Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g88 12/8 maq. 27-29
  • Banna ba Shapang Basali—Ho Hlahlobisisa Boemo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Banna ba Shapang Basali—Ho Hlahlobisisa Boemo
  • Tsoha!—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mehato ea Pefo
  • Ho Tšoana ho Hong
  • Thuso Bakeng sa Basali ba Shapuoang
    Tsoha!—2001
  • Ho Fela ha Pefo ea Lelapa
    Tsoha!—1993
  • Basali ba Shapuoang—Ho Hlahloba se Etsahalang Lekunutung
    Tsoha!—1988
  • Ke Hobane’ng ha Banna ba Shapa Basali?
    Tsoha!—2001
Bala Tse Ling
Tsoha!—1988
g88 12/8 maq. 27-29

Banna ba Shapang Basali—Ho Hlahlobisisa Boemo

LITSEBI li ntsoe-leng hore banna ba shapang basali bonneteng hantle ba na le setšoantšo se tšoanang. Lingaka, babuelli ba molao, mapolesa, bahlanka ba lekhotla, le basebeletsi ba sechaba—bao mosebetsi oa bona letsatsi le letsatsi o ba kopanyang le pefo ea lelapa—ba lumellana le sena. Mohlanka e mong oa lekhotla la molao o itse: “Boithati—ke tšobotsi e khōlō. Ho tšoana ho mahareng a monna ea shapang mosali le ngoana e monyenyane ke ho makatsang. Mosali e mong le e mong eo ke sebetsanang le eena o mpolella lipale tsa ho halefa maikutlong. Monna ea shapang mosali a ka bolella lefatše ka molomo feela kamoo a ka tsebang ho hlokomela litlhokahalo tsa hae.” Mohlanka enoa oa lekhotla o bitsa monna ea shapang mosali e le “sociopathic” ka Senyesemane, ho bolelang hore ha a khone ho nahana ka liphello tsa liketso tsa hae.

Mongoli e mong o itse, “ka ho thahasellisang, ka kakaretso banna ba shapang basali ba hlokofatsoa ke boikutlo ba boinyenyefatso, e leng eona tšobotsi eo ba lekang ho e kenya ho bahlaseluoa ba bona.” “Bohatelli le mōna, le ho se khotsofalle likamano tsa botona le botšehali le ho itšepa, hangata ke litšobotsi tsa banna ba shapang basali,” ho boletse tlaleho e ’ngoe. Ha a lumellana le setšoantšo sena sa monna ea sotlang mosali, ngaka e ’ngoe ea mafu a kelello e phaelletse: “Ho shapa mosali ke tsela e ’ngoe eo monna a lekang ho paka bonna ba hae ka eona.”

Ho hlakile hore monna ea shapang mosali o sebelisa pefo e le kofuto ea ho boloka taolo le ho bontša matla a hae ho molekane oa hae oa lenyalo. Monna ea sotlang mosali o hlalositse: “Haeba re khaotsa ho loana, re lahleheloa ke taolo. ’Me eo ke ntho e sa utloahaleng, e ke keng ea mamelloa.”

Hangata, ntle ho lebaka, monna ea shapang mosali ke moithati le ea mōna. A ka ’na a nahana hore mosali oa hae o ratana le monna ea tsamaisang poso, monna ea rekisang lebese, motsoalle ea haufi oa lelapa, kapa motho e mong le e mong eo a ka ’nang a buisana le eena. Esita le hoja a ka ’na a tšoara mosali oa hae hampe, a mo hlokofatsa ’meleng, ka ho tebileng o tšaba ho arohana le eena kapa ho lahleheloa ke eena. Haeba mosali ea tšoeroeng hampe a mo tšosa ka ho mo siea, le eena ka ho tšoanang a ka ’na a mo tšosa ka ’molaea esita le ho ipolaea.

Hangata mōna o ka ’na oa bonahatsa litšobotsi tsa ’ona tse mpe ha mosali e le moimana. Monna a ka ’na a ikutloa a tšohile hore lerato la mosali oa hae joale le tla tlosoa ho eena, hore joale ngoana e tla ba eena setsi sa tlhokomelo. Basali ba bangata ba shapuoang ke banna ba tlaleha hore letšoao la pele la ho tšoaroa hampe e bile ha banna ba bona ba ba otla ka matla lekhetlong la pele ha e le baimana. “Boithati boo a hlokofatsoang ke bona bo ka ’na ba mo beha sebakeng seo ha e le hantle a ka lekang ho bolaea lesea le ka popelong,” ho boletse mohlanka e mong oa lekhotla la molao.

Mehato ea Pefo

Tšobotsi e ’ngoe ea setšoantšo sa monna ea shapang mosali ke mehato ea pefo eo a e latsoang, joalokaha e lumetsoe ke banna ba bangata ba shapang basali. Mohatong oa pele, monna a ka ’na a phoqa feela, a sebelisa mahlapa. A ka ’na a tšosa ka ho nka bana ho mosali, a mo bolella hore le ka mohla a ke ke a hlola a ba bona hape. A ikutloa a tšohile, mosali a ka ’na a lumela hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe ke phoso ea hae, a amohela boikarabelo ba ho tšoaroa ha hae hampe. Joale o bapalla matsohong a monna oa hae. Oa mo busa. Empa monna o lokela ho ba le puso e khōloanyane. Mohato ona oa pele o ka ’na oa tla nakong leha e le efe kamor’a lenyalo—hangata kamor’a libeke tse ’maloa.

Mohato oa bobeli o ka ’na oa tla e le ho phasoloha ka pefo—ho raha, ho otla ka litebele, ho loma, ho mo hlotha moriri, ho mo otlanya fatše, le ho etsa liketso tsa botona le botšehali ka tsela e mabifi. Ka lekhetlo la pele, mosali a ka ’na a hlokomela hore ha a na molato. O nahana hore mohlomong hoo ho bakiloe ke mohloli oa ka ntle—khatello mosebetsing kapa likhohlano le basebetsi ’moho.

Hang kamor’a pefo, mosali o tšelisoa ke boikutlo ba monna oa hae ba ho ba molato. Joale o mohatong oa boraro oa pefo. Joale monna o mo neha limpho tse ngata. O kōpa hore a mo tšoarele. O mo tšepisa hore hoo ho ke ke ha hlola ho etsahala hape.

Empa hoa etsahala hape, hangata. Ha ho sa na boikutlo ba ho ba molato. Joale ke tsela ea bophelo. Ka mehla o mo tšosa ka ho ’molaea haeba a mo tšosa ka ho itsamaela. Joale o se a le tlas’a taolo ea hae e felletseng. Hopola mantsoe a qotsitsoeng ke monna e mong ea neng a shapa mosali pelenyana: “Haeba re khaotsa ho loana, re lahleheloa ke taolo. ’Me eo ke ntho e sa utloahaleng.”

Ho Tšoana ho Hong

Ka ho fapaneng, banna ba shapang basali ba bona ba tla beha molato ho balekane ba bona bakeng sa ho ba shapa. Mookameli oa lenaneo la tšebeletso ea basali ba shapuoang o tlaleha hore: “Monna ea shapang mosali o re ho molekane oa hae, ‘Ha u etse sena ka ho nepahetseng, ke kahoo ke u shapang.’ Kapa, ‘Lijo tsa motšehare ha lia phehoa ka nako, ke kahoo ke u shapang.’ Ka mehla phoso ke ea mosali. ’Me ha mofuta oo oa ho sotloa maikutlong o tsoela pele ka lilemo tse ngata, mosali o tla ho lumela.”

Mosali e mong o ile a bolella monna oa hae hore o ne a etsa hore a mo shape ka lebaka la liphoso tseo a li entseng. “Ha pefo e eketseha, ho kōpa tšoarelo le hona hoa eketseha. ’Me ka mehla e ne e le, ‘Bona seo u nqobeletseng hore ke se etse. Ke hobane’ng ha u batla hore ke etse lintho tsee?’”

Monna e mong ea khaolitseng ho shapa mosali, eo ntat’ae le eena a neng a shapa mosali o itse: “Le ka mohla ntate o ne a sa lumele hore o phoso. Le ka mohla o ne a sa kōpe tšoarelo kapa ho amohela boikarabelo leha e le bofe ba liketso tsa hae. Ka mehla o ne a beha molato ho mohlaseluoa oa hae.” Mora le eena o lumetse, “Ke ile ka beha molato ho mosali oa ka bakeng sa hore ke mo tšoare hampe.” E mong o itse, “Ka lilemo tse 15, ke ile ka tšoara mosali oa ka hampe hobane e ne e le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ke ile ka beha molato ho mosali oa ka bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Ke ne ke sa hlokomele hore seo ke neng ke se etsa se ne se le sebe hakaalo ho fihlela ke qala ho ithuta Bibele. Joale hoo e se e fetohile mohopolo o mobe o sa lebaleheng bophelong ba ka. Ke leka ho o lebala, empa ka mehla o lula o le teng.”

Tlaleho ea ntate le mora oa hae, bao ka bobeli ba shapang basali, ha se mokhelo. Ho e-na le hoo, ke setšoantšo se akaretsang sa banna ba shapang basali. Mora o lumetse hore ho shapa mosali ho qalehile lilemong tse 150 lelapeng la habo, ’me kamoo ho leng kateng, ho tlohile ho ntate ho ea ho mora. Ho ea ka Mokhatlo oa Sechaba o Loantšanang le Pefo ka Lelapeng, “ho bana ba boneng pefo ea lelapa, karolo ea 60 lekholong ea bashanyana qetellong eba e shapang basali ’me karolo ea 50 lekholong ea banana eba bahlaseluoa.”

Mongoli e mong oa koranta o itse: “Le hoja ba sa shapuoa e bile ba sa bontše kotsi ka ntle, bana bana ba ithutile ntho e ’ngoe eo mohlomong le ka mohla ba ke keng ba e lebala: hore ke ntho e amohelehang ho sebetsana le mathata le khatello ea maikutlo ka litsela tse mabifi.”

Ba fanang ka bolulo ho basali ba shapuoang ba bolela hore bashanyana ba boneng bo-’mè ba bona ba shapuoa ke bo-ntate ba bona hangata ba fetohela bo-’mè ba bona ka tsela e mabifi kapa ba tšosa ka ho bolaea likhaitseli tsa bona. E mong o itse, “Sena ha se papali feela.” “Ke boikemisetso ba sebele.” Ha e le mona ba bone batsoali ba bona ba sebelisa pefo bakeng sa ho sebetsana le khalefo, bana ba e bona e le eona feela khetho.

Pina e ’ngoe ea kreche e bolela hore banana ba banyenyane ba entsoe ka “tsoekere le linōko, le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e monate.” Banana bana ba banyenyane ba hōla ho ba bo-’mè ba rōna le basali, e leng bona bao banna ba bolelang hore ba ke ke ba phela ntle ho bona. Ha ho le joalo, ruri toka e khahlano le ho shapuoa ha basali, empa ke toka ea mang—ea motho kapa ea Molimo?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela