Boemo ba Bophelo bo Botle Lefatšeng—Lekhalo le Eketsehang
KA MONGOLLI OA TSOHA! BRAZIL
HA Ali Maow Maalin a ne a tšoaroa ke sekholopane Somalia ka 1977, se ile sa mo kenya sepetlele le lihloohong tsa litaba. Ka mor’a hore a fumane phekolo ’me a fole, WHO (Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo) e ile ea phatlalatsa ka 1980 hore sekholopane—ka mor’a hore se bolaee batho ba limilione ka makholo a lilemo—se ne se felisitsoe lefatšeng. Ho ile ha boleloa hore Ali e ne e le mohlaseluoa oa ho qetela lefatšeng.
Ka 1992 WHO e tlalehile katleho e ’ngoe mabapi le tlhokomelo ea bophelo: Lilemong tsa bo-1980, batho ba bangata linaheng tse hōlang moruong lefatšeng ba ile ba khona ho fumana metsi a nooang a hloekileng le ho fumana mekhoa e bonolo ea ho tšolla likhoere-khoere. Ho phaella moo, karolo e khōloanyane ea baahi ba linaheng tse sa hōlang haholo moruong e fumane menyetla ea litšebeletso tsa tlhokomelo ea bophelo. Ka lebaka leo, lilemong tse leshome tse fetileng, mafu a mangata a bana a ile a fokotseha libakeng tse ling.
Linnete Tse Tšosang
Leha ho le joalo, katleho ena e sitisoa ke tšenyo le litšokelo tse hlahellang. Nahana ka linnete tse seng kae tse tšosang.
HIV/AIDS—Batho ba fetang 17 000 000 lefatšeng ka bophara ba kenoe ke HIV, e leng kokoana-hloko e bakang AIDS. E ile ea kena batho ba ka bang 3 000 000 ka selemo se le seng morao tjena, ke batho ba ka bang 8 000 ka letsatsi. Bana ba fetang milione ba kenoe ke HIV. Mafu a bakoang ke AIDS har’a bana kapele-pele a ka senya katleho leha e le efe e entsoeng lilemong tsa morao tjena ho pholosa bana. Hona joale seoa sena se ntse se eketseha libakeng tse ngata joaloka Asia. Aids and Development e bolela hore batho ba fetang karolo ea 80 lekholong ea bahlaseluoa bohle ba kenoeng ke HIV, ba lula linaheng tse hōlang moruong.
Lefuba (TB)—Le hoja TB e ile ea hlokomolohuoa haholo lilemong tse 20 tse fetileng, e boetse e hlasetse lefatše, e bolaea batho ba ka bang limilione tse tharo selemo le selemo, ’me sena se e etsa lefu le ka sehloohong har’a mafu a tšoaetsang. Karolo e fetang ea 98 lekholong ea mafu ao e etsahetse linaheng tse hōlang moruong. Ho mpefatsa boemo, kokoana-hloko ea TB le ea HIV li ikentse ngatana-’ngoe e senyang e nang le liphello tse kotsi. Ho lebelletsoe hore bofelong ba selemo sa 2000 batho ba milione ba kenoang ke HIV selemo le selemo ba tla bolaoa ke TB.
Kankere—Litlaleho tsa kankere linaheng tse hōlang moruong hona joale li phahame ho feta linaheng tse tsoetseng pele moruong.
Lefu la Pelo—“Re haufi le seoa sa lefatše lohle sa tlokotsi ea lefu la pelo,” ho hlokomelisa ngaka ea WHO Dr. Ivan Gyarfas. Lefu la pelo ha e sa le seoa sa lichabeng tse tsoetseng pele feela. Ka mohlala, Latin America, batho ba eketsehileng ka makhetlo a mabeli ho isa ho a mararo ba tla bolaoa ke lefu la pelo ho feta ho bolaoa ke mafu a tšoaetsang. Nakong ea lilemo tse seng kae, lefu la ho thibana methapo ea pelo le li-stroke e tla ba tsona lisosa tse khōlō tsa lefu hohle linaheng tse hōlang moruong.
Mafu a Linaheng Tse Chesang Tse Mongobo—WHO ea hlokomelisa: “Ho bonahala mafu a linaheng tse chesang tse mongobo a hlasela ka sekhahla, k’holera e namela Amerika Leboea le Amerika Boroa . . . , yellow fever le mafu a seoa a fetisoang ke monoang a tšoere batho ba bangata, ’me boemo ba malaria bo ntse bo mpefala.” Makasine oa Time o re: “Linaheng tse futsanehileng ka ho fetisisa lefatšeng, ntoa khahlanong le mafu a tšoaetsanoang e hlōtse.” Lenane la batho ba bolaoang ke malaria feela hona joale ekaba limilione tse peli ka selemo—bona ke bona boemo ka mor’a ho nahana hore e ile ea hlōloa lilemong tse ka bang 40 tse fetileng.
Mafu a Letšollo—Ho shoa ha bana linaheng tse hōlang moruong hoa tšosa. Hoo ekabang bana ba 40 000 baa shoa letsatsi le letsatsi ka lebaka la ho kenoa ke likokoana-hloko kapa khaello ea phepo e nepahetseng; ngoana a le mong o bolaoa ke letšollo metsotsoana e meng le e meng e robeli.
Bophelo bo Botle le Bofutsana—Lia Amana
Boemo bona ba bophelo bo re bolella eng? Setsebi sa bophelo bo botle se re: “Linaha tse hōlang moruong li talimane le tlokotsi e imenneng habeli. Hona joale li hlasetsoe ke mafu ’ohle a macha a sa foleng a hlahellang empa le mafu a linaheng tse chesang tse mongobo a ntse a le teng.” Phello? “Lekhalo mahareng a linaha tse tsoetseng pele moruong le tse hōlang moruong” le hlobaetsang le ntse le totobala ho ea kamoo ho hlokometseng buka Achieving Health for All by the Year 2000. Ka hona, tlhokomelo ea bophelo linaheng tse ka bang 40 tsa Afrika le Asia “ha ea ipapisa le lefatše lohle.” Lekhalo la bophelo bo botle le leholo—le ntse le eketseha.
Le hoja ho e-na le mabaka a mangata a lekhalo lena le eketsehang, sesosa se seng se seholo sa bophelo bo fokolang, kamoo ho bolelang makasine oa World Health, “ke bofutsana.” (Bapisa le Liproverbia 10:15.) Hangata bofutsana bo qobella batho ho lula meqotetsaneng e khetholloang ka ho hlokeha ha mokhoa o bonolo oa ho tšolla likhoere-khoere, khaello ea metsi a hloekileng le a lekaneng, sepenya, le ho petetsana. Mabaka ana a mararo ha a sitise bophelo bo botle feela empa ha e le hantle a ntšetsa mafu pele. Ho ’ona phaella khaello ea phepo e nepahetseng, e fokolisang matla a ’mele a ho itšireletsa mafung, le hore na ke hobane’ng ha bofutsana bo le kotsi bophelong bo botle joalokaha bohloa bo senya lehong.
Ha mafu a bolaeang a tšoaetsanoang a kena matlung, a holofatsa ’mele, a bolaea bana, mafutsana ke ’ona a thefulehang ka ho tebileng. Hlokomela mehlala e meng. Likarolong tse futsanehileng tsa Afrika Boroa, litlaleho tsa lefuba li phahame ka makhetlo a lekholo ho feta libakeng tsa batho ba amohelang chelete e ngata sechabeng se tšoanang. Libakeng tse futsanehileng tsa Brazil, batho ba bolaoang ke pneumonia le ntaramane ba eketsehile ka makhetlo a fetang a tšeletseng ho feta ba libaka tsa boahisani tse ruileng. Lenane la masea a India a shoang malapeng a futsanehileng le phahame ka makhetlo a leshome ho feta malapeng a ruileng ka ho fetisisa India. ’Nete ena e utloisang bohloko e hlakile: ‘Bofutsana bo kotsi bophelong ba hao bo botle!’
Ha ho makatse ha batho ba fetang limilione tse sekete ba lulang mek’huk’hung ba e-na le boikutlo ba ho hloka tšepo. Lisosa tsa bofutsana li phahametse taolo ea bona, empa liphello tse bohloko tse kulisang li laola bophelo ba bona. Haeba u hlokofatsoa ke liphello tse utloisang bohloko tsa bofutsana, le uena u ka ikutloa u le ka lehlakoreng le utloang bohloko la lekhalo la bophelo. Leha ho le joalo, ho na le mehato e meng eo u ka e latelang ho sireletsa bophelo ba hao le ba bana ba hao. Mehato eo ke efe? Sehlooho se latelang se fana ka litlhahiso tse ling.