Bacha, Tsamaeang ka Mokhoa o Tšoanelang Jehova
BACHA ba bang ba Bakreste ba ’nile ba tlameha hore ka nakoana ba lule hōle le malapa abo bona le liphutheho tsa habo bona. Ba bang ba ’nile ba etsa sena e le hore ba atolose tšebeletso ea bona. Ba bang ba ’nile ba tlameha ho tloha mahahabo bona ka lebaka la boemo ba bona ba ho se jele paate litabeng tsa lefatše lena. (Esaia 2:4; Johanne 17:16) Linaheng tse ling, “Cesare” o ile a ahlolela bacha ba bolokang botšepehi ho hlola chankaneng kapa ho etsa mosebetsi o itseng oa sechaba.a—Mareka 12:17; Tite 3:1, 2.
Ha bacha bana ba le chankaneng ba ntse ba sebeletsa likahlolo tsa bona tsa ho se jele paate, ba ka ’na ba koalloa le litlokotsebe ka nako e telele. Ka ho tšoanang, ho ba hōle le hae ka mabaka a mang ho qobeletse bacha ho sebetsa tlas’a maemo a mabe. Bacha bana ba Bakreste kapa ba bang ba qobelloang ho ba tlas’a maemo a mabe ba ka hlōla joang likhatello le lintho tseo ho lebeletsoeng hore ba li etse ha ba ntse ba loanela ho ‘tsoela pele ho tsamaea ka mokhoa o tšoanelang Molimo’? (1 Bathesalonika 2:12) Batsoali ba bona ba ka ba thusa joang hore ba itokisetse ho sebetsana ka katleho le maemo leha e le afe a seng monate?—Liproverbia 22:3.
Mathata a Bona a Ikhethang
Tákis ea lilemo li 21 ea ileng a tlameha ho qeta likhoeli tse 37 a le hōle le hae o re: “Ho ba hōle le tšireletso ea batsoali ba ka hammoho le bolebeli bo lerato ba baholo ba neng ba ntseba hantle ho ne ho le thata ebile ho tšosa.”b O phaella ka ho re: “Ka linako tse ling ke ne ke ikutloa ke se na thuso ho hang.” Pétros ea lilemo li 20 o ile a tlameha ho ba hōle le habo ka lilemo tse fetang tse peli. Oa lumela o re: “Ka lekhetlo la pele bophelong ba ka, ke ile ka tlameha ho iketsetsa liqeto litabeng tsa boithabiso le metsoalle, ’me hase kamehla ke neng ke li etsa ka bohlale.” Joale o re: “Ka linako tse ling ke ne ke ikutloa ke tšaba boikarabelo bo boholo bo neng bo tlisoa ke bolokolohi bona bo eketsehileng.” Tássos, moholo oa Mokreste eo kamehla a kopanang le bacha ba Bakreste ba maemong joalo, o ile a re: “Bacha ba sa falimehang le ba se nang phihlelo ba ka ’na ba hahlameloa ke puo e litšila, borabele le boitšoaro bo mabifi ba bacha ba sa lumelang.”
Ha bacha bao ba Bakreste ba ntse ba phela ba bile ba sebetsa har’a batho ba sa hlompheng melao-motheo ea Bibele, ba lokela ho itebela khahlanong le moleko oa ho etsisa mekhoa ea boitšoaro bo bobe le eo e seng ea Mangolo ea lithaka tsa bona. (Pesaleme ea 1:1; 26:4; 119:9) Ho ka ’na ha bonahala ho le thata ho tsoela pele hantle ba e-na le kemiso e molemo ea thuto ea botho, ea ho ba teng libokeng, le ea ho kopanela tšebeletsong ea tšimo. (Bafilipi 3:16) Ho beha lipakane tsa moea le ho sebeletsa ho li finyella le hona ho ka ’na ha se ke ha e-ba bonolo.
Ka sebele bacha ba tšepahalang ba Bakreste ba batla ho khahlisa Jehova ka boitšoaro ba bona le ka lipuo tsa bona. Ka botšepehi ba leka ho ela hloko memo e ipiletsang ea Ntate oa bona oa leholimo e reng: “Mora oa ka, hlalefa ’me u thabise pelo ea ka, e le hore nka araba ea ’nyelisang.” (Liproverbia 27:11) Baa hlokomela hore chebahalo ea bona le boitšoaro ba bona li ama tsela eo ba bang ba talimang Jehova le batho ba hae ka eona.—1 Petrose 2:12.
Ka ho babatsehang, boholo ba bacha ba joalo ba etsa sohle se matleng a bona hore ba tšoane le barab’abo bona ba lekholong la pele la lilemo bao moapostola Pauluse a ileng a ba rapella a re: “Le tsamaee ka mokhoa o tšoanelang Jehova e le hore le mo khahlise ka botlalo ha le ntse le tsoela pele ho beha litholoana mosebetsing o mong le o mong o molemo . . . e le hore le mamelle ka botlalo ’me le tiisetse ka thabo.” (Bakolose 1:9-11) Bibele e fana ka mehlala e ’maloa ea bacha ba tšabang Molimo ba ileng ba atleha ho tsamaea ka mokhoa o tšoanelang Molimo maemong a sa tloaelehang, a tletseng bora le borapeli ba litšoantšo.—Bafilipi 2:15.
“Jehova o ne a E-na le Josefa”
Ha Josefa, mora ea ratoang oa Jakobo le Ragele a sa le monyenyane, o ile a iphumana a le hōle le lehae le sireletsehileng la ntat’ae ea tšabang Molimo. O ile a rekisoa bokhobeng Egepeta. Josefa o ile a beha mohlala o babatsehang e le mohlankana ea khothetseng, ea tšepahalang le ea itšoereng hantle. Le hoja Josefa e ne e le lekhoba la Potifaro—motho eo e neng e se morapeli oa Jehova—o ne a le hlokolosi a bile a le mafolofolo, hoo qetellong mong’a hae a ileng a beha lintho tsohle tsa ntlo ea hae tlhokomelong ea hae. (Genese 39:2-6) Josefa o ile a lula a tšepahala ho Jehova, ’me eitse ha sena se fella ka hore a hlahleloe chankaneng, ha aa ka a re: “Ho thusa’ng?” Esita leha a le chankaneng o ile a bontša litšoaneleho tse ntle, ’me kapele o ne a se a hlokomela mesebetsi e mengata e amanang le tsamaiso ea chankana. (Genese 39:17-22) Molimo o ile a mo hlohonolofatsa, ’me joalokaha ho tlalehiloe ho Genese 39:23, “Jehova o ne a e-na le Josefa.”
Ho ka be ho bile bonolo hakaakang hore Josefa, ea neng a le hōle le lelapa labo le tšabang Molimo, a nke mekhoa ea bahetene ba neng ba mo pota-potile, ’me a etsise tsela ea boitšoaro bo bobe ea Egepeta! Ho e-na le hoo, o ile a khomarela melao-motheo ea Molimo ’me a lula a hloekile ho sa tsotellehe liteko tse matla ka ho fetisisa. Ha mosali oa Potifaro a ne a mo phehella hangata hore a kopanele liphate le eena, o ne a mo araba ka sebete a re: “Nka etsa bobe bona bo boholo joang ’me ka siteloa Molimo?”—Genese 39:7-9.
Kajeno, bacha ba Lipaki ba lokela ho ela hloko litemoso tse thehiloeng Bibeleng tse lemosang ka metsoalle e sa lokang, boithabiso ba boitšoaro bo bobe, litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro le ’mino o hlohlontšang litsebe. Baa tseba hore “mahlo a Jehova a sebakeng se seng le se seng, a lula a talimile ba babe le ba molemo.”—Liproverbia 15:3.
Moshe o Ile a Qoba ho ‘Thabela Sebe’
Moshe o hōletse lelapeng la borena la Faro, tikolohong ea batho ba rapelang litšoantšo le ba ratang menate. Bibele e re ka eena: “Ka tumelo Moshe . . . o ile a hana ho bitsoa mora oa morali oa Faro, a khetha ho tšoaroa hampe hammoho le sechaba sa Molimo ho e-na le hore a thabele sebe ka nakoana.”—Baheberu 11:24, 25.
Ho ba motsoalle oa lefatše ho ka ba le melemo e itseng, empa ke ha nakoana. Ho ka tsoela pele feela ka nakoana e saletseng lefatše lena, e seng ho feta moo. (1 Johanne 2:15-17) Na ho ne ho ke ke ha e-ba molemo ho latela mohlala oa Moshe? Bibele e re “o ile a tsoela pele a tiile joalokaha eka o bona Ea sa bonahaleng.” (Baheberu 11:27) Kelellong ea hae o ile a lula a nahana ka lefa la moea la baholo-holo ba hae ba tšabang Molimo. O ile a etsa hore morero oa Jehova e be morero oa hae bophelong, a ipehela pakane ea ho etsa thato ea Molimo.—Exoda 2:11; Liketso 7:23, 25.
Ha bacha ba tšabang Molimo ba iphumana ba le tikolohong e mpe le e se nang botsoalle, ba ka matlafatsa kamano ea bona le Jehova ka thuto ea botho, e le hore ba tsebe hamolemo “Ea sa bonahaleng.” Ho iketsetsa lenaneo le feletseng la mesebetsi ea Bokreste, le akarelletsang ho ba teng libokeng le tšebeletsong ea tšimo kamehla, ho tla thusa bacha bana hore likelello tsa bona li lule li tsepame linthong tsa moea. (Pesaleme ea 63:6; 77:12) Ba lokela ho sebeletsa ho ba le tumelo le tšepo e matla e kang ea Moshe. Ba lokela ho tsepamisa mehopolo ea bona le liketso tsa bona ho Jehova, ba thabela ho ba metsoalle ea hae.
O Ile a Sebelisa Leleme la Hae ho Rorisa Molimo
Mocha e mong ea ileng a beha mohlala o motle ha a le hōle le habo ke ngoanana oa Moiseraele ea ileng a haptjoa ke Basyria mehleng ea moprofeta oa Molimo Elisha. E ile ea e-ba lekhabunyane la mosali oa Naamane, molaoli oa lebotho la Syria, oa molepera. Ngoanana enoa o ile a re ho mong’a hae oa mosali: “Hoja moren’a ka a ne a le ka pel’a moprofeta ea leng Samaria! Tabeng eo o ne a tla mo folisa lepera la hae.” Ka lebaka la bopaki ba ngoanana enoa, Naamane o ile a ea Iseraele ho Elisha ’me a hloekisoa lepera. Ntle ho moo, Naamane o ile a fetoha morapeli oa Jehova.—2 Marena 5:1-3, 13-19.
Mohlala oa ngoanana enoa o hatisa bohlokoa ba hore bacha ba sebelise maleme a bona ka tsela e hlomphang Molimo, esita leha ba le hōle le batsoali ba bona. Haeba ngoanana eo a ne a tloaetse ho sebelisa “puo ea booatla” kapa “mesoaso e nyonyehang,” na a ka be a ikutloile a lokolohile ho sebelisa leleme la hae hantle joalokaha a entse ha monyetla o hlaha? (Baefese 5:4; Liproverbia 15:2) Níkos, mohlankana ea ka tlaase ho lilemo tse 25 ea neng a kentsoe chankaneng ka lebaka la ho se nke lehlakore, oa hopola: “Ha ke ne ke e-na le barab’abo rōna ba bang ba bacha chankaneng ea temo, re le hōle le taolo ea batsoali le ea phutheho, ke ile ka hlokomela hore meqoqo ea rōna e ne e tsoa taolong. Ka sebele e ne e sa rorise Jehova.” Ka lehlohonolo, Níkos le ba bang ba ile ba thusoa hore ba ele hloko keletso ea Pauluse tabeng ena: “Bohlola le ho se hloeke ha mofuta o mong le o mong kapa meharo le ho boleloa li se ke tsa boleloa har’a lōna, feela joalokaha ho tšoanela batho ba halalelang.”—Baefese 5:3.
Jehova e ne e le oa Sebele ho Bona
Phihlelo ea Baheberu ba bararo bao e neng e le metsoalle ea Daniele Babylona ea boholo-holo, e tiisa ’nete ea molao-motheo o boletsoeng ke Jesu oa hore ho tšepahala linthong tse nyenyane ho lebisa ho tšepahaleng linthong tse khōlō. (Luka 16:10) Ha ba ne ba tobane le bothata ba ho ja lijo tse thibetsoeng ke Molao oa Moshe, ba ka be ba ile ba ikemela ka hore e ne e le batlamuoa naheng esele ’me kahoo ba ne ba se na boikhethelo tabeng ena. Empa ba ile ba hlohonolofatsoa hakaakang ka lebaka la ho nka ka botebo esita le lintho tse neng li ka ’na tsa bonahala eka hase tsa bohlokoa hakaalo! Ba ne ba bonahala ba shahlile ebile ba le bohlale ho feta batlamuoa ba bang bohle ba neng ba tsoela pele ho ja limenyemenye tsa morena. Ha ho pelaelo hore ho tšepahala linthong tsena tse nyenyane ho ile ha ba matlafatsa, hoo ba ileng ba hana ho sekisetsa ha ba ne ba tobane le teko e khōlō ka ho fetisisa ea ho khumamela setšoantšo sa borapeli.—Daniele 1:3-21; 3:1-30.
Ho bahlankana bana ba bararo Jehova o ne a hlile a phela. Ho sa tsotellehe ho ba hōle le mahahabo bona le setsi sa borapeli ba Molimo, ba ne ba ikemiselitse ho ipoloka ba se na letheba lefatšeng. (2 Petrose 3:14) Kamano ea bona le Jehova e ne e le ea bohlokoa haholo hoo ba neng ba ikemiselitse ho tela bophelo ba bona ka lebaka la eona.
Jehova a ke ke a le Furalla
Ha bacha ba le hōle le baratuoa ba bona le batho bao ba ba tšepang, hoa utloahala hore ba ka ’na ba ikutloa ba sa sireletseha, ba sa tsitsa, ebile ba tšohile. Leha ho le joalo, ba ka tobana le liteko tsa bona ba kholisehile ka ho feletseng hore ‘Jehova a ke ke a ba furalla.’ (Pesaleme ea 94:14) Haeba bacha ba joalo ba “utloa bohloko ka lebaka la ho loka,” Jehova o tla ba thusa ho tsoela pele ho tsamaea “tseleng ea ho loka.”—1 Petrose 3:14; Liproverbia 8:20.
Jehova o ile a tsoela pele ho matlafatsa le ho putsa ka ho enneng Josefa, Moshe, lekhabunyane la Moiseraele le bacha ba bararo ba tšepahalang ba Baheberu. Kajeno, o sebelisa moea oa hae o halalelang, Lentsoe la hae le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng ho matlafatsa ba ‘loanang ntoa e ntle ea tumelo,’ a ba tšepisa moputso oa “bophelo bo sa feleng.” (1 Timothea 6:11, 12) Ka sebele, ho tsamaea ka mokhoa o tšoanelang Jehova ho ka khoneha, ’me ho bohlale ho etsa joalo.—Liproverbia 23:15, 19.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
b Mabitso a mang a fetotsoe.
[Lebokose le leqepheng la 25]
BATSOALI—HLOMELLANG BANA BA LŌNA!
“Joaloka metsu letsohong la monna ea matla, bara ba bocha ba joalo.” (Pesaleme ea 127:4) Motsu o ke ke oa hlaba moo o korotsoeng teng ka kotsi. O lokela ho koroloa ka tsebo. Ka ho tšoanang, ntle ho tataiso e nepahetseng ea batsoali, bana ba ke ke ba hlomelloa ho tobana le maemo a sebele a ho lula hōle le hae.—Liproverbia 22:6.
Bacha ba atisa ho etsa lintho ka ho nkoa ke maikutlo kapa ka ho inehella ‘litakatsong tsa tlhaho tsa bocha.’ (2 Timothea 2:22) Bibele ea lemosa e re: “Thupa le khalemelo li fana ka bohlale; empa moshanyana ea itaolang o tla hlabisa ’m’ae lihlong.” (Liproverbia 29:15) Ho hlōleha ho laola boitšoaro ba mocha ho ka siea ngoana a sa hlomelloa bakeng sa likhatello le lintho tseo ho lebeletsoeng hore a li etse ha a lula hōle le hae.
Ka tsela e utloahalang le e tšepahalang, batsoali ba Bakreste ba lokela ho bolella bana ba bona ka mathata, likhatello le maemo a sebele a bophelo tsamaisong ena ea lintho. Ho e-na le ho bua ka tsela e bontšang ho hloka tšepo kapa e nyahamisang, ba ka hlalosa maemo a sa thabiseng ao mocha a ka ’nang a tobana le ’ona haeba a tlameha ho lula hōle le hae. Koetliso ena, hammoho le bohlale bo fanoeng ke Molimo, e tla ‘fa ba se nang phihlelo masene, e fe mohlankana tsebo le matla a ho nahana.’—Liproverbia 1:4.
Batsoali ba kenyang melao-motheo ea bomolimo le ea boitšoaro lipelong tsa bana ba bona ba ba thusa hore ba khone ho sebetsana ka katleho le mathata a bophelo. Thuto ea ka mehla ea Bibele ea lelapa, ho buisana ka bolokolohi le ho ba le thahasello ea sebele boiketlong ba bana ba bona, li ka etsa phapang pakeng tsa ho atleha le ho hlōleha. Batsoali ba lokela ho fana ka thuto ea bomolimo ka tsela e leka-lekaneng empa e le e nepahetseng le e nahanelang maemo, e lokisetsang bana hore ba ikemele ha ba se ba hōlile. Ka ho beha mohlala, batsoali ba ka ruta bana ba bona hore hoa khoneha hore motho a be lefatšeng empa e se karolo ea lona.—Johanne 17:15, 16.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Bacha ba bang ba Bakreste ba ’nile ba tlameha ho tloha mahahabo bona
[Litšoantšo tse leqepheng la 24]
Ka ho hanela teko, bacha ba ka etsisa Josefa ’me ba lula ba hloekile boitšoarong
[Litšoantšo tse leqepheng la 26]
Etsisa lekhabunyane la Moiseraele le ileng la sebelisa leleme le lona ho rorisa Jehova