Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g02 1/8 maq. 10-12
  • Tšehetso le Kutloelo-bohloko Tse Hlahang ka Makhalo ’Ohle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tšehetso le Kutloelo-bohloko Tse Hlahang ka Makhalo ’Ohle
  • Tsoha!—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipaki li Fana ka Thuso e Sebetsang
  • “Nako le Ketsahalo e sa Lebelloang”
  • Mosebetsi oa ho Tšelisa
  • Sena se Lokela ho Etsa Hore re Nahane ka ho Teba
  • Letsatsi Leo Mehaho e ’Meli e Melelele e Putlameng ka Lona
    Tsoha!—2002
  • Tšelisa ba Mesarelong
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Matšeliso a Tsoang ho “Molimo oa Matšeliso ’Ohle”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Ho Hōla Hammoho Leratong
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
Bala Tse Ling
Tsoha!—2002
g02 1/8 maq. 10-12

Tšehetso le Kutloelo-bohloko Tse Hlahang ka Makhalo ’Ohle

BAITHAOPI ba ile ba hlaha likarolong tse ling tsa United States le linaheng tse ling. E mong oa baithaopi ba joalo e bile Tom ea lilemo li 29 (ea bontšitsoeng ka holimo), eo e leng rasetima-mollo ea tsoang Ottawa, Canada. O ile a bolella Tsoha!: “Ke ile ka bona liketsahalo tsena thelevisheneng ’me ka batla ho tšehetsa bo-ralitima-mollo ba heso ba New York. Ke ile ka tla ka Labohlano ’me ka Moqebelo ka fetela Sebakeng sa Koluoa ho ea thusa. Ke ile ka fuoa mosebetsi sehlopheng seo ho neng ho thoe ke sa libakete, re ne re tlosa maloebehla ao ka libakete.

“Re ile ra phenyekolla mauluulung, re phenya kharafu e le ’ngoe ka nako, ho sheba lintho tseo e ka bang mohlala oa bo-ralitima-mollo ba neng ba shoeletse moo. Ke ile ka fumana sesebelisoa sa moetso oa Halligan se neng se sebelisetsoa ho bula mamati a notletsoeng, hammoho le lintho tse kopanyang mathopo. E ne e le mosebetsi o hlokang hore motho a be hlokolosi haholo. Ka baithaopi ba ka bang 50, ho ne ho nka lihora tse peli hore ho tlatsoe teraka e le ’ngoe ea tipara.

“Ka Mantaha oa la 17 September, re ile ra hulela ka thōko litopo tsa bo-ralitima-mollo ba bang ba neng ba ile ba potlakela ka mohahong oo Labobeli le fetileng. Nke ke ka hlola ke lebala pono eo—basebetsi bohle ba pholoso ba ile ba emisa ho sebetsa, ba rōla makarapa a bona ’me ba ema—e le ho hlompha basebetsi-’moho le rōna ba shoeleng.

“Ha ke ntse ke eme ke shebile se neng se etsahala Sebakeng seo sa Koluoa, ho ile ha teba ka ho ’na hore na bophelo bo fela habonolo joang kajeno. Sena se ile sa etsa hore ke hlahlobe bophelo ba ka, mosebetsi oa ka le lelapa la ka. Ho sa tsotellehe likotsi tsa mosebetsi oa ka, moputso oa oona o moholo ruri—ke khona ho thusa batho le hona ho pholosa bophelo.”

Lipaki li Fana ka Thuso e Sebetsang

Matsatsi a mabeli ka mor’a koluoa, batho ba ka bang 70 ba ile ba balehela ntlo-khōlō ea lefatše ea Lipaki tsa Jehova. Ba bang ba neng ba lahlehetsoe ke marobalo hoteleng le lithōtō tsa bona ba ile ba fuoa sebaka sa ho lula le ho fuoa liaparo. Ba ile ba fepuoa. Mohlomong hoo e leng habohlokoa le ho feta, ba ile ba matlafatsoa maikutlong ke baholo ba Bakreste ba nang le phihlelo.

Lipaki tsa Jehova li ile tsa boela tsa fana ka thepa e hlokahalang maemong a tšohanyetso bakeng sa basebeletsi ba pholoso ba neng ba sebetsa sebakeng seo se neng se se se bitsoa Sebaka sa Koluoa. Ho ile ha boela ha fanoa ka lipalangoang lefapheng la tsa mollo hore li ise bo-ralitima-mollo sebakeng sa pholoso. Paki e bitsoang Ricardo (ho le letona, holimo), e nang le lilemo tse 39, e sebetsang lefapheng la tlhoekiso, e ile ea sebetsa hammoho le ba bang ba makholo ho tloseng lithane tsa maloanlahla letsatsi ka leng. O ile a bolella Tsoha!: “Pono eo e ne e le e sithabetsang haholo, haholo-holo ho bo-ralitima-mollo ba neng ba batla basebetsi-’moho le bona ba lahlehileng. Ke ile ka bona ba hula rasetima-mollo e mong a ntse a phela. E mong oa bo-ralitima-mollo o ne a bolailoe ke setopo se ileng sa mo oela. Bo-ralitima-mollo ba bangata ba ne ba lla. Ke ile ka sitoa ho itšoara ’me ka lla. Letsatsing leo, ha ho batho ba bileng sebete ho ba feta.”

“Nako le Ketsahalo e sa Lebelloang”

Ho shoele batho ba likete koluoeng ena. Har’a bana ke Lipaki tse ka bang 14, tse neng li le sebakeng seo sa koluoa kapa tse neng li le haufi le sona. Joyce Cummings ea neng a le lilemo li 65, eo pele a neng a lula Trinidad, o ne a le ngakeng ea meno e haufi le World Trade Center. Ka bomalimabe, e bile nakong eo koluoa e etsahalang ka eona. Kamoo ho bonahalang kateng, o ile a hlōloa ke mosi ’me a potlakisetsoa sepetlele se haufi. Ha baa ka ba khona ho mo thusa hore a phele. Eena hammoho le batho ba bang ba bangata ke ba anngoeng ke phello ea “nako le ketsahalo e sa lebelloang.” (Moeklesia 9:11) O ne a tsejoa e le ’moleli ea chesehang haholo.

Calvin Dawson (bona lebokose) o ne a sebetsa femeng ea tsamaiso ea khoebo e neng e le mokatong oa bo84 mohahong o molelele o ka boroa. O ne a le ofising ea hae ’me o ne a bona ka ho hlakileng mohaho o ka leboea hang ka mor’a hore o thuloe ke sefofane. Mohiri oa hae ea neng a se ofising, o ile a mo letsetsa mohala ho utloa hore na ho etsahetse’ng. O itse: “Calvin o ne a leka ho mpolella hore na o bona eng. O ile a re, ‘Batho baa itihela!’ Ke ile ka mo bolella hore a tsoe a be a ntše le ba bang ofising.” Calvin ha aa ka a atleha ho tsoa. Mong’a hae o tsoetse pele: “Ke rata ho le bolella hore Calvin e ne e le motho ea babatsehang ’me re ne re mo rata kaofela, esita le rōna ba neng ba sa rate lintho tsa moea. Re ne re hlompha ho tšaba ha hae Molimo le botho ba hae bo botle.”

Paki e ’ngoe e shoeleng ke James Amato (tlaase ka ho le letona leqepheng le fetileng), ntate ea neng a e-na le bana ba bane ’me e ne e le molaoli oa lefapha la mollo la New York. Ba mo tsebang ba itse o ne a le sebete hoo “a neng a ka kena ka har’a mohaho o chang le haeba batho ba ne ba e-tsoa ba betseha ho oona.” James o ile a phahamisetsoa boemong ba ho ba hlooho ea lebotho la masole a lefapha la mollo a se a ntse a le sieo.

Paki e ’ngoe e neng e le rasetima-mollo ea nang le phihlelo ea lilemo tse supileng e ne e le George DiPasquale. O ne a nyetse Melissa ’me ba e-na le morali ea lilemo li peli, Georgia Rose. E ne e le moholo phuthehong ea Lipaki tsa Jehova e Staten Island ’me o ne a le mokatong oa leshome oa mohaho o ka boroa ha o putlama. Le eena o ile a lahleheloa ke bophelo ba hae moo a lekang ho pholosa ba bang.

Ena ke mehlala e ’meli feela ea bo-ralitima-mollo ba makholo, mapolesa le basebetsi ba maemo a tšohanyetso ba lahlehetsoeng ke bophelo ba bona ha ba leka ho pholosa batho. Sebete sa batho bana ba neng ba pholosa ba bang se totobetse. Ramotse oa New York City, Rudolph Giuliani hamorao o ile a re ho sehlopha sa bo-ralitima-mollo ba phahamisitsoeng boemong: “Boikemisetso ba lōna ba ho thulana le maemo a thata ka ho fetisisa ntle ho tšabo bo re susumetsa kaofela. . . . ’Me ha ho na . . . mohlala o motle oa batho ba bileng sebete joaloka ba Lefapha la Mollo la Motse oa New York.”

Mosebetsi oa ho Tšelisa

Matsatsing a ka mor’a tlokotsi eo, Lipaki tsa Jehova tse ka bang 900 000 United States li ile tsa etsa boiteko bo matla sechabeng sohle ba ho fana ka matšeliso ho ba saretsoeng. Lerato la moahelani le ile la li susumelletsa hore li tšelise ba siameng. (Matheu 22:39) Mosebetsing oa tsona, li boetse tsa leka ka matla ho bolela tšepo e le ’ngoe feela ea ’nete bakeng sa batho ba tsielehileng.—2 Petrose 3:13.

Lipaki li ne li e-na le kutloelo-bohloko ha li bua le sechaba. Morero oa tsona e ne e le ho fana ka matšeliso a Mangolo le ho etsisa mohlala o khathollang oa Kreste ea ileng a re: “Tloong ho ’na, lōna bohle ba sehlang le ba imetsoeng, ’me ke tla le khatholla. Jarang joko ea ka ’me le ithute ho ’na, kaha ke na le maikutlo a bonolo ’me ke ikokobelitse pelong, ’me le tla fumanela meea ea lōna khatholoho. Etsoe joko ea ka e mosa le mojaro oa ka o bobebe.”—Matheu 11:28-30.

Lihlopha tsa baholo ba liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova tse Manhattan li ile tsa lumelloa ho ea Sebakeng seo sa Koluoa ho ea bua le ho tšelisa basebeletsi ba pholoso. Karabelo e bile ntle. Basebeletsi bana ba itse: “Banna ba ne ba tletse likhapha ka mahlong ha re ntse re ba bolella seo mangolo a se bolelang.” Basebeletsi ba pholoso ba ne ba hlaphoheloa ba le sekepeng se neng se le boema-kepe. “Banna bao ba ne ba bonahala ba selebaletsoe, ba inamisitse lihlooho, ba imeloa ke seo ba se boneng. Re ile ra lula fatše le bona ’me ra ba balla litemana tsa Bibele. Banna bao ba ile ba re leboha haholo hore ebe re tlile, ba re ka sebele ba hloka matšeliso ao.”

Batho ba ileng ba eteloa ka mor’a koluoa ba ne ba batla seo ba ka se balang, ’me ba ile ba fuoa libukana tse likete ntle ho tefo. Tse ling tsa libukana tsena e bile Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa, Will There Ever Be a World Without War? le Na Ruri Molimo oa re Tsotella? Hape, ho ile ha lebisoa tlhokomelo e khethehileng litokollong tse peli tsa Tsoha!: E neng e tšohla taba ea bokhukhuni (June 8, 2001) le e neng e tšohla taba ea khatello e bakiloeng ke ketsahalo e ferekanyang kelello (September 8, 2001). Maemong a mangata, Lipaki li ile tsa hlalosa tšepo ea Bibele ea tsoho ea bafu. (Johanne 5:28, 29, Liketso 24:15) Mohlomong ho finyelletsoe lipelo tsa batho ba limilione ka molaetsa ona o tšelisang.

Sena se Lokela ho Etsa Hore re Nahane ka ho Teba

Likoluoa tse kang ena ea New York City li lokela ho etsa hore kaofela ha rōna re nahane ka seo re se etsang ka bophelo ba rōna. Na re phelela feela ho ikhahlisa, kapa re leka ho kenya letsoho thabong ea ba bang? Moprofeta Mikea o ile a botsa: “Jehova o batla eng ho uena haese hore u sebelise toka u rate mosa ’me u inyenyefatse ha u tsamaea le Molimo oa hao?” (Mikea 6:8) Boikokobetso bo lokela ho re susumelletsa hore re shebe ka Lentsoeng la Molimo ho bona hore na tšepo ea sebele bakeng sa ba shoeleng ke efe le ho sibolla seo haufinyane Molimo a tla se etsa ho tsosolosa boemo ba Paradeise lefatšeng lena. Haeba u batla ho tseba ho eketsehileng ka litšepiso tsa Bibele, re u khothalletsa hore u ikopanye le Lipaki tsa Jehova tse sebakeng sa heno.—Esaia 65:17, 21-25; Tšenolo 21:1-4.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 11]

THAPELO EA TATIANA

Mohlolohali oa Calvin Dawson, Lena, o ile a bolella Tsoha! ka thapelo eo morali oa hae ea lilemo li supileng a ileng a e etsa matsatsi a ’maloa ka mor’a hore a tsebe hore ntate oa hae ha a sa tla hlola a khutlela hae. Lena o ne a qeta ho rapela ha Tatiana a kōpa, “’Mè, na le ’na nka rapela?” ’Mè oa hae o ile a lumela. Tatiana o ile a rapela: “Jehova, Ntate oa rōna oa leholimo, rea u leboha ka lijo tsena le ka ho phela letsatsing lena. Hape re kōpa hore moea oa hao o be le ’na le ’Mè e le hore re ka ba matla. Hape re kōpa hore moea oa hao o be le Ntate e le hore a ka ba matla ha a khutla. ’Me ha a khutla, e se eka a ka ba motle, a ba matla, a thaba le ho phela hantle, ’me re tla mo bona hape. Ka lebitso la Jesu. . . . oh, hape ke kōpa u se ke ua lebala ho matlafatsa ’Mè. Amen.”

Kaha Lena o ne a sa tiisehe hore na Tatiana o ne a utloisisitse boemo, o ile a re: “Tiana, u rapetse hamonate. Empa ’Nana, na ua tseba hore Ntate ha a sa tla khutla?” Ka potlako, sefahleho sa Tatiana se ile sa tlala tšabo. O ile a botsa: “Ha a sa tla khutla?” ’Mè oa hae a araba: “E. Ke ne ke nahana hore ke u boleletse. Ke ne ke nahana hore u utloisisitse hore Ntate ha a sa tla khutla.” Tatiana o ile a re: “Empa kamehla u ’nile ua mpolella hore o tla khutla lefatšeng le lecha!” Ha qetellong Lena a utloisisa hore na morali oa hae o ne a bolela eng, o ile a re: “Ke kōpa u ntšoarele Tatiana. Ke ne ke sa utloisisa hore na u bolela eng. Ke ne ke nahana hore u re Ntate o tla khutla hosasa.” Lena o ile a re: “Ke ile ka ikutloa ke thabile ho tseba hore lefatše le lecha ke ntho ea sebele ho eena.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela