Lijo Tsa Hao li Sireletsehile Hakae?
NA U ja hararo ka letsatsi? Haeba ho joalo, nakong eo u bang lilemo li 70 u tla be u jele lijo ka makhetlo a fetang 75 000. Ho motho oa Europe, seo se tla bolela hore o tla be a jele—har’a tse ling—mahe a ka bang 10 000, lilofo tse 5 000 tsa bohobe, mekotla e 100 ea litapole le mekhekhetho e 6 ea likhomo, le linku tse 2. Na ho ja lijo tse kaalo ke moroalo? Le letho! Ho ee ho thabise hakaakang ho utloa mantsoe a kang “le thabele lijo tsa lōna”! Mookameli oa sekolo sa mopheho o ile a ea bohōleng ba ho re: “Lijo ke eona ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong.”
Boholo ba nako, ho ka etsahala hore ebe ha re ise hloohong taba ea hore na lijo tseo re li jang li sireletsehile na le hona hore na li tsoela ’mele molemo na. Empa haeba sejo se le seng ho tseo tse 75 000 se ne se e-na le kotsi e itseng, re ne re ka kula hampe. Na re ka kholiseha hore seo re se jang se sireletsehile? Matsatsing ana, batho ba eketsehileng ba bonahala ba le lekhonono tabeng ena. Linaheng tse ling ho sireletseha ha lijo ke ntho e ka sehloohong eo ho tšoenyehiloeng ka eona. Hobane’ng?
Mabaka a ho Tšoenyeha
Selemo le selemo, maloetse a bakoang ke lijo a ama karolo e ka etsang 15 lekholong ea baahi ba Europe. Ka mohlala, mathoasong a bo-1980, oli e phehang e neng e e-na le chefo e ile ea bolaea batho ba ka bang 1 000 Spain, ha ba bang ba 20 000 ba ile ba kula hampe. Ka 1999, baahi ba Belgium ba ile ba haroha matsoalo ha ho ne ho tlalehoa hore lijo tse kang mahe, nama ea khoho, chisi le botoro, ho ka etsahala hore ebe li na le chefo e bitsoang dioxin. Haufinyane tjena bareki ba Brithani ba ile ba haroha matsoalo—’me indasteri ea nama ea khomo ea putlama—ha likhomo li ne li tšoaelitsoe ke lefu la bohlanya ba likhomo. Joale ho ile ha ba le seoa sa lefu la mokaka, le ileng la tlama hore ho bolaoe le ho lahla likhomo, linku, lifariki le lipōli tse limilione.
Le hoja likotsi e le tse tebileng hakaalo, ho na le mabaka a mang a etsang hore batho ba ngongorehe ka lijo. Bareki ba tšoenngoa ke mekhoa e mecha e sebelisoang morao tjena ea ho hōlisa lijo le ho li hlophisa. European Commission e ile ea ngola tjena ka 1998: “Mekhoa e mecha e kang ea ho sebelisa mahlaseli lijong le oa ho fetola likaroloana tse itseng tsa lisele lijalong ho bakile likhang tse ngata.” Na mekhoa ee ea saense ea morao-rao e ntlafatsa lijo tsa rōna kapa ea li senya? Hona re ka etsa eng ho eketsa ho sireletseha ha lijo tsa rōna?