Bophelo bo Botle ’Meleng Bakeng sa Bohle—Tlhoko ea Motheo
TSEBO ea mehleng ena ea meriana e entse tsoelopele e babatsehang. Mabaka a mafu a seoa a nakong e fetileng ha e sa le sephiri. Likhatelopele tse hlollang li hlahisitse limakatso tsa mehleng ena tsa meriana.
Empa mathata a bophelo bo botle a ntse a tsietsa. Nakong ea Seboka sa Machaba sa Tlhokomelo ea Bophelo ka 1978, karolo ea 80 lekholong ea baahi ba lefatše ba lulang libakeng tsa mahae le tse futsanehileng tsa litoropo e ne e ntse e haelloa ke ho fumana tlhokomelo leha e le efe e loketseng ea meriana, bana ba 30 ho ba bang le ba bang ba 31 ba ka tlase lilemo tse hlano ba neng ba ka shoa selemong seo, ba ne ba lula mafatšeng a futsanehileng. Le linaheng tse “tsoetseng pele”, tšenyo ea tikoloho le tšilafalo li sokela bophelo.
Ofisi ea lebatooa ea Mokhatlo oa Bophelo oa Lefatše bakeng sa Europa e profeta tlokotsi selemong sa 2000, e seng bophelo bo botle ’meleng. Ka 1983 e tšehelitse ho hatisoa ha buka Health Crisis 2000, ea Peter O’Neill, e buang ka “temoho e nyahamisang” ea “mafu a macha” a mangata a nanarelang lefatše le tsoetseng pele. Ke afe? Kankere e bakoang ke tikoloho, bokhoba ba lithethefatsi, mafu a hlooho, mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona kapa botšehali, “ho ipolaea ho phehellang ha motho ea tsubang le ea noang,” “seoa sa ‘likotsi tsa mebileng,’ lintho tse senyang bophelo esita le ho monya mehloli ea rōna ea chelete.” “Mafu ana a lichaba tse ruileng” a namela le lichabeng tse futsanehileng.
Mathata a Mehleng Ena
A re hlokomeleng a mang a mehleng ena: KANKERE ke lefu la bobeli le ka sehloohong United States. E tšoara motho a le mong ho Maamerika a mang le a mang a mane. Lefatšeng ka bophara, batho ba limillione tse 40 ba ka tšoaroa ke lefu lena. Lintho tse bakang kankere li ngata.
TŠILAFALO. Lihlahisoa le litšila tse kotsi li silafatsa tikoloho. Lichefu tse bolaeang likokoanyana li fumanoa lijong. Linoka le maoatle a silafalitsoe. Libakeng tse ling le metsi a liliba a silafalitsoe.
BOKHOBA BA LITHETHEFATSI. “Bohato bo iketlileng bo lebisang liheleng” ke seo Health Crisis 2000 e bitsang bokhoba ba lithethefatsi. E re “tšebetso e bolaeang monahano le ’mele oa bana . . . ke e tšabehang haholo, mokhoa oa ho phekola mokuli o nka nako e telele ’me o boima ho mokuli le ba mo thusang, hoo o hlokang tlhahlobo e khethehileng.”
MAFU A TŠOAETSANOANG KA LIKAMANO TSA BOTONA LE BOTŠEHALI. Ka lebaka la ho hlepha ha boitšoaro, ho nama ha mafu a litšila ho fihlile ntlheng eo ho bitsoang koluoa—koluoa e nammeng lefatše ka bophara. Makasine oa World Health o re “ho nama ha lefu lena ho baahi kajeno ho atile hoo motho leha e le mang ea kopanelang liphate le balekane ba bangata a leng kotsing ea ho tšoaetsoa.”
TŠEBELISO E MPE EA JOALA. Libakeng tse ngata, basali, esita le bana ba eketsa lenane la makhoba a joala. Ho boleloa hore joala ke sesosa sa karolo ea 40 lekholong sa likotsi tsohle tsa mebileng. Esita le motho ea noang ka boitekanelo a ka bolaea lelapa ka ho paka matla a hae ka ho khanna.
MAETO A MEHLENG ENA. Bobebe ba maeto a mehleng ena bo nolofalitse ho nama ho potlakileng hoa mafu lefatšeng ka bophara. Lefu la AIDS le qhoshola le hlōlang moento oa penicillin le hasantsoe lefatšeng ka bophara ke batsamai, ’me ho boleloa hore mafu ana “a nama hamonate ka baka la ho eta haholo ha batho hoo e leng letšoao le khethollang lekholo la mashome a mabeli la lilemo.”
BAAHI. Sepenya sa baahi le phallelo e potlakileng ea batho metseng ea litoropo ho mpefatsa mathata a lefatše a bophelo bo botle ba ’mele. Ka 1983, metse e 26 e ne e e-na le baahi ba ka bang limillione tse hlano. Ka selemo sa 2000 ho ka ’na ha e ba le metse e 60 e joalo. Makasine World Health o re ho ka ’na ha e ba le batho ba fetang limillione tse likete ba “phelang litoropong tseo baahi ba tsona ba tlang ho kolla ntši hanong.” Robert McNamara, eo e neng e le mopresidente oa Banka ea Lefatše, o hlokomelisitse: “Haeba metse e sa qale ho loantša bofutsana hamolemo, bofutsana bo ka qala ho senya metse ka mokhoa o kotsi.”
Ho sa tsotellehe boiteko ba batho ba bangata ba sebetsang ka thata le ba ineetseng, pakane ea “bophelo bo botle ’meleng bakeng sa bohle” e bonahala e ke ke ea finyelloa. Bonneteng, lepetjo lena ha le’a lokela ho nkoa le le joalo. Le ne le sa rereloa ho bolela hore motho e mong le e mong o tla phela hantle, empa hore mohlomong tlhokomelo ea bophelo bo botle ’meleng e tla fumaneha bakeng sa bohle. Bukana ea Mokhatlo oa Bophelo oa Lefatše e re pakane ke hore “mehloli ea bophelo bo botle e tla abuoa ka ho lekaneng . . . hore tlhokomelo e hlokahalang ea bophelo bo botle e tla fumaneha habonolo bakeng sa motho e mong le e mong . . . le hore batho ba tla sebelisa mekhoa e molemo ho feta eo ba e sebelisang hona joale” ho thibela mafu le likholofalo.
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng leqepheng la 4]
P. Almasy/WHO