Bophelo bo Botle ’Meleng Bakeng sa Bohle—Neng?
“Lipetlele tsa sechaba tsa bophelo bo botle tse 67 tsa linaha tse futsanehileng, ho sa balloe Chaena, li sebelisa chelete e fokolang litlhokomelong tsohle tsa bophelo ho feta ea linaha tse ruileng li e sebeliseng lithethefatsing feela.”—Health Crisis 2000.
“BOPHELO bo botle ’meleng bakeng sa bohle ka selemo sa 2000”—poleloana eo e ’nile ea phetoa-phetoa haholo Sebokeng sa Machaba sa Tlhokomelo ea Bophelo, se neng se tšehelitsoe ke Mokhatlo oa Bophelo oa Lefatše (WHO) le Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng oa Lithuso tsa Bana (UNICEF) morao ka 1978. Sebokeng seo ho ne ho tlile baromuoa ba tsoang lichabeng tse 134, ba hloma mahlo haholo litlhokong tse haellang tsa bophelo bo botle.
Eo e kileng ea e-ba motsamaisi ea ka sehloohong oa UNICEF, Henry R. Labouisse, o itse: “Le leng la mabaka ao re kopaneng mona kajeno ke tumelo ea rōna e tebileng ea hore liphapang tse tšosang mahareng a menyetla ea bophelo bo botle likarolong tse fapaneng tsa lefatše, esita le ka har’a linaha, li ke ke tsa hlola li lumelloa ho tsoela pele.”
Pele ho seboka, tlaleho e buile ka lekhalo le leholo la lefatše ka bophara mahareng a lintho tse teng tsa bophelo bo botle lichabeng tse ruileng le tse sieo lichabeng tse ling. Tlaleho ea UNICEF selemong seo e itse linaheng tse ling tse futsanehileng ke “karolo ea 10 lekholong feela e nolofalloang ho fumana tlhokomelo e loketseng ea bophelo” le “karolo ea 20 lekholong—mohlomong—e noa metsi a hloekileng.”
Seboka se entse khoeletso ea “ho hōlisa tlhahiso ea lijo le phepo e nepahetseng, phepo e lekaneng ea metsi a hloekileng le tsamaiso ea likhoerekhoere; tlhokomelo ea bophelo ba bo-’mè le bana, . . . phumano ea meriana ea bohlokoa.”
Tsena tsohle li bitsa chelete e ngata, haholo-holo bakeng sa batho ba lichaba tse futsanehileng. Chelete bakeng sa litlhokahalo tsena e ka fumanoa hokae? Seboka se itse “khotso, ho qhephisa bora pakeng tsa lichaba le peho ea lihlomo fatše” li ka lokolla chelete e ngata bakeng sa merero ena. Kahoo, makasine oa World Health o hatisoang ke Mokhatlo oa Bophelo oa Lefatše, o ile oa tlameha ho fana ka lentsoe: “Nahanang ka lefatše le phethahetseng moo mehloli ea boko ba motho ea tlhaho, chelete e tšolleloang libetseng e tlang ho sebelisetsoa ho ntlafatsa bophelo ba lefatše!”
Empa lilemong tse fetileng haesale ho tloha ka 1978, na u bone khotso e joalo, ho qhephisa ha bora le peho ea lihlomo fatše? Na lichaba ha li etse ka ho fapaneng, ha bothata ba bophelo bo ntse bo hōla?
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Sekolong sa Colombia bana baa entoa
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
P. Almasy/WHO