Lenyalo e Lokela ho ba Tlamo ea ka ho sa Feleng
HO LATELA seo re se bonang libaesekopong tse ngata, lenyalo ke ntho e lakatsehang. Hangata, monna le mosali ba qetella ba le hammoho, ba nyalane ’me ba phela “ba thabile ho ea ho ile ka mor’a moo.” Ka tloaelo, eba ke moo pale ea libaesekopong e fellang teng.
Bophelong ba sebele, lechato hase qetello, e mpa feela e le qalo ea bophelo bo bocha ba batho ba babeli ba le hammoho. Moeklesia 7:8 e re ka tšepo eohle, “qetello ea taba hamorao e molemo ho feta tšimoloho ea eona.”
Tlamo ea ka ho sa Feleng
Ho hlokahala ponelo-pele. Lenyalo le lokela ho ba le motheo o tiileng hore le tle le tšoarelle ’me e be le khotsofatsang. Ho seng joalo, khatello ea kelello e bang teng ka mor’a lechato e ka ba khōloanyane ho feta ea pele ho lona. Mokreste a ke ke a kena lenyalong a e-na le maikutlo a kang: ‘Haeba le sa atlehe, ke tla hlala.’ Lenyalo le lokela ho nkoa e le tlamo ea ka ho sa feleng.
Jesu o ile a hlakisa hore lenyalo e ne e lokela ho ba la ka ho sa feleng ha a ne a araba potso eo a neng a e botsitsoe mabapi le hore na tlhalo e lokile kapa che. O ile a re: “Na ha lea ka la bala hore ea ba bōpileng tšimolohong o ba entse e le e motona le e motšehali ’me a re, ‘Ka lebaka lena monna o tla siea ntat’ae le ’m’ae ’me o tla khomarela mosali oa hae, ’me bao ba babeli e tla ba nama e le ’ngoe’? E leng hore ha ba sa le babeli, empa e se e le nama e le ’ngoe. Ka hona, seo Molimo a se kopantseng hammoho jokong ho se ke ha e-ba le motho ea se arolang.”—Matheu 19:4-6.
Ka Mor’a Letsatsi la Lechato
Ke ka nepo ho ’nileng ha boleloa hore bophelong ba Mokreste, lenyalo ke bohato ba bobeli ba bohlokoahali ka mor’a ba ho inehela ho Molimo. Ho inehela ho tlamahanya motho le ’Mōpi oa hae ka ho sa feleng, ’me kolobetso e bonahatsa seo phatlalatsa. Lenyalo ke polelo ea phatlalatsa ea ho itlama ka motho e mong—ka ho sa feleng. Ha ho utloahale hore motho a ka inehela ho Molimo kapa a kena tlamong ea lenyalo haeba a ntse a e-na le khoao e itseng e tebileng. Ka hona, ba nahanang ho kena lenyalong ba tla be ba etsa hantle ha ba ka hlahloba ka hloko tumelo ea motho eo ba tla kena lenyalong le eena, lipakane tsa hae, boitšoaro ba hae le botho ba hae.
Ha ho lokisetsoa lechato, mosa, ho nahanela le moea oa tšebelisano ke tsa bohlokoa. Litšobotsi tse joalo li bile li molemo le ho feta hamorao bakeng sa ho etsa hore lenyalo le atlehe. Banyalani ba bacha ba sa ntsane ba ratana, empa ba lokela ho hopola hore lenyalong, letsatsi le leng le le leng lerato “ha le batle lithahasello tsa lona.” Ha le bonahatsoa ka ho tsoelang pele selemo le selemo, “lerato ha le fele le ka mohla.” (1 Bakorinthe 13:5, 8) Ha lerato le lula le le teng, ho tla ba bonolo ho bonahatsa litšobotsi tse kang mamello, mosa, molemo, bonolo le boitšoaro—e leng litholoana tsa moea oa Molimo. Litšobotsi tsena lia hlokahala bakeng sa lenyalo le atlehileng.—Bagalata 5:22, 23.
Bothata bo tabeng ea ho tsoela pele u bonahatsa litšobotsi tse joalo ka mor’a letsatsi la lechato. Leha ho le joalo, lekunutu la ho atleha ho bonahatseng litšobotsi tse ntle joalo ke lena: Rata motho eo u keneng lenyalong le eena, ’me u ikemisetse ho itella eena.
Jesu o ile a re taelo e khōlō ho tsohle eo batho ba e filoeng ke ea ho rata Jehova, ’me a re taelo ea bobeli e khōlō ke ea ‘ho rata moahelani joalokaha u ithata.’ (Matheu 22:39) Moahelani ea haufi-ufi le motho ea lenyalong ke molekane oa hae, etsoe ha ho letho lefatšeng le ka kopanyang batho ba babeli ka tsela eo lenyalo le etsang ka eona.
Leha ho le joalo, kopano ea batho ka boeona ha e tiise hore ho na le kutloano maikutlong. Ha se kamehla kopano ea ’mele e ’meli e bolelang ho kopana ha likelello tse peli. Hore kopano ea motho e motona le e motšehali e be e khotsofatsang haholo, ho boetse ho hlokahala hore ho be le kopano e ’ngoe hape—ho kopana ha lipelo le merero. Maemong a mangata, hore lenyalo le tle le atlehe, motho o lokela ho itella e mong. Ke mang ea lokelang ho itela? Ke monna? Ke mosali?
Ho Bontša Lerato le Tlhompho
Lentsoe la Molimo lea laela: “Etellang pele ho bontšaneng tlhompho.” (Baroma 12:10) Ha ho khoneha, itelle molekane oa hao le pele a ka etsa kōpo e joalo. Etsoe ntho e fumanoang ka mor’a hore motho a e kōpe ka makhetlo-khetlo ha e sa le ea bohlokoa hakaalo. Ho e-na le hoo, molekane ka mong lenyalong o lokela ho hlaolela mokhoa oa hore e be eena ea qalang ho bontša e mong tlhompho.
Ka mohlala, banna ba laeloa hore ‘ba abele [mosali] tlhompho joaloka sejana se fokolang haholo, e le hore lithapelo tsa bona li se ke tsa sitisoa.’ (1 Petrose 3:7) Haeba monna a sa hlomphe mosali oa hae, esita le tsona lithapelo tsa hae tse lebang ho Molimo li tla ameha hampe haholo. Leha ho le joalo, ho hlompha mosali ho bolela eng? Ho bolela ho mo nahanela ka linako tsohle, ho mamela maikutlo a hae, le hore boholo ba nako u mo fe khetho ea pele linthong tse fapa-fapaneng. ’Me mosali a ka hlompha monna oa hae ka tsela e tšoanang, a leka ka matla ho ba molekane ea nang le tšebelisano e ntle le eena.—Genese 21:12; Liproverbia 31:10-31.
Lentsoe la Molimo le re: “Banna ba tšoanela ho rata basali ba bona joaloka ’mele ea bona. Ea ratang mosali oa hae oa ithata, kaha ha ho motho ea kileng a hloea nama ea hae; empa oa e fepa le ho e baballa, joalokaha Kreste le eena a etsa phutheho.” Kreste o ne a e-na le lerato le lekae ho balateli ba hae? O ne a ikemiselitse ho ba shoela. Bibele e boetse e re: “E mong le e mong oa lōna [banna] ka bomong a ke a rate mosali oa hae joalokaha a ithata.” (Baefese 5:28-33) ’Me Lentsoe la Molimo le bolella basali hore ba ‘rate banna ba bona, ba ipehe tlas’a banna ba bona, e le hore lentsoe la Molimo le se ke la nyefoloa.’—Tite 2:4, 5.
Mamella Liphoso
Kaha batho bohle ba tsoetsoe ba sa phethahala, ba tla etsa liphoso. (Baroma 3:23; 5:12; 1 Johanne 1:8-10) Empa ho e-na le ho hōlisa liphoso, ela hloko keletso ea Bibele: “Ka holim’a lintho tsohle, le bontšane lerato le matla haholo, hobane lerato le koahela libe tse ngata haholo.” (1 Petrose 4:8) E ka ba hantle ho lebala liphoso tse fokolang, ho li hlokomoloha. Ho ka ba joalo le ka tse batlang li tebile haholoanyane. Bakolose 3:12-14 e re: “Le ikapese lerato le mofuthu la qenehelo, mosa, ho ikokobetsa kelellong, bonolo le tiisetso. Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong. Esita le joalokaha Jehova a ile a le tšoarela ka bolokolohi, le etse joalo le lōna. Empa, ntle ho lintho tsena kaofela, le ikapese lerato, etsoe ke tlamo e phethahetseng ea bonngoe.”
Re lokela ho tšoarela balekane ba rōna hakae ka liphoso le mefokolo e tloaelehileng ea bona? Petrose o ile a botsa Jesu: “‘Morena, ke ka makhetlo a makae mor’eso a lokelang ho ntšiteloa ’me ke mo tšoarele? Ho fihlela makhetlong a supileng?’ Jesu a re ho eena: ‘Ke re ho uena, eseng, ho fihlela makhetlong a supileng, empa, ho fihlela makhetlong a mashome a supileng a metso e supileng.’” (Matheu 18:21, 22) Kaha Jesu o ne a bua sena a sa ikamahanya le tlamo ea lenyalo, joale tšoarelo e tla hlokahala ka ho eketsehileng hakaakang ho balekane ba lenyalo!
Le hoja tokisetso ea lenyalo e ’nile ea hlaseloa lilemong tsa morao tjena, qetellong, lenyalo le tla pholoha hobane le thehiloe ke Molimo, ’me ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e thehileng e “molemo haholo.” (Genese 1:31) Le ke ke la siuoa ke linako. ’Me le ka atleha, haholo-holo ho batho ba hlomphang litaelo tsa Molimo le ho li khomarela . Empa phephetso ke hore: Na batho ba babeli ba tla tšepahalla tšepiso eo ba e entseng ka letsatsi la lechato ea hore ba tla ratana le ho baballana? Ka sebele eo e ka ba phephetso ’me u tla tlameha ho loana ka matla hore u tle u hlōle. Empa phello ea teng e tla ba e babatsehang!
[Lebokose le leqepheng la 28]
TLHALO LE KAROHANO
Molimo eo e leng eena Moqapi oa lenyalo, o le reretse hore e be kamano ea ka ho sa feleng. Empa na ho na le lebaka leha e le lefe la Mangolo le ka lumellang motho hore a hlale molekane oa hae—le le ka mo lumellang hore a ka kena lenyalong hape? Jesu o ile a hlalosa taba ena ka ho re: “Ke re ho lōna mang kapa mang ea hlalang mosali oa hae, haese ka lebaka la bohlola, ’me a nyala e mong oa feba.” (Matheu 19:9) Ho se tšepahale tabeng ea ho kopanela likobo ke lona feela lebaka le ka lumellang molekane ea seng molato hore a ka kena hape lenyalong.
Ho phaella moo, le hoja mantsoe a Bibele a ho 1 Bakorinthe 7:10-16 a khothalletsa balekane ba lenyalo hore ba lule hammoho, a lumella karohano. Ba bang, ka mor’a ho leka ka matla ho boloka lenyalo la bona, ba ile ba bona hore ha ho khetho e ’ngoe ntle le hore ba arohane. Mabaka a Mangolo a ka amohelehang bakeng sa mohato o joalo ke afe?
Le leng ke ha motho a sa batle ho hlokomela lelapa ka boomo. Ha monna a nyala, o jara boikarabelo ba ho hlokomela mosali oa hae le bana. Monna eo ka boomo a sa hlokomeleng lelapa la hae ka lintho tse bonahalang tse hlokahalang bophelong “o latotse tumelo ’me o mobe ho feta motho ea se nang tumelo.” (1 Timothea 5:8) Kahoo, karohano e ka ba teng.
Lebaka le leng e ka ba ho hlekefetsoa ’meleng ka tsela e feteletseng. Ka hona, haeba monna a lula a hlekefetsa mosali oa hae ’meleng, mosali a ka arohana le eena. (Bagalata 5:19-21; Tite 1:7) “Ka sebele moea oa [Molimo] o hloile mang kapa mang ea ratang pefo.”—Pesaleme ea 11:5.
Lebaka le leng la ho arohana ke ha bomoea ba ea lumelang bo behiloe kotsing ka ho feletseng—kamano ea motho le Molimo. Haeba khanyetso ea molekane, mohlomong e akarelletsang ho mo thibela ha sebele, e entse hore ea lumelang a sitoe ho tsoela pele ka borapeli ba ’nete ’me bomoea ba hae bo le kotsing, joale balumeli ba bang ba ile ba fumana ho hlokahala hore ba arohane le balekane ba bona.a—Matheu 22:37; Liketso 5:27-32.
Leha ho le joalo, haeba tlhalo e etsoa tlas’a maemo ao, motho a ke ke a lokoloha hore a kene lenyalong hape. Ho latela Bibele, lebaka feela le utloahalang bakeng sa tlhalo e lumellang e mong hore a kene lenyalong hape ke bofebe kapa “bohlola.”—Matheu 5:32.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Molula-Qhooa oa November 1, 1988, leqepheng la 22-3 bakeng sa moo ho tšohloang karohano.
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Lenyalo le lokela ho nkoa e le tokisetso ea ka ho sa feleng
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Jesu o ile a re re lokela ho tšoarela ka ‘makhetlo a mashome a supileng a metso e supileng’