Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 8/8 maq. 13-15
  • Thuso e Fumaneha Hohle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thuso e Fumaneha Hohle
  • Tsoha!—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tlhaloso ea Boithaopo
  • Ho Eketseha ha Palo—Tlhokahalo e Hōlang
  • Pontšo ea Lerato—Mosebetsi oa Motonanahali oa Liphallelo
    Tsoha!—2002
  • Moea oa Boithaopo o Tlisa Mahlohonolo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Baithaopi Mosebetsing
    Tsoha!—2001
  • A re Sebetseng se Molemo ho Bohle”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Bala Tse Ling
Tsoha!—2001
g01 8/8 maq. 13-15

Thuso e Fumaneha Hohle

BAXTER, morutoana ea lilemo li 15 oa sekolo se phahameng, o na le tsela e thahasellisang ea ho sebelisa nako ea thapama ka Moqebelo. O etela sehlopha sa batho ba hōlileng, o se letsetsa ’mino le ho tsamaisa k’hoaere lehaeng la batho ba hōlileng ba hlokang tlhokomelo. Mosuoe oa Baxter o re: “O etsa hore batho ba lulang mona ba tšehe, ba nyakalle le ho thabela bophelo.” Lucille ea lilemo li 78 le eena o etsa ketso e mosa ka ho tšoanang. O fana ka lijo ho ba hlokang le ho etela bakuli ba se nang ba ba etelang sepetlele. Motsoalle oa Lucille o re ka eena: “Ha ho e-na le se hlokahalang ’me e le seo a ka khonang ho thusa ka sona, o etsa joalo.”

Tlhaloso ea Boithaopo

Batho ba limilione-milione lefatšeng ka bophara ba na le boikutlo bona bophelong—‘E-ba teng ha ho e-na le tlhokahalo.’ Ba fana ka thuso litšeng tsa kaho le liofising, lifekthering, mahaeng a ba kulang, mananeong a tlhokomelo ea batho ba kulelang lefu, likampong tsa baphaphathehi, litsing tsa ba se nang mahae, mafapheng a litima-mollo, litsing tsa thuso ea ba selebaletsoeng, mafapheng a tlhokomelo ea liphoofolo le tse ling tse ngata. Ba fumaneha hohle! Ba sebelisa tsebo ea bona ho tloha ho thuseng ba bang ho haha matlo a bona ho isa ho bokelleng chelete le ho tloha ho sikeng bana ba lahliloeng kherehloa ho isa ho thobeng ba kulelang lefu. Ke baithaopi—batho ba tlisang phapang bophelong ba batho ba hlokang thuso.

Mosebetsi oa boithaopo o ’nile oa hlalosoa e le “mohopolo o motle o fetoloang ketso.” O akarelletsa lintho tse kang ho itlamela morero o itseng, moea oa boitelo, ho se fumane puseletso le ho hloka boithati. Baithaopi ba babeli ba nako e telele ba re: “Mosebetsi oa boithaopo ke ho fana ka borōna: nako ea rōna, matsoho le maoto a rōna, likhopolo tsa rōna, bokhoni ba rōna ba ho thusa motho e mong, tsebo ea rōna ho rarolleng mathata le tsebo eo re nang le eona e phahameng.” Ho thahasellisang ke hore ho fana ho joalo ho tsoela le bona baithaopi molemo.—Bona lebokose le reng “Baithaopi le Bona ba Rua Molemo.”

Ho Eketseha ha Palo—Tlhokahalo e Hōlang

United States, ho hakanngoa hore batho ba etsang mosebetsi oa boithaopo ba limilione tse lekholo—’me palo ea bona ea eketseha. Kathleen Behrens, motsamaisi ea ka sehloohong oa mokhatlo oa baithaopi oa New York Cares, o ile a bolella Tsoha! haufinyane tjena: “Mokhatlo oa rōna o tsoela pele ho hōla ka lebelo le tšabehang. Selemong se fetileng feela, re bile le baithaopi ba bacha ba fetang 5 000 ba ileng ba kena lenaneong la rōna.” Lihlopha tsa baithaopi tsa Europe li ba le keketseho e tšoanang. Ka mohlala, Fora palo ea baithaopi e ’nile ea eketseha ka karolo ea 6 lekholong selemo se seng le se seng lilemong tse mashome a mabeli tse fetileng. Leha ho le joalo, tlhokahalo ea baithaopi ba eketsehileng ha e e-s’o fele. Ho e-na le hoo, Mokhatlo oa Baithaopi ba Machaba a Kopaneng (lekala la UN) o bolela hore ha o hlahloba boemo lefatšeng ka kakaretso, “ho na le tlhokahalo e khōlō ea baithaopi ba eketsehileng kajeno ho feta leha e le neng pele.” Mohlokomeli oa musiamo o re: “Baithaopi ke ba bohlokoa haholo ho rōna.”

Leha ho le joalo, ho na le ho ikhanyetsa ho itseng. Le hoja batsamaisi, baokameli le bahokahanyi ba sebetsang le baithaopi ba lumela hore baithaopi bao “ke ba bohlokoa haholo,” boholo ba mosebetsi oo ba o etsang ha o hlokomeloe. E le ho fetola boemo boo, Machaba a Kopaneng a ile a etsa qeto ea ho sebelisa selemo sa 2001 e le nako ea ho lebisa tlhokomelo ho basebetsi ba baithaopi. Lebokose le reng “Selemo sa Machaba sa Baithaopi” le hlalosa tse ling tsa lipakane tseo Machaba a Kopaneng a tšepang hore a tla li finyella.

Ho sa le joalo, ho na le liphetoho tse etsahalang mosebetsing oa boithaopo o hlahisang phephetso ho baithaopi le ho ba tsamaisang mosebetsi oa bona. Leha ho le joalo, ho sa na le batho ba bangata lefatšeng ba ikemiselitseng ho etsa phetoho. Ke eng e ba susumelletsang ho etsa joalo? Ba finyella eng? ’Me ba ka ama bophelo ba hao joang?

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 14]

Baithaopi le Bona ba Rua Molemo

Michael eo e leng moithaopi oa nakoana o re: “Ho etsa boiteko ba ho thusa ba bang ho bile le maphomela a maholo, a nang le morero le a thabisang ho feta seo nka beng ke se finyeletse haeba ke ne ke tsoela pele ho lebisa tlhokomelo khoebong ea ka feela.” Hase Michael feela ea ikutloang ka tsela ena. Sharon Capeling-Alakija, mohokahanyi ea phahameng oa Baithaopi ba Machaba a Kopaneng, o re: “Lefatšeng ka bophara, batho ba . . . ithaopang ba hlokomela ka botlalo hore na ba fumana molemo o mokae phihlelong eo.” Dr. Douglas M. Lawson, eo e leng setsebi mosebetsing oa boithaopo, o tiisa hore ba etsang liphuputso ba fumane hore “hangata, lihoreng tse seng kae ka mor’a hore motho a ithaope, boitšoaro ba hae ka kakaretso le boemo ba hae ba kelello li ela hoo sena se ’nileng sa bitsoa ‘Se Hlasimollang Mothusi.’” ’Me sena “se hlasimollang mothusi” hase boikutlo bo fetang kapele-pele. Babatlisisi Univesithing ea Cornell, United States, ba ile ba hlahloba sehlopha sa batho ka lilemo tse fetang 30 ’me ba fumana hore “ba ithaopileng ba thabile, ba bile ba phela hantle ’meleng ho feta ba sa ithaopang.” Ho thahasellisang ke hore Bibele e re: “Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.”—Liketso 20:35; Liproverbia 11:25.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 15]

Selemo sa Machaba sa Baithaopi

Ka la 20 November, 1997, Seboka se Akaretsang sa Machaba a Kopaneng se ile sa phatlalatsa selemo sa 2001 e le “Selemo sa Machaba sa Baithaopi,” (International Year of Volunteers [IYV 2001]). Ho latela Machaba a Kopaneng, ho na le lipakane tse ’nè tse lokelang ho finyelloa selemong sena.

Ho ela baithaopi hloko ka ho eketsehileng Mebuso e khothalletsoa hore e hlokomele bohlokoa ba baithaopi ka ho ithuta le ho tlaleha lintho tseo ba li finyeletseng le ho fana ka likhau mesebetsing e ikhethang ea baithaopi.

Ho nolofatsa maemo haholoanyane Linaha li phehelloa hore li khothalletse boithaopo ka hore ka mohlala, li amohele tšebetso ea boithaopo e le mosebetsi o ka etsoang ha ho sa etsoe oa sesole kapa li etse hore baithaopi ba se lefe makhetho a itseng.

Mecha ea litaba Mecha ea litaba e khothalletsoa hore e thuse haholoanyane ka ho phatlalatsa mesebetsi e atlehileng ea baithaopi. Ka lebaka leo, mesebetsi e joalo e ka phetoa e le “ho qobisa lichaba tse ling ho senya nako li leka ho fumana tsela ea ho etsa mosebetsi oo o seng o ile oa etsoa.”

Puello Mekhatlo ea baithaopi e khothalletsoa hore e hlophise lipontšo ho tsebisa sechaba ka melemo eo se e fumanang mosebetsing oo oa boithaopo.

Machaba a Kopaneng a tšepa hore IYV 2001 e tla etsa hore ho be le likōpo tse ngata tsa mesebetsi ea boithaopo, batho ba bangata ba ithaopang le matlōle a eketsehileng hammoho le lisebelisoa bakeng sa hore mekhatlo ea baithaopi e sebetsane le litlhoko tse hōlang tsa sechaba. Ka kakaretso mebuso e 123 e ikopantse ho tšehetsa ka lichelete lipakane tsa qeto ena ea Machaba a Kopaneng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela