Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g02 3/8 maq. 20-22
  • Ho Thoe’ng Haeba ke Teana le eo ke Kenang Sekolo le Eena?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Thoe’ng Haeba ke Teana le eo ke Kenang Sekolo le Eena?
  • Tsoha!—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tlamo ea Mangolo ea Hore re Bolele
  • Phephetso ea ho Bolella Lithaka
  • Nka Pakela Bao ke Kenang Sekolo le Bona Joang?
    Tsoha!—2002
  • Ke Hobane’ng ha Ke Lokela ho Bua ka Molimo?
    Tsoha!—1994
  • Bacha—Le Phehella Eng?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Ke Joang Nka Bang le Sebete sa ho ba ea Fapaneng?
    Tsoha!—1992
Bala Tse Ling
Tsoha!—2002
g02 3/8 maq. 20-22

Bacha Baa Botsa . . .

Ho Thoe’ng Haeba ke Teana le eo ke Kenang Sekolo le Eena?

“Ha ke khutlela sekolong ka Mantaha, e ne e le masisa-pelo feela. Haeba ke ne ke bonoe ke e meng ea metsoalle ea ka, ke ne ke tla lokela ho loha leano. Ka mohlala, ke ne ke tla re ke ne ke bokella chelete bakeng sa Mokhatlo oa Basebetsi.”—James, Engelane.

“Sekolong, ke ne ke songoa ke batho ba neng ba mpone. Ke ile ka ikutloa ke le ka tlas’a khatello e khōlō.”—Débora, Brazil.

KE HOBANE’NG ha bacha baa ba ne ba tšaba ho bonoa ke metsoalle ea bona? Na ba ne ba etsa mosebetsi o itseng o sa lumelloang ke molao? Ho fapana le moo, ba ne ba etsa mosebetsi o hlomphehang ka ho fetisisa le oa bohlokoa ka ho fetisisa o etsoang lefatšeng kajeno. Ba ne ba etsa mosebetsi oo Jesu a ileng a laela hore o etsoe ha a ne a re: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, . . . le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.”—Matheu 28:19, 20.

Ho ea ka lipatlisiso tse ileng tsa etsoa ke U.S. Gallup, bacha ba fetang karolo ea 90 lekholong ba lumela hore Molimo o teng. Hoo e ka bang halofo ea bona e ea kerekeng beke e ’ngoe le e ’ngoe. Le hoja bacha ba bangata ba kopanela mesebetsing e tšehetsoang ke likereke, e kang ’mino oa lik’hoaere, ke ba ’maloa feela ba buisanang le metsoalle ea bona ka Molimo. Leha ho le joalo, Lipaki tsa Jehova li tsebahala lefatšeng ka bophara ka mosebetsi oa tsona oa ho bolela ka ntlo le ntlo. Lipaki tse nyenyane tse likete-kete li kopanela mosebetsing ona.

Haeba u Paki e nyenyane, ha ho pelaelo hore le uena ka ho tšoanang u etsa mosebetsi ona oa boboleli. Empa sena ha se bolele hore ho etsa mosebetsi ona ke ntho e bonolo ho uena. Joaloka bacha ba qotsitsoeng qalong ea sehlooho sena, mohlomong u tšoenngoa ke mohopolo oa ho teana le eo u kenang sekolo le eena ka ntlo le ntlo. Mocha e mong oa Brithani ea bitsoang Jennie o re: “E ’ngoe ea lintho tse mpe ka ho fetisisa e ne e le ha ke bonoa ke e mong eo ke kenang sekolo le eena, ke tenne mose, ke jere mokotlana oa libuka—ke le makhethe ho feta ha ke le sekolong.”

Ho tšaba ho teana le bao ba kenang sekolo le bona ho ka ba matla haholo hoo Bakreste ba bang ba banyenyane ba ileng ba khetha ho bua leshano. Mocha ea bitsoang Leon o re: “Ke tseba Paki e ’ngoe e aparang baki e nang le katiba ha e le tšebeletsong, e le hore e ka ikhurumetsa ka eona ha e teana le metsoalle ea eona ea sekolong.” Ka linako tse ling bacha ba bang ba qoba ho etsa mosebetsi oa boboleli libakeng tse itseng. Mocha e mong ea bitsoang Simon oa hopola: “Ke hopola ke rapela hore re se sebetse ’mileng o itseng, hobane ke ne ke tseba hore o tletse metsoalle ea ka ea sekolong.”

Ke ntho e tloaelehileng ho ikutloa u sa phutholoha ha u teana le motho eo u mo tsebang ha u etsa mosebetsi oa boboleli. Leha ho le joalo, ho itumella ho busoa ke tšabo eo ho ka u ntša kotsi. Mocha oa Lejeremane ea bitsoang Alicia oa lumela: “Ke ne ke sa rate mosebetsi oa boboleli ka ho feletseng, empa seo se ile sa ba le tšusumetso e mpe bomoeeng ba ka.”

Empa, ke hobane’ng ha u lokela ho etsa mosebetsi oa boboleli—haholo-holo haeba u thatafalloa ke ho o etsa? Bakeng sa karabo, a re ke re boneng hore na ke hobane’ng ha Molimo a u jarisa boikarabelo bona. Ka mor’a moo re tla bontša kamoo, ka boiteko le boikemisetso, u ka khonang ho hlōla tšabo ea hao.

Tlamo ea Mangolo ea Hore re Bolele

Ntho ea pele, mohlomong u ka rua molemo ka ho tseba hore ho arolelana tumelo ea hao le ba bang hase ntho e ncha kapa e sa tloaelehang. Ho tloha mehleng ea boholo-holo, banna le basali ba tšabang Molimo ba ’nile ba etsa joalo. Ka mohlala, Noe o tsebahala haholo e le sehahi sa areka e khōlō haholo. (Genese 6:14-16) Empa ho ea ka 2 Petrose 2:5, e ne e boetse e le “’moleli oa ho loka.” Noe o ile a ikutloa a tlamehile ho lemosa ba bang ka thipitlo e neng e atamela.—Matheu 24:37-39.

Hamorao, le hoja Bajuda ba ne ba sa laeloa ka ho toba hore ba se etse mosebetsi oa boboleli ho bao e seng Bajuda, ba bangata ba bona ba ile ba arolelana tumelo ea bona le ba bang. Ka tsela ena, molichaba ea bitsoang Ruthe o ile a tseba Jehova. A leboha ’m’ae matsale oa Mojuda, Naomi, Ruthe o ile a re ho eena: “Batho ba heno e tla ba batho ba heso, ’me Molimo oa hao e tla ba Molimo oa ka.” (Ruthe 1:16) Hamorao, Morena Solomone o ile a bolela hore batho basele bao e seng Bajuda ba ne ba tla utloa ‘lebitso le leholo’ la Jehova ’me ba mo rapele tempeleng ea Hae.—1 Marena 8:41, 42.

Haeba bahlanka bana ba Molimo ba boholo-holo ba ne ba buisana le ba bang—le hoja ba ne ba sa laeloa ka ho toba hore ba etse joalo—ke hakaakang ka Bakreste ba mehleng ee ea kajeno ba ka tlas’a tlamo ea ho etsa mosebetsi oa boboleli! Ho phaella moo, re laetsoe hore re bolele “litaba tsena tse molemo tsa ’muso.” (Matheu 24:14) Re tšoana le moapostola Pauluse hobane re tlamehile ho bolela litaba tsena tse molemo. (1 Bakorinthe 9:16) Ho bolokeha ha rōna ho kotsing. Baroma 10:9, 10 e re: “Haeba u bolela phatlalatsa ‘lentsoe leo le molomong oa hao,’ hore Jesu ke Morena, . . . u tla pholoha. Kaha ka pelo motho o bontša tumelo bakeng sa ho loka, empa ka molomo motho o bolela phatlalatsa hore a bolokehe.”

Ke hokae moo u ka ‘bolelang phatlalatsa’? Le hoja ho bolela ka mokhoa o sa reroang e le ho loketseng, tšebeletso ea ntlo le ntlo e sa ntse e le e ’ngoe ea litsela tse sebetsang ea ho finyella ba bang. (Liketso 5:42; 20:20) Na ha ua lokela ho kopanela mosebetsing oo hobane u le monyenyane? Le hanyenyane. Ho Pesaleme ea 148:12, 13, Bibele e fana ka taelo ena: “Lōna bahlankana le lōna baroetsana, lōna banna-baholo hammoho le bashanyana. Ba ke ba rorise lebitso la Jehova.”

Phephetso ea ho Bolella Lithaka

Ke ’nete hore u ka hlajoa ke lihlong le ho ikutloa u sa phutholoha ha u teana le motsoalle oa hao oa sekolong. Ha e le hantle, ke ntho ea tlhaho ho batla ho amoheloa ke ba bang. Ha ho na motho ea batlang ho qholotsoa, ho rohakoa kapa ho buuoa hampe. Mocha e mong ea bitsoang Tanya o re: “Bana sekolong, ba ka ba sehlōhō haholo!” Kahoo, ka tlhaho u ka ’na ua ipotsa hore na metsoalle ea hao ea sekolong e tla re’ng ha e u bona u le makhethe ebile u tšoere Bibele ka letsoho. Ka bomalimabe, ho ka etsahala hore ba u some. Mocha e mong oa Brazil ea bitsoang Felipe, oa hopola: “Ke ne ke kena sekolo le moshemane e mong eo re neng re lula mohahong o le mong le eena. O ne a tloaetse ho re, ‘Be! e sa le uena hape ka Bibele ea hao! U tšetse eng ka mokotlaneng oo?’”

Ho ba ea songoang ka tsela eo, ha ho monate. Bibele e re bolella hore Isaka, mor’a Abrahama, o ne a songoa ka tsela e sehlōhō ke Ishmaele ngoan’abo ka ntat’ae. (Genese 21:9) Moapostola Pauluse ha aa ka a tlōlisa tšoaro ena e mpe mahlo. Ho Bagalata 4:29, ka ho loketseng moapostola o e bitsa ‘tlhoriso.’

Ka ho tšoanang, Jesu o ile a lemosa hore batho ba bang ba ne ba tla ba le bora khahlanong le balateli ba hae. O itse: “Haeba lefatše le le hloea, le tsebe hore le ntlhoile pele le le hloea. Haeba le ne le le karolo ea lefatše, lefatše le ka be le rata sa lona. Joale kahobane ha le karolo ea lefatše, empa ke le khethile lefatšeng, ka lebaka lena lefatše le le hloile.”—Johanne 15:18, 19.

Joaloka Mokreste, u lokela ho ikemisetsa ho feta har’a mahloriso a mang. (2 Timothea 3:12) Esita le haeba ho se mohla u kileng ua bolella metsoalle ea hao ka Bibele, ba bang ba ka ’na ba u hlorisa hobane feela u e-na le litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro ebile u sa kopanele le bona boitšoarong bo bobe. (1 Petrose 4:4) Leha ho le joalo, Jesu o bua mantsoe ana a tšelisang: “Ho thaba lōna ha batho ba le nyelisa ’me ba le hlorisa ’me ka leshano ba bua ntho ea mofuta o mong le o mong e khopo ka lōna ka lebaka la ka.” (Matheu 5:11) Ho tšoenngoa le ho songoa ho ka etsa hore u thabe joang? Hobane ua tseba hore u thabisa pelo ea Jehova Molimo! (Liproverbia 27:11) ’Me ka ho thabisa pelo ea Molimo, u ipeha mocheng oa ho fumana moputso oa bophelo bo sa feleng!—Luka 10:25-28.

Ka lehlohonolo, hase metsoalle eohle ea hao ea sekolong e tlang ho ba le bora ha e teana le uena tšebeletsong. Mocha e mong oa Brithani ea bitsoang Angela oa re hopotsa, o re: “Ha u teana le metsoalle ea hao ea sekolong ka ntlo le ntlo, hangata ke eona e tšohang haholo ho u feta!” Ha e le hantle, ba bangata ba ka ba ba labalabela ho tseba seo u batlang ho se bua. Ka sebele, bacha ba bangata ba Bakreste ba ba le katleho e khōlō ka ho pakela metsoalle ea bona ea sekolong. Sehlooho sa rōna se latelang letotong lena se tla tšohla litsela tse ling tseo ka tsona le uena u ka thabelang ho etsa joalo.

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Bacha ba bangata ba tšaba ho teana le metsoalle ea bona ea sekolong ha ba le tšebeletsong

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

U se ke ua lumella hore ho qholotsoa ho etse hore u ikutloe u le lihlong ka tumelo ea hao

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela