Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g02 1/8 maq. 14-17
  • Ke Eng Seo re se Etsang Lijong Tsa Rōna?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Eng Seo re se Etsang Lijong Tsa Rōna?
  • Tsoha!—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Li-hormone le Lithibela-mafu
  • Lijo Tse Fetisitsoeng Mahlaseling
  • Lijo Tse Ntlafalitsoeng ka Liphatsa Tsa DNA
  • Ho Etsa Khetho e Leka-lekaneng
  • Kamoo U ka Etsang Hore Lijo e be Tse Sireletsehileng Haholoanyane
    Tsoha!—2002
  • Itšireletse Boloetseng bo Bakoang ke Lijo
    Tsoha!—1995
  • Lijo Tsa Hao li Sireletsehile Hakae?
    Tsoha!—2002
  • Tsela ea 1—E-ja Hantle
    Tsoha!—2011
Bala Tse Ling
Tsoha!—2002
g02 1/8 maq. 14-17

Ke Eng Seo re se Etsang Lijong Tsa Rōna?

HO FETOLA lijo tsa rōna hase khopolo e ncha. Ha e le hantle, meloko ea batho e ’nile ea ipabola ho fetoleng lijo. Mekhoa e hlokolosi ea ho hlahisa e ’nile ea etsa hore ho be le mefuta e mecha ea limela, likhomo le linku. Ka sebele, moemeli oa U.S. Food and Drug Administration o ile a bolela hore “hoo e batlang e le lijo tsohle tseo u li rekang li fetotsoe mokhoeng o tloaetsoeng oa ho li hlahisa.”

Ho hlahisa hase eona feela tsela ea ho fetola lijo. Indasteri ea lijo e hlahisitse mekhoa e mengata ea ho sebetsana le lijo le ho li ntlafatsa, ebang ke ho ntlafatsa tatso ea tsona kapa ’mala, kapa ho etsa hore li tšoane, le ho li boloka. Batho ba tloaetse ho ja lijo tse fetotsoeng ka tsela ena kapa eane.

Empa palo e eketsehang ea bareki e ngongorehisoa ke se seng se etsoa lijong tsa rōna. Hobane’ng? Ba bang ba tšaba hore mokhoa oa kajeno o sebelisoang o beha ho sireletseha ha lijo kotsing. Na ngongoreho ee ea utloahala? A re hlahlobeng libaka tse tharo tse ngongorehisang.a

Li-hormone le Lithibela-mafu

Ho tloha lilemong tsa bo-1950, tekanyetso e nyenyane ea lithibela-mafu e ’nile ea kopanngoa le lijo tsa likhoho, tsa lifariki le tsa likhomo libakeng tse ling. Morero ke ho fokotsa kotsi ea maloetse, haholo-holo moo liphoofolo li bolokiloeng hammoho sebakeng se le seng. Linaheng tse ling, lijo tsa liphoofolo li bile li kopanngoa le li-hormone hore liphoofolo li tsebe ho hōla ka potlako. Ho boleloa hore li-hormone le lithibela-mafu li sireletsa liphoofolo tšoaetsong le ho etsa hore temo e matla e be le phaello e eketsehileng, ha bareki bona ba rua molemo oa litheko tse tlaase.

Che hoa utloahala. Empa na nama ea liphoofolo tse feptjoang lijo tse tsoakiloeng le lintho tsee ha li na kotsi e itseng ho motho ea e jang? Tlaleho ea Economic and Social Committee of the European Communities e phethile ka hore ho na le monyetla oa hore baktheria e pholohe lithibela-mafu ’me e fetele ho motho ea jang nama. Tlaleho eo e itse: “Tse ling tsa libaktheria tsena, tse kang Salmonella le Campylobacter, e ka ’na ea e-ba lisosa tse tobileng tsa maloetse a tebileng a batho a bakoang ke lijo.” Ho feta moo, ho thoe’ng haeba nama ee e ka ba le baktheria hammoho le mesaletsa ea lithibela-mafu? Tšabo e teng ke ea hore haeba ho ka ba joalo, likokoana-hloko tse bakang maloetse bathong li ka qetella li se li sa loantšoe ke lithibela-mafu.

Ho thoe’ng ka nama e kentsoeng li-hormone? Moprofesa oa Munich, Jeremane, Dr. Heinrich Karg o re: “Litsebi tsohle li ntsoe-leng hore nama ea liphoofolo tse ileng tsa kenngoa li-hormone ha e kotsi bophelong haeba li kentsoe ka tsela e nepahetseng.” Leha ho le joalo, koranta ea Die Woche e tlaleha hore tabeng ea ho sireletseha ha nama e tsoang liphoofolong tse kentsoeng li-hormone, “lilemong tse 15 tse fetileng babatlisisi ba ’nile ba sitoa ho finyella qeto e le ’ngoe e lumellanang.” ’Me Fora teng, taba ea li-hormone nameng e ’nile ‘ea phephethoa! Ha hoa lokela hore ho sebelisoe li-hormone!’ Ka ho hlakileng, ha ho e-s’o finyelloe tumellano.

Lijo Tse Fetisitsoeng Mahlaseling

Ho tloha ha ho qala ho etsoa liteko Sweden ka 1916, bonyane ke linaha tse 39 tse lumetseng hore lijo tse kang litapole, poone, litholoana le nama li fetisoe mahlaseling a seng bohale. Hobane’ng? Ho boleloa hore mahlaseli a bolaea boholo ba libaktheria, likokoanyana le likokoana-hloko, ka tsela eo, a fokotse likotsi tse ka hlahelang motho tsa maloetse a bakoang ke lijo. A boetse a lelefatsa bophelo ba sehlahisoa.

Ha ho potang hore litsebi li bolela hore bakeng sa liphello tse ntle, lijo tseo re li jang li lokela ho hloeka le ho ba tse sa tsoa khuoa. Empa ke mang ea iphang nako ea ho lokisa lijo tse sa tsoa khuoa kamehla? Ho latela makasine ea Test, “metsotso e leshome ea lijo tsa hoseng le e leshome le metso e mehlano bakeng sa lijo tsa motšehare le tsa mantsiboea” ke eona nako eo ka karolelano batho ba e qetang ba e-ja. Joale, ha ho makatse hore ebe batho ba bangata ba khetha lijo tse seng li loketse ho jeoa le tse tla qeta nako e telele li sa bole. Empa na lijo tse fetisitsoeng mahlaseling li sireletsehile?

Ka 1999 Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo o ile oa hatisa phuputso e neng e entsoe ke moifo oa litsebi tsa machaba. Li ile tsa etsa qeto ea hore lijo tse fetisitsoeng mahlaseling “li ka jeoa ha li na kotsi li bile li haha ’mele.” Ba tšehetsang maikutlo ana ba bapisa ho sebelisoa ha mahlaseli lijong le ho bolaea likokoana-hloko leseleng le tlamisang maqeba ngakeng—hoo le hona ho etsoang ka mahlaseli—kapa ba ho tšoantša le ho hlahlojoa ha thōtō ka mechine pele motho a palama sefofane. Leha ho le joalo, bahanyetsi ba tsitlella tabeng ea hore mahlaseli a fokotsa molemo oa tlhaho oa lijo le hore ho ka ba le likotsi tse itseng tseo hajoale li e-song ho tsejoe.

Lijo Tse Ntlafalitsoeng ka Liphatsa Tsa DNA

Litsebi tsa liphatsa tsa lefutso li khonne ka nako e telele ho tlosa phatsa e itseng ea DNA nthong e itseng ho e kenya ho DNA ea e ’ngoe ea mofuta o tšoanang. Leha ho le joalo, kajeno litsebi tsena tsa liphatsa tsa lefutso li nkile mehato e meholoanyane. Ka mohlala, ho na le menokotšoai le litamati tse ntlafalitsoeng ka phatsa e nkiloeng tlhaping, tsa etsa hore li se tšabe serame.

Ho na le ho hongata ho builoeng hantle le ho hannoeng tabeng ea lijo tse fetotsoeng motheong oa tsona.b Ba buellang mokhoa ona ba re theknoloji ena ea baeloji e tsitsitse haholoanyane ebile e laoleha ho feta mekhoa e tloaelehileng ea ho hlahisa sejalo, le hore mokhoa ona o tla etsa hore lijalo li behe haholo ’me ho fokotsa palo ea batho ba bolaoang ke tlala. Empa na lijo tse fetotsoeng motheong oa tsona li sireletsehile, li ka jeoa?

Tlaleho e mabapi le taba ena e ile ea lokisoa ke sehlopha sa bo-rasaense ba neng ba emela thuto e phahameng Engelane le United States, hammoho le Brazil, Chaena, India, Mexico le lichaba tse ling tsa linaheng tse tsoetseng pele. Tlaleho eo e hatisitsoeng ka July 2000 e re: “Ho fihlela hona joale, ho se ho lenngoe lijalo tse fetotsoeng motheong oa tsona tse koahelang sebaka sa lihekthere tse limilione tse 30 ’me ha ho mathata a bophelo a hlahetseng batho ka lebaka la ho ja lijalo tsena ka ho khetheha kapa ho ja lihlahisoa tsa tsona.” Libakeng tse ling, lijo tse fetotsoeng motheong oa tsona li nkoa li sireletsehile joaloka lijo tse tloaelehileng tsa tlhaho.

Leha ho le joalo, ho na le lipelaelo tse ngata libakeng tse ling. Austria, Brithani le Fora, ba bang ha ba tšepe lijo tse fetotsoeng motheong oa tsona. Ralipolotiki e mong oa Ledache ha a bua ka lijo tse fetotsoeng motheong oa tsona, o itse: “Ho na le mefuta e itseng ea lijo eo re sa e batleng.” Bahanyetsi ba lijo tse joalo ba bile ba phahamisa lipotso tsa hore na ho hlile ho nepahetse ho etsa joalo le hore na ha e na ho ba monyetla oa ho hlahisa likotsi tikolohong na.

Bo-rasaense ba bang ba nka hore lijo tsena tse fetotsoeng motheong oa tsona li sa tsoa kena tšebetsong le hore ho tla tlameha ho etsoe liteko tse eketsehileng ho bona hore na ho ka ba le likotsi life ho batho ba li jang. Ka mohlala, Mokhatlo oa tsa Bongaka Brithani o nka hore ho fetola liphatsa tsa lefutso ho na le melemo e meholo sechabeng. Leha ho le joalo, o bolela hore likarolo tse ling tse bakang ngongoreho—tse kang ho hlōloa ha motho ke lijo tse fetotsoeng motheong oa tsona—li bontša hore ho sa ntse ho “hlokahala hore ho etsoe lipatlisiso tse eketsehileng.”

Ho Etsa Khetho e Leka-lekaneng

Linaheng tse ling, lijo tse jeoang tse ka etsang karolo ea 80 lekholong, ke tse ntlafalitsoeng. Hangata metsoako ena e kenngoa bakeng sa ho matlafatsa kapa ho etsa hore tatso e tšoane, hammoho le ’mala, le hona ho etsa hore e se senyehe kapele. Ha e le hantle, buka e ’ngoe ea litšupiso e hlokomela hore “lihlahisoa tse ngata tsa kajeno, tse kang lijo tse nang le lik’halori [lik’hilojule] tse tlaase, tse bobebe le tse phehoang ka potlako, li ne li ke ke tsa e-ba teng ntle le hore li tsoakoe le ho itseng.” Hangata lijo tse joalo li boetse li tsoakiloe le ho itseng ho li fetolang motheong oa tsona.

Ka lilemo tse ngata, lefatšeng ka bophara temo e ’nile ea itšetleha ka mekhoa eo batho ba bangata ba e nkang e le kotsi. Mohlala o le mong feela ke oa tšebeliso ea chefo e bolaeang likokoanyana. Ho feta moo, e se e le nako joale indasteri ea lijo e sebelisa metsoako e itseng eo e ka ’nang eaba ke eona e etsang hore batho ba bang ba hlōloe ke lijo tse itseng. Na theknoloji e ncha e sebelisoang lijong e batla e le kotsi ho feta mekhoa ee? Esita le tsona litsebi ha li lumele. Ha e le hantle, litlaleho tse matla tsa saense li tšehetsa mahlakore ka bobeli, ’me a etsa hore boemo bona ba oona ba ho se lumellane ka taba bo tiee le ho feta.

Kaha batho ba bangata kajeno ba nka hore ha ho bonolo ho qoba lijo tsa theknoloji e phahameng, kapa ba nka hore ho na le litaba tse ling tseo e leng tsa bohlokoa, ba etsa qeto ea ho se ngongorehe ka taba ena. Leha ho le joalo, ba bang ba ngongorehile haholo. U ka etsa eng haeba uena le ba lelapa la hao le sa tiisehe ka tšireletseho ea lijo tse ntlafalitsoeng tseo ho bonahalang li fetotsoe haholo ke theknoloji ea kajeno? Ho na le mehato e molemo eo u ka khethang ho e latela, eo e meng ea eona e tšohloang sehloohong se latelang. Leha ho le joalo, pele ho tsohle e ka ’na ea e-ba bohlale ho etsa bonnete ba hore re na le pono e leka-lekaneng tabeng ena.

Ho sireletseha ha lijo ho tšoana le bophelo. Hona joale ha ho mokhoa oa ho finyella phetheho. Ho latela makasine ea Jeremane ea natur & kosmos, esita le har’a batho ba tsejoang ka ho ba hlokolosi haholo tabeng ea ho khetha lijo le ho li pheha, phepo e nepahetseng e lula e sekisetsoa. Se tsoelang e mong molemo se ka lematsa e mong. Ka hona, na hase bohlale ho ba le boikutlo bo leka-lekaneng le ho qoba ho feteletsa litaba?

Ke ’nete hore Bibele ha e re bolelle hore na re etse qeto efe mabapi le lijo tsa kajeno tse fetileng theknolojing e phahameng. Empa e re ruta hore na ke tšoaneleho efe eo re lokelang ho e hlaolela e tla re thusa tabeng ena. Bafilipi 4:5 e re: “Ho ba le kahlolo e molemo ha lōna ho ke ho tsejoe ke batho bohle.” Ho ba le kahlolo e molemo ho ka re thusa ho etsa qeto e leka-lekaneng le ho qoba ho feteletsa lintho. E ka re thusa hore re se ke ra laela ba bang hore na ba lokela ho etsa eng, le hore ba se etse eng tabeng ena. ’Me ho ka re thusa hore re se kene ka har’a likhang tse se nang thuso, tse bakang likarohano le batho ba nang le maikutlo a fapaneng le a rōna tabeng ena.

Leha ho le joalo, ho lokela ho lumeloe hore likotsi tse ngata tse amanang le lijo hase tse bakang khang e kaalo. Tse ling tsa tsona ke life, hona ke mehato efe ea ho itšireletsa eo u ka e nkang?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Seo re se jang hangata ke khetho ea rōna. Tsoha! ha e buelle ho ja kapa ho se je lijo tse sa tšoaneng tse boletsoeng mona, ho sa tsotellehe hore na ho sebelisitsoe theknoloji efe ho li lokisa. Lihlooho tsena li reretsoe hore li tsebise babali lintlha kamoo li leng kateng.

b Ka kōpo bona tokollo ea Tsoha! (ea Senyesemane) ea April 22, 2000.

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

Na motho ea jang nama ea khomo e hōlisitsoeng ka li-“hormone” le lithibela-mafu a ka ameha?

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Ke bohlale ho bala ka hloko se ngotsoeng sejong

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Ho na le menyetla ea ho reka lijo tse sa tsoa khuoa kamehla

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela