Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g05 2/8 leq. 3
  • Ho Hlaseloa ke Khatello ea Kelello!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hlaseloa ke Khatello ea Kelello!
  • Tsoha!—2005
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Khatello ea Kelello e Molemo Le e Mpe
    Tsoha!—1998
  • Ho Laola Khatello ea Kelello
    Tsoha!—2010
  • Khatello ea Kelello—Lisosa le Liphello Tsa Eona
    Tsoha!—2005
  • Khatello ea Kelello—E Kotsi Haholo
    Tsoha!—2010
Bala Tse Ling
Tsoha!—2005
g05 2/8 leq. 3

Ho Hlaseloa ke Khatello ea Kelello!

“BOTHATA bo ka Sehloohong ba Bophelo Amerika.” Seo e ne e le sehlooho se seholo se hatisitsoeng ke Mokhatlo oa Amerika oa Khatello ea Kelello se bolelang hore ntho e khōlō e sokelang bophelo kajeno hase kankere kapa eona AIDS. Tlaleho eo e re: “Ho hakantsoe hore batho ba etsang karolo ea 75 ho ea ho ea 90 lekholong ba eang ngakeng, ba ea ka mathata a amanang le ho imeloa kelellong.”

Hase ho feteletsa taba ho bolela hore batho kajeno ba hlasetsoe ke khatello ea kelello. Ho ea ka Mokhatlo oa Sechaba oa Bareki, “mosebetsi ke mohloli o ka sehloohong oa khatello ea kelello bathong ba baholo ba nang le mathata le ba sithabetseng bophelong (39%), ebe ho latela lelapa (30%). Mehloli e meng e kopanyelletsa ho kula (10%), ho ameha ka moruo (9%) le ho ameha ka lintoa tsa lichaba le bokhukhuni (4%).”

Leha ho le joalo, khatello ea kelello e tloaelehile haholo United States. Phuputso e entsoeng Brithani ka 2002 e hakantse hore “batho ba fetang halofo ea milione Brithani ba ne ba lumela hore selemong sa 2001/2, ba ne ba e-na le khatello ea kelello e amanang le mosebetsi hoo e neng e ba kulisa.” Ka lebaka la “khatello ea kelello e amanang le mosebetsi, ho tetebela maikutlong kapa ho tšoenyeha, ho hakanngoa hore ka selemo ho lahlehile matsatsi a mosebetsi a ka bang limilione tse leshome le metso e meraro le halofo Brithani.”

Linaheng tsa Europe le teng boemo ke bo nyahamisang. Ho latela Mokhatlo oa Europe oa Tšireletseho le Bophelo bo Botle Mosebetsing, “khatello ea kelello e amanang le mosebetsi e bonahetse basebetsing ba limilione ba Europe mefuteng eohle ea mesebetsi.” Phuputso e ’ngoe e sibolotse hore ho na le “basebetsi ba ka bang limilione tse 41 [European Union] bao selemo le selemo ba bang le khatello ea kelello e amanang le mosebetsi.”

Ho thoe’ng ka Asia? Tlaleho e ntšitsoeng sebokeng se neng se tšoaretsoe Tokyo e ile ea phetha ka ho re: “Khatello ea kelello mosebetsing ke bothata bo tloaelehileng linaheng tse ngata lefatšeng, tse hōlang moruong hammoho le tse tsoetseng pele indastering.” Tlaleho eo e boletse hore “linaha tse ’maloa Asia Bochabela, ho kopanyelletsa le Chaena, Korea le Taiwan, li tsoetse pele ka potlako indastering le ho hōla ka potlako moruong. Hona joale linaha tsena li amehile ka khatello ea kelello mosebetsing hammoho le liphello tsa eona tse mpe bophelong ba basebetsi.”

Leha ho le joalo, ha ho hlokahale hore u be u etse liphuputso hore u tsebe hore batho ba imetsoe likelellong. Mohlomong le uena u imetsoe haholo kelellong! Ke liphello life tse mpe tseo khatello ea kelello e ka bang le tsona ho uena le ho batho bao u ba ratang? Malapa a ka ithuta ho sebetsana le eona joang? Lihlooho tse latelang li tla tšohla lintlha tsena.

[Setšoantšo se leqepheng la 3]

Ho ba bangata, mosebetsi ke mohloli o ka sehloohong oa khatello ea kelello

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela