Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 1/8 maq. 8-9
  • Tharollo ea Lefatše Lohle—Na ke Ntho e ka Finyelloang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tharollo ea Lefatše Lohle—Na ke Ntho e ka Finyelloang?
  • Tsoha!—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tlhōlo e Tlang
  • Boitšireletso bo Bocha Toantšong ea Lefuba
    Tsoha!—1999
  • Tlhōlo le Tlokotsi
    Tsoha!—1998
  • Lefuba le Boea Sekoele!
    Tsoha!—1996
  • Tlokotsi e Bolaeang ho Feta Ntoa
    Tsoha!—1998
Bala Tse Ling
Tsoha!—1998
g98 1/8 maq. 8-9

Tharollo ea Lefatše Lohle—Na ke Ntho e ka Finyelloang?

LITSEBI lia lumela hore lefuba ke bothata ba lefatše lohle bo hlokang tharollo ea lefatše lohle. Ha ho naha e ka thibelang lefuba e itšehlile thajana, kaha batho ba limilione ba tšela meeli ea machaba beke le beke.

Ba bangata ba lumela hore tšebelisano ea machaba e hloka hore lichaba tse ruileng li thuse lichaba tse futsanehileng, tseo e leng tsona tse hlaseloang ke lefuba ka matla. Joalokaha Dr. Arata Kochi a bolela hore “ho molemong oa linaha tse ruileng ho thusa linaha tse sa tsoelang pele moruong ho loantša lefuba, pele linaha tsa tsona ka botsona li fetoha lebala la ntoa.”

Empa lichaba tse ruileng, li hateletsoe ke seo li se bonang e le lintho tse tlang pele le mathata a potlakileng, ha lia phalla. Hangata linaha tse ling tse futsanehileng le tsona li hlokomoloha tlhokomelo ea bophelo, ’me ho e-na le hoo li tšollela chelete e ngata libetseng. Mahareng a 1996, e ne e le feela karolo ea 10 lekholong ea bakuli ba lefuba lefatšeng ba neng ba phekoloa ka tsela ea DOTS, e leng ba fokolang haholo bakeng sa ho thibela seoa sena ho mpefala.

WHO ea hlokomela: “Tsebo ea ho phekola lefuba le litlhare tse sa bitseng chelete e ngata li bile teng ka mashome a lilemo. Seo lefatše le se hlokang hona joale ke tšireletso ea batho ba boholong, ba nang le tšusumetso le kutloelo-bohloko ba tla bona hore meriana ena e sebelisoa ka katleho lefatšeng ho pota.”

Tlhōlo e Tlang

Na re ka talima ka tšepo ho batho ba boholong le ba nang le tšusumetso bakeng sa ho rarolla bothata boo? Mopesaleme ea bululetsoeng oa Bibele o ile a ngola: “Le se ke la itšepela marena, leha e le bana ba batho ba sitoang ho pholosa motho.” Ke mang eo re lokelang ho tšepela ho eena? Lengolo leo le tsoela pele ho re: “Ho lehlohonolo eo Molimo oa Jakobo e leng thuso ea hae, eo tšepo ea hae e beiloeng ho Jehova, Molimo oa hae! O entse maholimo le lefatše, leoatle le tse ho lona kaofela.”—Pesaleme ea 146:3, 5, 6.

Joaloka Moqapi le ’Mōpi oa lefatše, Jehova Molimo o na le matla hammoho le bohlale ba ho felisa boloetse. Na o na le kutloelo-bohloko? Ka moprofeta oa hae ea bululetsoeng, Jehova oa tšepisa: “Ke tla qenehela [batho ba ka] joalo ka ha motho a qenehela mora oa hae ea mo sebeletsang.”—Malakia 3:17.

Khaolo e qetellang ea Bibele e hlalosa pono e ileng ea fuoa moapostola Johanne. O ile a bona “lifate tsa bophelo tse hlahisang chai ea litholoana haleshome le metso e ’meli, tse behang litholoana tsa tsona khoeli e ’ngoe le e ’ngoe.” Lifate tsena tsa tšoantšetso le litholoana tseo li li hlahisang li tšoantšetsa litokisetso tsa bomolimo tse tla nolofalletsa batho ba nang le kutlo ho phela ka ho sa feleng lefatšeng.—Tšenolo 22:2.

Ha a tsoela pele, Johanne o ile a ngola: “Makhasi a lifate e ne e le a ho phekola lichaba.” Makhasi a tšoantšetso a tšoantšetsa litlhohonolofatso tse tsoang ho Molimo tse tla folisa moloko oa batho, moeeng hammoho le nameng. Kahoo, re ka kholiseha hore lefatšeng le lecha la ho loka tlas’a puso ea Molimo, lefuba le tla phekoloa ka ho feletseng le ka ho sa feleng.—Tšenolo 21:3, 4.

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Molimo o tšepisa pholiso ea ka ho sa feleng bakeng sa moloko oa batho

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela