Haufinyane—Batho Bohle ba Tla Fumana Lijo Tse Nang le Phepo!
HO NA le mehato eo u ka e nkang e le hore lijo tsa hao li bolokehe. Leha ho le joalo, hase maemo ’ohle ao u ka khonang ho a laola. Ka mohlala, u ke ke ua khona ho hlahloba lijo tsohle pele u li reka kapa u li pheha. Ho ka hlokahala hore u reke lijo tse tsoang linaheng tse hōle tse tlang li se li kentsoe ka liphutheloaneng kapa ka makotikoting. Hape ho ka etsahala hore lijo tse ling tseo u li rekang li silafalitsoe ke lik’hemik’hale tse kotsi tse tsoang moeeng, metsing kapa mobung.
Tlalehong e reng “Ho Laola Maloetse a Bakoang ke Lijo: Qaka ea Lefatše Lohle,” balaoli ba Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo ba bolela hore bothata ba lijo tse sa bolokehang “bo ke ke ba rarolloa ke mebuso ea linaha feela; empa bo hloka tšebelisano ea lefatše lohle.” Maloetse a bakoang ke lijo tse silafetseng ke qaka ea lefatše lohle!
Ka ho utloahalang batho ba bangata ba tla botsa hore na ke eng e re kholisang hore haufinyane batho bohle ba tla fumana lijo tse nang le phepo. Re kholisoa ke hore “Jehova, Morena oa lefatše lohle,” o tšepisa ho fana ka tharollo mathateng a lijo ao batho ba tobanang le ’ona. (Joshua 3:13) Batho ba bang ba bolela hore ho ba teng ha lijo tse sa bolokehang ke bopaki ba hore Molimo a ke ke a tšeptjoa. Empa nahana: Haeba motho ea tsamaisang lijo reschorenteng a li tlohela hore li bole, na ho tla be ho loketse hore re behe motho ea li phehileng molato? Le hanyenyane.
Ka ho tšoanang, ke batho—eseng ’Mōpi—ba senyang lijo tse nang le phepo tseo lefatše le li hlahisang. Ho ata ha lijo tse sa bolokehang hore li ka jeoa, ke bothata bo bakiloeng ke batho. Molimo o tšepisa hore o tla “felisa ba senyang lefatše.”—Tšenolo 11:18.
’Nete ke hore Molimo o se a bontšitse hore o tsotella boleng ba lijo tseo re li jang. Ke Eena ea bōpileng lefatše le ea entseng lifate, eseng feela “[tse] lakatsehang ponong ea motho” empa tse “molemo bakeng sa lijo.” (Genese 2:9) Esita le ka mor’a hore batho ba qale ho kula, Jehova Molimo o ile a fa batho ba hae tataiso e tobileng e neng e tla sireletsa lijo tsa bona le ’mele ea bona.—Sheba lebokose le reng “Lethathamo la Melao e Amanang le Bophelo bo Botle.”
Molimo o batla hore re je lijo tsa mofuta ofe? Bibele e re: “O melisa joang bo botala bakeng sa liphoofolo, le limela bakeng sa ho sebelisoa ke moloko oa batho, ho etsa hore lijo li hlahe lefatšeng, le veine e thabisang pelo ea motho ea shoang, ho khantša sefahleho ka oli, le bohobe bo matlafatsang pelo ea motho ea shoang.” (Pesaleme ea 104:14, 15) Bibele e boetse e re: “Phoofolo e ’ngoe le e ’ngoe e hahabang e phelang e tla ba lijo.”—Genese 9:3.
Lentsoe la Molimo le tšepisa sena mabapi le bokamoso ba rōna: “Ka sebele o tla fana ka pula bakeng sa peō ea lōna eo le e jalang mobung, le bohobe e le lihlahisoa tsa naha, bo tlang ho nona bo be mafura. Letsatsing leo liphoofolo tsa lōna tse ruiloeng li tla fula makhulong a maholo.” (Esaia 30:23) Ka sebele, haufinyane lihlooho tsa litaba tse re lemosang ka likotsi li tla nkeloa sebaka ke phatlalatso e reng: “Lijo tse nang le phepo bakeng sa bohle!”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 9]
’Mōpi o re tšepisa bokamoso bo molemo moo ho tla ba le lijo tse ngata tse nang le phepo
[Lebokose le leqepheng la 8]
“LETHATHAMO LA MELAO E AMANANG LE BOPHELO BO BOTLE”
Hoo e ka bang lilemo tse 3 500 tse fetileng, Baiseraele ba ile ba fuoa Molao oa Moshe. Molao oo o ile oa sireletsa Baiseraele maloetseng a mangata a bakoang ke lijo. Nahana ka litaelo tse latelang:
● Qoba ho sebelisa lijana tse litšila tse ammeng phoofolo e shoeleng: “Sejana leha e le sefe se sebelisoang ka tsela e itseng se tla kenngoa metsing, ’me e tla ba se sa hloekang ho fihlela mantsiboea ’me se ntan’o hloeka.”—Levitike 11:31-34.
● U se ke ua ja phoofolo e shoeleng e sa hlajoa: “Le se ke la ja ntho leha e le efe e seng e shoele.”—Deuteronoma 14:21.
● E-ja lijo tse setseng ho e-s’o fete nako e telele: “Letsatsing le hlahlamang se salang ho sona le sona se ka jeoa. Empa nama e setseng ea sehlabelo e lokela ho chesoa ka mollo ka letsatsi la boraro.”—Levitike 7:16-18.
Ngaka e bitsoang A. Rendle Short, e ile ea makatsoa ke hore Molao oa Moshe—ha o bapisoa le melao e teng hona joale—o na le “lethathamo la melao ea bophelo e bohlale le e utloahalang.”