Bacha—Thabisang Pelo ea Jehova
1 Ha motho a sebelisa matla le mahlaha-hlaha a bocha ka tsela e loketseng, ka sebele bophelo e ka ba bo thabisang. Morena Salomone ea bohlale o ngotse: “Mohlankana, thabela bocha ba hao, ’me pelo ea hao e ke e u nyakalatse matsatsing a bocha ba hao.” (Moek. 11:9) Lōna bacha lea ikarabella ho Molimo bakeng sa liketso tsa lōna.
2 Tsela eo le phelang bophelo ba lōna ka eona ha e etse phapang ho lōna feela empa le ho batsoali ba lōna. Liproverbia 10:1 e re: “Ngoana ea hlalefileng ke thabiso ho ntat’ae; empa ngoana ea leoatla ke mapalesa-pelo ho ’m’ae.” Empa habohlokoa le ho feta, tsela eo le phelang bophelo ba lōna ka eona e ama ’Mōpi oa lōna, Jehova Molimo. Ke ka lebaka leo Liproverbia 27:11 e boelang e khothatsa bacha: “Mora oa ka, hlalefa, u nthabise pelo, ’me ke tla ba le puo ho fetola ba nkomanyang.” Ke joang lōna bacha le ka thabisang pelo ea Jehova kajeno? Sena se ka finyelloa ka litsela tse ngata.
3 Ka Mohlala o Loketseng: Lōna bacha le feta ‘linakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona’ tse boletsoeng esale pele ka Lentsoeng la Molimo. (2 Tim. 3:1, NW) Mohlomong hape le tlas’a likhatello tse tsoang ho bao le kenang sekolo le bona ba sa lumeleng esita le ho matichere a ka ’nang a soma pono ea lōna ea litaba e thehiloeng Bibeleng. Ka mohlala, tichere e ’ngoe e ile ea hlahisa thuto ea ho iphetola ha lintho e le ’nete ’me Bibele e le tšōmo. Leha ho le joalo, mohoeletsi e mocha sehlopheng seo ka botšepehi o ile a sireletsa Bibele. Ka lebaka leo, ho ile ha qaloa lithuto tse ngata tsa Bibele. Ba bang ba thahasellang ba ile ba qalisa ho ba teng libokeng. Tumelo ea lōna baena le bo-khaitseli ba bacha e tsoa lefatše le se nang bomolimo ’me e hulela ba lipelo li tšepahalang ’neteng.—Bapisa le Ba-Heberu 11:7.
4 Na le ka khothatsa lithaka tsa lōna ka phuthehong e le hore li se inehele bobeng? Ka ho beha mohlala o motle sekolong, lapeng, le ka phuthehong, le ka matlafatsa tumelo ea bahoeletsi ba bang ba bacha. (Ba-Roma 1:12) Thabisang pelo ea Jehova ka ho behela ba bang mohlala o motle.
5 Ka Moaparo le Boitlhopho: Khaitseli e mong e mocha o ile a tlokoa le ho songoa ka lebaka la moaparo oa hae o itekanetseng ’me o ne a bitsoa “mohalaleli.” Sena ha sea ka sa mo tšosa hore a ipapise le litekanyetso tsa lefatše tse se nang bomolimo. Ho e-na le hoo, o ile a hlalosa hore ke e mong oa Lipaki tsa Jehova ’me o ne a boloka tekanyetso e phahameng ea Lipaki. Na u na le matla a joalo? Kapa na u lumella lefatše la Satane ho u fetolela tseleng ea lona ea monahano le boitšoaro? Ke thabo e kaakang ho hlokomela bongata ba lōna bacha le mamela thuto ea Jehova ’me le hana mekhoa, lifeshene, likhopolo tsa bohata le lithuto tsa lefatše tse bontšang ho se tsotelle. Ruri, re tlameha ho hlokomela hore lintho tseo tse tsoang lefatšeng li susumetsoa ke bademona!—1 Tim. 4:1.
6 Ka Khetho ea Boithabiso le Boikhathollo: Ho hlokahala hore batsoali ba hopole bohlokoa ba ho thusa bana ba bona ho khetha ka bohlale mofuta oa boithabiso le boikhathollo o nepahetseng. Moena e mong o ile a bua hantle ka lelapa le molemo leo a neng a le rata haholo. Ba amehile ka bomoea, batsoali ba ne ba fana ka tataiso e neng e boetse e sebelisoa boikhathollong ba lelapa. Moena o ile a hlokomela: ‘Ke rata ho etsa ha bona lintho hammoho. Hase feela hore batsoali ba thusa bana ho lokisetsa tšebeletso, empa ha e le nako ea boikhathollo, ba ithabisa ka ho tsamaea ka maoto bakeng sa ho ikhatholla, ho etela litsing tsa polokelo ea lintho tsa bohlokoa, kapa ho lula hae feela ba bapala kapa ba sebetsa mererong e itseng. Lerato la bona e mong ho e mong le bakeng sa ba bang le etsa hore u ikutloe u kholisehile hore ba tla tsamaea ’neteng nakong e tlang, ho sa tsotellehe se etsahalang.’
7 Ho hlakile hore ho na le linako tseo lelapa lohle le ke keng la khona ho kopanela boikhathollong le boithabisong. Lōna bacha ho hlokahala hore le ele sena hloko le bohlokoa ba ho khetha kamoo le tlang ho sebelisa nako e ’ngoe ea lōna ea boiketlo. Satane o ikemiselitse ho khelosa ba bangata ka hohle kamoo ho ka khonehang. Ka ho khetheha bacha le ba se nang phihlelo ba ka hlaseloa habonolo ke liketso tsa hae tse mano le tšusumetso e thetsang. (2 Ba-Kor. 11:3; Ba-Ef. 6:11) Kahoo kajeno Satane o sebelisa mekhoa e fapaneng ho le susumeletsa hore le khelohe ’me le phehelle bophelo ba boithati ba ho lelekisa menyaka le bokhopo.
8 Thelevishene ke mokhelosi ea atlehileng ea phahamisang mokhoa oa bophelo oa lerato la lintho tse bonahalang le boitšoaro bo bobe. Ka mehla libaesekopo le li-video li bontša pefo le likamano tsa botona le botšehali pepenene. ’Mino o ratoang haholo o fetohile o hlephileng le o litšila ka ho eketsehileng. Likhoheli tsa Satane li ka ’na tsa bonahala li se na molato, leha ho le joalo, li ’nile tsa tšoasa bacha ba likete ba Bakreste hore ba be le monahano le boitšoaro bo fosahetseng. E le ho hanela likhatello tse joalo, le tlameha ho phehella ho loka ka matla. (2 Tim. 2:22) Haeba ho hlokahala liphetoho monahanong kapa boitšoarong ba hao mabapi le boithabiso le boikhathollo, li ka etsoa joang? Mopesaleme o fana ka karabelo: “Ke u batla ka pelo ea ka eohle; u etse hore ke se ke ka kheloha litaelo tsa hao.”—Pes. 119:10.
9 Ho tloaelehile ho fetola likhalala tsa lipapali le boithabiso melingoana. Ho tšaba Jehova ho tla le thusa ho ipoloka hore le se fetole batho ba sa phethahalang melingoana. Esita le boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali bo fetotsoe molingoana ke ba bangata kajeno. Le ka itebela khahlanong le tšekamelo ena ka ho qoba libuka le litšoantšo tsa bootsoa le ’mino o silafatsang. Mabapi le ’mino, tokollo ea Molula-Qhooa oa April 15, 1993 e hlokometse: “’Mino ke mpho ea Molimo. Leha ho le joalo, ho ba bangata o fetoha kameho e feteletseng e sa haheng. . . . Loanela hore ’mino o be sebakeng se loketseng ’me mosebetsi oa Jehova e be ntho ea sehlooho eo u amehileng ka eona. Hloaea ’me u hlokomele ’mino oo u o khethang. Kahoo u tla khona ho sebelisa—eseng ho sebelisa hampe—mpho ena ea Molimo.”
10 Hlaolelang lehloeo le feletseng bakeng sa ho hobe. (Pes. 97:10) Ha le lekoa hore le etse bobe, nahanang kamoo Jehova a talimang taba ka teng, ’me le nahanisise ka liphello: ho ima ho sa batleheng, maloetse a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali, ho ferekana maikutlong, ho lahleheloa ke boitlhompho, le ho lahleheloa ke litokelo ka phuthehong. Qobang ho shebella lipontšo tsa TV, libaesekopo, li-video, lipina kapa meqoqo e khothaletsang bokhopo. Qobang ho tloaelana le bao Bibele e ba khethollang e le “maoatla.” (Liprov. 13:19) E-bang ba hloaeang; khethang ba ratang Jehova le litekanyetso tsa hae tse lokileng ka phuthehong bakeng sa ho ba metsoalle e haufi.
11 E, bacha bao kannete ba batlang ho thabisa pelo ea Jehova ba tla mamela keletso e molemo e fumanoang ho Ba-Efese 5:15, 16 (NW): “Hlokomelang ka thata hore kamoo le tsamaeang ka teng hase joaloka ba se nang bohlale empa joaloka batho ba bohlale, le ithekele nako e loketseng, hobane matsatsi a mabe.” Ke eng se tla le thusa hore le ‘hlokomele ka thata’ khatelo-pele ea lōna mehleng ee ea qetello?
12 Ho Hlokomela Litlhoko tsa Moea: Ho Mattheu 5:3 (NW), Jesu o hlalositse: “Ho thabile ba elang tlhoko ea bona ea moea hloko.” Le lōna le ka thaba ka ho ela tlhoko ea lōna ea moea hloko. Ho khotsofatsa tlhoko eo ho akareletsa ho kopanela ka cheseho ho boleleng litaba tse molemo, kaha sena se haha tumelo ea rōna linthong tseo re ithutang tsona.—Ba-Roma 10:17.
13 Ho tsoa phihlelong ea botho lea tseba hore hase ka linako tsohle ho leng bonolo ho kopanela tšebeletsong ka mehla. Boholo ba sena e ka ’na ea e-ba lebaka la ho haelloa ke kholiseho. Kahoo, ho hlokahala hore le etse boikemisetso bo tiileng. Ka ho kopanela tšebeletsong ka mehla, le tla ntlafatsa tsebo ea lōna ea ho paka ’me le hahe kholiseho matleng a lōna a ho bolela.
14 Etsang litokisetso tsa ho sebetsa le bahoeletsi ba phutheho ba nang le phihlelo e khōloanyane, joaloka bo-pula-maliboho ba ka mehla le baholo. Mamelisisang ka hloko linehelano tsa bona le kamoo ba sebetsanang le likhanyetso ka teng malapeng a batho. Sebelisang buka Ho Bea Mabaka hamolemo le litlhahiso tse fanoeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Ka mor’a nako e khutšoanyane le tla fumana thabo e khōloanyane tšebeletsong hobane le tla be le fana ka sohle seo le nang le sona ho Jehova.—Lik. 20:35, NW.
15 Ba bang ba khonne ho sebelisa hamolemo menyetla ea ho paka sekolong ’me ba atlehile haholo ho etseng barutuoa. (Matt. 28:19, 20) Mocha e mong oa Mokreste o re: “Linakong tsa bolokolohi ka tlelaseng, ke ile ka ba le menyetla e mengata ea ho paka, haholo-holo nakong ea matsatsi a phomolo. Ha ke ne ke siile likhatiso tsa Bibele deskeng ea ka moo ba bang ba neng ba ka li bona, liithuti tse ngata tse thahasellang li ile tsa nkatamela.” Qetellong, liithuti tse ’maloa esita le tichere ba ile ba qala ho ba teng libokeng tsa Bokreste. Ha e le hantle, tichere eo e ile ea hatela pele ho fihlela e e-ba Paki e inehetseng. Jehova o thaba haholo ha barapeli ba bacha joaloka lōna ba tlisa thoriso lebitsong la hae.
16 Tsela e ’ngoe ea ho khotsofatsa tlhoko ea lōna ea moea ke ka thuto ea botho. E le ho thabisa pelo ea Jehova, re tlameha ho ba le tsebo ka eena, merero ea hae, le litlhokahalo tsa hae ho rōna. Na le behella nako ka thōko bakeng sa thuto ea botho? Na le ithuta ka mehla, feela joalokaha le ba le nako ea ho ja ka mehla? (Joh. 17:3) Na le na le kemiso ea botho ea ho bala Bibele ho phaella ho lekeng ho iphaphatha le kemiso ea ’malo oa Bibele ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo? Na le lokisetsa hantle bakeng sa liboka tsohle? Na le bala limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! ka mehla? Ka ho khethehileng, na le ba le nako ea ho bala sehlooho ka seng letotong la “Bacha Baa Botsa . . . ,” ka hloko le phetla lengolo ka leng? Hape le se ke la lebala buka eo Mokhatlo o e entseng ka ho khethehileng bakeng sa litlhoko tsa lōna tsa moea, Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang. Bacha ba Bakreste le batsoali ba bona lefatšeng lohle ba ngotse ba bolela kamoo buka ena e ba thusitseng ka teng ho atamela haufi le Jehova.
17 Ha le bala Bibele le lithuso tsa ho ithuta Bibele tsa puso ea Molimo, li le bolella ka Jehova, monahano oa hae, le merero ea hae. Nahanang kamoo boitsebiso bona bo tla le thusa ka teng. Bapisang seo le se balang le seo le se balileng pejana. Sena se kopanyeletsa ho thuisa. Ho thuisa ho lumella boitsebiso ho finyella pelo le ho le susumetsa.—Pes. 77:12.
18 Rea thaba ho bona bacha ba elang tlhoko ea bona ea moea hloko ba bang teng libokeng tsa phutheho. Lōna bacha ba Bakreste le ka khothatsa ba bang ka ho fana ka litlhaloso tse utloahalang ka mehla libokeng. Iketsetseng pakane ea hore bonyane le fane ka tlhaloso e le ’ngoe sebokeng se seng le se seng. Hlaolelang likamano tse mofuthu le batho ba lilemo tsohle ka phuthehong ka ho kopanela botsoalleng bo hahang pele le ka mor’a liboka. (Ba-Heb. 10:24, 25) Moena e mong e mocha o ile a hlalosa hore batsoali ba hae ba ile ba mo khothaletsa hore a qoqe bonyane le moena kapa khaitseli a le mong ea hōlileng sebokeng se seng le se seng. Kajeno o talima phihlelo eo a e fumaneng ka ho tloaelana le litho tse hōlileng tsa phutheho e le ea bohlokoa.
19 Hahamallang Lipakane tsa Moea: Hoa soabisa hore ebe bophelo ba bacha ba bangata ha bo na morero le tataiso. Leha ho le joalo, na ha ho molemo ho latsoa boikutlo bo tlisoang ke ho beha lipakane tsa puso ea Molimo ebe joale le li finyella ka katleho? Lipakane tsena, tse hahamalloang ka ho behoa leseling ke thuto ea bomolimo, li tla khotsofatsa motho hona joale ’me qetellong li lebise polokehong ea ka ho sa feleng.—Moek. 12:1, 13.
20 Ha u ipehela lipakane, ho etse taba ea thapelo. Buisana le batsoali ba hao hammoho le baholo. Itlhahlobe le ho hlahloba matla a hao, ’me u ipehele lipakane tse sebetsang ho latela seo u ka khonang ho se finyella ’me u se ipapise le motho e mong. E mong le e mong o entsoe ka tsela e fapaneng—’meleng, kelellong, maikutlong le moeeng. Ka hona, u se ke ua lebella ho finyella ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo motho e mong a e etsang.
21 Ke lipakane life tse ling tseo u ka li hahamallang? Haeba ha u e-s’o be mohoeletsi kapa ha u e-s’o kolobetsoe, etsa lintho tsena lipakane tsa hao. Haeba u mohoeletsi, u ka etsa pakane ea ho sebelisa nako e itseng tšebeletsong beke ka ’ngoe. Sebeletsa ho ba tichere e hloahloa maetong a ho boela, ’me u iketsetse pakane ea ho khanna thuto ea Bibele. Haeba u mocha ea kolobelitsoeng ea kenang sekolo, ke hobane’ng u sa iketsetse pakane ea ho ba pula-maliboho ea thusang likhoeling tsa lehlabula? Ho na le ‘ho hongata ho lokelang ho etsoa mosebetsing oa Morena.’—1 Ba-Kor. 15:58, NW.
22 Thuso e Tsoang ho Batsoali ke ea Bohlokoa Haholo: Ho hang bacha ka phuthehong ha baa lokela ho ikutloa hore ba bang boitekong ba bona ba ho fumana bophelo. Jehova, ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng, o fane ka keletso ho thusa bacha bana ho etsa liqeto tsa letsatsi le leng le le leng ho hlōla litšitiso bophelong. Ho hlakile hore batsoali ba inehetseng ba na le boikarabelo bo ka sehloohong ba ho thusa bana ba bona ho etsa liqeto tse loketseng. Ho 1 Ba-Korinthe 11:3, Bibele e khetholla monna e le hlooho ea lelapa. Ka hona, ka lelapeng la Bokreste, ntate o etella pele ho ruteng bana litaelo tsa Molimo, ’me mosali o sebetsa haufi-ufi le eena. (Ba-Ef. 6:4) Sena se etsoa ka koetliso e hlokolosi e qalang boseeng. Kaha boko ba ngoana bo hōla ka makhetlo a mararo nakong ea selemo sa pele sa bophelo, batsoali ho hang ha baa lokela ho khella fatše matla a ho ithuta a masea a bona. (2 Tim. 3:15, NW) Ha bana ba ntse ba hōla, ho hlokahala hore mohato ka mohato batsoali ba ba rute ho rata Jehova le ho hlaolela kamano e ntle le eena.
23 Habohlokoahali ke ho qala ka mohlala o motle oa batsoali. Sena se tla phetha ho hoholoanyane ho thusa bana ba hao moeeng ho feta nako e ngata e qetoang ho buuoa le bona ka seo ba lokelang ho se etsa kapa seo ba sa lokelang ho se etsa. Ho beha mohlala o motle oa botsoali ho tla kopanyeletsa ho bontša litholoana tsa moea ka lapeng, ho molekane oa hao le ho bana ba hao. (Ba-Gal. 5:22, 23) Ba bangata ba bone ho tsoa phihlelong hore moea oa Molimo ke tšusumetso e matla bakeng sa botle. O ka u thusa hore u lokise likelello le lipelo tsa bana ba hao.
24 Hape ho hlokahala hore batsoali ba behe mohlala o motle ka mekhoa ea thuto ea botho, ho ba teng libokeng, le ho kopanela tšebeletsong ea tšimo ka mehla. Haeba u bua ka cheseho mabapi le ’nete lapeng, u etella pele ka mafolo-folo tšebeletsong, ’me u na le boikutlo bo botle ka thuto ea botho, bana ba hao ba tla khothaletsoa ho ba le thahasello e se nang boikaketsi litabeng tsa moea.
25 Ha thuto ea ka mehla le e nang le morero ea lelapa ea Bibele, e lokiselitsoe hantle e ka ba e thahasellisang le e thabisang, nako ea ho nchafatsa bonngoe ba lelapa. Iphe nako ea ho finyella lipelo tsa bana ba hao. (Liprov. 23:15) Le hoja malapa a mangata a sebelisa monyetla ona ho lokisetsa Thuto ea Molula-Qhooa ea beke le beke, nako le nako e ka ba ho khothatsang ho nahanisisa ka tlhoko e khethehileng ea lelapa. Ho botsa lipotso tse fatang maikutlo le ho mamela litlhaloso tsa setho ka seng sa lelapa e tla ba ho behang leseling le ho khathollang. Ho khanna thuto e ruisang setho ka seng sa lelapa molemo ke phephetso ea sebele ho hlooho ea lelapa. Empa ke ho putsang hakaakang ha bohle ba hōla moeeng! Ka ho boloka e mong le e mong a ameha, ho tla ba le moea oa thabo.
26 Koetliso ea lōna e lerato le e khethehileng hona joale ke ea bohlokoa haholo ho boloka bophelo ba bana ba lōna. (Liprov. 22:6) Le hopotse sena, ho bonolo ho utloisisa hore ena e ka ’na ea e-ba thuto ea bohlokoa ka ho fetisisa eo le tla e etsa. Le ka mohla le se nahane hore le bang mosebetsing ona o khethehileng le oa bohlokoa. Ithuteng ho itšetleha ka Jehova haholo bakeng sa tataiso ha le hlokomela boikarabelo ba malapa a lōna. Hoo hase phetho. Ho na le ba bang ba ka thusang haholo ka ho tšoanang.
27 Seo ba Bang ba ka se Etsang ho Thusa: Baholo ba ka akareletsa bacha, hammoho le batsoali ba bona, ha ho hloekisoa Holo ea ’Muso. Khothatsang bana libokeng tsa phutheho. Baholo le bahlanka ba sebeletsang ba abetsoeng lipuo Sebokeng sa Tšebeletso ba lokela ho hlokomela matsoho a bana a phahameng ha ho na le lipuo tseo bamameli ba kopanelang ho tsona. Batlang menyetla ea ho sebelisa bacha ba behang mohlala o motle lipontšong le batsoali ba bona. Ba bang ba ka ’na ba botsoa lipotso ’me ba fana ka litlhaloso tse khutšoanyane.
28 Le se ke la halala boiteko ba bona. Bacha ba ipakile e le letlotlo la sebele phuthehong. Ka boitšoaro ba bona bo botle, ba bangata ba ‘hlophisitse thuto ea ’Moloki oa rōna, e leng Molimo.’ (Tite 2:6-10) Ela hloko bohlokoa ba ho babatsa bacha ba bang le seabo esita le ka tsela e nyenyane. Sena se ba khothaletsa ho lokisetsa le ho ba le takatso ea ho etsa joalo hape nakong e tlang. Thahasello e joalo e ke ke ea lekanngoa; ke ea bohlokoahali. Ke hangata hakae uena joaloka moholo kapa mohlanka ea sebeletsang u kileng ua atamela litho tse nyenyane tsa phutheho ho li babatsa bakeng sa puo kapa nehelano sebokeng?
29 Bo-pula-maliboho, ke’ng seo le ka se etsang ho thusa? Ke hobane’ng ha le sa hlahlobe kemiso ea lōna ho bona kamoo le ka kopanyeletsang bana ba sekolo litokisetsong tsa lōna tsa motšehare oa mantsiboea kapa mafelo-beke? Na le bua hamolemo ka khetho ea lōna ea tšebeletso ea nako e tletseng? Na le bontša ka tšobotsi ea lifahleho tsa lōna hore le fumana thabo tšebeletsong ea lōna? Na le itokiselitse ho e buella ho ba bang, haholo-holo ho bacha? Ha le sebetsa ka ntlo le ntlo, na moqoqo oa lōna ke o hahang le o molemo? Haeba ho joalo, joale le uena joaloka pula-maliboho u ba le karolo mosebetsing ona oa ho koetlisa oa bohlokoa haholo.
30 Bohle ka phuthehong ba lokela ho hlokomela ka ho teba mosebetsi ona oa bohlokoa oa ho koetlisa bacha. Na u ka etsa litokisetso tse tiileng tsa ho sebetsa tšebeletsong ea tšimo le bona? Na u ka ithuta nehelano le bona ha u lokisetsa mosebetsi oa ntlo le ntlo? Na u falimehela menyetla ea ho khothaletsa mesebetsi e meng ea moea ea nako e tlang ha le sebetsa hammoho tšebeletsong? Mohoeletsi ka mong o lokela ho hlokomela hore esita le tlhaloso e nyenyane e ka hlahisa likhopolo tse ntle tse lebisang lipakaneng tsa moea tsa nako e telele bophelong, tse nang le molemo oa ka ho sa feleng ho bacha.
31 Bacha ba ka Ithusa ka Bobona: Bacha, re khothaletsa e mong le e mong oa lōna ho tsoela pele a mamela lithuto tsa Jehova le ho hana se fanoang ke lefatše. Ka ho tsoelang pele itlhahlobeng ka ho shebisisa boitšoaro ba lōna le maikutlo a lōna a ka hare-hare. Boikutlo ba lōna ke bofe ka Jehova le seo a se lebeletseng ho lōna bophelong ba letsatsi le letsatsi? Na u loana ka thata khahlanong le tšusumetso ea likhopolo tsa Satane? (1 Tim. 6:12) Kaha batho, ’me haholo-holo bacha, ka tlhaho ba lakatsa ho amoheloa ke lithaka tsa bona, na u iphumana u hoheleha ho latela bongata ho etseng bobe? (Ex. 23:2) Moapostola Pauluse o ne a utloisisa hore ho na le khatello e khōlō ea ho ipapisa le litsela tsa lefatše.—Ba-Roma 7:21-23.
32 Ho hlokahala sebete ho hanela tšusumetso ea lefatše, ho nka tsela e fapaneng le ea lithaka tsa hao tsa lefatše, le ho mamela lithuto tsa Molimo. Banna ba boholo-holo ba ile ba etsa joalo ka katleho e khōlō. Nahana ka sebete sa Noe. Ka tumelo ea hae le ka ho ipoloka a arohile ho baetsalibe ba mehleng ea hae o ile a nyatsa lefatše lohle. (Ba-Heb. 11:7) Loana ka thata hobane ke ho tšoanelehang. U se ke ua etsisa ba fokolang, ba se nang matla, ba tletseng tšabo ba latelang mokhopi oa Satane. Ka ho fapaneng, batla botsoalle ba ba amohelehang mahlong a Jehova. (Ba-Fil. 3:17) Ipokelle ka metsoalle e tla tsamaea le uena ho kena lefatšeng le lecha la Molimo le tšepisitsoeng. (Ba-Fil. 1:27) Hopola hore ho na le tsela e le ’ngoe feela e isang bophelong bo sa feleng.—Matt. 7:13, 14.
33 Haeba re thabisoa ke ho bona ha bacha ba tlisa thoriso le tlhompho ho Molimo oa rōna, sena se tlameha ho mo tlisetsa thabo e kaakang! Ha ho pelaelo hore Jehova o thabela ho bona bacha ba kopanela ka botlalo ho boleleng merero ea hae e hlollang. Ke “lefa” le tsoang ho eena, ’me o ba batlela se molemohali feela. (Pes. 127:3-5; 128:3-6) Ha a bonahatsa thahasello ea Ntat’ae, Kreste Jesu o ile a fumana thabo e khōlō ka ho tloaelana le bana ba banyenyane, ’me o ile a ipha nako ea ho ba khothatsa borapeling ba bona ho Jehova. O ile a bontša kameho e mosa ho bona. (Mar. 9:36, 37; 10:13-16) Na re talima bacha ba rōna ka tsela e tšoanang le eo Jehova le Kreste Jesu ba ba talimang ka eona? Na bacha liphuthehong tsa rōna ba hlokomela kamoo Jehova le mangeloi ba talimang botšepehi le mohlala oa bona o motle? Ba lokela ho babatsoa le ho khothaletsoa hore ba thabise Jehova ka ho hahamalla lipakane tsa moea. Bacha, hahamallang lipakane tse tla le tlisetsa mahlohonolo hona joale le nakong e tlang.