Tlhōlo le Tlokotsi
“Pale ea lefuba lilemong tse 30 tse fetileng e ’nile ea e-ba ea tlhōlo le tlokotsi—tlhōlo ea litsebi tse fumaneng mekhoa ea ho le laola ’me qetellong ea ho felisa lefu lena le tlokotsi ea ho hlōleha ho anetsa mekhoa eo li e sibolotseng.”—J. R. Bignall, 1982.
LEFUBA le ’nile la bolaea ka nako e telele. Le ile la hlasela Mainca a Peru, nako e telele pele batho ba Europe ba leba Amerika Boroa ka likepe. Le ile la hlasela Baegepeta mehleng ea puso e khanyang ea bo-faro. Mengolo ea boholo-holo e bontša hore lefuba le ile la hlasela batho ba hlaheletseng hammoho le bafo, Babilona, Greece le Chaena, mehleng ea boholo-holo.
Ho tloha lekholong la bo18 la lilemo ho fihlela mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo, lefuba e ne e le sesosa se itlhommeng pele sa lefu linaheng tsa Bophirimela. Qetellong, ka 1882, ngaka ea Mojeremane Robert Koch o ile a phatlalatsa ka molao hore o sibolotse kokoana-hloko e bakang boloetse boo. Lilemo tse 13 hamorao Wilhelm Röntgen o ile a sibolla X-ray, e leng ho ileng ha etsa hore ho khonehe ho hlahloba matšoafo a batho ba phelang bakeng sa matšoao a boloetse ba lefuba. Ho latelang, ka 1921, litsebi tsa Mafora li ile tsa qapa ente e loantšang lefuba. E reheletsoe ka litsebi tse ileng tsa e sibolla, BCG (Bacillus Calmette-Guérin) e ntse e le eona ente feela e fumanehang bakeng sa ho loantša boloetse boo. Leha ho le joalo, lefuba le ile la eketseha ka sekhahla.
Pheko Qetellong!
Lingaka li ne li romela bakuli ba lefuba lipetleleng tse khethehileng. Hangata lipetlele tseo li ne li ahoa thabeng, moo bakuli ba neng ba khona ho phomola le ho phefumoloha moea o hloekileng. Joale, ka 1944, lingaka tsa United States li ile tsa sibolla streptomycin, e leng moriana oa pele o ileng oa fumanoa o atleha ho loantša kokoana-hloko ea lefuba. Kapele ka mor’a moo ho ile ha etsoa litlhare tse ling bakeng sa toantšo ea lefuba. Qetellong, bakuli ba lefuba ba ne ba ka phekoleha, esita le ho phekoleloa malapeng a bona.
Ha manane a ba tšoaelitsoeng a ntse a fokotseha ka sekhahla, bokamoso bo ile ba bonahala bo tšepisa. Lipetlele tsa lona tse khethehileng li ile tsa koaloa, ’me tšehetso ea lichelete bakeng sa ho etsa phuputso ea lefuba ea emisoa. Mananeo a thibelo a ile a khaotsoa, ’me litsebi le lingaka li ile tsa shebana le liphephetso tse ncha tsa bongaka.
Le hoja lefuba le ne le ntse le baka tšenyo e khōlō linaheng tse ntseng li hōla moruong, ka sebele lintho li ne li tla ntlafala. Lefuba e ne e le bothata ba nako e fetileng. Ke seo batho ba neng ba se nahana, empa ba ne ba fositse.
Le Boea Sekoele le se le Bolaea ho Feta
Mahareng a bo-1980, lefuba le ile la boea sekoele le se le tšabeha ’me le bolaea ho feta. Kahoo, ka April 1993, World Health Organization (WHO) e ile ea phatlalatsa lefuba “e le tlokotsi ea lefatše lohle,” ’me ea phaella ka hore “boloetse bona bo tla bolaea ba fetang limilione tse 30 lilemong tse leshome tse tlang ntle leha ho ka nkoa khato e potlakileng ho le thibela ho ata.” E ne e le phatlalatso ea pele ea mofuta ona paleng ea WHO.
Ho tloha ka nako eo, ha ho e-s’o be le “khato e potlakileng” bakeng sa ho thibela boloetse bona ho ata. Ha e le hantle, boemo bo ntse bo mpefala. Morao tjena, WHO e tlalehile hore lefuba le bolaile batho ba bangata selemong sa 1995 ho feta leha e le neng pele historing. WHO e ile ea boela ea lemosa hore batho ba ka bang limilione tse 500 ba ka ’na ba tšoaroa ke lefuba lilemong tse 50 tse tlang. Batho ba ntseng ba eketseha ba tla ’ne ba hlaseloe ke lefuba leo hangata le sa phekoleheng le ka litlhare tse sa tšoaneng.
Ke Hobane’ng ha le Boea Sekoele e se e le le Bolaeang Hakaale?
Lebaka le leng ke hore lilemong tse 20 tse fetileng, mananeo a thibelo ea lefuba a ile a theoha kapa a fela libakeng tse ngata tsa lefatše. Sena se ile sa liehisa hore boloetse boo bo hlokomelehe le hore ba nang le bona ba phekoloe. Seo, ke sona se ileng sa baka ho shoa ha ba eketsehileng le ho nama ha boloetse.
Lebaka le leng hape le etsang hore lefuba le boee sekoele ke lenane le ntseng le eketseha la bafutsana, batho ba haelloang ke phepo e ntle ba phelang metseng e petetsaneng, haholo-holo metseng e meholo ea linaha tse ntseng li hōla moruong. Leha ho le joalo, lefuba hase feela la batho ba futsanehileng—motho e mong le e mong a ka tšoaroa ke lefuba—’me ho phela maemong a litšila le a petetsaneng ho etsa hore ho be bonolo hore batho ba tšoaetsane. Ho bile ho eketsa menyetla ea hore mekhoa ea ’mele ea ho itšireletsa mafung e fokole hoo e sitoang ho loantša boloetse bona.
HIV le Lefuba—Qaka e Habeli
Bothata bo hlaheletseng ke ba hore lefuba le na le selekane se kotsi le HIV, e leng kokoana-hloko ea AIDS. Ho batho ba hakanyetsoang ho milione ba bolailoeng ke lisosa tse amanang le AIDS selemong sa 1995, mohlomong a le mong ho ba bararo o bolailoe ke lefuba. Lebaka la sena ke hore HIV e fokolisa matla a ’mele a ho loantša lefuba.
Ho batho ba bangata ba nang le lefuba ha ho mohla le tsoelang pele ho ea bohōleng ba ho ba kulisa. Hobane’ng? Hobane likokoana-hloko tsa lefuba li kene ka har’a lisele tse bitsoang li-macrophage. Li koaletsoe ka moo ke mokhoa oa ’mele oa ho itšireletsa mafung, ka ho khetheha li koaletsoe ke li-T lymphocyte, kapa li-T cell.
Likokoana-hloko tsa lefuba li tšoana le bo-masumu ba koaletsoeng ka har’a libaskete tse nang le likoahelo tse koalisang ka thata. Libaskete tseo ke li-macrophage, ’me likoahelo ke li-T cell. Leha ho le joalo, ha likokoana-hloko tsa AIDS li fihla, li resela likoahelo tsena tsa libaskete. Ha sena se etsahala, likokoana-hloko lia tsoa ’me ka bolokolohi li hlasela karolo leha e le efe ea ’mele.
Ka lebaka leo, bakuli ba nang le AIDS ba monyetleng o moholo oa ho tšoaroa ke lefuba ho feta batho bao mokhoa oa bona oa ’mele oa ho itšireletsa mafung o leng boemong bo botle. Setsebi se seng sa lefuba Scotland se ile sa re: “Batho ba nang le HIV ba kotsing ka ho khetheha. Bakuli ba bang ba babeli ba HIV tleliniking ea London ba ile ba tšoaetsoa ke mokuli oa lefuba ea neng a feta a khannoa ka bethe ea bakuli nakong eo ba lutseng phasejeng.”
Kahoo, AIDS e mpefalitse seoa sa lefuba. Ho ea ka khakanyo e ’ngoe, selemong sa 2000, seoa sa AIDS se tla be se baketse ba limilione tse 1,4 lefuba, bao hoja e se ka eona ba neng ba ke ke ba tšoaroa ke lefuba. Ntlha e ’ngoe e hlileng e mpefatsang lefuba ke hore bakuli ba AIDS ba tšoaetseha habonolo feela ebile ba ka boetse ba tšoaetsa batho ba bang lefuba, ho akarelletsa le ba se nang AIDS.
Lefuba le sa Phekoleheng ka Litlhare Tse sa Tšoaneng
Lebaka la ho qetela le etsang hore ho loantša lefuba ho be thata ho feta ke ho hlaha ha lefuba le sa phekoleheng ka litlhare. Lefuba lena le manganga le sokela ho etsa hore boloetse bona e boele e be bo sa phekoleheng, joalokaha bo ne bo sa phekolehe mehleng ea pele ho litlhare tse loantšang likokoana-hloko.
Ho makatsang ke hore ho hlōleha ho fana ka litlhare tse loantšang kokoana-hloko ea lefuba ke hona ho bakileng lefuba lena le sa phekoleheng ka litlhare tse sa tšoaneng. Phekolo e hlileng e phekolang lefuba e nka bonyane likhoeli tse fetang tse tšeletseng ’me e hloka hore bakuli ba noe litlhare tse ’nè kamehla ba bile ba sa li fose. Mokuli a ka ’na a tlameha ho noa lipilisi tse ka bang 12 ka letsatsi. Haeba bakuli ba sa noe litlhare kamehla kapa ba sa qete nako eo ba e baletsoeng, ba kenoa ke lefuba leo ho leng thata kapa leo ho sa khoneheng ho le phekola. Mefuta e meng ea lefuba ha e phekolehe esita leha ho sebelisoa mefuta e supileng ea litlhare tse fumanehang tsa lefuba.
Ho phekola bakuli ba nang le lefuba le sa phekoleheng ka litlhare tse sa tšoaneng hase feela hore ho thata, ho boetse ho litšenyehelo li boima. Litšenyehelo tsa hona li ka ’na tsa feta ka makhetlo a 100 litšenyehelo tsa ho phekola bakuli ba bang ba lefuba. Ka mohlala, chelete e lefelloang ho phekola motho a le mong United States e ka ’na ea feta R1100 000!
WHO e hakanya hore batho ba ka bang limilione tse 100 lefatšeng ka bophara e ka ’na eaba ba tšoaelitsoe mefuta ea lefuba e sa phekoleheng ka litlhare, eo e meng ea eona e ke keng ea phekoloa ka setlhare leha e le sefe se tsejoang sa toantšo ea lefuba. Mefuta ena e kotsi e tšoaetseha joaloka mefuta e tloaelehileng haholoanyane.
Ho le Thibela le ho le Phekola
Ke’ng se entsoeng ho loantša tlokotsi ee e akaretsang? Tsela e molemohali bakeng sa ho thibela boloetse bona ke ho bo lemoha le ho phekola bakuli ba bona bo sa le mothating o qalang. Sena ha se thuse ba seng ba ntse ba kula feela empa se boetse se thibela ho fetela ha boloetse boo ho ba bang.
Ha lefuba le tloheloa le sa phekoloe, le bolaea ba fetang halofo ea bao le ba hlasetseng. Leha ho le joalo, lefuba ha le phekoloa ka tsela e loketseng, lea phekoleha hoo e batlang e le ho bohle ntle leha e le la mofuta o sa phekoloeng ke litlhare tse sa tšoaneng.
Joalokaha re bone, phekolo e hlileng e sebetsang e hloka hore bakuli ba qete nako eo ba e baletsoeng ea phekolo. Hangata, ha ba e qete. Hobane’ng? Ha e le hantle, hangata ho khohlela, feberu le matšoao a mang a lona li nyamela libeke tse seng kae ka mor’a ho qala phekolo. Kahoo, bakuli ba bangata ba etsa qeto ea hore ba se ba folile ’me ba khaotsa ho noa meriana.
E le ho loantša bothata bona, WHO e khothalletsa lenaneo la ho bitsoang DOTS, e emelang “directly observed treatment, short-course [phekolo ea nako e khutšoanyane tlas’a tlhokomelo e tobileng].” Joalokaha lebitso leo le bontša, basebetsi ba bophelo ba etsa bonnete ba hore bakuli ba bona ba noa meriana e meng le e meng eo ba e laetsoeng, bonyane likhoeling tse peli tse qalang tsa phekolo. Leha ho le joalo, hase kamehla ho leng bonolo ho etsa sena kaha ba bangata ba tšoeroeng ke lefuba ba phela libakeng tse ka thōko. Kaha hangata ba phela bophelo bo matono-mapesa—ba bang ebile ha ba na matlo—phephetso ea ho bona hore ba noa meriana kamehla ke e sithabetsang.
Kahoo na ho na le tšepo leha e le efe ea hore qetellong seoa see se tla fenngoa molokong oa batho?
[Lebokose le leqepheng la 5]
Pampiri e Fanang ka Boitsebiso ka Lefuba
Tlhaloso: Lefuba ke boloetse boo hangata bo hlaselang le ho senya matšoafo, empa bo ka boetse ba namela le libakeng tse ling tsa ’mele, haholo-holo bokong, liphiong le masapong.
Matšoao: Lefuba la matšoafo le ka bakela motho ho khohlela, ho lahleheloa ke boima ba ’mele le ke takatso ea lijo, ho fufuleloa ho feteletseng bosiu, ho fokola, ho hema ka thata le mahlaba ka sefubeng.
Kamoo le hlahlojoang kateng: Tlhahlobo ea letlalo bakeng sa lefuba e ka bontša haeba motho a kenoe ke kokoana-hloko. X-ray ea sefuba e ka bontša tšenyo e teng matšoafong, e ka ’nang ea bontša haeba tšoaetso ea lefuba e le teng. Tlhahlobo ea sekhohlela sa mokuli laboratoring ke tsela e ’ngoe e tšepahalang ka ho fetisisa ea ho fumana likokoana-hloko tsa lefuba.
Ke bo-mang ba lokelang ho hlahlojoa: Ba nang le matšoao a lefuba kapa ba ’nileng ba e-ba haufi le mokuli oa lefuba, le hona ka makhetlo a ’maloa—haholo-holo ka likamoreng tse sa keneng moea o lekaneng.
Ente: Ho na le ente e le ’ngoe feela—e tsejoang ka hore ke BCG. E thibela bana ho tšoaroa ke lefuba le sekhahla empa ha e thuse hakaalo ho bacha le ho batho ba baholo. Ha lintho li tsamaea hantle, ente ena e sireletsa ka lilemo tse ka bang 15. BCG e sireletsa feela ba e-song ho kule; ha e thuse ho batho ba seng ba ntse ba kula.
[Lebokose le leqepheng la 6]
Lefuba le Feshene
Ho makatsang ke hore lekholong la bo19 la lilemo, lefuba le ne le amahanngoa le ho ba khalala, kaha batho ba ne ba lumela hore matšoao a boloetse boo a ntlafatsa boikutlo ba kelello e chatsi le a boqapi. Sengoli sa Lefora sa litšoantšiso le lipale Alexandre Dumas o ile a ngola hoo e ka bang mathoasong a bo-1820 bukeng ea hae e bitsoang Mémoires: “Ho ne ho le fesheneng ho lla ka bohloko ba ka sefubeng; e mong le e mong o ne a tšoeroe ke lefuba, haholo-holo liroki; e ne e le ntho e ntle hore motho a shoe pele a fihla lilemong tse mashome a mararo.” Seroki sa Lenyesemane Lord Byron o tlalehoa a ile a re: “Ke tla rata ho bolaoa ke lefuba [TB] . . . hobane basali bohle ba tla re, ‘Ao! a le ke le boneng Byron oa batho, kamoo a khahlehang kateng ha a e-shoa!’” Mongoli oa Leamerika Henry David Thoreau, eo kamoo ho bonahalang kateng a ileng a bolaoa ke lefuba, o ile a ngola: “Hangata ho felloa ke matla le ho kula ho hotle, joaloka . . . lefuba le bakang ho retela.” Ha se hlalosa ka ho nkeha maikutlo hona ka lefuba, sehlooho se ho The Journal of the American Medical Association se ile sa re: “Tšekamelo ena e hananang le se amohelehang ka boloetse bona e ile ea susumetsa haholo khetho ea batho ea feshene; basali ba neng ba loanela ho ba le ponahalo ea ho pulufala, ho fokola, ba ile ba sebelisa litlolo tse soeufatsang, ’me ba apara liaparo tsa lesela le bobebe, la muslin—e leng ponahalo e batloang ke limotlelara tsa kajeno tse amehileng ka bosesanyane.”
[Lebokose le leqepheng la 7]
Na ho Bonolo ho Tšoaetsoa Lefuba? Dr. Arata Kochi, motsamaisi oa WHO Global TB Programme oa hlokomelisa: “Ha ho kae kapa kae moo motho a ka ipatelang kokoana-hloko ea lefuba teng. Mang le mang a ka tšoaetsoa lefuba ke ho hema kokoana-hloko ea lefuba e khohleletsoeng kapa e thimoletsoeng moeeng. Likokoana-hloko tsena li ka phela moeeng ka lihora; esita le lilemo. Kaofela re kotsing.” Leha ho le joalo, pele motho a kulisoa ke lefuba, ho tlameha ho etsahala lintho tse peli. Ea pele, o tlameha ho tšoaetsoa kokoana-hloko ea lefuba. Ea bobeli, tšoaetso eo e tlameha ho baka boloetse. Le hoja ho ka etsahala hore motho a tšoaetsoe ke ho qeta nakoana a e-na le motho ea nang le lefu le tšoaetsanoang, hangata lefuba le tšoaetsanoa ka ho kopana khafetsa, joaloka lithong tsa lelapa tse phelang maemong a petetsaneng. Likokoana-hloko tseo motho ea tšoaetsoang a li hemang lia ikatisa ka sefubeng. Leha ho le joalo, mokhoa oa ’mele oa ho itšireletsa mafung ho batho ba robong ho ba leshome o thibela tšoaetso eo ho nama, ’me motho ea tšoaelitsoeng ha a kule. Leha ho le joalo, ka linako tse ling likokoana-hloko tse ithobaletseng li ka ’na tsa tsosoa morolo ke ho fokolisoa ha mokhoa oa ’mele oa ho itšireletsa mafung ho bakoang ke HIV, lefu la tsoekere, phekolo ea kankere ka lik’hemik’hale, kapa ke lisosa tse ling.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 4]
New Jersey Medical School—National Tuberculosis Center
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Likokoana-hloko tsa lefuba tse lokolloang ke kokoana-hloko ea AIDS li tšoana le bo-masumu ba lokolloang ka libasketeng