Bophelo bo Botle ba ’Mele Bakeng sa Bohle—Na ke Pakane e ka Finyelloang?
NA U lakatsa eka uena le ba lelapa la hao le ka phela hantle ’meleng? Ha ho potang. Empa le hoja ka linako tse ling boholo ba rōna re ka ’na ra tšoaroa ke mafu a sa reng letho, ho batho ba limilione, ho kula ke ntho e bohloko e ba manameng bophelo bohle.
Leha ho le joalo, ho etsoa boiteko bo boholo ho loantša seoa sa maloetse. Nahana ka Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo (WHO [World Health Organization]), o sebetsang tlas’a tsamaiso ea Machaba a Kopaneng. Sebokeng se neng se tšehelitsoe ke WHO ka 1978, baemeli ba tsoang mafatšeng a 134 le mekhatlong e 67 ea Machaba a Kopaneng ba ile ba lumela hore bophelo bo botle ba ’mele hase feela ho se tšoaroe ke maloetse. Ba ile ba bolela hore bophelo bo botle ba ’mele ke “boemo bo phethahetseng ba ’mele, kelello le boiketlo ba sechaba.” Joale, ka sebete baemeli ba ile ba nka bohato ba ho phatlalatsa hore bophelo bo botle ba ’mele ke “tokelo ea mantlha ea motho”! Ka tsela eo, WHO e ile ea ipehela pakane ea ho finyella “boemo bo amohelehang ba bophelo bo botle ba ’mele bakeng sa batho bohle lefatšeng.”
Pakane e joalo ea ipiletsa, ebile ea babatseha. Empa na ho na le menyetla ea hore e tla ke e finyelloe? Har’a boiteko bohle boo motho a bo entseng, lefapha la bongaka ke lona leo ka sebele e bileng le tšeptjoang ka ho fetisisa le le ratoang. Ho latela koranta ea Brithani ea The European, batho ba linaheng tsa Bophirimela ba se ba tloaetse “khopolo ea neano ea moriana oa ‘qhala-boloetse’: pilisi e le ’ngoe bakeng sa ho phekola bothata bo le bong.” Ka mantsoe a mang, bakeng sa boloetse bo bong le bo bong, re lebeletse hore ba lefapha la bongaka ba ntše moriana o bo phekolang habonolo le ka ho toba. Na lefapha la bongaka le fela le ka finyella litebello tse phahameng hakaalo?