Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 8/8 maq. 16-19
  • Baithaopi Mosebetsing

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Baithaopi Mosebetsing
  • Tsoha!—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Tlohela ho Ikutloa U Hlajoa ke Lihlong le ho ba le Seriti Bophelong
  • Lenaneo le Ileng la Fumana Khau
  • Thuso ea Liphallelo e “Sebetsang, Eseng Mabalankoe Feela”
  • Thuso e Fumaneha Hohle
    Tsoha!—2001
  • Moea oa Boithaopo o Tlisa Mahlohonolo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Pontšo ea Lerato—Mosebetsi oa Motonanahali oa Liphallelo
    Tsoha!—2002
  • A re Sebetseng se Molemo ho Bohle”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Bala Tse Ling
Tsoha!—2001
g01 8/8 maq. 16-19

Baithaopi Mosebetsing

THAPAMA ea Labohlano le leng le le leng, Sirley, mosuoe ea lilemong tse mahareng oa Brazil, o fetola kamore ea hae ea ho phomola phaposi ea ho rutela. Hoo e ka bang ka hora ea bobeli thapama, ho fihla Amélia, eo e leng e mong oa liithuti tsa hae. Ha a lofe tlelase leha e le ’ngoe ’me o se a bile a bala hamolemo ho feta bana ba bangata ba sekolong se phahameng. Amélia o lilemo li 82.

Amélia o latela mohlala oa baahi ba hōlileng ba fetang 60 ba pasitseng sekolong seo sa mahala sa ho ithuta ho bala le ho ngola seo Sirley a se entseng motseng oa habo. Haufinyane tjena mosebetsi oa boithaopo oa Sirley o ile oa hlahella koranteng ea Brazil, Jornal do Sudoeste. Ka mor’a hore ho hlokomelehe hore o “tlatsetsa haholo bophelong ba sechaba,” sehlooho sa koranta eo se ile sa re mokhoa oa ho ruta ba hōlileng oa Sirley o atleha hoo “ka mor’a lihora tse 120 feela tsa thuto ea hae, ba hōlileng ba khonang ho ngola mangolo, ho bala likoranta le ho sebetsana le lipalo le mesebetsi e meng ea letsatsi le letsatsi.” Sehlooho seo se ile sa eketsa ka hore bukana eo Sirley a e sebelisang ke ea Ithute ho Bala le ho Ngola, e hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova.a

Ho Tlohela ho Ikutloa U Hlajoa ke Lihlong le ho ba le Seriti Bophelong

Se seng sa liithuti tsa Sirley, Dona Luzia ea lilemo li 68, o bolela hore pele a ithuta ho bala le ho ngola, o ne a hlajoa ke lihlong ha a lokela ho bua le ba bang. Esita le hona ho reka ho ne ho le boima. A bobotheha, o re: “Joale ke ngolla beng ka ’na ba lulang motseng o mong mangolo, ’me ke khona ho laola chelete ea ka. Ha ho sa na ea nqhekellang ka chelete.” Maria, eo le eena a leng lilemo li 68, o hopola kamoo a neng a hlajoa ke lihlong kateng ha a tekenela cheke ea hae ea penshene ka ho hatisa monoana o motona. O re: “Ke ne ke ikutloa ke se na thuso.” Empa ka lebaka la litlelase tsa ho ithuta ho bala le ho ngola, hona joale Maria o tekena lebitso la hae ka thabo.

Thoriso eo liithuti le ba seng ba pasitse ba e lebisang lenaneong la Sirley la ho ruta mahala e entse hore kamore ea hae ea ho phomola e tlale tsoete! Haufinyane tlelase eo ea hae e tla ea sebakeng se seholoanyane.

Lenaneo le Ileng la Fumana Khau

Sirley ke e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ha ho pelaelo hore u tloaelane le mosebetsi oa thuto ea Bibele oo Lipaki tsa Jehova li o etsang e le tšebeletso ea boithaopo. Leha ho le joalo, katleho ea Sirley hase e ikhethang. Litlelase tsa ho ruta ho bala le ho ngola tse tšoaroang Liholong tsa ’Muso tse makholo Brazil li se li thusitse batho ba fetang 22 000 naheng eo hore ba tsebe ho bala le ho ngola.

Mananeo a tšoanang a Lipaki tsa Jehova a ’nile a atleha likarolong tse ling tsa lefatše. Ka mohlala, naheng ea Afrika ea Burundi, Ofisi ea Sechaba Bakeng sa ho Ithuta ho Bala le ho Ngola ha Batho ba Hōlileng (eo e leng lefapha la Lekala la Thuto), e ne e thabile haholo ke phello ea lenaneo la Lipaki la ho ruta ho bala le ho ngola hoo e ileng ea fa mesuoe e mene ea lenaneo leo khau ea “ho sebetsa ka thata ho ruteng ba bang ho bala.” Liofisiri tsa ’Muso li khahliloe haholo ke hore karolo ea 75 lekholong ea ba ithutileng ho bala le ho ngola e ne e le basali ba hōlileng—e leng sehlopha sa batho bao hangata ba bang lihlong ho ea mananeong a joalo.

Mozambique, liithuti tse 4 000 li ngolisitse litlelaseng tsa Lipaki tsa ho ithuta ho bala le ho ngola, ’me liithuti tse fetang 5 000 li se li ithutile ho bala le ho ngola lilemong tse ’nè tse fetileng. E mong eo e neng e le seithuti o ile a ngola: “Ke rata ho le leboha ka ho tebileng. Ka lebaka la sekolo sena, ke tseba ho bala le ho ngola.”

Thuso ea Liphallelo e “Sebetsang, Eseng Mabalankoe Feela”

Thuso ea liphallelo ke mofuta o mong oa tšebeletso ea boithaopo e etsoang ke Lipaki tsa Jehova. Nakoana e sa tsoa feta, sebaka se seng sa ho boloka thepa se haufi le Paris, Fora, se ne se phethesela ke batho ba mosebetsing. Baithaopi tsa 400 ba ile ba qeta mafelo-beke ba paka mabokose a lijo, a liphahlo le a meriana. Ha mafelo-beke ao a fela, lik’hontheinara tse khōlō tse robong tse neng li tletse thepa ea liphallelo tse ka jang liranta tse limilione tse 8 li ne li loketse ho romeloa. Kapele ka mor’a moo, thepa e rometsoeng e ile ea fihla sebakeng se tsekolotsoeng ke ntoa sa Afrika Bohareng, moo baithaopi ba teng ba Lipaki ba ileng ba aba liphallelo ka potlako. Boholo ba liphallelo bo ne bo boetse bo fanoe ke Lipaki.

Koranta e ’ngoe ea Congo (Kinshasa), e ile ea thoholetsa mosebetsi oa liphallelo oa Lipaki tsa Jehova e le ‘o sebetsang, eseng o etsang mabalankoe feela.’ Liofisiri tsa Komishinara e Phahameng ea Machaba a Kopaneng Bakeng sa Baphaphathehi (United Nations High Commissioner for Refugees [UNHCR]) le tsona li boletse hore li tšehetsa seo. Ofisiri e ’ngoe ea UNHCR ea Democratic Republic of Congo e ne e khahliloe ke ho hlophiseha ha mosebetsi oa liphallelo o etsoang ke Lipaki hoo e ileng ea nehelana ka koloi ea eona hore e sebelisoe ke baithaopi. Batho ba moo le bona ba hloletsoe. Ha bashebelli ba bona tsela eo ka eona liphallelo li fihlang ka potlako ho batho ba li hlokang, ba bang ba ile ba botsa ka makalo: “Le hlophisitsoe ka tsela e joang hore le khone ho fihlela motho e mong le e mong?”

Mosebetsi oa liphallelo o etsoang ke Lipaki tsa Jehova le mananeo a tsona a ho ruta batho ho bala le ho ngola ke mehlala e ’meli feela ea litšebeletso tseo Lipaki li ’nileng tsa li etsa lefatšeng lohle ka lilemo tse mashome. Leha ho le joalo, Lipaki li boetse li tšoarehile mosebetsing o mong oa boithaopo—e leng tšebeletso e tlisang phetoho ea sebele ea ka ho sa feleng. Sehlooho se latelang se tla tšohla sena.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bukana ea Ithute ho Bala le ho Ngola (e fumanehang ka lipuo tse 6) le e ’ngoe e sa tsoa hatisoa morao tjena ea Ikitlaelletse ho Bala le ho Ngola (e fumanehang ka lipuo tse 29) li hatisoa ke Lipaki tsa Jehova. Bakeng sa ho fumana kopi e sa lefelloeng, e-ea Holong ea ’Muso e sebakeng seo u lulang ho sona kapa u ngolle bahatisi ba makasine ena.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]

Boikutlo bo Fetohang ka Boithaopo

Le hoja Julie a tsamaea libaka ka ho fapa-fapana lefatšeng ka lebaka la khoebo, o khona ho peteletsa mosebetsi o itseng oa boithaopo—lihora tse ’maloa mona kapa letsatsi kae-kae. Haufinyane ha a ne a le Amerika Boroa, o ile a qeta motšehare oa mantsiboea a thusa lehaeng la tlhokomelo ea likhutsana le haufi le Santiago, Chile. O re ho tsamaea ho mo bulela “menyetla e meholo” ea hore a ithaope.

Joaloka Julie, baithaopi ba eketsehileng ba fana ka nako ea bona—empa e le e ntseng e e-ba khutšoanyane haholo. Sara Meléndez eo e leng mookameli oa sehlopha se etsang lipatlisiso, se bokellang lipalo-palo tsa ba amehang mosebetsing oa boithaopo o re: “Ke mokhoa o mocha. Batho ba ithaopa seoelo, empa leha ba ithaopa ba ho etsa ka nako e khutšoanyane.” Ka lebaka leo, bahlophisi ba mosebetsi oa boithaopo ba tšoenngoa ke khaello ena ea baithaopi ’me ba sitoa ho rala mesebetsi e lokelang ho etsoa.

“Boithaopo bo Bonolo”

Bahlophisi ba bang ba nka hore mokhoa ona o mocha—ho ithaopa ka nako e fokolang—ho bakoa ke boikutlo bo fetohang ba baithaopi. Susan Ellis eo e leng moeletsi oa lihlopha tsa boithaopo o re: “Mofuta oa boithaopo oa hore motho a re ‘Ke tla fumaneha kamehla hafeela ke hlokahala,’ o felile. Batho ha ba sa itlama.” Moqolotsi oa litaba, Eileen Daspin o lumellana le sena. Ka mor’a hore a buisane le batsamaisi ba ’maloa ba lihlopha tsa boithaopo mabapi le ho haella ha baithaopi, o ile a etsa qeto ea hore “batho ba bangata ba se ba tšaba ho itlama ha ba ithaopa.”

Leha ho le joalo, Kathleen Behrens, motsamaisi oa New York Cares ea boletsoeng pejana lihloohong tsena o na le maikutlo a hore batho ba ithaopang nako e khutšoanyane ha ba fumana monyetla, ba etsa sena hobane ba se na nako e lekaneng, eseng hobane ba sa rate ho itlama. Batho ba sebetsang lihora tse 50, ’me ka mafelo-beke ba hlokomela bana kapa batsoali ba bona ba hōlileng ba ke ke ba khona ho ithaopa kamehla. O re: “Empa taba ea hore batho bana ba phathahaneng ba fetotse litšebeletso tse itseng tsa sechaba karolo ea bophelo ba bona, e bontša hore boitlamo ba bona bo matla haholo.”

Behrens o re tharollo ke “boithaopo bo bonolo” bakeng sa baithaopi bao ba haelloang ke nako. Mekhatlo e mengata ea baithaopi e se e bile e fana ka mesebetsi ea letsatsi le le leng feela. “Sena se nolofalletsa batho hore ba ithaope ka litsela tse molemo empa ba ithaopa joalo nakong eo ba fumanang monyetla.”

Batho ba eketsehang ka palo ba boetse ba ithaopa ba le malapeng ka k’homphieutha, ba kenya boitsebiso bo itseng le ho etsa lipatlisiso. The Wall Street Journal e ile ea hlokomela: “Boithaopo ba k’homphieutha e batla e le bo sa tloaelehang, boo ba bang ba reng bo tšepisa haholo mofuteng o bitsoang ‘boithaopo bo bonolo.’”

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 18]

Ho Phallela Kobe!

Ha tšisinyeho ea lefatše e otla motse o moholo o tsoetseng pele o koung oa Kobe, Japane, ka January 1995, tšenyo e bile e khōlō ka ho fetisisa. Ka mahlatsipa a fetang 5 000, eo e bile tšisinyeho e bolaileng batho ba bangata ka ho fetisisa e kileng ea e-ba teng Japane ho tloha ka 1923. Ka potlako Lipaki tsa Jehova tse Japane le lefatšeng ka bophara li ile tsa hlophisa liphallelo bakeng sa bahlaseluoa. Ha ho thehoa letlōle la liphallelo, ho ile ha bokelloa chelete e fetang limilione tse robeli tsa liranta ka matsatsi a mararo. Thepa ea mefuta eohle ea liphallelo e ile ea kena ka bongata Kobe.

Moholo e mong oa Mokreste ea neng a ameha mosebetsing oa liphallelo o ile a fumana hore ka potlako Holo ea bona ea ’Muso e tletse lintho tse ngata ho feta tseo ba ka li sebelisang. Ho ne ho tla etsoa eng ka tsona? O ile a fana ka tlhahiso ea hore lintho tse ling li fuoe sepetlele se haufinyane. Lipaki li ile tsa tlatsa vene ’me tsa tsamaea har’a lithako tseo. Leeto leo le ile la nka lihora ho e-na le hore e be la metsotso e ’maloa joaloka tloaelo. Ha li fihla sepetlele, li ile tsa nehelana ka thepa ea tsona ho ngaka e ka sehloohong—thepa e akarelletsang likobo, materase, lithaole, litholoana, le meriana e rekisoang ka molao kantle ho lengolo la ngaka. E thabile, ngaka eo e ile ea re sepetlele se tla amohela ka thabo ntho leha e le efe eo Lipaki li ka fanang ka eona. Litholoana li ile tsa thabeloa ka ho khetheha kaha ho ne ho haella lijo tse boemong bo loketseng bakeng sa bakuli bohle.

Ha Lipaki li laolla thepa eo, ngaka eo e ile ea shebella e khutsitse—ho sa tsotellehe mosebetsi o potlakileng o e hlokang. Joale e ile ea inama ka boikokobetso ’me ea li leboha. Ha li se li tsamaea, e ile ea sala e eme moo ho bontša kamoo e neng e ananela seo kateng. Moholo ea neng a ameha ketsahalong eo o ile a hlokomela hore hamorao sepetlele seo se ile sa sebelisana hantle haholo le bakuli ba Lipaki tsa Jehova.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 19]

Mosebetsi oa Boithaopo—Boiteko bo Hlahisang Melemo

Ha sehlopha sa baithaopi sa motsaneng oa Kabezi, Burundi, se ne se batla ho haha Holo ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova, motho ea boholong sebakeng seo o ile a kōpa se sa tloaelehang. O ile a kōpa Lipaki hore na li ka lokisa tsela e fetang setšeng seo li kōpang ho haha ho sona. Lipaki li ile tsa lumela ka thabo ho lokisa tsela eo e senyehileng, tsa etsa mosebetsi oohle ka matsoho. Baithaopi ba ile ba etsa mosebetsi o tsoileng matsoho hoo liofisiri tse ling tsa hona moo li ileng tsa leboha mosebetsi oa bona o boima le boikemisetso ba bona. Ka mor’a moo, baithaopi ba ile ba tsoela pele ho haha Holo ea ’Muso e bontšitsoeng ka holimo. Joale li na le mohaho o motle o tla thusa ho buella thuto ea Bibele ka lilemo tse ngata tse tlang. Ka sebele, mosebetsi oa boithaopo ka mefuta ea oona e mengata o ka hlahisa melemo e meholo.

[Litšoantšo tse leqepheng la 16, 17]

Sirley o khotsofatsoa ke ho ruta ba bang ho bala

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Nelson P. Duarte-Jornal do Sudoeste

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela