ka a kolobetsoe. Ke ile ka ikutloa ke tlameha ho abela motsoalle oa ka Ellen ’nete. Ka lehlohonolo, o ile a lumela ha ke ithaopela ho ithuta Bibele le eena. Ka May 1952, Ellen o ile a kolobetsoa ’me a fetoha ngoan’eso oa moea, e leng se ileng sa matlafatsa botsoalle ba rōna. Le kajeno re ntse re le metsoalle e ntšanang se inong.
Ka 1954, Emmas o ile a khethoa hore a etele liphutheho e le molebeli oa potoloho. Ka nako eo, re ne re se re e-na le bana ba tšeletseng. Mehleng eo, molebeli ea tsamaeang ea neng a e-na le lelapa o ne a qeta beke e le ’ngoe a etetse phutheho ebe beke e latelang o e qeta a le hae a e-na le mosali oa hae le bana. Leha ho le joalo, ha Emmas a ne a potoloha, ka linako tsohle o ne a etsa bonnete ba hore ke khanna thuto ea Bibele ea lelapa la rōna. Re ne re leka ho etsa hore ho ithuta ha rōna le bana ba rōna e be ho thabisang. Hape re ne re bua ka kholiseho e tlohang pelong ka lerato leo re ratang Jehova le ’nete ea Lentsoe la hae ka lona, ’me re ne re kopanela mosebetsing oa boboleli re le lelapa. Lenaneo lena la koetliso ea moea le ile la matlafatsa tumelo ea bana ba rōna ’me la ba hlomella bakeng sa mahloriso ao re neng re tla tloha re tobana le ’ona.
Ho Qaleha Mahloriso a Bolumeli
Ka 1964, Malawi e ile ea fumana boipuso. Ha ba boholong mokheng o busang ba tseba hore ha re jele paate lipolotiking, ba ile ba leka ho re qobella ho reka likarete tse bontšang hore motho ke setho sa mokha o busang.a Kaha ’na le Emmas re ile ra hana ho li reka, litho tsa Mokhatlo oa Bacha li ile tsa senya tšimo ea rōna ea poone—e leng lijo tseo re neng re tla iphelisa ka tsona selemong se latelang. Ha litho tsa Mokhatlo oa Bacha li ntse li khethula poone, li ne li bina li re: “Bohle ba hanang ho reka karete ea Kamuzu [Mopresidente Banda], poone ea bona e tala e tla jeoa ke bohloa ’me batho bana ba tla e llela.” Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe ho senyeheloa ke lijo tjena, ha rea ka ra nyahama. Re ile ra bona hore Jehova o re hlokometse. O ile a re matlafatsa ka lerato.—Bafilipi 4:12, 13.
Bosiung bo bong bo boholo ka August 1964, ke ne ke setse ke le mong lapeng le bana. Re ne re khalehile, empa ke ile ka phaphamisoa ke molumo o neng o utloahala o le hōle oa batho ba binang. E ne e le sehlopha sa Gulewamkulu, e leng mokhatlo o tšajoang oa sekhukhu oa lihoba tsa setso tse hlaselang batho le tse iketsang eka ke meea ea baholo-holo ba shoeleng. Mokhatlo oa Bacha o ne o rometse sehlopha sa Gulewamkulu ho tla re hlasela. Kapelenyana ke ile ka tsosa bana, ’me ra balehela morung pele bahlaseli ba fihla ntlong ea rōna.
Ha re le moo re neng re ipatile teng, re ile ra bona leseli le khanyang. Sehlopha sa Gulewamkulu se ne se chesitse ntlo ea rōna e ruletsoeng ka joang. E ile ea cha lore! hammoho le thepa eohle ea rōna. Ha bahlaseli ba tloha lithakong tsa ntlo ea rōna tse kubellang mosi, re ile ra utloa ba re, “Re beselitse Paki eane mollo o tukang hamonate oo e tla iphuthumatsa ka oona.” Re ile ra leboha Jehova hakaakang hore ebe re ne re phonyohile! Ke ’nete hore ba ne ba sentse thepa eohle ea rōna, empa ha baa ka ba senya boikemisetso ba rōna ba ho tšepa Jehova ho e-na le batho.—Pesaleme ea 118:8.
Re ile ra utloa hore sehlopha sa Gulewamkulu se ne se entse ntho ena e tšabehang le ho malapa a mang a mahlano a Lipaki Tsa Jehova a sebakeng sa habo rōna. Re ile ra thaba ra ba ra leboha hakaakang ha barab’abo rōna ba liphuthehong tse haufi ba re phallela! Ba ile ba haha matlo a rōna bocha ’me ba re fa lijo ka libeke tse ngata.
Mahloriso aa Tota
Ka September 1967 naheng eohle ho ile ha etsoa letšolo la ho tšoara Lipaki Tsa Jehova kaofela. Ho re batla, bahlankana ba sehlōhō le ba mabifi—bao e leng litho tsa Mokhatlo oa Bacha le tsa Malawi Young Pioneers, ba nkileng lithipa tse khōlō—ba ile ba tsoma Lipaki ka ntlo le ntlo. Ha ba li fumana, banna bao ba ne ba li rekisetsa likarete tsa mokha oa lipolotiki.
Ha ba fihla ntlong ea rōna, ba ile ba re botsa hore na re na le karete ea mokha. Ke ile ka re: “Che, ha ke e-s’o e reke. Ha ke na ho e reka hona joale, ebile ha ke bone hore ke tla e reka le nakong e tlang.” Joale ba ile ba tšoara ’na le monna oa ka ’me ba re isa sepoleseng sa moo, ’me ha baa ka ba re fa monyetla oa ho nka letho. Ha bana ba rōna ba banyenyane ba fihla hae ba tsoa sekolong, ba ile ba fumana re le sieo ’me ba ile ba khathatseha haholo. Ka lehlohonolo, mora oa rōna e moholoanyane ea bitsoang Daniel o ile a fihla nakoana ka mor’a moo ’me a botsa moahelani oa rōna hore na ho etsahetse eng. Kapele-pele o ile a nka banab’abo ba bang ’me ba ea sepoleseng. Ba fihlile hang feela ha mapolesa a re laela ka literakeng ho re isa Lilongwe. Bana bao ba ile ba tsamaea le rōna.
Ha re le Lilongwe ho ile ha tšoaroa nyeoe eo e neng e se molaong ntlo-khōlō ea sepolesa. Mapolesa a ile a re botsa, a re, “Na le tla ’ne le be Lipaki Tsa Jehova?” Re ile ra a araba ra re, “E!” le hoja karabo ena ka boeona e ne e bolela hore re tla ahloleloa ho hlola chankaneng lilemo tse supileng. “Baeta-pele” ba mokhatlo o hlophisitsoeng bona ba ile ba ahloleloa lilemo tse 14.
Ka mor’a ho hlola bosiu re sa ja ebile re sa bo hlotha, mapolesa a ile a re isa Chankaneng ea Maula. Lisele tsa moo li ne li tletse tsoete! hoo re neng re bile re se na le sebaka sa ho robala fatše. Seleng e ’ngoe le e ’ngoe e tletseng ho ne ho sebelisoa bakete e le ’ngoe feela e le ntloana. Lijo li ne li fokola li bile li sa phehoa hantle. Ka mor’a libeke tse peli, ba boholong chankaneng ba ile ba hlokomela hore re batho ba nang le khotso ’me ba ile ba re lumella hore re sebelise lebala la boikoetliso la chankana le ka ntle. Kaha re ne re le bangata, letsatsi le leng le le leng re ne re e-ba le menyetla ea ho khothatsana le ho fana ka bopaki ho batšoaruoa ba bang. Re ile ra makala ha ka mor’a ho sebeletsa kahlolo ea rōna ea chankana ka likhoeli tse ka bang tharo, re lokolloa ka lebaka la khatello ea machaba ’musong oa Malawi.
Mapolesa a ile a re phehella hore re khutlele malapeng a rōna, empa a ile a boela a re bolella hore Lipaki Tsa Jehova li ne li thibetsoe Malawi. Thibelo ena e ile ea nka lilemo tse ka bang 26—ho tloha ka la 20 October, 1967, ho isa ho la 12 August, 1993. Lilemong tseo ho ne ho le thata, leha ho le joalo, ka thuso ea Jehova re ile ra khona ho lula re sa jele paate ka ho feletseng.
Ho Tsongoa Joaloka Liphoofolo
Ka October 1972, molao oa ’muso o ile oa etsa hore ho be le mahloriso a mang a sehlōhō. Molao oo o ne o re Lipaki Tsa Jehova li tebeloe mesebetsing le hore Lipaki tsohle tse lulang metseng li ne li lokela ho lelekoa mahaeng a tsona. Lipaki li ne li tsongoa joaloka liphoofolo.
Hona nakong eo, mor’abo rōna e monyenyane oa Mokreste o ile a fihla ntlong ea rōna a tliselitse Emmas molaetsa o reng, ‘Mokhatlo oa Bacha o loha leano la ho u khaola hlooho, ho hloma hlooho ea hao palong, le ho e isa ho marena a motse.’ Emmas o ile a tloha lapeng kapele, empa ha aa ka a tloha pele a etsa litokisetso tsa hore re mo latele kapele kamoo ho neng ho ka khoneha. Ke ile ka balehisa bana kapele. Joale, eitse moo ke reng kea tloha, litho tse leshome tsa Mokhatlo oa Bacha tsa hlaha, li batla Emmas. Li ile tsa itšohlometsa ka tlung ea rōna empa tsa fumana hore Emmas ha a sa le eo. Ka bohale, banna bao ba ile ba nkhulanyetsa tšimong e haufi ea ’moba, moo ba ileng ba nthaha ’me ba nteteka ka mahlaka a ’moba. Ka mor’a moo ba ile ba ntšiea ba nahana hore ke shoele. Eitse ha ke hlaphoheloa, ke ile ka khutlela lapeng ke khasa.
Bosiung boo, Emmas o ile a beha bophelo ba hae kotsing ka ho khutlela ntlong ea rōna ho tla mpatla ha ho se ho le lefifi. Ha a mphumana ke khakhathiloe hampe, Emmas le motsoalle oa hae ea nang le koloi ba ile ba nkuka hantle ’me ba mpalamisa koloing. Eaba re ea lapeng la mor’abo rōna e mong Lilongwe, moo butle-butle ke ileng ka fola tlhaselong eo ’me Emmas o ile a qala ho etsa litokisetso tsa hore re balehe ka har’a naha.
Baphaphathehi Bao ho Seng Moo ba ka Eang Teng
Morali oa rōna Dinesi le monna oa hae ba ne ba e-na le teraka ea boima ba lithane tse hlano. Ba ile ba hira mokhanni eo e neng e kile ea e-ba setho sa Malawi Young Pioneer empa a se a re utloela bohloko. O ile a ithaopela ho thusa rōna le Lipaki tse ling. Ka masiu a mangata mokhanni enoa o ne a palamisa Lipaki tseo a neng a li fumana libakeng tseo ho neng ho lumellanoe hore li ipate ho tsona. Ka mor’a moo, o ne a apara junifomo ea hae ea Malawi Young Pioneer ’me a khanna teraka e tletseng batho a feta libakeng tse ngata tseo mapolesa a neng a thibile tsela ho tsona. O ile a ipeha kotsing haholo e le hore a thuse Lipaki tse makholo hore li tšele leliboho ho ea Zambia.
Ka mor’a likhoeli tse seng kae, ba boholong Zambia ba ile ba re khutlisetsa Malawi; leha ho le joalo, re ne re ke ke ra khutlela motseng oa habo rōna. Thepa eohle eo re neng re e siile e ne e utsoitsoe. Esita le ntlo ea rōna e ne e rulollotsoe masenke. Kaha ho ne ho se sebaka se sireletsehileng seo re neng re ka ea ho sona, re ile ra balehela Mozambique ’me ra lula kampong ea baphaphathehi ea Mlangeni ka lilemo tse peli le halofo. Leha ho le joalo, ka June 1975, ’muso o mocha oa Mozambique o ile oa koala kampo eo ’me oa re qobella ho khutlela Malawi, moo boemo bo neng bo e-s’o fetohe bakeng sa batho ba Jehova. Re ile ra tlameha ho balehela Zambia ka lekhetlo la bobeli. Ha re le moo re ile ra fihla kampong ea baphaphathehi ea Chigumukire.
Likhoeli tse peli hamorao libese le literaka tsa masole tse entseng mokoloko li ile tsa emisa haufi le tsela e khōlō, ’me masole a makholo a Zambia a hlometseng haholo a ile a futuhela kampo eo. A ile a re bolella hore re ne re hahetsoe matlo a matle ’me a re tliselitse likoloi tse tla re isa ho ’ona. Re ne re tseba hore ha a bue ’nete. Masole a ile a qala ho sutumelletsa batho ka har’a literaka le libese, ’me ha e-ba le pherekano. Masole a ile a qala ho thunyetsa sebakeng ka lithunya tsa ’ona tsa merathatha, ’me bara le barali babo rōna ba likete ba phasalla ba tšohile.
Pherekanong eo, Emmas o ile a thuloa ka phoso ’me a hatakeloa, empa mora e mong oabo rōna o ile a mo phahamisa. Re ne re nahana hore matšoenyeho a maholo a se a qalile. Baphaphathehi bohle ba ile ba balehela Malawi. Ha re sa ntse re le ka Zambia, re ile ra fihla nōkeng, ’me barab’abo rōna ba ile ba etsa mekoloko e ’maloa ba tšoarane ka matsoho ho thusa bohle hore ba tšele ba sireletsehile. Leha ho le joalo, ha re fihla ka nģ’ane ho nōka re ile ra pota-potoa ke masole a Zambia ’me a re qobella hore re khutlele Malawi.
Ha re se re khutletse Malawi hape, re ne re sa tsebe hore na re ee hokae. Re ne re utloetse hore libokeng tsa lipolotiki le likoranteng, batho ba ne ba lemositsoe hore ba hlokomele “lifahleho tseo ba sa li tsebeng” tse fihlang metseng ea bona, e leng Lipaki Tsa Jehova. Kahoo, re ile ra etsa qeto ea ho ea motse-moholo, moo re neng re ke ke ra totobala joaloka motseng. Re ile ra atleha ho hira ntlo e nyenyane, ’me Emmas o ile a qalella ho etela liphutheho ka sekhukhu e le molebeli ea tsamaeang.
Ho ba Teng Libokeng Tsa Phutheho
Ke eng se ileng sa re thusa hore re lule re tšepahala? Ke liboka tsa phutheho! Kampong ea mahloriso ea Mozambique le ea Zambia, ka bolokolohi re ne re e-ba teng libokeng tse neng li tšoareloa Liholong Tsa ’Muso tsa boemo bo tlaase, tse ruletsoeng ka joang. Ho ne ho le kotsi ho bile ho le thata ho ba libokeng ha re le Malawi—leha ho le joalo, kamehla boiteko ba ho ba moo e ne e se ba lefeela. E le hore re se ke ra ipitsetsa mahlo, re ne re atisa ho tšoara liboka bosiu haholo libakeng tse poteletseng. E le hore batho ba se ke ba hlokomela hore re kopane, re ne re sa ope matsoho ha re bontša hore re leboha sebui empa re ne re a pikitla feela.
Ho ne ho kolobetsoa bosiu haholo. Mora oa rōna ea bitsoang Abiyudi o ile a kolobetsoa ketsahalong e joalo. Ka mor’a puo ea kolobetso, eena le ba bang ba neng ba il’o kolobetsoa ba ile ba tsamaea lefifing ba ea mokhoabong moo ho neng ho chekiloe sekoti se sa tebang. Ba ile ba kolobelletsoa moo.
Ntlo ea Rōna e Nyenyane—Sebaka se Sireletsehileng
Lilemong tsa morao tsa ha ’muso o ne o sa ntse o thibetse mosebetsi oa rōna, ntlo ea rōna e Lilongwe e ne e sebelisoa e le sebaka se sireletsehileng. Mangolo le lingoliloeng tse tsoang ofising ea lekala ea Zambia li ne li tlisoa ntlong ea rōna ka sekhukhu. Barab’abo rōna ba neng ba tsamaisa lingoliloeng ka libaesekele ba ne ba e-tla ntlong ea rōna ho tla nka thepa e tsoang Zambia ’me ba isa mangolo le lingoliloeng likarolong tsohle tsa Malawi. Limakasine tsa Molula-Qhooa tse neng li ajoa li ne li le tšesaane hobane li ne li hatisoa ka pampiri e sebelisetsoang ho hatisa Bibele. Sena se ile sa nolofalletsa ba tsamaisang lingoliloeng ho tsamaisa limakasine tseo palo ea tsona e neng e imenne habeli ho feta ha li ne li hatisitsoe ka pampiri e tloaelehileng. Ba tsamaisang lingoliloeng ba ne ba boetse ba aba limakasine tse nyenyane tsa Molula-Qhooa, tse neng li e-na le lihlooho tse ithutoang feela. Ho ne ho le bonolo ho pata makasine e nyenyane ka har’a pokotho ea hempe hobane e ne e le leqephe le le leng feela.
Batsamaisi bana ba lingoliloeng ba ne ba beha bolokolohi ba bona le bophelo ba bona kotsing ha ba ne ba tsamaea ka libaesekele morung, ka linako tse ling e le mafifing, ba nkile mabokose a kolohantsoeng a le mangata a lingoliloeng tse thibetsoeng. Ho sa tsotellehe libaka tseo mapolesa a neng a thibile tsela ho tsona esita le likotsi tse ling, ba ne ba tsamaea lik’hilomithara tse makholo-kholo mefuteng eohle ea boemo ba leholimo ho isetsa barab’abo bona lijo tsa moea. Batsamaisi bao ba ratehang ba ne ba le sebete hakaakang!
Jehova o Hlokomela Bahlolohali
Ka December 1992, Emmas o ile a tšoaroa ke stroke ha a ntse a fana ka puo nakong ea ha a etetse phutheho e le molebeli oa potoloho. Ka mor’a moo, ha aa ka a hlola a khona ho bua. Ka mor’a nako e itseng, o ile a tšoaroa ke stroke ka lekhetlo la bobeli, ’me se ile sa mo siea a holofetse lehlakore. Le hoja ho ne ho le thata hore a tobane le ho fokolloa ke bophelo, tšehetso e lerato eo re ileng ra e fumana ka phuthehong ea habo rōna e ratehang e ile ea etsa hore ke se hlole ke nyahama. Ke ile ka khona ho hlokomella monna oa ka lapeng ho fihlela a hlokahala ka November 1994, a le lilemo li 76. Re ne re se re e-na le lilemo tse 57 re nyalane, ’me pele Emmas a shoa, o ile a bona ha thibelo e tlosoa mosebetsing oa rōna. Empa ke sa ntse ke saretsoe ka lebaka la ho shoeloa ke motsoalle oa ka ea tšepahalang.
Ka mor’a ho shoeloa ke monna, mokhoenyana oa ka ha aa ka a hlokomela mosali oa hae le bana ba bahlano feela empa hape o ile a ithaopela ho ntlhokomela. Ka masoabi, ka mor’a ho kula ka nako e khutšoanyane, o ile a hlokahala ka August 2000. Morali oa ka o ne a tla khona joang ho re fumanela lijo le bolulo? Le lekhetlong lena ke ile ka bona hore Jehova oa re hlokomela le hore ka sebele ke “ntat’a bashanyana ba se nang bo-ntate ’me ke moahloli oa bahlolohali.” (Pesaleme ea 68:5) A sebelisa bahlanka ba hae ba lefatšeng, Jehova o ile a re fa ntlo e ncha e ntle. Seo se etsahetse joang? Ha bara le barali babo rōna ba phuthehong ea habo rōna ba bona maqakabetsi ao re neng re le ho ’ona, ba ile ba re hahela ntlo ka libeke tse hlano feela! Barab’abo rōna ba tsoang liphuthehong tse ling bao e neng e le lihahi ba ile ba tla thusa. Re ile ra hlolloa ke lerato le mosa o bontšitsoeng ke Lipaki tsena tsohle hobane ntlo eo ba re hahetseng eona e ntle ho feta matlo ao ba bangata ba bona ba nang le ’ona. Lerato lena le bontšitsoeng ke phutheho le ile la fana ka bopaki bo botle ho baahelani ba rōna. Ha ke robala bosiu, ke ikutloa eka ke Paradeiseng! Ke ’nete hore ntlo ea rōna e ncha e bileng e leng ntle e hahiloe ka litene le samente, empa joalokaha ba bangata ba boletse, ke ntlo eo ka sebele e ileng ea hahoa ka lerato.—Bagalata 6:10.
Jehova o Tsoela Pele ho re Hlokomela
Le hoja ka linako tse ling ke bile makhatheng a ho felloa ke tšepo ka ho feletseng, Jehova o bile molemo ho ’na. Ho bana ba ka ba robong, ba supileng ba ntse ba phela, ’me hona joale lelapa la ka le na le litho tse 123. Ke leboha hakaakang hore ebe ba bangata haholo ba bona ba sebeletsa Jehova ka botšepehi!
Kajeno ke lilemo li 82, ’me ke tlala thabo ha ke bona seo moea oa Molimo o se entseng Malawi. Lilemong tse ’nè feela tse fetileng, ke bone ha palo ea Liholo Tsa ’Muso e eketseha ho tloha ho e le ’ngoe ho ea ho tse fetang 600. Hape hona joale re na le ofisi e ncha ea lekala e Lilongwe, ’me re thabela lijo tsa moea tse matlafatsang tse fumanehang ka bolokolohi. Ka sebele ke ikutloa hore ke bone ho phethahala ha tšepiso ea Molimo e ho Esaia 54:17, moo re kholisoang hore: “Sebetsa leha e le sefe se tla etsoa khahlanong le uena se ke ke sa atleha.” Ka mor’a ho sebeletsa Jehova ka lilemo tse fetang 50, ke kholisehile hore ho sa tsotellehe liteko leha e le life tseo re ka ’nang ra tobana le tsona, Jehova oa re hlokomela.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng ka histori ea Lipaki Tsa Jehova Malawi, bona Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1999, leqepheng la 149-223, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Monna oa ka, Emmas, o ile a kolobetsoa ka April 1951
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Sehlopha sa batsamaisi ba lingoliloeng ba sebete
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Ntlo e hahiloeng ka lerato