Bacha Baa Botsa . . .
Ke Hobane’ng ha Nkhono le Ntate-moholo ba Lula le Rōna?
UNE u atisa ho thabela boinotši u le mong ka kamoreng ea hao. Joale u e arolelana le ngoan’eno. U ne u atisa ho memela metsoalle lapeng. Joale u ke ke ua e mema hobane e ‘etsa lerata le leholo.’ U ne u atisa ho ba le nako ea papali le ea bolokolohi. Joale nako e ngata e nketsoe sebaka ke mesebetsi ea lapeng. Batsoali ba hao ba ne ba atisa ho ba ba phutholohileng ’me ho le bonolo ho bua le bona. Joale ba fela pelo habonolo, baa halefa. E, nkhono le ntate-moholo oa hao ba se ba lula le lōna, ’me lintho ha li sa le kamoo li neng li atisa ho ba ka teng.
Hase hore ha u rate nkhono le ntate-moholo oa hao. Empa ho phelisana le bona ho ka ’na ha se be bonolo ka mehla. U iphumana u felloa ke mamello, u tenoa ke lintho tse nyenyane. Mocha ea bitsoang Victoria o itse: “Batho ba baholo ba na le mokhoa oa bona oa ho itšoara. Nkhono o tla nkōpa hore ke mo tlisetse setuloana sa ho beha maoto, esita le hoja setulo sa hae sa liqhoala se na le sona. Kapa ha ke fihla lapeng ke khathetse, ke batla ho paqama hanyenyane, ho e-na le hoo eena o batla ho bua. Nkhono o tla bua le hoja re leka ho shebella thelevishene. Haeba a ka e shebella, o utloisisa boitsebiso ka ho fosahetseng, ’me re lokela ho mo hlalosetsa bona.”
Haeba nkhono le ntate-moholo kapa e mong oa bona a lula le lōna, mohlomong u khatellong e itseng le mofere-fereng. Leha ho le joalo, phutholoha—lelapa leno ha le khaohane. Le mpa le ikamahanya le boemo bo thata. ’Me u ka etsa ho hongata ho tiisa hore u ba le thabo le khotso ea kelello ka (1) ho utloisisa le ho amohela litlamo tsa hao tsa lelapa le (2) ho hōlisa “kutloelo-bohloko” ea sebele bakeng sa batsoali le nkhono le ntate-moholo oa hao.—1 Petrose 3:8, NW.
Tlamo ea Mokreste
Hase lelapa leno feela le tobaneng le boemo bona. Ka mohlala, batho ba bangata ba tsofetseng United States ba fumana thuso le tšehetso e itseng e tsoang ho bana ba bona ba hōlileng; ke hoo e ka bang batho ba baholo ba ’maloa ba behoang mekhatlong e kang mahae a kokelo.a The Intimate Environment, ea Arlene S. Skolnick, e re: “Batho ba bangata ba tsofetseng ba kopana ka mehla le bana ba bona, ba ba bona khafetsa, ebile ba retelehela ho bona linakong tsa bothata.”
Le hoja e le ha tlhaho hore motho a ikutloe a tlamehile ho hlokomela batsoali ba hae, Bakreste ba na le boikutlo bo boholoanyane ba ho itlama ho Molimo. Moapostola Pauluse o itse: “Empa ekare ha mohlolohali e mong a e-na le bana, kapa litloholo, bao ba ithute pele ho baballa ba ntlo ea bona, le ho etsa ba ba tsoetseng kamoo bona ba ba entseng kateng; hobane hona ke ho khahlehang pel’a Molimo. Ekare ha e mong a sa baballe bahabo, haholo ba ntlo ea hae, eo o latotse tumelo, ’me o fetisoa ke ea sa lumelang.” (1 Timothea 5:4, 8; bapisa le Mareka 7:10-13.) Lemoha hore bana le litloholo ba laeloa ho kenya letsoho ho hlokomeleng “bahabo” bona.
Jesu Kreste o ile a beha mohlala o motle tabeng ena. Le hoja a e-shoa lefu le bohloko thupeng ea tlhokofatso, Jesu o ile a beha lithahasello tsa hae ka thōko ’me a etsa tokisetso ea hore ’mè oa hae ea tsofalang a hlokomeloe, ka ho neha motsoal’ae Johanne kabelo ea ho mo hlokomela. Le hoja Johanne a ne a e-na le litlamo tsa bohlokoa joaloka moapostola, o ile a isa ’mè oa Jesu ha hae “ka nako eona eo.”—Johanne 19:26, 27.
Ka hona, ho hlompha batsoali ba hao ke boikarabelo le tokelo ea Bokreste. (Ba-Efese 6:2) Motsoali ha a qheleloe ka thōko hobane a se a tsofetse kapa a hloka tlhokomelo e khethehileng. (Liproverbia 23:22) Ho phaella moo, Bibele e re bolella hore re tšoare ba hōlileng ka tlhompho ka baka la bohlale le phihlelo ea bona. (Levitike 19:32; Liproverbia 16:31) E, Jehova o sebelisana ka mosa le ba hōlileng ’me o tsoela pele ho ba sebelisa tšebeletsong ea hae!—Bapisa le Joele 2:28; Liketso 2:17.
‘Ke ne ke sa Nahane hore ho ka ba Thata Hakana’
Ka lebaka la sena sohle, u ka ’na ua utloisisa hamolemonyana hore ke hobane’ng ha batsoali ba hao ba ile ba memela nkhono le ntate-moholo oa hao ho lula le lōna. Ha ho pelaelo hore pele u ile ua leka ho ba le tšepo, kapa bonyane u ile ua ba le monahano o bulehileng linthong tsohle. U ne u tseba hore u lokela ho etsa liphetoho tse itseng—haesita le ho itela. Empa ka mehla u ne u phelisana hantle le nkhono le ntate-moholo oa hao, ’me u ne u nahana hore setsoalle seo se setle se tla tsoela pele. Leha ho le joalo, ha e le mona ba se ba lula le lōna, u fumana boemo bo le thata haholo ho feta kamoo u neng u nahana ka teng.
Ena ke ntho e tloaelehileng. Linaheng tse ngata meloko e meraro—nkhono le ntate-moholo, batsoali, le bana—ka ho tloaelehileng ba lula ntlong e le ’ngoe. Ho hlokomela batsoali ba kulang kapa ba holofetseng ke karolo ea moetlo oa bona ’me ha e talingoe joaloka bothata bo boima. Empa linaheng tsa Bophirima, moo malapa ka tloaelo a atisang ho lula matlong a oona a arohileng, hangata ho lula le ba hōlileng ho bonoa e le tšitiso e khōlō. Leha ho le joalo, kholiseha hore hase uena feela eo bophelo ba hae bo ferekantsoeng. Ntle le pelaelo, e ka ’na eaba boemo bo thatanyana ho batsoali ba hao le ho nkhono le ntate-moholo ho feta kamoo bo leng ka teng ho uena.
Khatello ho Batsoali ba Hao
Nahana ka batsoali ba hao pele. U nahana hore u ne u ka ikutloa joang haeba u ne u lokela ho ba sheba ba tsofala le ho fokola ’meleng, monahanong, le maikutlong? U ka ikutloa joang haeba batho bao u neng u itšetlehile ka bona butle-butle ba se ba sa tsebe ho itlhokomela? Na hoo e ne e ke ke ea e-ba phihlelo e bohloko, e hlomolang pelo? Kahoo u ka inahanela hore na batsoali ba hao ba ikutloa joang ha ba bona sena se etsahala ho batsoali ba bona. Ka ho utloahalang, ka linako tse ling ba ka ’na ba bonahala ba soabile kapa ba halefile.
Hape batsoali ba hao e ka ’na ea ba ba fumana ho se bonolo ho phelisana le nkhono le ntate-moholo oa hao ka mehla. Hangata batho ba baholo ba retelehela ho tšoareng bana ba bona ba baholo joaloka bana ba banyenyane. (Ka mantsoe a mang, mohlomong hase uena feela ka tlung ea bolelloang hore a ‘fokotse lerata!’) Batho ba bang ba baholo ba ba le tšekamelo ea ho tletleba ka tlhokomelo ea bona—ka linako tse ling ba qose bana ba nang le boikarabelo ka ho hlokomolohuoa. Hape ba bang ba itloaelitse ho bolela litlhahiso tsa bona ho hōliseng bana, ba qosa bana ba bona ba hōlileng ka hore ba bonolo haholo kapa ba thata haholo ho hōliseng bana. Mohlomong batsoali ba hao ba tseba hantle hore nkhono le ntate-moholo oa hao ha ba leke ho ba lonya kapa ho ba sehlōhō. Empa kaha batsoali ba hao ba se ba tetse ho hongata bakeng sa bona, ba ka tenoa ke ho tšoauoa phoso leha e le hofe ho hlahang ho bona. ’Me ha ba sebelisana le nkhono le ntate-moholo oa hao ka tsela e se nang lerato le e se nang mamello, ba ka ’na ba ikutloa ba le molato ’me ba ikhalefela.
Hape e ka ’na ea ba batsoali ba hao ha ba thabele liphetoho tseo ba neng ba lokela ho li etsa mokhoeng oa bophelo. Chelete ea lelapa e ka ’na ea se lekane litlhoko tsa lelapa. Haeba batsoali ka bobeli ba sebetsa, tlhoko e eketsehileng ea tlhokomelo e ka ’na ea ba qeta matla, ea ba khathatsa. Ba ka ’na ba qobelleha ho itima menyetla ea ho ikhutsa le ea boikhathollo eo ba neng ba na le eona pele. Hape ho na le khatello ea lenyalo e ka hlahisoang ke sena sohle, haholo-holo haeba motsoali e mong a ikutloa hore o jere karolo e khōlō ea boima ba tlhokomelo.
Boemo Bophelong ba Nkhono le Ntate-moholo
Mohlomong nkhono le ntate-moholo oa hao le bona ba boemong bo tšoanang ba khatello. Bibele e re botsofali ke “litšiu tsa tlokotsi.” (Moeklesia 12:1-7) Ka ’nete, ke tlokotsi ho sheba bophelo ba hao bo botle bo fokola. Ho phaella moo, ho na le khatello ea ho behoa sebakeng se secha. Batho ba bangata ba hōlileng ba rata boinotši le ho itulela ba le bang. Ha e le hantle, buka The Intimate Environment e qotsa litsebi tse peli tse reng: “Batho ba bangata ba baholo ba batla lerato le tlhokomelo e tsoang ho bana ba bona, empa eseng hakaalo thuso ea bona ka chelete, bolulo, kapa lipontšo tse ling tsa ho fana. Ka ’nete, ba bang ba rata ho etsetsa bana le litloholo tsa bona lintho, ho e-na le hore lintho li etsetsoe bona.”
Ka hona, ho thata ho nkhono le ntate-moholo oa hao ho lahleheloa ke ho itulela ba le bang—ho qobelloa ho itšetleha ka ba kileng ba itšetleha ka bona. Kahoo u se makale haeba ho le thata ho sebelisana le bona ka linako tse ling. Erekaha ba ne ba thabela lelapa la bona—le khotso le khutso—ka lilemo tse ngata, ba ka ’na ba fumana ho le thata ho ba har’a bacha ba hlokang taolo. Ba ka ’na ba tenoa ke ’mino le puisano e lerata.
Ho hlakile: Ho ikamahanya le boemo bo bocha ke phephetso ho e mong le e mong. Leha ho le joalo, malapa a mang a Bakreste a tobane le mathata a tšoanang ’me a sebetsana le ’ona ka katleho. (Bapisa le 1 Petrose 5:9.) U ka rarolla boemo bona ka hore u bonahatse ‘litholoana tsa moea’ le “botho bo bocha” ka tekanyo e khōlō! (Ba-Galata 5:22, 23; Ba-Efese 4:24; Ba-Kolosse 3:13, 14) Ho e-na le ho aroha litsekana, sebelisanang joaloka lelapa. Tokollo ea rōna e latelang e tla tšohla tse ling tsa litsela tseo sena se ka etsoang ka tsona.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka linako tse ling ho hlokahala tlhokomelo ea mekhatlo ea tlhokomelo. Leha ho le joalo, bana ba lokela ho etela batsoali ba bona ka mehla le ho ba tšehetsa ka hohle kamoo ba ka khonang. Bona Molula-Qhooa oa June 1, 1987.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Ho lula le nkhono le ntate-moholo oa hao ho ka ’na ha bolela ho lahleheloa ke boinotši