Lefuba le Boea Sekoele!
HO TLOHA ka bo-1950, liketsahalo tsa lefuba (TB [tuberculosis]) li ile tsa fokotseha ka tekanyo ea karolo ea 5 lekholong ka selemo United States. Leha ho le joalo, ho tloha ka 1985 ho ’nile ha e-ba le keketseho ea karolo ea 18 lekholong ea liketsahalo tse tlalehiloeng tsa TB. Ho ferekanyang le ho feta ke boteng ba mofuta o mocha oa lefu leo o sa arabeleng phekolong ea lithethefatsi. Hona joale TB e bolaea batho ba hakanyetsoang ho limilione tse tharo ka selemo. Ke hobane’ng ha ho loantša TB ho sa atlehe?
Lebaka le leng e mpa feela e le hore bakuli ba bangata ba hlōleha ho sebelisa meriana ka nako e hlokahalang—eo hangata e leng likhoeli tse tšeletseng ho isa ho tse robong. Ka mohlala, New York City, phuputso e ’ngoe e ile ea senola hore karolo ea 89 lekholong ea sehlopha sa bakuli ba ka bang 200 ba nang le TB ha baa ka ba qeta phekolo ea bona. Dr. Lee Reichman, mopresidente oa American Lung Association o re: “Eo ke ntho e tšabehang, hobane batho bao (a) ba ke ke ba phekoleha, hape (b) mohlomong ba tla ba le TB e hanang ho phekoloa ka lithethefatsi tse sebelisoang ka tloaelo.” Empa batho bana ba nang le eona ba ka ama bophelo ba batho ba bang. Dr. Reichman oa phaella: “Ka ho se sebelise meriana ea bona, ba ka tšoaetsa batho ba bang.” Ha ho pelaelo hore lena ke lebaka le tlatsetsang liketsahalong tse ncha tse hakanyetsoang ho limilione tse robeli tlhahlobong e etsoang selemo le selemo lefatšeng ka bophara.
Liithuti tsa Bibele lia hlokomela hore ‘mafu a seoa sebakeng se seng ka mor’a se seng’ ke karolo ea pontšo ea hore re phela “matsatsing a ho qetela” a tsamaiso ena ea lintho. (Luka 21:11; 2 Timothea 3:1) Ho tla latela eng? Lefatše le lecha, leo ho lona ho seng “moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” (Esaia 33:24, NW) E, Jehova Molimo ha a tšepise phekolo ea nakoana, empa ho lokoloha ka ho sa feleng ho kuleng le lefung.—Tšenolo 21:1-4.