Pono ea Bibele
Na Lefatše le Hloka “Tsela e Ncha ea ho Boleloa ha Evangeli”?
Ka Mongolli oa Tsoha! Italy
MEEA ea phetoho ea lipolotiki e ’nileng ea foka hohle Europe Bochabela e tlisitse phetoho bolumeling. E le hore ho ka fumanoa molemo monyetleng ’ona oa moea, ho bile le Seboka se Khethehileng Europe sa Lekhotla la Babishopo Vatican ho tloha ka November 28 ho fihlela ka December 14, 1991. “Bontate ba Lekhotla la Kereke” ba 137 kaofela ba buellang Kereke e K’hatholike Europe ba ile ba kopana ka morero oa “tsela e ncha ea ho boleloa ha evangeli.”
Ho tloha ha tsebiso eo ea lekhotla la kereke e etsoa ka April 22, 1990, Velehrad, Czechoslovakia, e ile ea thoholetsoa joaloka ketsahalo ea histori. Leha ho le joalo, ho thata ho nahana hore lekhotla la kereke le ka ba le katleho e thahasellisang kaha RAI e leng seteishene sa machaba sa thelevishene sa Italy se ile sa etsa tsebiso ena ka December 14, 1991: “Ka masoabi lekhotla la kereke le fihlile pheletsong ea lona.”
Ke hobane’ng ha lekhotla la kereke le bile le masoabi? Na Europe kapa lefatše lohle le hloka “tsela e ncha ea ho boleloa ha evangeli”?
E “Ncha” ka Kutloisiso Efe?
Babishopo ba K’hatholike ba nahana hore tsela e ncha ea ho boleloa ha evangeli ea hlokahala hobane tikoloho ea bolumeli e ncha. Ha mok’hadinale Camillo Ruini a ne a bula seboka o ile a akaretsa tsela eo a bonang boemo ka eona Europe. O boletse hore Bochabela “batho ba limillione ha ba e-s’o kolobetsoe ’me ba hlokomoloha linnete tsa motheo tsa tumelo ea Bokreste.” Ka baka lena “ho fela ha puso ea Bokomonisi ho butse menyetla e meholo bakeng sa ho boleloa ha evangeli bakeng sa Kereke.” Ka lehlakoreng le leng, boemo bona Europe Bophirimela bo tšoailoe ka seo a se bitsang “ho latola boteng ba Molimo ho sebetsang.” Lentsoe le tsoang Kerekeng ea K’hatholike ha le sa nkoa e le ’nete e tsoang ho Molimo.
Ho tsosolosoa hona ha bolumeli ka bohona ho fana ka phephetso ho babishopo. Ka tsela efe? Babishopo ba Europe le ba Latin America ba tšoenyehile ka ho kenella ha mekhatlo e meng ea bolumeli. Hobane’ng? Ka ho hlakileng kereke e lahlehetsoe ke maemo a mangata a phahameng ao e kileng ea ba le ’ona pele, ’me hona joale e ipona “e sokeloa ke mekhatlo e mecha e kotsi.” Buka ea Majesuite La Civiltà Cattolica e ile ea supa Lipaki tsa Jehova e le mokhatlo o mong o mocha ka lebaka la “manane a maholo a Mak’hatholike le Maprostanta ao li atlehileng ho a hohela.”
Mantsoe a phethang a “Qeto” ea lekhotla la kereke a bolela hore tsela e ncha ea ho boleloa ha evangeli e thusa “motho hore a boele a fumane se ileng sa mo susumelletsa ho ba Mokreste.” Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore Maeurope a fumane se ileng sa a susumelletsa ho ba Bakreste’? Babishopo ba boletse hore lintho tsa bohlokoa tsa Bokreste ha li sa nkoa e le tse sebetsang. La Civiltà Cattolica e itse: “Ho Maeurope a mangata a kolobelitsoeng, bolumeli ke ntho e loketseng masea, pale e monate bakeng sa bana eo batho ba baholo ba ke keng ba e nka ka botebo, joaloka hoja ke ntho e ’ngoe e ka bang le tšusumetso bophelong ba bona. . . . Maeurope a mang a bona bolumeli ba Bokreste e le moetlo o tla nyamela ha tsoelo-pele e ntse e hatela pele . . . Maeurope a mang a sa ntse a talima bolumeli ba Bokreste e le ntho e kotsi.”
