Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mrt sehlooho 66
  • Bibele e re’ng ka Tlala e Teng Mehleng Ee?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bibele e re’ng ka Tlala e Teng Mehleng Ee?
  • Lihlooho Tse Ling
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bibele e ile ea bolela esale pele hore mehleng ena ho tla ba le tlala
  • Tlala e tla fela joang?
  • Khaello ea Lijo e Bakoang ke Lintoa le Maemo a Feto-fetohang a Leholimo—Bibele e Re’ng ka Taba Ee?
    Lihlooho Tse Ling
  • Ntoa ea Ukraine e Etsa Hore Khaello ea Lijo e Mpefale Lefatšeng Lohle
    Lihlooho Tse Ling
  • Haufinyane—Batho Bohle ba Tla Fumana Lijo Tse Nang le Phepo!
    Tsoha!—2012
  • Na U ja Hantle Moeeng?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Bala Tse Ling
Lihlooho Tse Ling
mrt sehlooho 66
Fereko ka sekotlolong se sa tšelang letho.

Nany/stock.adobe.com

Bibele e Re’ng ka Tlala e Teng Mehleng Ee?

Baeta-pele ba lefatše ba lakatsa eka ba ka felisa tlala ka ho feletseng. Ba lakatsa eka motho e mong le e mong a ka ba le lijo.a Empa na tlala e tla ke e be sieo lefatšeng? Bibele e re’ng ka taba ee?

Bibele e ile ea bolela esale pele hore mehleng ena ho tla ba le tlala

Bibele e ile ea bolela esale pele hore mehleng ena ho tla ba le tlala ’me ha e bua ka nako eo e re ke ‘mehla ea bofelo.’ (2 Timothea 3:1) Ha se Molimo ea bakang tlala empa o ile a re lemosa hore e tla ba teng. (Jakobo 1:13) Hlokomela boprofeta bona ba Bibele.

“Ho tla ba le tlala . . . sebakeng se seng ka mor’a se seng.” (Matheu 24:7) Bibele e ile ea bolela esale pele hore ho tla ba le tlala libakeng tse ngata. Tlaleho e ’ngoe ea batho ba ithutang hore na lijo li hlahisoa joang le hore li ajoa joang e ile ea re: “Le hoja baeta-pele ba leka ho fokotsa tlala, ho bonahala ho ntse ho mpefala le ho feta.”b Linaheng tse ngata batho ba limilione tse makholo ha ba na lijo. Ka masoabi ba bangata ba bona baa hlokahala.

Mopalami oa pere e ntšo o tšoere sekala letsohong la hae, joalokaha khaolo ea botšelela ea Tšenolo e hlalositse.

“Ka bona pere e ntšo, ea e palameng o ne a tšoere sekala.” (Tšenolo 6:5) Boprofeteng bona pere le mopalami oa eona li tšoantšetsa tlala e tla ba teng mehleng ea bofelo.c Sekala seo mopalami a se tšoereng se metha lijo tse haellang e le hore motho e mong le e mong a fumane ho hong. Ha a ntse a palame pere ho hlaha lentsoe le reng theko ea lijo e tla nyoloha le ho lemosa batho hore ba se ke ba senya lijo. (Tšenolo 6:6) Taba ena e bontša hantle ntho e etsahalang lefatšeng hona joale, batho ba libilione ha ba na lijo kapa ha ba khone ho reka tse nang le phepo.

Tlala e tla fela joang?

Lefatše le hlahisa lijo tse ngata ho feta tse hlokahalang. Sena se bolela hore motho e mong le e mong a ka fumana lijo. Joale ke hobane’ng ha lijo li haella? Bibele e re ’Mopi oa rona Jehovad o tla lokisa bothata boo joang?

Setšoantšo se takiloeng sa batho ba etsang mohoanto ka pel’a mohaho oa ’muso.

Bothata: Mebuso ha e khone ho felisa bofutsana le ho hloka toka tse bakang tlala.

Tharollo: Mebuso ea batho e tla nkeloa sebaka ke ’Muso oa Molimo. (Daniele 2:44; Matheu 6:10) Mehleng ena ho thata hore batho ba futsanehileng ba fumane lijo empa boemo bo tla fetoha tlas’a ’Muso oa Molimo. Bibele e re ka Morena Jesu Kreste, e leng Morena oa ’Muso oa Molimo, “o tla pholosa ea futsanehileng ea llang ho kopa thuso le ea maemong a tlase le mang kapa mang ea se nang mothusi. . . . Ho tla ba le lijo tse ngata lefatšeng. Li tla ba ngata le holim’a lithaba.”—Pesaleme ea 72:12, 16.

Setšoantšo se takiloeng se bontšang ’mapa, kanono le lifofane tsa ntoa.

Bothata: Lintoa li baka tšenyo e kholo ebile li thefula moruo ’me sena se etsa hore batho ba se ke ba fumana lijo tse ba lekanang.

Tharollo: “[Jehova] o felisa lintoa lefatšeng lohle. O roba seqha ebile o robakanya le lerumo. O chesa likariki tsa sesole ka mollo.” (Pesaleme ea 46:9) Molimo o tl’o felisa libetsa tsa ntoa le batho ba bakang lintoa. Ka lebaka leo batho ba tla fumana lijo habonolo. Bibele e tšepisa hore: “Ba lokileng ba tla eketseha, khotso e tla ba ngata.”—Pesaleme ea 72:7.

Setšoantšo se takiloeng se bontšang letsatsi le semela se shoang mobung o omeletseng.

Bothata: Maemo a leholimo a sa tsitsang le likoluoa tsa tlhaho li bolaea lijalo le liphoofolo.

Tharollo: Molimo o tla etsa hore maemo a leholimo e be a loketseng hore lijalo li atlehe. Bibele e re: “[Jehova] o khutsisa sefefo ebe maqhubu a leoatle aa thola. . . . O fetola lehoatata hore e be matamo a nang le lehlaka, le naha e ommeng o e fetola liliba tsa metsi. O etsa hore ba lapileng ba lule moo. . . Ba jala masimo ’me ba lema lirapa tsa morara.”—Pesaleme ea 107:29, 35-37.

Setšoantšo se takiloeng se bontšang batho ba lumelisanang ba fanana chelete.

Bothata: Batho ba meharo ba etsa lijo tse kotsi ebe ba sitisa batho ba bang ho fumana lijo tse nang le phepo.

Tharollo: ’Muso oa Molimo o tla felisa batho ba sa lokang le ba sa tšepahaleng. (Pesaleme ea 37:10, 11; Esaia 61:8) Bibele e re Jehova Molimo ke “ea thusang ba utsoelitsoeng hore ba ahloleloe ka toka le ea fepang ba lapileng.”—Pesaleme ea 146:7.

Setšoantso se takiloeng se bontšang lijo tse senyehileng tse lahliloeng.

Bothata: Selemo se seng le se seng ho senngoa hoo e ka bang 30 phesente ea lijo lefatšeng lohle.

Tharollo: Tlas’a ’Muso oa Molimo batho ba tla beng ba fuoe boikarabelo ba tl’o etsa bonnete ba hore lijo li bolokoa hantle. Ha Jesu a le lefatšeng o ile a etsa bonnete ba hore lijo ha li senngoe. Ka mohlala, ka letsatsi le leng o ile a fepa batho ba fetang 5 000 ka mohlolo. Hamorao, o ile a re ho barutuoa ba hae: “Bokellang lijo tse setseng, e le hore ho se ke ha e-ba le letho le senyehang.”—Johanne 6:5-13.

Kaha Molimo o tla felisa lintho tse bakang tlala ’Musong oa hae, batho ba tla ba le lijo tse ngata tse monate le tse nang le phepo. (Esaia 25:6) Ho ithuta ka ho eketsehileng hore na ’Muso oa Molimo o tl’o etsa lintho tsena neng, bala sehlooho se reng “’Muso oa Molimo o Tla Busa Lefatše Neng?”

a Ka 2015 mokhatlo oa Machaba a Kopaneng o ile oa etsa meralo e le hore o fihlele morero ona ka 2030.

b Tlaleho ena e ile ea etsoa ke Food and Agriculture Organization of the United Nations, International Fund for Agricultural Development, United Nations Children’s Fund, United Nations World Food Programme, le World Health Organization.

c Ho ithuta ho eketsehileng ka bapalami ba bane ba lipere ba hlahang ho Tšenolo, bala sehlooho se reng “Bapalami ba Bane ba Lipere ke Bo-mang?”

d Jehova ke lebitso la Molimo. (Pesaleme ea 83:18) Sheba sehlooho se reng “Jehova ke Mang?”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela