Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 4/15 maq. 4-7
  • Pheko ea Mafu ’Ohle e ka Fumanoa!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Pheko ea Mafu ’Ohle e ka Fumanoa!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Qalo e Phetseng Hantle
  • Boloetse ke Eng?
  • Ho Batla Bophelo
  • Pheko e Haufi!
  • Bophelo bo Phethahetseng Bakeng sa Bohle
    Tsoha!—1995
  • Bophelo bo Botle ’Meleng Bakeng sa Bohle—Tlhoko ea Motheo
    Tsoha!—1987
  • Boloka Tumelo ea Hao le Bophelo bo Botle ba Moea
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Bophelo bo Botle ba ’Mele Bakeng sa Bohle—Bo Haufi!
    Tsoha!—2001
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 4/15 maq. 4-7

Pheko ea Mafu ’Ohle e ka Fumanoa!

HO THEOSA le mehla, ho ’nile ha e-ba le boiteko bo bongata ba ho leka ho fumana pheko bakeng sa mafu ’ohle. Ka selemo, ho sebelisoa liranta tse libillione litšebeletsong tsa bophelo. Litalenta tse ling tse kholohali tsa lefatše, mechine e tsoetseng pele haholo, li sebelisoa phuputsong ea meriana. Empa batho ho pota lefatše ba ntse ba kula, ’me mafu a bolaeang a ntse a tsoela pele. Boemo ba rōna ha boa fetoha haholo ho ba mehleng ea Moshe. Lilemo tse fetang 3 000 tse fetileng o itse: “Matsatsi a ho phela ha rōna ke lilemo tse mashome a supileng, ho ba matla ke tse mashome a robileng meno e le ’meli, boikakaso ba tsona ke khathatso le bomalimabe.”—Pesaleme ea 90:10.

Qalo e Phetseng Hantle

Empa qalong motho o ne a phethahetse. Adama le Eva ba ne ba phela tikolohong e hloekileng, e se nang mafu, tšimo e ntle ea Edene. Ba ne ba filoe lijo tse ngata tse matlafatsang le tse hahang. Ba ne ba e-na le mosebetsi o susumetsang le o putsang. ’Me ba ne ba phetse hantle ’meleng le kelellong.—Bona Genese 1:26-30.

Molimo oa boela oa ba bolella kamoo ba ka bolokang boemo ba bona bo phethahetseng. Pele oa ba bolella seo ba lokelang ho se etsa: “Ngatafalang, le ate, le tlale lefatšeng, le rene holim’a Iona.” Joale a ba bolella seo ba sa lokelang ho se etsa: “Ha e le sefate sa ho tseba botle le bobe, u se ke ua se ja, hobane mohla u se jang, u tla shoa.” (Genese 1:28; 2:17) Haeba bona, ’me hamorao bana ba bona, ba ne ba ka boloka litaelo tsena tse peli, ba ne ba tla khona ho boloka ka ho sa feleng boemo ba bona bo phethahetseng bo koenneng le bo thabileng.

Batho ba bangata kajeno ba ikutloa hore tlaleho ea Adama le Eva ha e lumellane le thuto ea mahlale, empa e le tšomo feela. Empa ho e-na le ho tlohela litaba tsena habobebe, a re ke re nyakureleng.

Ka mantsoe ao re tloaelaneng le ’ona kajeno, taelo ea pele e ne e re ba tlameha ho hlokomela tikoloho ea bona. Ea bobeli ea ba bolella hore ba tlameha ho boloka mokhoa oa bona oa ho phela ka hare ho meeli e itseng e beiloeng ke Molimo. Na ena ke tšomo e sa lumellaneng le thuto ea mahlale kapa na e totobatsa motheo oa ho phela hantle? Hlokomela seo buka Health and Disease e ngotsoeng ke René Dubos le Maya Pines e se buang ka taba ena: “Tšusumetso e ’ngoe ea mafu e utloisisoang hanyenyane ke tikoloho. Moo motho a phelang teng le hore na o phela joang ho ka ’na ha e-ba le phello e khōlō bophelong ba hae—hangata ka litsela tse sa belaeloeng—ho feta lipeō tsa mafu tseo a ka kopanang le tsona kapa liphatsa tsa lefutso.”

Boloetse ke Eng?

Ho se potolohileng taba ena, mafu haholo-holo a amana le kamoo re phelang kateng le kamoo re sebetsanang kateng le tikoloho ea rōna. Kajeno re ikutloa hore tsela ea rōna e tsoetseng pele ea bophelo e entse ho hong ho ntlafatsa boemo ba bophelo ka kakaretso. Empa hlokomela se boletsoeng ke Dubos le Pines: “Matsoalloa a Australia, a batlang a phela libakeng tse ka thoko ka mekhoa ea Boholo-holo, ka ho totobetseng a lokolohile mafung. Ha e le hantle, batho ba tsoetseng pele, ka tšebeliso ea bohlale ba meriana ea kajeno, ke hona ba qalang ho amanya bophelo bo botle ba batho ba lefatše ba sa tsoelang pele e le lefa.”

Ba bang ba ‘batho bana ba sa tsoelang pele haholo’ ba qotsitsoeng ke bangoli ba bitsoa Mabaane a Sudan. “Mabaane a thabela bophelo bo bolelele bo ka fumanoang feela bathong ba neoang tlhokomelo e ngata haholo ea meriana. Ho feta-feta moo, lilemo tsa bona tsa botsofali li batla li lokolohile mafung a tloaelehileng a fokolisang a botsofali. Boramahlale ba ntse ba makalitsoe ke bophelo ba Mabaane bo sa tloaelehang, empa tikoloho ea oona e tsitsitseng, le e khutsitseng e batla e le ntlha ea bohlokoa ka sebele.” Ho hatisa tšusumetso ea tikoloho lingoli tsa phaella: “Ha Mabaane a tloha ho ea motse-moholo Khartoum, e hōle ka lik’hilomithara tse 1 050, a futuheloa ke mafu ao a sa kang a a tseba le ka mohla.”

Ha ho bapisoa, tsela ea rōna ea bophelo e “tsoetseng pele” e silafalitse moea le metsi, ea fokotsa meru, ho ngatafala ha batho, le khaello ea lijo bakeng sa likarolo tse khōlō tsa sechaba. Tikoloho eo motho a e tšoereng ka bohlasoa ha ea hlahisa likotsi tse tebileng feela tsa bophelo empa e boetse e tšositse tebello ea ho ba teng ha hae lefatšeng.—Bona Tšenolo 11:18.

Ka baka leo, ha ho makatse hore e be ka linako tse ling mafu a hlalositsoe e le “tholoana ea tsela e tsoetseng pele ea bophelo.” Re inka re tsoetse pele hobane ha re sa phela bophelo bo hlaha. Ho e-na le hoo, re ka ’na ra phela metseng e meholo haufi-ufi le ba bang, haeba re hlile re sa palamane. Ha e le hantle, lentsoe la Senyesemane “civilized” (e tsoetseng pele) le tsoa motsong oa Selatine o bolelang motho ea ahileng kapa ea lulang motseng o moholo. Empa khopolo ea ho lula motseng o moholo e tsoa hokae?

Tlaleho ea pele ea sena e fanoe ho Genese 11:4: “Ba re: Tlo’ng joale, re ikhahele motse le tora, tlhoro ea eona e fihle leholimong, ’me re iketsetse lebitso, re tle re se ke ra qhalanyetsoa lefatšeng lohle.” Tšisinyo eo mehleng ea Nimrode e ne e le khahlanong le thato ea Molimo e bolelletsoeng Adama ea hore batho ha ‘tlale lefatšeng, ’me ba rene holim’a lona.’ Ho etsa joalo, ba ne ba tlameha ho hasana ha palo ea bona e ntse e eketseha. Ka ho hana ho etsa sena, le ka mabaka a mang, Nimrode a tsebahala ka hore ke setsomi sa senatla “pel’a Jehova.” (Genese 10:9) Tsela eo e khelohileng, ea phaella borabeleng ba tšimo ea Edene, ea potlakisetsa motho tseleng ea ho tsofala, ho kula, le lefu.

Le kajeno, boholo ba mafu a hlaselang ba lichabeng tse tsoetseng pele, ke tholoana ea mokhoa oa bona oa bophelo.

Ho Batla Bophelo

Babusi ba hlokometse hore mathata a bophelo a batho ha a rarolloe feela ka hore ho be le meriana e eketsehileng, lingaka tse eketsehileng, kapa lipetlele tse eketsehileng, le hoja ho se pelaelo hore lintho tsena li ka ntlafatsa ka nakoana. Ho e-na le hoo ho hlokahala liphetoho tse khōlō tseleng eo batho ba phelang ka eona le tseleng eo batho ba sebelisang tikoloho ka eona. Ka mohlala, Dr. Halfdan Mahler, motsamaisi-kakaretso oa Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo (WHO), moqoqong oa Letsatsi la Lefatše la Bophelo, ka la 7 ’Mesa, 1983, a ngola:

“Batho ba ka etsa eng ka bophelo ba bona? Ho fana ka mehlala e se mekae, motho ka mong kapa sechaba ba ka nka bohato ba ho tiisa hore ba na le lijo tse lekaneng tsa mofuta o nepahetseng. Ba ka ikopanya ho sebelisa hamolemo metsi leha e le afe a fumanehang kapa a ka etsoang hore a fumanehe, ba tiisa hore a sirelelitsoe litšileng. Ba ka tsitlallela melaong e amohelehang ea bohloeki ka malapeng a bona le ho a potoloha, libakeng tsa ’maraka le mabenkeleng, likolong, lifemeng, matlong a joala le a lijo. Ba ka ithuta ho hlahlamanya bana bao ba ba batlang ka tsela e tla fa e mong le e mong oa bana monyetla oa ho phela, thuto e ntle, le bophelo bo hlomphehang.”

Ka ho hlakileng, ena ke mehato e isang bophelong bo botle. Empa lipotso tse totobetseng ke tsena: Batho ba futsanehileng ba linaheng tse e-song ho tsoele pele ba tla fumana lijo tse lekaneng, metsi a sireletsehileng, le bohloeki bo amohelehang joang? Ba tla fumana lichelete hokae le bohlale bo hlokahalang ho fana ka lintho tsee tsa bohlokoa?

Ka ho thahasellisang, sehlooho se ho World Health, makasine oa molao oa Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo, se re: “U ka inahanela hore na ekaba lefatše le phethahetseng hakaakang haeba bohlale bohle, litšenyehelo le mehloli ea batho le ea lintho tse bonahalang, tse ntseng li tšolleloa libetseng tsa sesole hona joale, li ne li ka neheloa ho ntlafatseng bophelo ba lefatše!” Hoo ho ne ho tla etsa’ng? Sehlooho seno se lekanyelitse hore tlhōlisano ea libetsa e hloka lefatše lidolara tse ka bang likete tse limillione tse 600 ka selemo, kapa lidolara tse millione ka motsotso, ho tšehetsa lenaneo lena. Empa “letšolo la ho tlosa lefu le bolaeang sekholopane ka lilemo tse 14 pakeng tsa 1967 le 1980 le jele lefatše lidolara tse limillione tse 300 feela.” Ka hoo ea qetella ka hore: “Ka ho hlakileng, leha e mpa e le karolo feela ea mehloli eo hona joale e fuoang sesole e ne e ka fetisetsoa ho thibeleng, ho phekoleng le ho fuputseng lefapheng la bophelo, lefatše le ne le tla be le thusitsoe ho hatela pejana haholo mabapi le pakane ea Bophelo bakeng sa bohle ka selemo sa 2000.”

Ho thoe’ng ka batho ba linaheng tse tsoetseng pele? Ba ka ’na ba e-ba molemo ho feta ba bang lintlheng tse ling, empa, ho ea ka Dr. Mahler, le bona, “ba tlameha ho falimehela boikarabelo ba bona ba bophelo, ho ja ka bohlale, ho noa ka ho itekanela, ho se tsube ho hang, ho khanna ka hloko, ho ikoetlisa ka ho lekaneng, ho ithuta ho phela tlas’a khatello ea bophelo ba metse e meholo, le ho thusana ho etsa joalo.”

Kahoo re tlameha ho botsa: Na lichaba li tla ithaopela ho fetola lipakane tsa tsona ’me li phehelle bophelo ka holimo ho tsohle? Na li tla ithaopela ho bea liphapang tsa tsona tsa lipolotiki ka thoko ’me li sebelise mehloli ea tsona le boiteko bakeng sa ho hlōla mafu? Hona na batho ba tla fetola mokhoa oa bona oa bophelo ho ea ho o molemo ho feta? Ka sebele u tla lokela ho lumela hore hona ho ka ’na ha se etsahale. Pheko ea mafu ’ohle e ke ke ea bonoa le ka mohla haeba re e shebile ho lichaba.

Pheko e Haufi!

Joale, re tla talima ho mang? Hopola pono eo moapostola Johanne ea tsofetseng a e boneng. O e hlalosa ka tsela ena:

“Lengeloi la mpontša hape noka e ntle ea metsi a bophelo, a hloekileng joale ka krystale, e tsoang teroneng ea Molimo le Konyana. Mahareng a lepatlelo la motse le mabopong a Iona, ka mose o mong le o mong, ho na le sefate sa bophelo se beang litholoana ha leshome le metso e ’meli, ’me se bea litholoana ka likhoeli tsohle; mahlaku a sefate seo ke a ho folisa balichaba.”—Tšenolo 22:1, 2.

“Noka e ntle ea metsi a bophelo” ea tšoantšetso e bonoa e phalla e tsoa “teroneng ea Molimo le Konyana.” Ka ho hlakileng, re tlameha ho talima ho Jehova Molimo le ho ’Muso oa Messia oa Mora oa hae bakeng sa ho “folisa balichaba.” Na hoo ha hoa nepahala? Molimo ke ’Mōpi oa ’mele ea batho le oa lefatše lohle. Eena—ho feta ngaka leha e le efe kapa ramahlale—o tseba hore na lintho li ka tšoaroa joang hamolemo e le hore mafu a ka hlōloa. Tlas’a ’Muso oa Molimo, motho o tla lokolloa litšileng tse bakang maloetse le tse bakang lefu tse re hlasetseng hona joale. Batho ba bolokiloe le ho matlafatsoa ke “metsi a bophelo” a hloekileng joale ka krystale le litholoana le mahlaku a “sefate sa bophelo”—tokisetsong eohle ea Jehova bakeng sa ho fumana bophelo bo sa feleng—ba tla phekoloa ka ho sa feleng mafung a bona ’ohle, a moea le a ’mele.”a Batho ba tla khutlisetsoa boemong bo thabileng, bo koenneng, le bo phethahetseng le bo thabetsoeng ke baholo-holo ba bona, Adama le Eva qalong.

Nako ea hore ’Muso oa Molimo o nke bohato ka “ho senya ba senyang lefatše” e haufi. (Tšenolo 11:18) Ka hona likarolo tse ngata tsa boprofeta ba Bibele li tla phethahala paradeiseng e tsosolositsoeng. (Esaia 33:24; 35:5, 6) Tsena ke litaba tse molemo ho bohle ba lakatsang bophelo bo botle ka tsela ea Molimo. Haufinyane “lefatše le lecha” leo Johanne a le boneng le tla ba teng, moo ‘lefu le sa tl’o hlola le e-ba teng; le masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko.’—Tšenolo 21:1, 4.

Na u tla ba har’a ba tla phonyoha bofelo ba tsamaiso ee e silafalitsoeng le e bolang ea lintho ho fetela lefatšeng leo le lecha’ le hloekisitsoeng? Ka ho sebelisa nako e sa setseng ka bohlale bakeng sa ho ithuta ho eketsehileng ka ’Muso oa Molimo ’me u etsa seo a se hlokang, u tla phela ho bona letsatsi leo mafu ’ohle a tla phekoloa ka eona.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa tlhaloso e batsi ea litemana tsena, ka kōpo bona “Babylon the Great Has Fallen!” God’s Kingdom Rules!, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela