Boitšireletso bo Bocha Toantšong ea Lefuba
LEFUBA ke ’molai oa khale ka ho fetisisa oa batho ea tšoaetsanoang, ’me e ntse e le tšokelo e khōlō bophelong hoo Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo (World Health Organization [WHO]) o le bapisang le bomo e chehetsoeng nako. Tlaleho ea WHO ka lefuba ea lemosa: “Re lelekisa nako.” Haeba motho a hlōleha ho cheholla bomo ena, ka letsatsi le leng a ka ’na a iphumana a tobane le boloetse bo hanang litlhare bo “jaloang ke moea, empa bo sa phekolehe ho tšoana le AIDS.” WHO e phehella hore nako e fihlile ea hore ho eloe hloko matla a bolaeang a lefuba. “Motho e mong le e mong ea hemang moea, likhutlong tsohle tsa lefatše . . . , o lokela ho tšoenyeha ka kotsi ena.”
Na ke ho feteletsa taba? Le hanyenyane. Nahana feela hore na lefatše le ne le tla ntša mahlo linameng ho le hokae haeba boloetse bo itseng bo e-tsoa taolong ’me bo sokela ho hlasela le ho felisa baahi bohle, a re re mohlomong ba Canada ka lilemo tse leshome! Le hoja sena se ka ’na sa utloahala eka ke tšōmo, ke tšokelo ea sebele. Lefatšeng ka bophara, lefuba le bolaea batho ba bangata ho feta ba bolaoang ke AIDS, malaria le maloetse a libakeng tse chesang tse mongobo a kopane: batho ba 8 000 letsatsi le letsatsi. Hona joale batho ba ka bang limilione tse 20 ba tšoeroe ke lefuba, ’me le ka ’na la bolaea ba bang ba ka bang limilione tse 30 lilemong tse leshome tse tlang—e leng palo e fetang ea baahi ba Canada.—Bona lebokose le reng “Taolo ea Lefuba Lefatšeng Lohle, leqepheng la 18.”
Litaba Tse Molemo Hona Joale
Leha ho le joalo, kajeno ho na le tšepo. Ka mor’a lilemo tse leshome tsa liphuputso, bafuputsi ba ile ba fumana leqheka la ho fokotsa lefuba matla ho etsa hore e se hlole e e-ba ’molai ea sollang borata e mpe e be setlokotsebe se koaletsoeng. Dr. Hiroshi Nakajima, eo e kileng ea e-ba motsamaisi-kakaretso oa WHO, o ile a bitsa leqheka lena le lecha “khatelo-pele e ’ngoe ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong bo botle ba sechaba leshomeng lena la lilemo.” ’Me Dr. Arata Kochi, e leng mookameli oa WHO Global TB Programme, o bolela hore ke la pele la ho fana ka monyetla oa hore “ho etsolloe seoa sa lefuba.” Ke’ng se tsosang thabo ee eohle? Leqheka le bitsoang DOTS.
DOTS ke khutsufatso ea directly observed treatment, short-course (phekolo ea nako e khutšoanyane tlas’a tlhokomelo e tobileng). Ke tsamaiso ea tlhokomelo ea bophelo e ka phekolang bakuli ba bangata ba lefuba ka likhoeli tse tšeletseng ho isa ho tse robeli ho sa hlokahale hore ba qete leha e le letsatsi ba kene sepetlele. DOTS e itšetlehile ka lintlha tse hlano hore e atlehe. WHO e bolela hore haeba leha e le efe ea lintlha tsena e haella, bokhoni ba ho phekola bakuli ba lefuba “bo tsoa le pakeng tsa menoana.” Ke lintlha life tseo?
● 1. E Tobileng: Kotsi e mpe ka ho fetisisa ea lefuba ke hore le se ke la lemohuoa. Ka hona, WHO e buella hore mohato oa pele ke hore basebetsi ba tlhokomelo ea bophelo ba etse boiteko bo tobileng ba ho fumana batho ba tšoeroeng ke lefuba le tšoaetsanoang tikolohong ea bona.
● 2. Tlas’a Tlhokomelo: Ntlha ea bobeli ea DOTS e bolela hore tsamaiso ea bophelo bo botle ke eona e ikarabellang bakeng sa hore phekolo e atlehe—eseng mokuli. Basebetsi ba tlhokomelo ea bophelo kapa baithaopi ba koetlisitsoeng, joaloka basebetsi ba mabenkele, matichere, kapa batho ba kileng ba tšoaroa ke lefuba, ba hlokomela hore bakuli ba noa meriana eohle e loantšang lefuba eo ba e laetsoeng. “Bahlokomeli ba bakuli” ke ba bohlokoa bakeng sa katleho hobane lebaka le ka sehloohong leo ka lona lefuba le ntseng le le teng le kajeno ke hobane bakuli ba khaotsa ho noa meriana kapele haholo. (Bona lebokose le reng “Ke Hobane’ng ha le Ata—Hape?” leqepheng la 18.) Ka mor’a libeke tse seng kae ba e-noa meriana, ba qala ho ikutloa ba hlaphoheloa ’me ba khaotsa ho noa lipilisi. Empa, ba tlameha ho qeta likhoeli tse tšeletseng ho isa ho tse robeli ba ntse ba e-noa meriana e le hore likokoana-hloko tsa lefuba li shoe ka ho feletseng ’meleng.
● 3. Phekolo: Likhoeling tsena tse tšeletseng ho isa ho tse robeli, basebetsi ba tlhokomelo ea bophelo ba lekola kamoo phekolo e tsamaeang kateng ’me ba tlaleha tsoelo-pele ea bakuli. Ka tsela ena, ba etsa bonnete ba hore bakuli ba fola ka ho feletseng le hore ba ke ke ba tšoaetsa ba bang.
● 4. Nako e Khutšoanyane: Ho sebelisa motsoako o nepahetseng le tekanyo e nepahetseng ea litlhare tse loantšang lefuba, ho tsejoa ka hore ke phekolo ea lik’hemik’hale ea nako e khutšoanyane, etsoe nako e lekaneng ke ntlha ea bone ea leqheka la DOTS. Motsoako oa litlhare tsena o matla ka ho lekaneng hore o bolaee likokoana-hloko tsa lefuba.a Litlhare tsena li lokela ho lula li le teng e le hore phekolo e se ke ea emisoa leha e le ka nakoana.
● 5. !: WHO e bontša ntlha ena ea bohlano ea leqheka la DOTS ka ho sebelisa letšoao la makalo qetellong ea DOTS! Le emela ho etsoa ha maano a tšehetso ea lichelete le tšebeliso ea kahlolo e loketseng. WHO e phehella tsamaiso ea bophelo ho sireletsa mehloli ea chelete e mebusong le mekhatlong eo e seng ea ’muso le ho etsa hore phekolo ea lefuba e be karolo ea tsamaiso ea bophelo bo botle naheng.
Ha le bua ka tšehetso ea lichelete, leqheka la DOTS le ipiletsa ho baetsi ba maano ba laolang mehloli ea lichelete. Banka ea Lefatše e hlalositse DOTS e le “boqapi bo bong bo baballang chelete ka ho fetisisa bo fumanehang toantšong ea . . . boloetse.” WHO e hakanya hore ho sebelisa leqheka lena linaheng tse futsanehileng ho ka ’na ha hloka chelete e ka bang R600 bakeng sa mokuli ka mong. “Hase hangata sena se fetang lisente tse leshome (tsa United States) ho motho ka mong linaheng tse sa tsoelang pele moruong, e leng chelete e ka khonehang esita le tlas’a maemo a mabe ka ho fetisisa a moruo.” Leha ho le joalo, ho ba le litšenyehelo tse tlaase ha ho nyenyefatse moputso oa hona.
Le Sebetsa Hantle Hakae?
Baemeli ba WHO ba boletse ka March 1997 hore tšebetso e lekanyelitsoeng ea leqheka la DOTS e ne e “e etsa hore seoa se akaretsang sa lefuba se eme nģa e le ’ngoe ka lekhetlo la pele ka mor’a lilemo tse mashome.” “Moo DOTS e sebelisoang, palo ea ba phekoloang e batla e imena habeli.” Ketello-pele ea merero ea DOTS libakeng tse seng li ntse li hlasetsoe ke lefuba e bontša hore leqheka lena lea sebetsa. Nahana ka mehlala e seng mekae ea katleho e qotsitsoeng ke WHO.
India, “DOTS e ’nile ea sebelisoa libakeng tsa pontšo tse nang le batho ba fetang limilione tse 12. . . . Hona joale batho ba bane ho ba bang le ba bang ba bahlano ba phekoloa lefuba.” Lenaneong la ketello-pele le akarelitseng batho ba milione Bangladesh, “karolo ea 87 lekholong [ea bakuli ba lefuba] e ile ea phekoloa.” Sehlekehlekeng sa Indonesia, leqheka la DOTS “le phekola bakuli ba 9 ho ba 10.” Chaena, merero ea ketello-pelo e bile “le katleho e babatsehang,” ka ho phekola karolo ea 94 lekholong. Motseng o mong oa Afrika Boroa, bakuli ba lefuba ba “fetang karolo ea 80 lekholong ba ile ba fola ka ho feletseng.” Morao tjena, DOTS e ile ea boela ea sebelisoa New York City, ’me ea hlahisa liphello tse babatsehang.
Dr. Kochi o phetha ka hore se fumanoeng libakeng tseo ho entsoeng liteko ho tsona linaheng tse ’maloa se bontša hore leqheka lena “le ka sebelisoa hohle le hore le ka phekola hoo e ka bang karolo ea 85 lekholong esita le ho feta.”
Eseng ka Sekhahla—Empa ka ho Tsoelang Pele
Ka phekolo e ka felisang habonolo le ka tsela e litšenyehelo li tlaase ’molai oa batho ea kotsi ka ho fetisisa ea tšoaetsanoang, u ne u ka ’na ua lebella hore leqheka la DOTS le hōle ka sekhahla. Mosebeletsi e mong oa WHO o re: “Empa ho makatsang ke hore ke linaha tse seng kae feela tse sebelisang mokhoa oona oo WHO e o pakileng hore oa sebetsa le hore o litšenyehelo li tlaase taolong ea lefuba.” Ke ’nete hore mathoasong a 1996, e ne e le linaha tse 34 feela tse neng li sebelisa mokhoa ona sechabeng ka bophara.
Leha ho le joalo, tsoelo-pele e teng. Pejana ho 1993, ha WHO e ne e phatlalatsa lefuba e le seoa se akaretsang, e ne e le mokuli a le mong ho ba bang le ba bang ba 50 ea neng a fumana DOTS. Hona joale e se e le mokuli a le mong ho ba bang le ba bang ba leshome. Ho tlalehoa hore ka 1998 linaha tse ka bang 96 li ne li sebelisa leqheka la DOTS. Haeba linaha tse eketsehileng li ka ipōpa ngatana ho sebelisa DOTS, palo ea ba tšoaroang ke lefuba ka selemo ‘e tla fokotseha ka halofo nakong ea lilemo tse leshome feela.’ Dr. Kochi o re: “Re bontšitse boleng ba tokisetso ena ea tlhokomelo ea bophelo e hlokang feela hore e sebelisoe ka ho pharaletseng.”
Kaha motho o na le tsebo le lisebelisoa tsa ho loantša lefuba ka katleho, ntho feela e haellang ke ‘batho ba tla hlokomela hore meriana ena e sebelisoa lefatšeng ka bophara.’ Ha ho makatse ha khatisong e ’ngoe e ngoletsoeng lingaka le basebetsi ba bang ba bophelo lefatšeng ka bophara, WHO e botsa: “Re sa emetse’ng?”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Litlhare tsena li akarelletsa isoniazid, rifampin, pyrazinamide, streptomycin le ethambutol.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 17]
Motsotso o mong le o mong, motho e mong o tšoaetsoa ke lefuba
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 17]
‘Meriana e pholosang bophelo e ituletse feela e sa sebelisoe ha ka nako e tšoanang batho ba limilione ba e-shoa.’—Dr. Arata Kochi
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 19]
“Leqheka la DOTS le tla hlahisa khatelo-pele e ’ngoe ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong bo botle ba sechaba leshomeng lena la lilemo.”—Khatiso ea WHO e lokolotsoeng
[Lebokose le leqepheng la 18]
Ke Hobane’ng ha le Ata—HAPE?
Pheko ea lefuba e ile ea sibolloa lilemong tse fetang 40 tse fetileng. Ho tloha ka nako eo, batho ba fetang limilione tse 120 ba se ba shoele ba bolaoa ke lefuba, ’me le tla bolaea ba bang ba ka bang limilione tse 3 selemong sena. Empa ke hobane’ng ha batho ba bangata hakaale ba ntse ba bolaoa ke lefuba empa le phekoleha? Ho na le mabaka a mararo a sehlooho: ho se tsotelle, HIV/AIDS le lefuba le sa phekoleheng ka litlhare tse sa tšoaneng.
Ho se tsotelle. Tlhokomelo ea lefatše e lebisitsoe maloetseng a tšoaetsanoang a kang AIDS le Ebola. Leha ho le joalo, ka 1995 bakeng sa motho a le mong ea bolaoang ke Ebola, ba 12 000 ba ile ba bolaoa ke lefuba. Ha e le hantle, lefuba le tloaelehile haholo linaheng tse ntseng li hōla moruong hoo batho ba tsona ba nkang hore boloetse boo ke karolo ea bophelo. Ka nako e tšoanang, linaha tse ruileng li ’nile tsa lumella lefuba ho ata empa meriana e le phekolang e ituletse feela e sa sebelisoe. Ho se tsotelle hona ho akaretsang ho ipakile e le phoso e bolaeang. Le hoja ho ameha ha lefatše ka lefuba ho ne ho fokotseha, likokoana-hloko tsa lefuba tsona li ile tsa ’na tsa ipha matla. Kajeno li hlasela batho ba eketsehileng linaheng tse eketsehileng ho feta leha e le neng pele historing ea batho.
HIV⁄AIDS. Lefuba ke li-ea-thoteng li bapile le HIV le AIDS. Ha batho ba tšoaetsoa HIV—e fokolisang matla a bona a ’mele a ho itšireletsa mafung—monyetla oa hore ba tšoaroe ke lefuba o eketseha ka makhetlo a ka bang 30. Hase ho makatsang ha kajeno seoa sa HIV lefatšeng ka bophara se ekelitse palo ea bakuli ba lefuba! Ho hakanngoa hore batho ba 266 000 ba nang le HIV ba bolailoe ke lefuba ka 1997. Peter Piot, motsamaisi oa Lenaneo la Kopanelo la Machaba a Kopaneng la HIV/AIDS, o re: “Bana ke banna le basali ba sa kang ba rua molemo oa meriana e theko e tlaase e loantšang lefuba eo ba neng ba e hloka ho phekola lefuba la bona.”
Lefuba le sa phekoleheng ka litlhare tse sa tšoaneng. “Likokoana-hloko tse hanang lithethefatsi,” tse hlōlang boitšireletso ba motho ba ’mele bo nang le pokello ea lithibela-mafu, ke ntho ea tšōmong ea saense, empa boloetseng ba lefuba teng, e ja setsi ’me e ba ’nete. E ka ’na eaba batho ba fetang limilione tse 50 ba se ba ntse ba tšoaelitsoe lefuba le sa phekoleheng ka litlhare tse sa tšoaneng (multidrug-resistant [MDR]). Bakuli ba khaotsang ho noa meriana ka mor’a libeke li se kae hobane ba utloa ba batla ba hlaphoheloa, kapa hobane ba feletsoe ke meriana, kapa hobane boloetse ba bona bo nkoa bo nyatseha sechabeng ha ba bolaee likokoana-hloko tsohle tsa lefuba ’meleng ea bona. Ka mohlala, naheng e ’ngoe ea Asia, bakuli ba babeli ho ba bang le ba bang ba bararo ba khaotsa ho sebelisa litlhare pele ho nako eo ba e behetsoeng. Mohla ba kulang hape, mohlomong ho se ho batla ho le thatanyana ho phekola boloetse ba bona kaha libaktheria tse setseng li sala li itoanela ’me li hlōla meriana eohle e teng toantšong ea lefuba. Ka lebaka leo, bakuli ba qetella ba tšoeroe ke mofuta oa lefuba le sa phekoleheng—bona hammoho le motho mang kapa mang eo ba ka ’nang ba mo tšoaetsa lona. ’Me hang ha mofuta ona o bolaeang oa MDR o ba moeeng, re sallana le potso e thata ea hore, Na motho o sa tla ke a khone ho khutlisetsa boemo taolong?
[Lebokose le leqepheng la 18]
Taolo ea Lefuba Lefatšeng Lohle
Selemo le selemo seoa sa lefuba sea nama, se eketsa ho bitsa chelete e ngata, ’me se fetoha se bolaeang le ho feta. Litlaleho tse bokeletsoeng ke Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo li sala morao ho nama ha ’molai enoa ea sa tsejoeng haholo. Mehlala e meng ke ena: “Pakistan e ’nile ea hlōloa ke ntoa khahlanong le lefuba.” “Lefuba le khutletse Thailand ka matla a maholo.” “Kajeno, lefuba le har’a lisosa tse itlhommeng pele tsa bokuli le lefu Brazil.” “Lefuba le khomaretse batho ba Mexico ka matla.” Russia “litlaleho tsa lefuba li ata ka sekhahla.” Ethiopia “lefuba le ata ka tsela e sa laoleheng ho pholletsa le naha.” “Afrika Boroa e na le tlaleho e phahameng ka ho fetisisa ea batho ba nang le lefuba lefatšeng.”
Le hoja bakuli ba 95 ho ba bang le ba bang ba 100 ba phela linaheng tse futsanehileng ka ho fetisisa lefatšeng, lefuba le ea le ntse le ipha matla le linaheng tse ruileng. United States e ile ea e-ba le keketseho e sekhahla ea litlaleho tsa ba tšoeroeng ke lefuba mathoasong a bo-1990. Moqolotsi oa litaba United States, Valery Gartseff, o bolela hore lefuba “le boetse le khutlile ho tla hlorisa Maamerika.” Ka ho tšoanang, Dr. Jaap Broekmans, motsamaisi oa Royal Netherlands TB Association, o sa tsoa bolela hore seoa sa lefuba se “qalile ho mpefala Europe Bochabela le likarolong tse ling tsa Europe Bophirimela.” Hase ho makatsang ha koranta ea Science, ea la 22 August, 1997, e re “lefuba le ntse le tsoela pele ho ba tšokelo e khōlō bophelong.”
[Lebokose le leqepheng la 20]
Ho Sibolloa ha Sebōpeho sa Lefuba
Haufinyane tjena bafuputsi ba atlehile ho fana ka tlhaloso e feletseng ea liphatsa tsa lefutso tsa likokoana-hloko tsa lefuba. Dr. Douglas Young, oa Koleche e Khōlō ea Sekolo sa Bongaka, London, o bolela hore katleho ena e tšoaea “khato e ncha ntoeng e khahlanong le e mong oa babolai ba atlehileng ka ho fetisisa ba moloko oa batho.” Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo o tlaleha hore tšibollo ena “e ka ’na ea ipaka e le bohlokoa haholo liphuputsong tsa nakong e tlang tsa litlhare le liente tsa ho loantša lefuba.”—The TB Treatment Observer, ea la 15 September, 1998.
[Litšoantšo tse leqepheng la 19]
Litlhare tsena ha li kopantsoe li ka bolaea likokoana-hloko tsa lefuba
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Photo supplied by WHO, Geneva
Photo: WHO/Thierry Falise
[Litšoantšo tse leqepheng la 20]
Ho hlokeha R600 feela ho phekola mokuli
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Photo: WHO/Thierry Falise
Photo supplied by WHO, Geneva
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 17]
Photo: WHO/Thierry Falise
Photo supplied by WHO, Geneva
Photo: WHO/Thierry Falise