Lithethefatsi—Ke Hobane’ng ha Batho ba li Sebelisa Hampe?
“KE NE ke le lilemo li 13, ’me motsoalle oa ausi oa ka oa hlooho ea khomo o ile a re memela foleteng ea hae mantsiboeeng a mang. E mong le e mong ea moo o ile a qala ho tsuba matekoane. Qalong ke ile ka hana, empa ka mor’a hore ba mphehelle ka makhetlo, qetellong ke ile ka re nke ke a leke.” Ke kamoo Michael, oa Afrika Boroa, a ileng a kena tšebelisong ea lithethefatsi kateng.
“Ke tsoa lelapeng le tloaelehileng le ipabolang ’minong oa classic. Ke ne ke le sehlopheng sa ’mino oa liletsa, ’me e mong oa libini o ne a tloaetse ho tsuba matekoane kamehla nakong ea khefu. O ile a mphehella ka likhoeli hore ke a tsube. Qetellong ke ile ka a leka ’me eaba ke mohla ke qalileng ho a sebelisa kamehla.” Ke kamoo Darren oa Mocanada, a qalileng kateng ho sebelisa lithethefatsi.
Bobeli ba batho bana ba ile ba fetela lithethefatsing tse ling tse kang LSD, opium le lithethefatsi tse susumetsang. Ha ba hetla morao hona joale ha ba se ba sa sebelise lithethefatsi hampe, baa lumela hore tšusumetso ea lithaka ke lona lebaka le ka sehloohong le ileng la etsa hore ba qale ho sebelisa lithethefatsi hampe. Michael o re: “Le ka mohla ke ne ke sa nahane hore ke tla ke ke sebelise lithethefatsi, empa bana bao e ne e le bona feela metsoalle ea ka, ’me ka tlhaho motho o rata ho ba etsisa.”
Boithabisong
Ka sebele khatello ea lithaka e phetha karolo e khōlō ho etseng hore ba bangata ba sebelise lithethefatsi, ’me haholo-holo bacha ke bona ba pepesehileng. Ho phaella moo, ba bona mehlala ea batho bao ba ba ratang lefatšeng la boithabiso, ba nang le tšusumetso e matla ho batšehetsi ba bona ba banyenyane.
Indasteri ea boithabiso ka ho khetheha e hlasetsoe ke tšebeliso e mpe ea lithethefatsi. Neng-neng mosebetsing oa bona, batho ba hlahelletseng ’minong hangata ba sebelisa lithethefatsi tse matla. Likhalala tsa lifilimi le tsona ke batho ba tloaetseng ho sebelisa lithethefatsi.
Batšoantšisi ba ka etsa hore lithethefatsi li hohele le ho ipiletsa hoo bacha ba sitoang ho ithiba. Ka 1996 Newsweek e ile ea tlaleha: “Literata tsa Seattle li tletse ka bana ba tlileng moo ho tla tsuba heroine, hobane feela Cobain [sebini sa rock], a ne a e tsuba.”
Ho sebelisa lithethefatsi ho hlahisoa ka tsela e khahlisang limakasineng, lifiliming le thelevisheneng. Ka ho tšoanang, ba bang ba batho ba hlahelletseng ba qapang lifeshene ba rata ho sebelisa limotlelara tse matheka a masesaane, tse mamaraneng, e le ha ba etsisa ba lemaletseng lithethefatsi.
Ke Hobane’ng ha ba Bang ba Tšoaseha?
Ho na le mabaka a mang a mangata a tlatsetsang keketsehong ea ho sebelisa lithethefatsi hampe. Har’a ’ona ke ho se thabe, ho tepella maikutlong le ho hloka morero bophelong. Mabaka a mang a eketsehileng ke mathata a lichelete, ho hloka mosebetsi le mohlala o fosahetseng oa batsoali.
Ba bang ba nang le bothata ba ho etsa botsoalle le batho ba sebelisa lithethefatsi hore li ba thuse ha ba le har’a batho. Ba lumela hore lithethefatsi li etsa hore ba itšepe, li etsa hore ba ikutloe ba le bohlale ’me ba rateha. Ba bang ba fumana ho le bonolo ho sebelisa lithethefatsi ho e-na le ho nka boikarabelo ba ho laola bophelo ba bona.
Bolutu ke le leng la mabaka a etsang hore bacha ba sebelise lithethefatsi. Buka e bitsoang The Romance of Risk—Why Teenagers Do the Things They Do, ha e bua ka bolutu le ho haella ha tataiso ea batsoali, e re: “Bashanyana le banana ba fumana ho se na batho lapeng ha ba khutla sekolong. Ha ho makatse hore ba iphumana ba le bang le hoja ba sa batle ho ba bang. Metsoalle ea bona ea ba etela, empa le ha ba le kaofela hangata ba jeoa ke bolutu. Ba shebella thelevishene molebe le ho mamela ’mino le ho shebella livideo kapa ho fata-fata ka ho Internet ho fumana se ka ba hlapholang. Ho bonolo hore ba tsube, ba sebelise lithethefatsi le ho noa.”
Michael ea boletsoeng pejana ha a bua ka ho haella ha tataiso ea batsoali ba hae lapeng, o re: “Bophelo ba lapeng e ne e le bo thabileng. Re ne re le lelapa le momahaneng ka ho ikhethang. Leha ho le joalo, batsoali ba ka ka bobeli ba ne ba sebetsa, ’me ho ne ho se ea re tataisang motšehare. Hape batsoali ba rōna ba ne ba re file bolokolohi bohle boo u ka bo nahanang. Re ne re sa khalemeloe. Batsoali ba ka ba ne ba sa tsebe ho hang hore ke sebelisa lithethefatsi.”
Hang ha ba tšoasehile, ba bangata ba tsoela pele ho sebelisa lithethefatsi ka lebaka le le leng: Ke monyaka ho bona. Michael ea neng a sebelisa lithethefatsi letsatsi le leng le le leng ha a bua ka phello ea tsona, o itse: “Ke ne ke phela lefatšeng la litoro. Ke ne nka qoba khatello leha e le efe eo ke nang le eona. Ha ho mohla ke neng ke ikutloa ke le kotsing. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e tsamaea bolacha.”
Dick, eo le eena a kileng a sebelisa lithethefatsi hampe, oa Afrika Boroa, o hlalosa liphello tseo a bileng le tsona ha a qala ho sebelisa matekoane a le lilemo li 13: “Ke ne ke tšeha motlae o mong le o mong. Ke ne ke qaboloa ke ntho e ’ngoe le e ’ngoe.”
Ho bonahala bacha ba sa tšosoe ke litemoso tsa kotsi e ka bakoang ke lithethefatsi. Ba sekamela boikutlong ba ho re “ho ke ke ha nketsahalla.” Buka ea Talking With Your Teenager e hlokomela hore na ke hobane’ng ha bacha ba hlokomoloha temoso ea hore lithethefatsi li kotsi bophelong, e re: “Ba sa le matla ’me ba tletse bophelo hoo ba sa lumeleng hore bophelo ba bona bo ka ba kotsing. Boikutlo bona ba hore ‘ba ke ke ba hlaheloa ke kotsi’ bo tloaelehile haholo lilemong tsa bocha. Bacha ba nka kankere ea matšoafo, bokhoba ba tahi le ho lemalla lithethefatsi haholo e le lintho tse hlahelang batho ba baholo, eseng bona.” Ba bangata ha ba hlokomele likotsi, e leng ho bonahalang ka ho ata ha tšebeliso ea sethethefatsi se fanang ka boikutlo bo matla ba nyakallo. Sethethefatsi seo ke eng?
Sethethefatsi se Fanang ka Boikutlo bo Matla ba Nyakallo le Mekete ea Tantši ea Bosiu
Sethethefatsi se entsoeng ka amphetamine, MDMA, se tsebahalang e le se fanang ka boikutlo bo matla ba nyakallo, se tloaetse ho sebelisoa meketeng ea tantši ea bosiu-ho-sa. Ba rekisang sethethefatsi sena ba fana ka maikutlo a hore ho se sebelisa ke tsela e sireletsehileng ea ho ba le boikutlo bo matla ba nyakallo bo tsamaeang le matla a ho tantša bosiu-ho-sa. Sethethefatsi sena se fa batantši mokoka oa hore ba tantše nako e telele ho fihlela ba fihla boemong boo sengoli se seng se bo bitsang “ho hapeha kelellong.” Mocha e mong o hlalosa ho tšoasoa ke sethethefatsi se fanang ka boikutlo bo matla ba nyakallo: “Pherekano e qala menoaneng ea maoto, e chalametse le ’mele oohle ka mofuthu le lerato tse hlollang ha butle-butle e ntse e hlasimolla ho fihlela e fihla hloohong.”
Ho hlahloba boko ba batho ba tloaetseng ho sebelisa sethethefatsi sena se fanang ka boikutlo bo matla ba nyakallo ho fane ka bopaki bo bonahalang ba hore sethethefatsi sena se kotsi, ho fapana le seo barekisi ba sona ba se buang. Ho hlakile hore sethethefatsi sena se tlisang boikutlo bo matla ba nyakallo se senya methapo ea kutlo e bokong ’me se fokotsa matla a serotonin. Tšenyo eo e ka ba ea ka ho sa feleng. Ka mor’a nako, sena se ka baka mafu a kang ho tepella maikutlong le ho lahleheloa ke kelello. Ho na le litlaleho tsa batho ba bolauoeng ke ho sebelisa sethethefatsi sena. Joale ho boetse ho na le barekisi ba bangata ba lithethefatsi ba kopanyang sethethefatsi sena se fanang ka boikutlo bo matla ba nyakallo le heroine e le hore ba hohele bareki ba bona.
Li Fumaneha Habonolo Hakae?
Linaheng tse ngata, theko ea lithethefatsi e theohile ka lebaka la ho eketseha ha tsona. Sena se ka ’na sa bakoa ke liphetoho tse bakoang ke lipolotiki le moruo. Mohlala oa sebele ke Afrika Boroa, moo phetoho ea lipolotiki e entseng hore ho eketsehe khoebo le ho fapanyetsana le linaha tse ling. Sena, hammoho le taolo e fokolang meeling, li matlafalitse khoebo ea lithethefatsi. Ka lebaka la keketseho ea ba hlokang mosebetsi, ba likete ba tšepile ho rekisa lithethefatsi tse seng molaong hore ba fumane chelete. Moo lithethefatsi li fumanehang ka bongata, hangata tlōlo ea molao e mabifi e ba teng. Ho latela tlaleho ea koranta e ’ngoe, bana ba likolong tsa Gauteng, Afrika Boroa—ba bang ba le lilemo li 13 feela—ba behiloe leihlo ke mapolesa ka lebaka la ho rekisa lithethefatsi. Likolo tse ngata sebakeng sena li se li qalile ho hlahloba barutoana ba tsona ho bona hore na ba sebelisa lithethefatsi kapa che.
Motso oa Bothata ke Ofe?
Ka ho hlakileng, ho na le mabaka a mangata a etsang hore batho ba sebelise lithethefatsi hampe. Empa kaofela ha ’ona ke matšoao a bothata bo bong bo tebileng, motso oa bona. Sengoli Ben Whitaker se ile sa bua ka tsela e sa tobang ka sena: “Ho ata ha tšebeliso ea lithethefatsi ka nako e le ’ngoe ke letšoao la bofokoli le liphoso tse teng sechabeng sa rōna, ho phaella tabeng ea bolutu le ho tsieleha: haeba ha ho joalo, ke hobane’ng ha palo e khōlō ea batho ba nang le tsebo le ba atlehileng bophelong ba khetha ho sebelisa lithethefatsi ho e-na le ho tobana le ’nete ea bophelo ba kajeno?”
Potso ena ke ea bohlokoa, e etsa hore re hlokomele hore sechaba sa rōna se ratang lintho tse bonahalang, se labalabelang ho finyella lintho tse itseng hangata, se hlōleha ho khotsofatsa litlhoko tsa rōna tsa maikutlo le tsa moea. Esita le malumeli a mangata a sitiloe ho khotsofatsa litlhoko tseo hobane a hlokomolohile motso oa mathata a batho.
Re lokela ho fumana motso oa bothata le ho tobana le oona pele re ka fumana tharollo ea ka ho sa feleng bothateng ba tšebeliso ea lithethefatsi. Sena se tla tšohloa sehloohong se latelang.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Ka linako tse ling batho ba tummeng ke bona ba etsang hore lithethefatsi e be tse ipiletsang
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
Lipontšo tsa ’mino oa kajeno li tletse ka tšebeliso e mpe ea lithethefatsi
[Litšoantšo tse leqepheng la 8]
Sethethefatsi se fanang ka maikutlo a matla a nyakallo hangata sea fumaneha meketeng ea tantši ea bosiu-ho-sa
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
AP Photo/Greg Smith
Gerald Nino/U.S. Customs