Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g92 7/8 maq. 26-27
  • Phephetso ho Batsoali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Phephetso ho Batsoali
  • Tsoha!—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ho Kopanela Liphate ho Tla Tiisa Kamano ea Rōna?
    Tsoha!—2010
  • Na ho Kopanela Liphate ho Tla Tiisa Kamano ea Rōna?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Nka Etsa’ng Haeba ke Hatelloa ho Etsa Thobalano?
    Likarabo Tsa Lipotso Tse 10 Tseo Bacha ba li Botsang
  • Lula U Ruta Bana ba Hao Melao e Nepahetseng ea Boitšoaro
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Bala Tse Ling
Tsoha!—1992
g92 7/8 maq. 26-27

Phephetso ho Batsoali

Lefatše le boemong ba ho hlepha boitšoarong bo bobe ho feta boo le neng le le ho bona pele. Liphatlalatso tsa khoebo tse amanang le likamano tsa botona le botšehali li tletse hohle. Limakasine tse bontšang hore basali ba tšoana le lintho tsa ho bapala li rekisoa mabenkeleng a grocery. Pina e ’ngoe ea rock e thoholetsa ho betoa ha basali ke batho bao ba laetsanang le bona. Ha e le hantle, joalokaha lintho tse bonoang le tse utluoang letsatsi le letsatsi li paka, lefatše lena le hlephile boitšoarong!

MOPROFESA oa thuto ea lelapa Greer Litton Fox o ile a hlokomela hore liketsong tsa likamano tsa botona le botšehali “tse 40 kapa tse fetang tseo hanyane” kapa likamano tsa botona le botšehali tse sa bontšoeng ka mokhoa o tobileng “tseo motho a ka li bonang thelevisheneng ho tloha ka 1:30 ho ea ho 11 mantsiboea letsatsi le letsatsi, ke tse ka tlaase ho karolo ea 5 lekholong tse etsoang ke banyalani.” Ka baka la boiteko bo matla ba ho khothalletsa likamano tsa botona le botšehali bo etsoang ke mecha ea litaba, ho bala ka litlaleho tsa “tekanyo e tšosang le liphello tse ferekanyang tsa ho ima ha bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20” ha ho makatse.

Ruri, ho batsoali ba batlelang bana ba bona se molemohali, ho ba hōlisetsa lefatšeng lena le hlephileng boitšoarong ke phephetso. Leha ho le joalo, sena ha se bolele hore bacha bohle ba kopanela likamanong tsa botona le botšehali. Liphuputso li senola hore halofo ea banana ba Maamerika ba lilemo li 15 ho ea ho 19 ba na le phihlelo ea ho kopanela likamano tsa botona le botšehali, kahoo sena se tiisa hore halofo e ’ngoe ha e na phihlelo e joalo! Ho feta moo, esita le ba bangata ho ba ileng ba kopanela likamano tsa botona le botšehali ba lakatsa eka ba ka be ba sa ka ba ho etsa. E mong o ile a ngolla mongoli oa likoranta Ann Landers a re:

“Ho ba le likamano tsa botona le botšehali le Joe (lekhetlo la pele leo ke ileng ka nkeha maikutlong a lerato) e bile ho nyahamisang, eaba ke leka ho kopanela ho tsona le Mike, hamorao le Neal, le George. Ha ke tsebe hore na ke ne ke batla eng. Ho sa tsotellehe hore na e ne e le eng, ha kea ka ka e fumana. Ke ne ke fumane likhopolo tse ngata tsa booatla limakasineng, litšoantšisong tse tsoelang pele tsa thelevishene le libaesekopong. Bophelo ba sebele bo ne bo se joalo.

“Haeba ke ne nka bua le banana ba bacha ba balang koranta ea hao, ke ne nka ba bolella hore ho kopanela likamano tsa botona le botšehali ha bacha ba leng ka tlaase ho lilemo tse 20 ha ho lokise mathata, ho baka a eketsehileng. Ha ho etse hore ngoanana a ikutloe hore oa ratoa, ho mo etsa hore a ikutloe a eiseha. Ke ne ke tla etsa hore ba tsebe hore ha ho etse hore nganana ‘e be mosali oa sebele,’ ho ka mo etsa hore a be boemong bo ka tlaase ho boo.

“Haeba ke ne nka bua le batsoali, ke ne ke tla ba susumetsa hore ba hatise boitlhompho ba botho le litekanyetso tse phahameng ho bana ba bona.”

Ha e le hantle, bacha ba nang le kamano e haufi le batsoali ba bona le ba ikutloang ba sireletsehile malapeng a habo bona le ba ikutloang hamolemo ka seo ba leng sona hase habonolo e ka bang bahlaseluoa ba boitšoaro bo bobe ho feta ba seng boemong boo. ’Me ho na le mokhatlo oa batho ba ka holimo ho limillione tse ’nè lefatšeng lohle o thusang bacha hore ba khomarele litekanyetso tse phahameng ho feta tseo ka tloaelo li lateloang kajeno.

Ka baka la linnete tsena, u ka thusa bana ba hao joang hore ba itšireletse boitšoarong bo hlephileng bo ntseng bo eketseha lefatšeng la kajeno? U ka ba thusa joang hore ba phele bophelo bo thabileng haholoanyane, bo molemo haholoanyane, le ba boitšoaro bo botle haholoanyane? Eo ke taba eo lihlooho tse peli tse latelang li buang ka eona.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela