Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g92 7/8 maq. 15-17
  • Ho Hlompha Basali ka Phuthehong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hlompha Basali ka Phuthehong
  • Tsoha!—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke “Lijana tse Fokolang” Joang?
  • Ke Eng e Hlokahalang e le Hore Phetoho e ka ba Teng?
  • “Pitsa e Fetisang ka ho Fokola”—Na ke Thohako ho Basali?
    Tsoha!—1994
  • Tataiso e Bohlale Bakeng sa Banyalani
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Ho Bontša Lerato le Tlhompho Joaloka Monna
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Karolo e Hlomphehang ea Monna le Mosali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Tsoha!—1992
g92 7/8 maq. 15-17

Ho Hlompha Basali ka Phuthehong

HO BAKRESTE Bibele e lokolisa tatellano ea bohlooho ba puso ea Molimo, Kreste o ikokobelletsa Molimo, monna o ikokobelletsa Kreste, ’me mosali o ikokobelletsa monna oa hae. (1 Ba-Korinthe 11:3) Leha ho le joalo, boikokobetso bona ha bo bolele bohatelli. Le ka mohla bohlooho ka lapeng ha bo batloe ka mahahapa, ebang ke ka ho hlokofatsa ’meleng, kelellong kapa ka puo ea molomo. Ho feta moo, bohlooho ba Bokreste ke bo lekanyelitsoeng ’me ha bo bolele hore monna e ka ba mohatelli ea inkang a sa etse liphoso.a Ho tseba hore na ke joang hona neng u ka reng “Ntšoarele, u ne u nepile” ho ka thusa manyalo a mangata ho ba a khathollang le a tšoarellang ka nako e telele. Leha ho le joalo, ho thata hakaakang ho bua mantsoe ao a bontšang boikokobetso!—Ba-Kolosse 3:12-14, 18.

Likeletso tsa nako le nako tsa baapostola ba Bakreste Pauluse le Petrose li re hopotsa ka mohlala oa Kreste. Monna o ikhapela tlhompho ka mohlala oa hae o khathollang ha a ntse a etsisa mohlala o behiloeng ke Kreste, kaha “monna ke hloho ea mosali, joale ka ha Kreste le eena e le hloho ea Kereke [“phutheho,” NW], ’me ke eena ’Moloki oa ’mele oa hae.”—Ba-Efese 5:23.

Keletso ea Petrose ho banna ke e hlakileng: “Lōna banna, tsoelang pele ho phela le bona [basali ba lōna] ka mokhoa o tšoanang ho latela tsebo.” (1 Petrose 3:7, NW) Phetolelo ea mehleng ea kajeno ea Sepanishe e ngola khopolo ena tjena: “Mabapi le banna: e bang le bohlale bophelong boo le bo arolelanang, le bontše ho nahanela mosali.” Mantsoe ana a akarelletsa litšobotsi tse ngata, ho kopanyelletsa le ho ba hlokolosi kamanong ea lenyalo. Monna ha aa lokela ho talima mosali oa hae joaloka ntho ea ho khotsofatsa takatso ea botona le botšehali. Mosali e mong ea ileng a hlokofatsoa ka ho hleka-hlekoa ka likamano tsa botona le botšehali ha a sa le monyenyane o ile a ngola: “Ke lakatsa eka le ka be le bua ka ho eketsehileng ka tšehetso eo monna a ka e nehang mosali oa hae ea bileng le phihlelo ena. Seo bongata ba rōna basali re se hlokang feela ke ho tseba hore re ratoa e le ka ’nete le ho tsotelloa, e seng hore re teng bakeng sa ho khotsofatsa takatso ea nama ea motho e mong kapa ho ba mohlokomeli oa ntlo, ea se nang kamano ea maikutlo.”b Lenyalo le ile la theoa ke Molimo e le hore banna le basali e ka ba metsoalle le bathusani. Ena ke taba ea ho sebelisana ’moho le ho hlomphana.—Genese 2:18; Liproverbia 31:28, 29.

Ke “Lijana tse Fokolang” Joang?

Petrose o boetse o eletsa banna hore ba hlomphe basali ba bona “joaloka lijana tse fokolang, motho e motšehali.” (1 Petrose 3:7, NW) Ebe Petrose o ne a bolela eng ha a re mosali ‘ke sejana se fokolang’? Ha e le hantle, ka kakaretso mosali ha a matla joaloka monna. Phapang ea sebōpeho sa masapo le mesifa ke eona e bakang phapang ena. Empa ha re bua ka matla a ka hare a boitšoaro, teng mosali ha a fokole ho feta monna. Ka lilemo-lemo basali ba ile ba mamella maemo ao mohlomong banna ba bangata ba neng ba ke ke ba a mamella ka nakoana feela—ho kopanyelletsa ho hlekefetsoa ke molekane ea bohale kapa eo e leng lekhoba la tahi. Ak’u nahane ka seo mosali a se mamellang hore a belehe ngoana, ho kopanyelletsa le lihora tse ngata tsa mosebetsi nakong ea pelehi! Monna leha e le ofe ea leng seli ea boneng mohlolo oa pelehi o lokela ho ba le maikutlo a eketsehileng a tlhompho bakeng sa matla a ka hare a mosali oa hae.

Tabeng ena ea matla a ka hare a boitšoaro, Hannah Levy-Haas, Mojode ea neng a koalletsoe kampong ea mahloriso ea Nazi ea Ravensbrück o ile a ngola bukeng ea hae ea liketsahalo tsa letsatsi le letsatsi ka 1944: “Ntho e nkhopisang haholo ke ho bona hore banna ba fokola ka ho fetisisa ’me ba hlōleha ho mamella mathata ka sebete ho feta basali—hangata ’meleng le boitšoarong. Kaha ba hlōleha ho itšoara, ba bontša ho haelloa ke matla a boitšoaro hoo motho a ka ba qenehelang.”—Mothers in the Fatherland, e ngotsoeng ke Claudia Koonz.

Phihlelo ena e bontša hore ha ho motheo o tiileng oa ho khetholla basali hobane feela mohlomong ba fokola ’meleng. Edwin Reischauer o ngotse: “Mehleng ea joale, ka kakaretso hoa lumeloa hore basali ba na le matla a boikemisetso le a kelello a fetang a banna.” (The Japanese) Matla ana a ka sebelisoa ka phuthehong ea Bokreste ha basali ba hōlileng ba ka tseba ho thusa basali ba bang ba nang le khatello ea maikutlo. Ka sebele, maemong a mang, ho bonolo ho mosali ea ileng a hlekefetsoa ho retelehela ho mosali ea hōlileng ho feta ho monna bakeng sa thuso. Haeba ho hlokahala, ho ka atameloa moholo oa Mokreste bakeng sa tataiso e eketsehileng.—1 Timothea 5:9, 10; Jakobo 5:14, 15.

Boikutlo bo bakang khatello ea maikutlo ho mosali bo amana le “nako ea ho ilela khoeli” ’me bo tšoenya basali ba bangata. Mosali e mong oa Mokreste Betty, o ile a re: “Rea tseba hore joalokaha moapostola Petrose a ngotse, hore maemong a mang re ‘lijana tse fokolang,’ motho e motšehali, motho oa sebōpeho se tetemang haholoanyane. Empa seo ha se bolele hore moeta-pele kapa mohlokomeli e lokela ho ba motho ea sa tenyetseheng kapa ea laolang boitšoaro ba rōna, ’me a amahanye liketso tsohle tsa rōna tsa bosali le boemo ba rōna ba ho ilela khoeli. E, re bohlale ’me re batla ho mameloa ka tlhompho.”

Hase basali bohle ba amehang kapele maikutlong, joalokaha e se banna bohle ba sa ameheng maikutlong. Motho ka mong o lokela ho nahaneloa a le mong. Betty ea qotsitsoeng pelenyana o ile a bolella Tsoha!: “Ha ke rate ho beoa sehlopheng se itseng hobane ke le motho e motšehali. Ke ile ka bona banna ba lla ’me ba ameha maikutlong. Ho na le basali ba bang ba sa ameheng maikutlong. Kahoo banna ba ke ba re mamele ka maikutlo a matle ka ntle le ho nahana ka botšehali ba rōna.”

Ke Eng e Hlokahalang e le Hore Phetoho e ka ba Teng?

Haeba ho tla ba le phetoho e molemonyana, batho ba bang ba bolela hore ha hoa lekana hore basali ba etse matšolo a boipelaetso mabapi le litokelo tsa bona le toka; kapa hona hore ho lekane hore banna ba bontše ho hloka khethollo le ho hlompha basali. Tloaelong e ’ngoe le e ’ngoe le tikolohong, banna ba lokela ho hlahlobisisa karolo ea bona boemong boo le ho ipotsa hore na ke eng seo ba ka se etsang ho etsa hore bophelo ba basali e be bo thabileng haholoanyane le bo khathollang.—Mattheu 11:28, 29.

Mongoli le moqapi oa lithothokiso Katha Pollitt o ile a ngola ho Time: “Ha e le hantle, banna ba bangata ha ba bete basali ba bona, ha ba ba shape kapa hona ho ba bolaea. Empa joalokaha ba bangata ba bona ba nahana, sena ha se bolele hore ha ba amehe pefong e khahlanong le basali. E mong le e mong ho rōna bophelong ba letsatsi le letsatsi o thusa ho fetola mehopolo le maikutlo a hlalosang meeli e lumelletsoeng. . . . Ke bua ka banna ba itlhahlobang ka ho tebileng, ba phephetsang leeme la bona le litokelo, ba phethang karolo ea bona ka ho hlokang leeme boemong bo bobe boo re iphumanang re le ho bona.”

Empa le hoja banna bohle lefatšeng ba ne ba ka etsa liphetoho tse potlakileng boikutlong ba bona ka basali, seo le sona e ne e ke ke ea e-ba tharollo e felletseng ea leeme le hlokofatsang moloko oa batho. Hobane’ng? Hobane banna ke bona ba bakang leeme le sehlōhō eseng ho basali feela, empa le ho banna ba bang. Ntoa, pefo, lipolao, lihlopha tse hlometseng ho bolaea lira tsa lipolotiki le boferekanyi li sa ntse li le teng linaheng tse ngata. Se hlokahalang ke tsamaiso e ncha ea puso bakeng sa lefatše lohle. Ho hlokahala le thuto e ncha bakeng sa moloko ’ohle oa batho. Ke seo Molimo o se tšepisang ka ’Muso oa oona o tla busa lefatše ho tsoa leholimong. Ke nakong eo moo toka ea ’nete le ho lekana ha batho bohle ho tla ba teng—banna, basali le bana. Ke nakong eo feela ho hlomphana ho tla ba teng pakeng tsa banna le basali. Bibele e hlalosa sena tjena ho Esaia 54:13, (NW): “Bara ba hao kaofela [le barali] e tla ba batho ba rutoang ke Jehova, ’me khotso ea bara ba hao e tla ba e khaphatsehang.” E, thuto e nepahetseng ka melao-motheo e lokileng ea Jehova e tla tlatsetsa tabeng ea ho hlomphana lefatšeng le lecha.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona “Ke’ng se Boleloang ke Boikokobetso Lenyalong?” ho Molula-Qhooa oa December 15, 1991, maqephe 19-21.

b Bona Tsoha! ea October 8, 1991, maqephe 3-11; April 8, 1992, maqephe 26-9.

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Hangata basali ba hōlileng ba ka fana ka keletso e molemo

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Ho arolelana mesebetsi ea lelapa ke tsela e ’ngoe eo monna a ka bontšang mosali oa hae tlhompho

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela