Kereke ea Chache e Australia—Ntlo e Arohaneng
Ka mongolli oa Tsoha! Australia
KHANG e mabapi le hore na basali ba lokela ho hlomamisoa joaloka baprista Kerekeng ea Chache hase ntho e ncha ho hang. Empa haufinyane taba ena e bile khang e khōlō Australia.
Ka January 1992 mobishopo oa Canberra le Goulburn o ile a tsebisa merero ea ho hlomamisa basali ba ’maloa bao e leng badiakone ho ba baprista ba Kereke ea Chache. O ne a ke ke a emela seboka se latelang sa lekhotla la kereke. Ha e le hantle, lekhotla la kereke le ne le se le entse qeto khahlanong le litlhomamiso tse joalo ka makhetlo a mararo.
Joalokaha ho ile ha qetella ho etsahetse, basali ba leshome ba ile ba hlomamisoa mathoasong a March ho ba baprista ba Chache Perth, Australia, ho sa tsotellehe khanyetso. Ho ntse ho le joalo, ho ne ho sa makatse hore tlhokomelo e khōlō e ne e lebisitsoe sebokeng se latelang sa lekhotla la kereke. Seboka se neng se tšoeroe ka July ha sea hlahisa qeto ea makhaola khang, kahoo “seboka se khethehileng” se ile sa hlophisoa bakeng sa November 21, 1992.
Ka nako e ka etsang beke pelenyana ho sona, Lekhotla le Akaretsang la Kereke ea Chache e Engelane le ile la vouta tumellanong le ho hlomamisoa ha basali. Ba bangata ba ne ba lebeletse hore qeto ena e be le phello e susumetsang Australia. Ha lekhotla la kereke Australia le kopana, koranta e ’ngoe e ile ea re: “Ka linako tse ling khang le tsekisano tse hlokang taolo e bile tsona tse renang letsatsing le tletseng khatello.” Mopresidente oa lekhotla la kereke, pele a tsebisa phello ea likhetho, o ile a kōpa hore tsebiso e amoheloe ka khutso. Ha ho tsebisoa hore ho hlomamisoa ha basali ho amohetsoe, ba bang har’a bamameli ba ile ba hlōleha ho laola maikutlo a bona. Hang feela ha litaba li tsoela ka ntle, ho ile ha etsoa litlatse, ’me lifolaga tsa phahamisetsoa holimo.
Thabo e joalo e ne e se ea batho bohle. The Sydney Morning Herald e ile ea qotsa moarekabishopo oa Sydney a re: “Re ke ke ra tseba ho phela hammoho ka thabo . . . Ho tla ba le likarolo tse peli Kerekeng e tšoanang ea Chache.” Moruti e mong o bile a ea bohōleng ba ho bolela hore ho hlomamisoa ha basali joaloka baprista ho ne ho tšoaea hore “Kereke ea Chache e Australia e ne e qala ho arohana litsekana.”
Bibele e fana ka metheo e mengata ka likameho tse joalo. Jesu Kreste ka boeena o itse: “’Muso o mong le o mong o arohaneng ka booona o tla senyeha; ’me ha ho motse, kapa ntlo, e arohaneng ka boeona e ka emang.”—Mattheu 12:25, The New English Bible.
Sena se phahamisa potso e bonahalang e ile ea lebaloa khohlanong ena eohle ea kereke, Bibele e reng ka karolo ea basali phuthehong? Le hoja e lumela hore Jehova Molimo o nka banna le basali ba inehetseng e le ba bohlokoa ka ho lekanang, leha ho le joalo e abela banna le basali likarolo tse fapaneng phuthehong. (Ba-Galata 3:28) Sena se hlalosoa ka tsela ena ho 1 Ba-Korinthe 11:3: “Le hoja Hlooho ea monna e mong le e mong e le Kreste, hlooho ea mosali ke monna, joalokaha Hlooho ea Kreste e le Molimo.” (NEB) Ka hona, mabapi le thupello e lokiselitsoeng pel’a phutheho, Pauluse o ile a bululeloa ke Molimo ho ngola sena: “Mosali e tlameha ho ba seithuti, ea mamelang a khutsitse le ka boikokobetso bo tšoanelang. Ha ke lumelle mosali ho ba moruti, kapa hona hore mosali a laole monna.”—1 Timothea 2:11, 12, NEB.
Leha ho le joalo, sena ha sea lokela ho baka pherekano ho basali ba Bakreste hobane ba lokolohile ho ruta tšebeletsong ea phatlalatsa joalokaha ho entse basali ba kang Loise, Eunice, le Evodia, le Syntyke linakong tsa Bakreste ba pele.—Ba-Filippi 4:2, 3; 2 Timothea 1:5.