Se Etsang Hore Libaka Tsa Mosebetsi li be Kotsi
“Batho ba bangata ba shoela mosebetsing ho feta ba shoelang litseleng.” Mantsoe ana a ngotsoe ka mongolo o motenya e le sehlooho sa pampiri e fanoeng ke mokhatlo oa tšireletso oa WorkCover, New South Wales, Australia.
HA E le hantle, likotsi tse bolaeang e mpa feela e le karolo ea bothata. Selemo le selemo, ba limilione ba tsoa likotsi tse mpe, tseo ka linako tse ling li bileng li fetolang bophelo ba bona. Ba bang ba bangata ba shoa pele ho nako ka lebaka la ho pepesehela lintho tse kotsi mosebetsing kapa ka lebaka la khatello e teng mosebetsing.
Kaha mafu a amanang le mosebetsi le likotsi tse mpe a etsahala hoo e batlang e le likarolong tsohle tsa indasteri le khoebo, ho loketse ho botsa: U sireletsehile hakae sebakeng seo u sebetsang ho sona? Ke maemo afe a teng moo a ka sokelang bophelo ba hao?
Tikoloho e Hatellang
Hangata ho behoa khatello e khōlō ho basebetsi hore ba tsoe tema. Japane, lentsoe karoshi—e leng “lefu le bakoang ke ho sebetsa ho tlōla tekano”—le ile la qala ho sebelisoa ha ho ne ho kenngoa kōpo ea hore malapa a shoetsoeng a fuoe matšeliso. Ho latela patlisiso e ileng ea etsoa lilemong tse fetileng, karolo ea 40 lekholong ea ba sebetsang liofising Japane e ne e tšoha hore e ka ’na ea bolaoa ke ho sebetsa ho tlōla tekano. ’Muelli e mong oa molao eo ka ho khetheha a sebetsanang le likōpo tse joalo o ile a hakanyetsa hore “bonyane ho na le bahlaseluoa ba 30 000 ba karoshi Japane selemo le selemo.”
Mapolesa a Japane a bolela hore mathata a amanang le mosebetsi ke sona sesosa se ka sehloohong sa ho eketseha ha batho ba ipolaeang ba lilemong tse pakeng tsa 50 ho ea ho tse 59. Ho latela buka ea The Violence-Prone Workplace, lekhotla le leng le ile la nka mohiri a ikarabella bakeng sa mohiruoa ea ileng a ipolaea ka lebaka la ho imeloa ke likhathatso tse amanang le mosebetsi.
Koranta ea Australia, The Canberra Times, e boletse hore ‘Maamerika a fetile Majapane tabeng ea ho sebetsa lihora tse ngata ka ho fetisisa lefatšeng.’ Ka hona, litaba tse nang le lihlooho tse kang “Ho Sebetsa Lihora tse Ngata ho Lebisa Batho Lefung” li bua ka basebetsi ba khathetseng, ba kang bakhanni ba liambulense, bakhanni ba lifofane, basebetsi ba tsa kaho le ba lipalangoang, le ba sebetsang bosiu, bao kaofela ba shoelang mosebetsing.
Ha lik’hamphani li hlophisa lintho bocha le ho fokotsa basebetsi e le hore li ka lula li fumana chelete e ngata, li beha khatello e khōlō ho bahiruoa. British Medical Journal e ile ea tlaleha hore ho fokotsa basebetsi ho kotsi bophelong ba bahiruoa.
Pefo Libakeng Tsa Mosebetsi
Bahiruoa ba sebetsang lihora tse ngata ’me ba hatellehile maikutlong, ha ba ipepesetse kotsi ba le bang. Patlisiso ea Brithani e fumane hore basebetsi ba bangata ba liofising ba qeta nako e ngata mosebetsing ba tenehetse basebetsi-’moho le bona le hore likhohlano tse joalo hangata li qetella li baka pefo.
Makasine ea Business Week e re: “Basebetsi ba ka bang 15 ba Maamerika ba bolaeloa mosebetsing beke e ’ngoe le e ’ngoe.” Harvard Business Review e re: “Baokameli ba mesebetsi ha ba rate ho bua ka taba ea pefo e mesebetsing. Empa ’nete e salang ke ea hore selemo se seng le se seng, basebetsi ba makholo ba hlasela basebetsi-’moho le bona ka mabifi esita le hona ho ba bolaea.”
Ka lehlakoreng le leng, ba bang ba bangata ba hlaseloa mosebetsing ke basebeletsuoa kapa ke bareki ba bona. Tlaleho ea lefapha le sebetsanang le tlōlo ea molao Australia e bontša hore lingaka tse ling li tšaba ho hlaseloa ka mabifi hoo li felehetsoang ha li lokela ho ea thusa bakuli ba malapeng. Ba bang ba kotsing ba akarelletsa mapolesa le matichere.
Mofuta o mong oa pefo ea mosebetsing ke tlhekefetso ea maikutlo, eo Mokhatlo oa Machaba oa Basebetsi o e nkang e le pefo e amang kelello. O ka sehloohong mofuteng ona ke ho khahlapetsoa.
Moprofesa Robert L. Veninga oa Univesithi ea Minnesota, U.S.A., o tlaleha hore “khatello ea maikutlo le ho kula ho hlahisoang ke hona li ama basebetsi likarolong tsohle tsa lefatše.” O itse “ho latela Tlaleho ea Lefatše ea Mosebetsi ea 1993 e ileng ea etsoa ke Mokhatlo oa Machaba oa Basebetsi oa Machaba a Kopaneng, khubu ea bothata ke hore khatello e bakoa ke sebaka sa mosebetsi seo ho sona ho se nang kamano ea botho, se fetohang nako le nako le se tletseng bora.”
Ka hona, potso ke hore, Bahiri le bahiruoa ba ka etsa eng ho etsa hore sebaka sa mosebetsi e be se sireletsehileng haholoanyane? Sena se tla tšohloa sehloohong se latelang.