Letsatsi Leo Mehaho e ’Meli e Melelele e Putlameng ka Lona
LIKETSAHALO tsa la 11 September, 2001, New York City, Washington, D.C., le Pennsylvania, li ke ke tsa hlakoha mehopolong ea baahi ba lefatše ba limilione, haeba e se ba limilione tse likete. U ne u le hokae ha u bona kapa u utloa ka litaba tsa ho hlaseloa ha World Trade Center, New York le Pentagon, Washington?
Tšenyo eo ka potlako e ileng ea senya thepa e ngata hakaalo, ’me ho hobe le ho feta, ea bolaea batho ba bangata joalo, e file moloko oa batho lebaka la ho inahana ka ho teba.
Re ithutile eng ka lintho tseo re li etelletsang pele le tseo re li khethang bophelong? Liketsahalo tseo tse sehlōhō li ile tsa totobatsa joang litšobotsi tse ntle tsa botho ba rōna—e leng boitelo, kutloelo-bohloko, mamello le ho hloka boithati? Sehlooho sena le se latelang li tla leka ho arabela potso ena ea bobeli.
Baphonyohi ba Pheta Pale ea Bona
Kapele ka mor’a koluoa e ileng ea hlaha New York, tsela e tsamaeang ka tlas’a lefatše e ile ea koaloa, ’me matšoele-tšoele a batho a ile a tloha karolong e ka tlaase ea Manhattan ka maoto—bongata ba bona ba tšela borokho ba Brooklyn le ba Manhattan. Ba ne ba ka bona ka ho hlaka mehaho ea liofisi le fektheri ea ntlo-khōlō ea lefatše ea Lipaki tsa Jehova. Batho ba bang ba neng ba baleha sebakeng sa koluoa ba ile ba leba mehahong eo.
Alisha (ka ho le letona), eo ’mè oa hae e leng Paki, o bile har’a ba pele ba fihlang mehahong eo. O ne a koahetsoe ke lerōle le molora.a O ile a hlalosa: “Ha ke ne ke le ka tereneng ke e-ea mosebetsing, ke ile ka bona mosi o hlaha mehahong ea World Trade Center (Setsi sa Khoebo sa Lefatše). Ha ke fihla sebakeng seo sa koluoa, fatše ho ne ho tletse likhalase hohle, ’me ke ne ke utloa lebatama la mollo le nkaparela. Batho ba ne ba phasa-phasa ka litsela tsohle, ha mapolesa a ne a leka ho ntša batho sebakeng seo. E ne eka ke lebaleng la ntoa.
“Ke ile ka mathela mohahong o haufi ho ea itšireletsa. Joale ke ile ka utloa ho phatloha ha sefofane sa bobeli se thula mohaho o molelele o ka boroa. Pono ea seo e ne e le e ke keng ea hlalosoa, hohle ho ne ho tletse mosi o motšo. Re ile ra bolelloa hore re tlohe sebakeng seo se kotsi. Ke ile ka kenngoa seketsoaneng se tšelang Nōkeng ea East ho ea Brooklyn. Ha ke fihla ka mose oane, ke ile ka sheba holimo ’me ka bona mongolo o moholo o reng, ‘WATCHTOWER.’ Ntlo-khōlō ea bolumeli ba ’mè oa ka! Ke ile ka ea ka potlako mohahong oo oa liofisi. Ke ne ke tseba hore ke tla be ke le sebakeng seo ke tla tšoaroa hantle ho sona. Ke ile ka itlhoekisa eaba ke khona ho letsetsa batsoali ba ka.”
Wendell (ka ho le letona), o ne a sebetsa monyako oa Hotele ea Marriott e neng e le pakeng tsa mehaho eo e ’meli e melelele. O ile a hlalosa: “Ke ne ke le sebakeng sa kamohelo ea baeti ke ntse ke sebetsa ha ho phatloha ka lekhetlo la pele. Ke ile ka bona maloanlahla a oela hohle. Ke ile ka sheba ka nģ’ane ho tsela ’me ka bona monna ea neng a rapaletse fatše a aparetsoe ke malakabe. Ke ile ka tabola baki ea ka le hempe ’me ka mathela ho eena ho ea tima malakabe ao. Motho e mong ea neng a feta ka tsela o ile a nthusa. Liphahlo tsohle tseo monna eo a neng a li apere li ile tsa chella ho eena ntle feela ho likausi tsa hae le lieta. Joale bo-ralitima-mollo ba ile ba tla ’me ba mo nka ho mo isa moo a tla fumana thuso ea meriana.
“Nakoana ka mor’a moo, Bryant Gumbel ea sebetsang seteisheneng sa litaba tsa TV sa CBS o ile a letsa mohala hore a utloe se etsahalang ka motho ea bonang ka mahlo. Lelapa la ka Virgin Islands le ile la utloa hoo thelevisheneng ’me ka lebaka leo, la tseba hore kea phela.”
Donald, seqhenqha se bolelele ba limithara tse 1,95 eo e leng mosebeletsi oa Setsi sa Lefatše sa Lichelete, o ne a le mokatong oa bo31 mohahong oa bona, a shebile ka kotloloho Mehahong e ’Meli e Melelele le Hoteleng ea Marriott . O itse: “Ke ile ka hlolloa le ho haroha letsoalo ke seo ke neng ke se bona. Batho ba ne ba oela le ho itihela ka lifensetere mohahong o ka leboea. Ke ile ka hlaseloa ke tšabo e sa laoleheng ’me ka tsoa ke papaela mohahong oo ke neng ke le ho oona.”
Phihlelo e ’ngoe ke ea ’mè ea lilemong tsa bo-60 le barali ba hae ba babeli ba lilemong tsa bo-40. Ruth le ngoan’abo Joni, ba ne ba lula le ’mè oa bona, Janice, hoteleng e haufi le Mehaho e ’Meli e Melelele. Ruth eo e leng mooki ea nang le mangolo o pheta pale ea bona: “Ke ne ke le ka shaoareng. Ka tšohanyetso, ’Mè le ngoan’eso ba ile ba nkhoeletsa hore ke tsoe ka shaoareng. Re ne re le mokatong oa bo16 ’me ba ne ba bona ka fensetere ha maloanlahla a theohela fatše. Ha e le hantle, ’Mè o ile a bona setopo sa monna se feta holim’a marulelo a haufi joalokaha eka se ne se tsoibitsoe kae-kae.
“Ke ile ka tena ka potlako, ’me ra theosa litepisi. E ne e le lillo ka hohle. Re ile ra tsoela seterateng. Re ile ra utloa ho phatloha ’me ra bona litlhase tsa mollo. Re ile ra laeloa hore re potlakele ka boroa ho Battery Park, moo Sekepe sa Staten Island se neng se le hona teng. Ha re le tseleng, re ile ra lahlehelana le ’Mè, ’me eena o na le asma e sa foleng. O ne a tla pholoha joang ka har’a mosi o mokaale, molora le lerōle? Re ile ra qeta halofo ea hora re ntse re mo batla, empa ha rea ka ra mo fumana. Leha ho le joalo, re ne re sa tšoenyeha ho tlōla tekano qalong kaha ke motho ea khonang ho itjara le ea sa ferekaneng ka potlako.
“Qetellong re ile ra isoa Borokhong ba Brooklyn ’me ra tšelela ka nģ’ane ho bona. U ka inahanela feela hore na re ile ra imoloha hakaakang ha re fihla ka nģ’ane ho borokho ba Brooklyn ’me re bona mongolo o moholo o reng ‘WATCHTOWER’! Re ne re tseba hore re sireletsehile.
“Re ile ra amoheloa ka mofuthu ’me ra fuoa bolulo. Re ile ra boela ra fuoa liaparo kaha re ne re e-na le tseo re li apereng feela. Empa ’mè oa rōna o ne a le hokae? Re ile ra qeta bosiu bohle re leka ho mo batla lipetlele empa ra se ke ra atleha. Ha hora ea leshome le motso o mong e se e fetile ka metsotso e mashome a mararo hoseng ha letsatsi le hlahlamang, re ile ra fumana molaetsa. ’Mè o ne a le mokatong o ka tlaase moo ho amoheloang baeti teng! Ho ne ho etsahetse eng ka eena?”
’Mè oa bona, Janice, o tsoela pele ka tlaleho ena: “Ha re potlakela ho tsoela ka ntle ho hotele, ke ne ke amehile ka motsoalle oa ka ea seng a hōlile, ea neng a ile a sitoa ho tloha le rōna. Ke ne ke batla ho khutla ke mo jare ka bonna. Empa ho ne ho le kotsi haholo. Moferefereng oo, ke ile ka lahlehelana le barali ba ka. Leha ho le joalo, ke ne ke sa tšoenyeha haholo kaha ba na le likelello tse hlaphohetsoeng hape Ruth ke mooki ea nang le mangolo.
“Hohle moo ke neng ke sheba teng, batho ba ne ba hloka thuso—haholo-holo bana le masea. Ke ile ka thusa ba bangata ka hohle kamoo nka khonang. Ke ile ka ea sebakeng seo ho hlahlojoang mahlatsipa ho sona le ho aroloa ho latela hore na ba lemetse hakae, ’me ba phekoloe. Ke ile ka thusa ka ho hlatsoa matsoho le lifahleho tsa mapolesa le bo-ralitima-mollo, ba neng ba kupelitsoe ke mosili le lerōle. Ke ile ka ba moo ho fihlela ka hora ea boraro hoseng. Joale ke ile ka palama seketsoana sa ho qetela ho ea Staten Island. Ke ne ke nahana hore barali ba ka ba balehetse teng. Empa ha kea ka ka ba fumana.
“Hoseng ke ile ka leka ho palama seketsoana sa pele ho khutlela Manhattan, empa ke ile ka sitoa kaha ke ne ke se mosebeletsi oa boemo ba tšohanyetso. Joale ke ile ka bona lepolesa le leng leo ke ileng ka le thusa. Ke ile ka hoeletsa: ‘John! Ke batla ho khutlela Manhattan.’ O ile a arabela: ‘Ntšale morao.’
“Ha ke fihla Manhattan, ke ile ka leba Hoteleng ea Marriott. Mohlomong ho ne ho ntse ho e-na le monyetla oa hore ke thuse motsoalle oa ka ea hōlileng. Le letho! Hotele eo e ne e le lithako. Setsi seo se ka sehloohong sa khoebo se ne se felile—ho ne ho se bophelo ho sona. Ho ne ho le teng feela mapolesa le bo-ralitima-mollo ba neng ba bonahala ba khathetse, lifahleho tsa bona li imetsoe ke tlokotsi.
“Ke ile ka leba Borokhong ba Brooklyn. Ha ke atamela moo bo fellang, ke ile ka bona mongolo oo ke o tloaetseng, ‘WATCHTOWER.’ Mohlomong ke tla fumana barali ba ka teng. Kannete, ba ile ba theohela moo ho amohelloang baeti teng ho tla ntumelisa. E bile ho hakana le meokho e mekaakang ea thabo!
“Ho makatsang ke hore ha kea ka ka hlaseloa ke asma le hanngoe feela, ho sa tsotellehe mosi, lerōle le molora tseo ke bileng ho tsona. Ke ile ka lula ke rapela hobane ke ne ke batla ho thusa, eseng ho ba moroalo.”
“Ha ho na Moo se ka Lulang Teng!”
Rachel, mosali ea lilemong tse qalang tsa bo-20 o ile a bolella mongoli oa Tsoha!: “Ke ne ke tsamaea pel’a mehaho eo ke lulang ho eona karolong e ka tlaase ea Manhattan ha ke utloa molumo oa sefofane ha se feta holimo. Molumo oa teng o ne o le lerata hoo ke ileng ka lelala. Ha kea ka ka kholoa mahlo a ka—e ne e le sefofane se seholo sa jete seo ho neng ho hlakile hore sea theosa. Ke ile ka ipotsa hore na ke hobane’ng ha se ne se fofela tlaase hakaalo le hona ka lebelo le lekaalo. Ha ho moo se ka lulang teng! Mohlomong moqhobi oa sona o ne a lahlehetsoe ke ho se laola. Joale ke ile ka utloa mosali e mong a hoeletsa, ‘Sefofane sane se qeta ho thula mohaho!’ Khanare e khōlō ea mollo e ile ea qhoma mohahong o molelele o ka leboea. Ke ile ka bona lesoba le leholo le letšo mohahong oo.
“E ne e le ntho e tšosang ka ho fetisisa eo nkileng ka e bona bophelong. E ne eka hase ’nete. Esale ke ema moo ke ahlame. Ka mor’a nakoana e seng kae, mohaho oa bobeli o ile oa thuloa ke sefofane se seng, ’me qetellong mehaho eo ka bobeli ea putlama. Ke ile ka apareloa ke tšabo e khōlō. Ho hang ka felloa ke matla!”
“Ke Tla Sesa Haeba ke Tlameha ho Etsa Joalo”
Denise ea lilemo li 16 o ne a sa tsoa fihla sekolong seo a kenang ho sona se haufi le American Stock Exchange, se mohahong oa boraro ka boroa ho World Trade Center. “E ne e sa tsoa ba hora ea borobong hoseng. Ke ne ke tseba hore ho na le se etsahetseng, empa ke ne ke sa tsebe hore na ke eng. Ke ne ke le mokatong oa bo11 oa sekolo, re le tlelaseng ea histori. Barutoana bohle ba ne ba shebahala ba tšohile. Tichere ea rōna e ne e ntse e batla hore re tsoele pele ka tlhahlobo. Re ne re batla ho tsamaea re ee mahae.
“Joale mohaho o ile oa sisinyeha ha sefofane sa bobeli se thula mohaho o molelele o ka boroa. Empa re ne re ntse re sa tsebe hore na ho etsahetse eng. Ka potlako ke ha ke utloa walkie-talkie ea tichere e re: ‘Lifofane tse peli li thutse Mehaho e ’Meli e Melelele!’ Ke ile ka ipolella, ‘ho lula mona ha ho utloahale. Ketso ena ke ea bokhukhuni ’me ka mor’a mona ho tla latela Stock Exchange.’ Kahoo, re ile ra tsoa.
“Re ile ra mathela Battery Park. Ke ile ka hetla ho sheba se etsahalang. Ke ne ke bona hore mohaho o ka boroa o tloha o putlama. Joale ke ile ka nahana hore ho tla ba le kotsi e fetang ha mehaho eo e melelele e putlama ’me e thula e meng. Ke ne ke hema ka thata kaha nko ea ka le qoqotho li ne li kibiloe ke molora le lerōle. Ke ile ka mathela Nōkeng ea East, ke ipolella, ‘Ke tla sesa haeba ke tlameha ho etsa joalo.’ Ha ke ntse ke matha joalo, ke ile ka rapela Jehova hore a mpholose.
“Qetellong ke ile ka palamisoa sekepe ho ea New Jersey. Ho ile ha feta lihora tse fetang tse hlano pele ’mè oa ka a ka mphumana, empa bonyane ke ne ke sireletsehile!”
“Na Ebe Lee ke Letsatsi la ka la ho Qetela ke Phela?”
Joshua ea lilemo li 28 oa Princeton, New Jersey, o ne a ntse a ruta tlelase mokatong oa bo40 mohahong o molelele o ka leboea. Oa pheta: “Ka tšohanyetso, e ile eaka ho qhomme bomo. Ho ile ha thothomela hohle, eaba kea nahana, ‘E tlameha ebe ho bile le tšisinyeho ea lefatše.’ Ke ile ka sheba ka ntle ’me ha kea ka ka kholoa mahlo a ka—mosi le maloanlahla a ne a ferella mohahong ona. Ke ile ka re ho tlelase, ‘Tlohelang tsohle. A re eeng!’
“Re ile ra potlakela litepising, tse neng li tlala mosi ’me metsi a ne a tšoloha lipompong tse timang mollo ka ho fafatsa. Empa ho ne ho se ea tataselang. Ke ile ka lula ke rapela hore e mpe ebe re khethile litepisi tse nepahetseng e le hore re se khahlane le mollo tseleng.
“Ha ke ntse ke matha ho theosa litepisi, ke ile ka ipotsa, ‘Na ebe lee ke letsatsi la ka la ho qetela ke phela?’ Ke ile ka tsoela pele ke rapela Jehova ’me ka utloa ke e-na le khotso e makatsang. Ke ne ke qala ho ba le mofuta o joalo oa khotso ea kelello. Ha ke sa tla hlola ke lebala motsotso oo.
“Ha qetellong re tsoela ka ntle ho mohaho, mapolesa a ne a ntša e mong le e mong moo. Ke ile ka sheba holimo mehahong eo ’me ka bona hore ka bobeli e phohlolitsoe. E ne e ka toro ea sebele.
“Joale ho ile ha khutsa ka tsela e tšosang—ha re tu! joalokaha eka likete tsa batho li ne li sa phefumolohe. E ne eka sohle se eme tsi! New York. Sena se ile sa lateloa ke sello sa batho. Mohaho o ka boroa o ne o putlama ka booona! Leru la mosi la molora le lerōle le ne le tla le re lebile. E ne eka ke molumo le litšoantšo tse hlophisehileng hantle tseo re eeng re li bone baesekopong. Empa sena e ne e le ’nete. Ha leru lena le re kupetsa, ho ne ho le thata ho hema.
“Ke ile ka khona ho ea fihla Borokhong ba Manhattan, moo ke ileng ka hetla ’me ka bona ha mohaho o molelele o ka leboea, o nang le eriele e khōlō ea TV o soahlamana. Ha ke ntse ke tšela borokho bona, ke ile ka tsoela pele ho rapela hore ke mpe ke fihle Bethele, ntlo-khōlō ea lefatše ea Lipaki tsa Jehova. Ha ke e-s’o thabe hakaalo bophelong bohle ba ka ha ke bona sebaka seo. ’Me leboteng la fektheri ho ne ho e-na le mongolo o moholo oo ba likete ba ka o bonang letsatsi le letsatsi, ‘Bala Lentsoe la Molimo Bibele e Halalelang Letsatsi le Letsatsi’! Ke ile ka re, ‘Ke se ke le haufi le ho fihla. E-re ke peseletse.’
“Ha ke nahana ka liketsahalo tseo, li entse hore ke bone bohlokoa ba ho etelletsa lintho tsa bohlokoa pele—hore bophelong, ho etsoe pele lintho tseo e leng tsona tsa bohlokoa.”
“Ke Ile ka Bona Batho ba Itihela ka Lifensetere Mohahong oo o Molelele”
Jessica ea lilemo li 22 o ile a bona liketsahalo tseo ha a ne a theoha seteisheneng sa tsela e tsamaeang ka tlas’a lefatše se toropong. “Ke ile ka sheba holimo ’me ka bona molora, maloanlahla le mefuta eohle ea likotoana tsa tšepe li oela fatše. Batho ba ne ba kolokile ba batla ho sebelisa lifono tsa sechaba ’me ba ne ba tatasela le ho feta hobane ba ne ba lieha ho fihla ho tsona. Ke ile ka rapella hore ke se ferekane. Joale ha e-ba le ho phatloha ha bobeli. Litšepe le likhalase li ne li fofa sebakeng. Ke ile ka utloa batho ba hoeletsa, ‘Ke sefofane se seng!’
“Ke ile ka sheba holimo ’me ka haroha letsoalo ke seo ke se bonang—batho ba ne ba itahlela ka ntle ba tsoa mekatong e holimo moo mosi le malakabe li neng li foqoha teng. Le kajeno ke ntse ke bona pono eo—e ne e le monna le mosali. Ba ne ba itšoarelelitse fensetereng nakoana. Joale ba ile ba itlohella, ba oela, ba theosa le ho tsubella. E ne e le pono eo u sitoang ho e shebella.
“Qetellong, ke ile ka fihla Borokhong ba Brooklyn, moo ke ileng ka rola lieta tse neng li ntšitisa ho matha hantle ’me ka mathela ka nģ’ane ho nōka, ka lehlakoreng la Brooklyn. Ke ile ka fihla mohahong oa liofisi tsa Watchtower, moo ka potlako ke ileng ka thusoa hore letsoalo le kokobele.
“Bosiung boo ha ke le hae, ke ile ka bala Tsoha! ea August 22, 2001, e nang le lihlooho tse latellanang tse buang ka ‘Khatello e Bakiloeng ke Ketsahalo e Ferekanyang Kelello’ [Sesothong li ho September 8, 2001]. Ke ne ke hloka boitsebiso boo hakaakang!”
Ho tšabeha ha koluoa eo ho ile ha susumelletsa batho hore ba thuse ka tsela leha e le efe eo ba ka thusang ka eona. Sehlooho se latelang se hlalosa karolo eo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Tsoha! e buisane le baphonyohi ba bangata ho feta bao re ka ba kopanyelletsang sehloohong sena se sekhutšoanyane. Tšebelisano-’moho ea bona e thusitse hore ho qetoe litlaleho tsena le ho li netefatsa.
[Setšoantšo se Qanollang/Litšoantšo tse leqepheng la 8, 9]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
E RIPITLILOENG
1 MOHAHO O MOLELELE O KA LEBOEA 1 World Trade Center
2 MOHAHO O MOLELELE O KA BOROA 2 World Trade Center
3 HOTELE EA MARRIOTT 3 World Trade Center
7 7 WORLD TRADE CENTER
E SENYEHILENG HAHOLO
4 4 WORLD TRADE CENTER
5 5 WORLD TRADE CENTER
L ONE LIBERTY PLAZA
D DEUTSCHE BANK 130 Liberty St.
6 U.S. CUSTOMS HOUSE 6 World Trade Center
N S LEBOEA LE BOROA MAROKHO A LITAASO
E SENYEHILENG HANYENYANE
2F 2 WORLD FINANCIAL CENTER
3F 3 WORLD FINANCIAL CENTER
W WINTER GARDEN
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
As of October 4, 2001 3D Map of Lower Manhattan by Urban Data Solutions, Inc.
[Litšoantšo]
Holimo-limo: Mohaho o molelele o ka boroa o ile oa putlama pele
Ka holimo: Ba bang ba ile ba mathela mehahong ea Watchtower bakeng sa tšireletso
Ka ho le letona: Makholo-kholo a bo-ralitima-mollo le basebeletsi ba pholoso ba ile ba sebetsa ba sa khathale Sebakeng seo sa Koluoa
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
AP Photo/Jerry Torrens
Andrea Booher/FEMA News Photo
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]
AP Photo/Marty Lederhandler
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 4]
AP Photo/Suzanne Plunkett