Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g92 7/8 maq. 16-20
  • Ke Joang Nka Bang le Sebete sa ho ba ea Fapaneng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Joang Nka Bang le Sebete sa ho ba ea Fapaneng?
  • Tsoha!—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mohloli oa Sebete sa ’Nete
  • Bacha ba Sebete ba Mehleng ea Pele
  • “E-ba Sebete”
  • Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho ba ea Fapaneng?
    Tsoha!—1992
  • Bacha, Tsamaeang ka Mokhoa o Tšoanelang Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Ke Hobane’ng ha Ke Lokela ho Bua ka Molimo?
    Tsoha!—1994
  • “E-ba Sebete . . . ’me u Nke Bohato”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
Bala Tse Ling
Tsoha!—1992
g92 7/8 maq. 16-20

Bacha Baa Botsa . . .

Ke Joang Nka Bang le Sebete sa ho ba ea Fapaneng?

“Ka linako tse ling khatello ea lithaka e etsa hore ke etse seo ke utloang hore se fosahetse, empa kaha ho se se etse ho etsa hore ke hlahelle ke le mokhelo, eba ke se ke re feela e.”—John.

“KHATELLO ea lithaka e kenella karolong e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba rōna.” Ho rialo mongoli Lesley Jane Nonkin. Lithaka li leka ho laola tsela eo u aparang ka eona. Li bea melao ea hore u tsamaee joang, u bue joang, le hore u kame moriri oa hao joang. Ho itšehla thajana ha ho amohelehe. Ipapise le ba bang—kapa u utloe bohloko ba ho qheloa!

Leha ho le joalo, bacha ba Bakreste hase makhoba a ho batla ho ipapisa le ba bang. Ho latela molao oo Jesu a o beileng ho Johanne 15:19, (NW) hase “karolo ea lefatše” la batho ba se nang bomolimo.a Empa, ho ba lefatšeng re se karolo ea lona hoa phephetsa. Ho tšoana le ho soka sekepe leoatleng le halefileng. U ka har’a metsi u bile u likahanyelitsoe ke metsi, empa hore u lule u ntse u phela u etsa hore a se kene ka bongata ka sekepeng sa hao! Ka ho tšoanang, bacha ba har’a Lipaki tsa Jehova ba loanela ho thibela ho hloka bomolimo ha lefatše lena hore ho se thophothele bophelong ba bona.

Leha ho le joalo, hase ka mehla sena se leng bonolo. Nahana ka mocha oa Paki oa Japane ea bitsoang Eiichiro. Khatello ea ho ipapisa le ba bang e matla haholo naheng eo, har’a bacha le har’a batho ba baholo. Eiichiro oa hopola: “Ha ke ntse ke le sekolong, ka baka la letsoalo ke ne ke sa kopanele litšebeletsong tse amanang le litšoantšo le lipina tsa sechaba. Hape, ke ne ke sa ithute mekhoa ea ho itšireletsa ntle le lihlomo, kaha e ne e le khahlanong le melao-motheo ea Bibele.” (Bona Exoda 20:4, 5 le Luka 4:8; Esaia 2:4 le Luka 10:27.) Sena se ile sa beha Eiichiro pooaneng—mohlomong ka tsela e tlotlollang—har’a lithaka tsa hae.

Lefatšeng lohle bacha ba Lipaki ba talimana le maemo a tšoanang. Mocha e mong oa Mokreste o re: “Matsatsi a phomolo ke ’ona a thata ka ho fetisisa. Bana bohle ba botsa hore na, ‘Ke hobane’ng ha u sa keteke.’” Ho mocha e mong oa ngoanana bothata bo boima ka ho fetisisa ke hore na “ho loketse ho intša le bashemane.” Athe mocha e mong oa Mokreste o belaela ka likhatello tsa ho ba le ba bang. O re: “Ka linako tsohle batho baa u botsa, ‘Na ha u ee moketjaneng?’” Bacha ba bang ba Lipaki ba ile ba songoa ka baka la ho hana ho lofa litlelase kapa ho qhekella ha ba fuoe liteko. Ka baka leo, ho hlakile, hore ho ba ea fapaneng ho hlokahala sebete, ’me hase bacha bohle ba ikutloang ba na le sona.

Mocha e mong o ile a ngola: “Ke phela bophelo bo habeli—ba sekolong le ba lapeng. Sekolong ke ba le botsoalle le bana ba lefatše. Empa bana bana ba rohakana hoo e batlang e ba nako e ’ngoe le e ’ngoe ha ba ahlamisa melomo ea bona, ’me ke ntse ke e-ea ke tšoana le bona. Ke lokela ho etsa joang?” Karabo e hlakile: E-ba le sebete sa ho ba ea fapaneng! Empa joang?

Mohloli oa Sebete sa ’Nete

Sebete ke matla a kelello kapa a ho itšoara a ho thulana ka katleho le kotsi, tšabo, kapa bothata. Hase bohle ba nang le sona, empa se ka fumanoa. Moapostola Pauluse oa hlalosa: “Hobane Molimo ha oa ka oa re nea moea o boi, empa e le oa matla, le oa lerato, le oa kelello.” (2 Timothea 1:7) E, Molimo o ka u fa matla ao u a hlokang ho tobana ka sebete le lithaka tsa hao.—Ba-Filippi 4:13, NW.

Empa matla aa a ka fumanoa joang? Tsela e ’ngoe ke feela ka ho a kōpa. Ho Johanne 16:24 Jesu o ile a fana ka tšepiso: “Kōpang, ’me le tla fuoa.” Haholo-holo ha u talimane le teko ea ho sekisetsa u se ke ua phetsa ho rapela. Mocha e mong oa Mokreste o re: “Ke rapela Jehova hore a laole kelello ea ka le pelo.”

Bacha ba Sebete ba Mehleng ea Pele

Ho bala le ho thuisa ka litlaleho tsa Bibele tse re bolellang ka basebeletsi ba sebete ba Molimo ke e ’ngoe ea litsela tsa ho u thusa ho hōlisa ho hloka tšabo. Ka mohlala, na u tšaba ho tsebisa ba bang hore u e mong ua Lipaki tsa Jehova? Haeba ho joalo bala tlaleho e ho 2 Marena 5:1-5. Ke ea ngoanana oa Moiseraele ea neng a koetetsoe eo ka sebete a ileng a hlalosetsa ba bang tumelo ea hae. Tlaleho e ’ngoe e thahasellisang e tlalehiloe ho Liketso 4:20. Ke moo baapostola ba ileng ba bolella bahanyetsi ka sebete: “Ha ho kamoo re ka lesang ho bolela tseo re li boneng le tseo re li utloileng.” Ho bala litlaleho tsena ho ka ’na ha u susumelletsa ho bonahatsa sebete se tšoanang ha u bua.

Pale e ’ngoe e hlollang ke ea Daniele le metsoalle ea hae e meraro ea bacha, Shadrake, Meshake, le Abede-Nego. Bacha bana e ne e le ba bang ba bacha ba ’maloa ba hlahelletseng ka mahetla ba Bajode ba ileng ba tšoaroa ntoeng ’me ba tlisoa Babylona. Morena oa Babylona o ne a hopotse ho koetlisetsa bacha bana maemo a boikarabello ’musong. Ho thusa ho ba tloaetsa mokhoa oa Babylona oa bophelo, mabitso a bacha bana a Sejode haa ka a hlola a sebelisoa ’me ba ile ba rutoa puo le mekhoa ea Bababylona. Batšoari ba bona ba ile ba ba ba leka ho ba tlosa tloaelong ea Sejode ka ho ba fepa “lijo tse hlabosang tsa morena.”—Daniele 1:7, 8.

Ho motho oa Babylona, lijo tse kang tsena e ne e le limenye-menye. Ho Bajode ba tšabang Molimo, lijo tsa Babylona li ne li nyonyeha bolumeling. Empa, kamoo ho bonahalang kateng bongata ba bacha ba neng ba tšoeroe ba ile ba oela molekong—bohle ntle le Daniele le metsoalle ea hae. Ak’u nahane hore na ke khatello e kae eo mohlomong ba ileng ba e fumana ho tsoa ho lithaka tsa bona tsa Bajode! Ebe bacha baa ba ile ba sebetsana joang le likhatello tseo? Ipalle tlaleho eo e matlafatsang tumelo ho Daniele khaolo 1. Mohlomong e tla u thusa ho ba le sebete sa ho hana ha ho ka ba le motho ea u fang lithethefatsi tse sa lumelloang ka molao le tahi!

“E-ba Sebete”

Hore feela u bale ka sebete ha hoa lekana. Ho ba le sebete se hlokahalang bakeng sa ho tobana ka katleho le khatello ea lithaka, u tlameha hore letsatsi le letsatsi u latele keletso eo Pauluse a ileng a e fa banna le basali ba phutheho ea Korinthe: “Le tiee tumelong; le be sebete le be matla.”—1 Ba-Korinthe 16:13, The Jerusalem Bible.

Ka mohlala, ha u siretse ho batsoali ba hao le litho tsa phutheho ea Bokreste, na u fetola moaparo kapa tsela eo u hlophang moriri ka eona e le hore u tšoanelane le bacha ba lefatše? Kapa na u khomarela litekanyetso tsa Bokreste ntle le ho sekisetsa? Ngoanana e mong ea sebete oa Mokreste o re: “Ha ke latele setaele se seng le se seng se hlahang.”

Potso e ’ngoe ke hore: Na u sebete hoo u ka tsebisang bao u leng tlelaseng le bona hore u e mong oa Lipaki tsa Jehova? Haeba u lumelloa sekolong sa heno, na u ea le Bibele ea hao le lingoliloeng tse theiloeng Bibeleng sekolong? Haeba litseko tse amang thuto ea ho iphetola ha lintho, mekete ea bochaba, kapa litšelo tsa mali li hlaha ka tlelaseng, na u ‘ikarabella ka mosa le ka hlompho, ho ea u botsang tšepo e ho uena’? (1 Petrose 3:15) Kapa u lula ka ho khutsa u khathatsehile deskeng ea hao? Jesu Kreste o itse: ‘Ea hlajoang ke lihlong ka ’na le ka litaba tsa ka, le ’na ke tla mo hlabeloa ke lihlong.’—Mareka 8:38.

Ho e-na le ho hlajoa ke lihlong, Mokreste ea sebete o ithorisa ka tšepo ea hae e theiloeng Bibeleng! (Bapisa le Ba-Heberu 3:6.) Eiichiro, mocha oa Lejapane ea qotsitsoeng pejana, o ile a ithuta ho etsa joalo. Hangata o ne a botsoa hore na ke hobane’ng ha a sa nke karolo meketeng ea bochaba kapa mekhoeng ea ho itšireletsa ntle le lihlomo. Na o ile a ba malimabe ka lebaka la ho ba ea fapaneng? O re: “Che, ke ile ka talima sena joaloka phephetso. Ha e le hantle, ke ne ke tlameha ho lokisetsa likarabo bakeng sa ho sireletsa mehato ea ka ’me ke ne ke tšoanela ho itšetleha ka thuso ea Jehova. Kahoo, qetellong bomalimabe e ile ea e-ba melemo.”

Le uena u ithute ho bua ha u talimane le teko. Liproverbia 1:10-15 e re: “Mor’a ka, ekare ha baetsalibe ba rata ho u hoka, u se ke ua ba ua lumela. Ha ba re: Tloo le rōna, . . . Mor’a ka, u se ke ua ea ka tsela ea bona, u fapose leoto la hao ’mileng oa bona.” Ho hlakile hore, sena ha se bolele hore u ee lolololo. Bukeng ea hae How to Say No and Keep Your Friends, moeletsi Sharon Scott o hlokometse hore ka nako tse ling u ka batla ho tsamaea, ho se amohele memo—kapa ho iphapanyetsa eona. Empa ka nako tse ling, u ka ’na ua tlameha hore u bue u bolelle ba bang hore na ke hobane’ng ha u ke ke ua ba teng. Moeletsi Scott o khothalletsa hore u tiee: “Leka hore u se amohele ho hong le ho hong . . . U ba shebe mahlong. . . . U bue ka lentsoe le tiileng le sa thothomeleng.”

U ka ’na ua songoa le ho tlokoa ka lebaka la liqeto tseo u li nkang. Ho ntse ho le joalo, ba bangata ba tla u babatsa ka lekhonono. Mike, mocha e mong, o re: “Bashemane ba bangata baa tseba hore ke Paki, ’me baa ntlhonepha. Ha ba tl’o bua ka ntho e ’ngoe e fosahetseng, u tla utloa ba re, ‘Mike, re itokisetsa ho bua, kahoo haeba u batla ho tsamaea, u ka tsamaea.’” Hase bacha bohle ba tla u hlonepha ka tsela e joalo. Empa ka sebele Molimo o tla thabisoa ke metsamao ea hao. (1 Petrose 4:3-6) Ka hona mocha e mong oa Mokreste o re: “U se ke ua khathatseha ka hore na bana ba bang ba nahana’ng ka uena!” Seo Molimo u se nahanang ke sona sa bohlokoa. Ebile o tla u hlohonolofalletsa ho ba le sebete sa ho ba ea fapaneng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona sehlooho “Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho ba ea Fapaneng?” se hlahang tokollong ea rōna ea June 8, 1992.

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Ha menyetla ea ho hlalosa tumelo ea hao e hlaha na ua bua?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela