Thuso Bakeng sa Basali ba Shapuoang
HO KA etsoa eng ho thusa basali ba hlekefetsoang ka mabifi? Pele ho tsohle, motho o lokela ho utloisisa boemo boo ba leng ho bona. Hangata banna ba shapang basali ha ba ba lematse ’meleng feela. Litšokelo tsa mantsoe le litšoso hangata lia kenella e le ho etsa hore mohlaseluoa a ikutloe e se oa bohlokoa a bile a se na thuso.
Nahana ka Roxana eo pale ea hae e boletsoeng sehloohong se qalang. Ka linako tse ling monna oa hae o mo hlaba ka mantsoe. Roxana o re: “O mpitsa ka mabitso a nyenyefatsang. O re: ‘U hlotsoe le ke ho qeta sekolo. U nahana hore u ka hlokomela bana ntle le thuso ea ka? U sekhoba sa mosali, u tseketseke. U nahana hore molao u ka u lumella hore u nke bana haeba u ntlohela?’”
Monna oa Roxana o mo hatella le ho feta ka ho koala letsoho licheleteng. Ha a mo lumelle hore a sebelise koloi, ’me o lula a founa letšehare lohle ho tseba hore na o ntse a etsa eng. Ha a bolela hore na eena o rata eng haholo, monna oa hae o mo jajabetsa ka bohale. Ka lebaka leo, Roxana o se a ithutile hore le ka mohla a se ntše maikutlo a hae.
Joalokaha re bona, tlhekefetso ea molekane oa lenyalo ke taba e rarahaneng. E le hore u ka thusa, mamela ka kutloelo-bohloko. Hopola, hangata ho thata hore mohlaseluoa a bue ka se mo etsahallang. Sepheo sa hao e lokela ho ba ho matlafatsa mohlaseluoa ha a ntse a sebetsana le boemo ba hae ka matla ao a nang le ’ona.
Basali ba bang ba shapuoang ba ka ’na ba batla thuso molaong. Ka linako tse ling, mohato o tebileng—o kang ho namola ha mapolesa—ho ka etsa hore monna oa mohlekefetsi a bone ho teba ha liketso tsa hae. Leha ho le joalo, bonneteng ntho leha e le efe e mo susumelitseng hore a fetohe hangata ea fela ka mor’a hore bothata bo fete.
Na mosali ea shapuoang o tlameha ho tlohela monna oa hae? Bibele ha e nke taba ea karohano ea banyalani habobebe. Leha ho le joalo, ha e tlame mosali ea shapuoang hore a lule le monna ea behang bophelo ba hae kotsing. Moapostola oa Mokreste Pauluse o ngotse: “Haeba ka sebele a ka tloha, a lule a sa nyaloa kapa ho seng joalo a boelane le monna oa hae.” (1 Bakorinthe 7:10-16) Kaha Bibele ha e hanele karohano maemong a feteletseng, qeto e etsoang ke mosali tabeng ena ke ea botho. (Bagalata 6:5) Ha ho ea lokelang ho susumelletsa mosali hore a tlohele monna oa hae, le teng ha ho ea lokelang ho hatella mosali ea shapuoang hore a lule le monna ea mo hlokofatsang haeba bophelo ba hae le bomoea ba hae li le kotsing.
Na ho na le Tšepo Bakeng sa Banna ba Shapang Basali?
Ho hlekefetsa molekane oa lenyalo ke tlōlo e tebileng ea molao-motheo oa Bibele. Ho Baefese 4:29, 31, rea bala: “Polelo e bolileng e se ke ea tsoa melomong ea lōna . . . Lehloeo le nang le lonya le bohale le khalefo le ho tleroha le puo e nyefolang li ke li tlosoe tsohle ho lōna hammoho le bobe bohle.”
Ha ho monna ea ipolelang e le molateli oa Kreste eo ka sebele a ka reng o rata mosali oa hae haeba a mo hlekefetsa. Haeba a ne a ka sotla mosali oa hae, mesebetsi e meng eohle ea hae e metle e ne e ka ba le molemo ofe? Motho “ea shapang” ha a tšoanelehe bakeng sa ho fuoa litokelo tse khethehileng ka phuthehong ea Bokreste. (1 Timothea 3:3; 1 Bakorinthe 13:1-3) Ka sebele, Mokreste leha e le ofe eo ka makhetlo le ka ho se bake a itumellang ho tlakoloha ka bohale a ka khaoloa phuthehong ea Bokreste.—Bagalata 5:19-21; 2 Johanne 9,10.
Na banna ba mabifi ba ka fetola boitšoaro ba bona? Ba bang ba ho entse. Leha ho le joalo, hangata monna ea shapang mosali a ke ke a fetoha ntle le hore (1) a lumele hore boitšoaro ba hae bo fosahetse, (2) a batle ho fetola mokhoa oo oa hae (3) le hore a batle thuso. Lipaki tsa Jehova li fumane hore Bibele e ka ba le tšusumetso e matla hore a fetohe. Ba bangata ba thahasellang ba ithutileng Bibele le tsona ba hlaoletse takatso e matla ea ho thabisa Molimo. Mabapi le Jehova Molimo, liithuti tsena tse ncha tsa Bibele li ithutile hore “ka sebele moea oa Hae o hloile mang kapa mang ea ratang pefo.” (Pesaleme ea 11:5) Ka ho hlakileng, ho hlokahala ho fetang ho khaotsa ho shapa mosali hore monna a fetole boitšoaro ba hae. Ho boetse ho akarelletsa ho ba le boikutlo bo bocha ka mosali oa hae.
Ha monna a fumana tsebo ea Molimo, o ithuta ho nka mosali oa hae joaloka “mothusi,” e seng joaloka lekhoba, ho mo nka e le ea tšoaneloang ke “tlhompho,” e seng ho khelloa fatše. (Genese 2:18; 1 Petrose 3:7) O boetse o ithuta ho ba le qenehelo le ho mamela maikutlo a mosali oa hae. (Genese 21:12; Moeklesia 4:1) Lenaneo la thuto ea Bibele leo Lipaki tsa Jehova li fanang ka lona le thusitse banyalani ba bangata. Ha ho ea tšoanetseng ho ba ’mampoli, mokhahlapetsi kapa mohatelli lelapeng la Bokreste.—Baefese 5:25, 28, 29.
“Lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla.” (Baheberu 4:12) Ka hona, bohlale bo ka Bibeleng bo ka thusa banyalani hore ba hlahlobisise mathata a bona le ho ba fa matla a hore ba a rarolle. Ho feta moo, Bibele e fupere tšepiso e tiileng le e khothatsang ea ho bona lefatše le se nang pefo ha Morena oa leholimo oa Jehova a busa moloko oohle o mamelang oa batho. Bibele e re: “O tla lopolla ea futsanehileng ea hoeletsang ho kōpa thuso, le ea hlorileng le mang kapa mang ea se nang mothusi. O tla lopolla meea ea bona khatellong le pefong.”—Pesaleme ea 72:12, 14.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 12]
Ha ho ea tšoanetseng ho ba ’mampoli, mokhahlapetsi kapa mohatelli lelapeng la Bokreste
[Lebokose le leqepheng la 8]
Ho Lokisa Likhopolo Tse Fosahetseng
• Basali ba shapuoang ke bona ba qholotsang banna hore ba ba shape.
Banna ba bangata ba shapang basali ba hana ho ipona molato liketsong tsa bona, ba bolela hore ba qaliloe ke basali ba bona. Esita le metsoalle ea lelapa e ka ’na ea lumela polelo ea hore mosali eo oa sokolisa, hase feela monna oa hae a mo halefelang nako le nako. Empa sena se tšoana le ho beha mohlaseluoa molato le ho lokafatsa liketso tsa mohlaseli. Bonneteng, basali ba shapuoang hangata ba etsa boiteko bo fetang bo tloaelehileng hore ba khahlise banna ba bona. Ho feta moo, tlas’a boemo leha e le bofe, ha ho moo ho shapa molekane ho nkoang ho utloahala. Buka ea The Batterer—A Psychological Profile e re: “Banna ba romeloang ke lekhotla hore ba e’o phekoleloa ho hlekefetsa basali ke ba lemaletseng pefo. Ba e sebelisa hore e fokotse bohale le ho nyahama, ba e nka e le tsela ea ho laola le ho rarolla likhang le ho fokotsa khatello ea kelello. . . . Hangata, ha ba bile ha ba ipone ba le molato kapa hona ho nka bothata boo e le bo tebileng.”
• Tahi e etsa hore monna a otle mosali oa hae.
Bonneteng, banna ba bang ba ba mabifi haholoanyane ha ba noele. Empa na hoa utloahala ho beha joala molato? K. J. Wilson ha a ngola bukeng ea hae ea When Violence Begins at Home, o ile a re: “Ho tahoa ho fa monna ea shapang mosali ntho eo a ka itšoarellang ka eona bakeng sa boitšoaro ba hae ho e-na le hore a ipone molato.” O tsoela pele: “Ho bonahala sechabeng sa rōna pefo ea lapeng e utloisisoa haholoanyane haeba e entsoe ke motho ea tahiloeng. Mosali ea hlekefetsoang a ka ’na a qoba ho nka molekane oa hae e le mohlekefetsi, ho e-na le hoo, a mo nka e le ea noang haholo kapa e le lekhoba la tahi.” Wilson o bontša hore monahano o joalo o ka fa mosali tšepo e fosahetseng ea hore “haeba monna a ne a ka tlohela ho noa, pefo e ne e tla khaotsa.”
Hajoale, babatlisisi ba nka hore bothata ba ho noa le ba ho shapa basali ke lintho tse peli tse fapaneng. Etsoe boholo ba banna ba sebelisang lintho tse ka ba susumelletsang hore ba hlekefetse, ha ba otle balekane ba bona. Bangoli ba When Men Batter Women, ba re: “Ha e le hantle, ho shapa ho tsoela pele ka lebaka la hobane ho etsa hore monna a atlehe ho laola, ho tšosa le ho busa mosali ea shapuoang. . . . Tšebeliso e mpe ea tahi le lithethefatsi ke karolo ea bophelo ba monna ea shapang mosali. Empa e ka ba phoso ho nahana hore ho sebelisa lithethefatsi ke hona ho etsang hore motho a be mabifi.”
• Banna ba shapang basali ba mabifi ho motho e mong le e mong.
Hangata monna ea joalo o khona ho ba motsoalle ea thabileng ho ba bang. O khona ho apara lekoko la nku. Ke ka hona metsoalle ea lelapa e ka sitoang ho lumela taba ea hore o mabifi. Leha ho le joalo, ’nete ke hore monna ea shapang mosali o khetha ho sebelisa mabifi hore a hatelle mosali oa hae.
• Basali ha ba khahlanong le ho sotloa.
Mohlomong khopolo ena e hlahisoa ke ho se utloisise boemo ba tsieleho ba mosali eo ho seng moo a ka balehelang teng. Mosali ea shapuoang a ka ’na a ba le metsoalle eo a ka balehelang ho eona ho lula beke kapa tse peli, empa ka mor’a moo o tla ea kae? Khopolo ea hore o tla tlameha ho batla mosebetsi le ho lefa rente, ha ka lehlakoreng le leng a ntse a hlokomela bana, ea mo tšosa. Hape molao o ka ’na oa mo hanela ho baleha le bana. Ba bang ba ’nile ba leka ho tsamaea empa ba batloa le ho khutlisetsoa lapeng, ebang ke ka likhoka kapa ka ho ba eka. Metsoalle e sa utloisiseng e ka ’na ea nahana ka phoso hore basali ba joalo ha ba khahlanong le ho sotloa.