Ka mabaka ana babishopo ba bona ho hlokahala “tsela e ncha ea ho boleloa ha evangeli.”
Lebaka la Masoabi
E le ho finyella katleho mabapi le “tsela e ncha ea ho boleloa ha evangeli” ea Lefatše la Khale, ho tla hlokahala mosebetsi o moholo haholo. Leha ho le joalo, bo bong ba mathata a maholo ka ho fetisisa bo amang kereke e Europe ke khaello ea baprista. E mong oa babishopo o boletse hore lilemong tse 13 tse fetileng, ho latela tekanyetso ea haufinyana bakeng sa Europe, lenane la baruti le fokotsehile ka karolo ea 9 lekholong.
Ba bangata ba nahana hore lekhotla la kereke lea nyahamisa hobane ho na le lintlha tse ’maloa tse sebetsang tabeng ea tsela ea ho qala ho etsa hore “ho nchafatsoa ha Bokreste” Europe ho sebetse. Mobishopo oa Fora Joseph Duval o ile a phehella seboka sa lekhotla la kereke: “Re lokela ho qoba lipuo tse sa utloisisoeng habonolo tse buang ka evangeli . . . Kaofela ha rōna re bua haholo joaloka babuelli ba molao. E se eka molaetsa oa rōna o ka boela ea ba molaetsa o bonolo oa evangeli le o tloaelehileng.”
Ke babishopo ba ’maloa feela ba ileng ba bua ka mokhoa oa baapostola oa ho bolella batho evangeli. Ka mohlala, Mobishopo František Tondra, oa Spiš, Czech le Rephablike ea Linaha tse Kopaneng tsa Slovak o ile a re: “Bakeng sa tsela e ncha ea ho boleloa ha evangeli Europe, re lokela ho khutlela mokhoeng oa boholo-holo oa ho bolela evangeli. . . . Bakreste ba pele, hang feela ha ba ne ba kolobetsoa ba ile ba ikutloa e le mosebetsi oa bona ho bolela Kosepele.”
Ho Bolela Evangeli—Tsela ea Bibele
Na Bakreste ba lekholo la pele la lilemo e ne e le baboleli ba evangeli? E! Evangelism in the Early Church e ngotsoeng ke Michael Green, Oxford, Engelane, e re: “E ’ngoe ea litšobotsi tse tsotehang ka ho fetisisa ho boleloeng ha evangeli mehleng ea pele e ne e le batho ba neng ba e bolela. . . . Ho bolela evangeli e ne e le tokelo le mosebetsi oa setho se seng le se seng sa Kereke. . . . Bokreste e ne e le mosebetsi o moholo ka ho fetisisa o neng o etsoa ke baromuoa ka mokhoa o tloaelehileng.”
Lentsoe “moevangeli” le bolela “’moleli oa litaba tse molemo,” ’me seo Kreste Jesu a se boletseng ka ho boleloa ha litaba tse molemo se ne se reretsoe ho sebetsa ho balateli ba hae kaofela: “Litaba tsena tse molemo [evangeli] tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle joaloka bopaki ho lichaba. Joale ke hona bofelo bo tla tla.” (Mattheu 24:14, The New Jerusalem Bible) Kahoo, mosebetsi o moholo ka ho fetisisa oa ho bolela litaba tse molemo o sa ntseng o lokela ho etsoa o tlameha ho etsoa “nakong ea bofelo.”—Daniele 12:4.
Selemong se fetileng, Lipaki tsa Jehova tse fetang limillione tse ’nè, li sebelitse lihora tse ka bang limillione tse sekete mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo lihaneng tse 211 ho kopanyelletsa le Europe Bochabela. Ke litaba life tse molemo tseo li ’nileng tsa li bolela? Ke litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo le tsa poloko ka ho lumela ho Jesu Kreste. (2 Timothea 1:9, 10) Molaetsa ona ke seo lefatše le se hlokang hona joale—pele bofelo bo fihla.—Mattheu 24:3, 14.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 26]
Jesus Preaching at the Sea of Galilee, by Gustave Doré