Ho Etsa Hore Sebaka Seo U Sebeletsang ho Sona e be se Sireletsehileng
HO SA tsotellehe melao e etselitsoeng ho sireletsa bophelo le ho fokotsa likotsi, ho lemala le ho shoela mosebetsing e ntse e le bothata bo boholo. Ka hona, ho hlakile hore tšireletseho mosebetsing e ke ke ea tlisoa feela ke ho beha molao. Bahiri le bahiruoa ba lokela ho jara boikarabelo ba ho sireletseha ha bona le ha ba bang.
Ka hona, bohle ba mosebetsing ba lokela hore ka bohlale ba hlahlobisise tikoloho eo ba sebeletsang ho eona le mekhoa ea bona mosebetsing. Ka mohlala, na u hlokometse hore na sebaka seo u sebeletsang ho sona se hlile se sireletsehile kapa che? Na u sebetsa ka ntho e itseng e chefo? Haeba ho joalo, na u sireletsehile ka ho lekaneng? Na u lula u hatellehile maikutlong? Na u lumela ho sebetsa lihora tse fetang tse lumeletsoeng ka molao?
Likarabo tsa lipotso tse kang tsena li ka ’na tsa senola ho hongata tabeng ea hore na sebaka seo u sebeletsang ho sona se sireletsehile hakae.
Ho Falimehela Likotsi
Ho leka ho boloka kemiso ea mosebetsi e bontšang ho se nahanele ho ka ba kotsi. Ka mor’a ho hlahloba sephetho sa patlisiso ea basebetsi ba limilione tse 3,6 le libaka tsa mosebetsi tse 37 200, Moprofesa Lawson Savery oa Univesithi ea Curtin, Australia, hammoho le ’matlisisi e mong ba ile ba hatisa pampiri ea phuputso e neng e e-na le sehlooho se reng “Ho Sebetsa Lihora Tse Ngata Mosebetsing: Na ho Kotsi, Hona na Batho Baa li Khotsofalla?” Ha e le hantle, karabelo ea lipotso tseo ka bobeli e bile, e.
Ka sebele, basebetsi ba khathetseng ha ba sebetse hantle ba bile ba etsa liphoso tse ngata. Joalokaha ho tlalehiloe koranteng ea Australia ea The Sun-Herald, Moprofesa Savery o itse: “Lik’hamphani tse ngata li khothalletsa batho hore e be makhoba a mosebetsi ’me ka mafolofolo li tsoma makhoba ao e le hore li a putse.” Liphello tsa seo li kotsi haholo. Mohlomong bothata bona bo bonahala haholo indastering ea lipalangoang, moo bakhanni ba ka khothalletsoang kapa hona ho qobelloa hore ba khanne lihora tse telele ba sa phomole tseleng—e leng tlōlo ea molao linaheng tse ling.
Mekhoa e fosahetseng ea ho sebetsa, e ka akarelletsang bohlasoa le ho se hloeke, e hlahisa likotsi tse ling. Ho siea lithulusi li hasane fatše kapa mehala ea motlakase o sebetsang e pepesehile hangata ho lebisa likotsing, esita le lefung. Ho joalo le ka ho hlokomoloha mekhoa e sireletsehileng ha ho sebelisoa lisebelisoa le mechini ea motlakase. Sesosa se seng sa likotsi, le lona lefu, ke ho se phumule lintho tse metsi ha li qhalane—haholo-holo tse chefo. Likotsi tse ngata li hlahisitsoe ke ha basebetsi ba thella ka lebaka la hobane fatše ho e-na le oli kapa metsi. Ka hona, ho ka boleloa hore molao o ka sehloohong oa ho ba le liphello tse ntle mosebetsing ke ho hloeka le ho hlophiseha.
Leha ho le joalo, ba bangata ba hlokomoloha melao ea tšireletseho. Koranta ea Monthly Labor Review e itse: “Khatello ea mosebetsi e ka hlahisa maikutlo a hore ho khaoletsa hoa hlokahala bakeng sa ho finyella pakane e lebeletsoeng.” Ka hona, e mong a ka ’na a ipehela lebaka la ho se latele melao ea tšireletseho, ‘Ha ke e-s’o ka ke hlaheloa ke bothata leha e le bofe ha ke sa e latele.’ Ha a bua ka bothata bona, mookameli e mong oa feme ea nang le phihlelo o ile a re: “E ’ngoe ea lintho tse mpe ka ho fetisisa eo u ka e etsang mosebetsing ke ho se latele melao ea tšireletso ebe ha ho hlahe kotsi!” Hobane’ng? Hobane sena se etsa hore motho a itšepe ho tlōlisa ’me a se tsotelle, e leng se lebisang likotsing tse ngata.
Ho phatloha ho bileng teng femeng e ’ngoe ea Chernobyl, Ukraine ka 1986 hangata ho hlalosoa e le “kotsi ea nyutlelie e mpe ka ho fetisisa lefatšeng.” Phoso e bile hokae? Tlaleho e ileng ea etsoa e boletse “lethathamo la mehato e sa tsotelleng ea ho sebetsa” le “ho nyatsa ka makhetlo litemoso tsa ho itšireletsa.”
Mohiri le mohiruoa ba ka sebelisana hammoho ho boneleng pele likotsi tse ka ’nang tsa hlaha. Maele a bohlale a Bibele a re: “Ea masene ke ea boneng tlokotsi ’me a ipata, empa ba se nang phihlelo ba fetetse pele ’me ba tla fumana kotlo.” (Liproverbia 22:3) E, ea bohlale o hlokomela lintho tse ka bakang likotsi le ho batla litsela tsa ho itšireletsa le tsa ho sireletsa ba bang.
Ha bahiri ba etsa sena, ba rua molemo, ’me ho joalo le ka batho bao ba ba hirileng. Ka mohlala, k’hamphani e ’ngoe e neng e ile ea ntlafatsa liofisi tsa eona e le ho qoba “ho kula ho ipheta-phetang” e ile ea hlokomela hore ka potlako, phaello e ile ea eketseha mosebetsing ’me le khotsofalo ea basebetsi ea ntlafala haholo. E ile ea boela ea elelloa hore e ne e e-ba batho ba ’maloa ba neng ba nka matsatsi ka lebaka la bokuli. Ho nahanela bophelo ba ba bang joalo ha ho thabise mohiri le mohiruoa feela, empa joalokaha re bone tabeng ena, ho ka boela ha ruisa khoebo molemo o moholo.
Joalokaha ho boletsoe sehloohong se eteletseng sena pele, mabifi a atile mosebetsing. U ka etsa eng ho itšireletsa?
Mehato e ka Nkoang
Esita le liketsahalo tse fokolang tsa boitšoaro bo khahlapetsang mosebetsing li qeteletse li hōtse ho ba liketso tse tebileng tsa tlhekefetso. Harvard Business Review e fana ka keletso ena e khathollang: “Ha ho lekoa tsela ea ho felisa pefo mesebetsing, ho lokela ho lemohuoe hore batho ba etsang liketso tse khahlapetsang tse fokolang hangata ba qetella ba entse tse khōlō.”
Motho oa mosali a ka ’na a se be le morero oa ho hapa tlhokomelo ea basebetsi-’moho le eena, empa haeba mokhoa oo a aparang ka oona, lipuo tsa hae le boitšoaro ba hae e le tse sa itlhompheng, ba bang ba ka ’na ba nahana hore ke motho ea itšoereng hampe. Morao tjena, boitšoaro boo ho neng ho sa reroa hore bo hape tlhokomelo e sa hlokahaleng hangata bo felletse ka mathata a tebileng, a akarelletsang ho nanareloa, ho betoa, kapa hona ho bolaoa. Kahoo, ela hloko hore na moaparo oa hao le boitšoaro ba hao li ama ba bang joang. Mamela keletso ea Bibele: ‘Ikhabiseng ka moaparo o hlophehileng hantle, ka boitlhompho le ka ho hlaphoheloa kelellong.’—1 Timothea 2:9.
Monthly Labor Review e hlokometse boemo bo bong bo ka bang kotsi, e re: “Ho na le ngongoreho mabapi le bahiruoa ba sebetsang ba le bang bosiu libakeng tse ka thōko.” Kahoo, nahana: Na ke bohlale ho ipeha kotsing eo hangata e ka bakoang ke hore u sebetsa u le mong, haholo-holo ha e le bosiu haholo? Na ka sebele ho ipeha kotsing e joalo hoa hlokahala molemong feela oa ho fumana chelete?
Hape, ke habohlokoa hore re nahane hore na re arabela joang boitšoarong bo tenang le bo hlokang botsoalle ba batho bao re sebetsang le bona ba hatellehileng kelellong. Ho ka etsoa eng ho thethefatsa boemo bo neng bo ka ba kotsi? Maele a Bibele aa eletsa: “Karabo, ha e le bonolo, e leleka khalefo, empa lentsoe le utloisang bohloko le baka bohale.” (Liproverbia 15:1) E, ka ho ba mosa le ho sebelisana le ba bang ka tlhompho, u ka etsa ho hongata ho fokotsa tsitsipano le ho qoba ntoa.
Mesebetsing ea kajeno eo ho eona batho ba hatellehileng likelellong, boitšoaro bo tenang le bo se nang botsoalle bo atile. Le hoja ho ka bonahala eka motho o khahlanong le rōna, ha e le hantle ho ka etsahala hore motho eo o mpa a ntša bohloko bo mo hateletseng le tsieleho. E ka ’na ea e-ba feela taba ea hore re bile sebakeng se fosahetseng ka nako e fosahetseng. Ka hona, tsela eo re arabelang ka eona ke ea bohlokoa. E ka thethefatsa boemo kapa ea bo mpefatsa.
Leha ho le joalo, mohlomong ho na le phapang ea sebele tabeng eo le bonang lintho ka eona. Buka ea Resolving Conflicts at Work e fana ka taba ena e hlokometsoeng e thusang: “Ha re loana le e mong, . . . ke seoelo re bolellanang ka botšepehi le ka ho hlaka hore na ha e le hantle, re ikutloa joang.” Lebaka e ka ba lefe? Buka eo ha e tsoela pele e re: “Lintoa tsa rōna li na le matla a ho re ferekanya le ho re tšerehanya, ’me re qala ho lumela hore ha ho tsela e ’ngoe eo re ka etsang lintho ka eona ntle le hore re loane.”
Tharollo ke efe? MAMELA! Buka e qotsitsoeng ka holimo e re: “Haeba re hlile re mamelisisa batho bao re sa lumellaneng le bona . . . , re ka tlosa maikutlo a rōna ho pheheng khang ’me ra fumana tharollo.” Ena ke keletso e ntle bakeng sa ho thibela ho se lumellane kapa ho se utloisisane hore ho fetohe ntoa e khōlō.
Ka lebaka leo, sebelisa kelello ka bohlale hore u sireletsehe. Sena se tla akarelletsa ho ba ea khothalletseng ho latela melao ea sebaka ka seng ea tšireletseho. Ho etsa sena ho ka ba molemo haholo ho etseng hore sebaka sa mosebetsi e be se sireletsehileng.
Ho ka boela ha boleloa hore boikutlo boo re nang le bona ka bophelo, mosebetsi le boikhathollo, li ka ama mofuta oa mosebetsi oo re o khethang le boikutlo ba rōna tabeng ea tšireletseho. Sehlooho se latelang se ka re thusa hore re etse khetho e bohlale tabeng ena.
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Hloekisisa oli e qhalaneng
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Karabo e bonolo e ka thethefatsa boemo bo lebisang kotsing