Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g02 5/8 maq. 19-20
  • Ntho eo Kaofela re e Hlokang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ntho eo Kaofela re e Hlokang
  • Tsoha!—2002
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na “Bolumeli ba Motho ka Mong” ke Tharollo?
    Tsoha!—2002
  • Na Bolumeli Leha e le Bofe bo Lokile?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Bolumeli—Molemo oa Bona ke Ofe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Ho Etsahala’ng ka Likereke?
    Tsoha!—2007
Bala Tse Ling
Tsoha!—2002
g02 5/8 maq. 19-20

Ntho eo Kaofela re e Hlokang

U HLOKA LIJO. U hloka metsi. U hloka moea. U hloka ntlo le tšireletseho e itseng ha boemo ba leholimo bo le bobe. Hase batho feela ba hlokang lintho tsena, empa le lintho tsohle tse limilione tse likete tse phelang lefatšeng lia li hloka. Leha ho le joalo, ho na le ntho e le ’ngoe eo e leng batho feela ba e hlokang. Ke efe eona eo?

Setsebi sa likamano tsa batho sa Mocanada, Reginald W. Bibby o ngotse: “Batho ba na le litlhoko tse ka khotsofatsoang feela ke bolumeli.” Tokollong ea February 2000, koranta ea American Sociological Review e ile ea hatisa sehlooho se nang le taba e reng: “Ho bonahala eka motho o tla lula a nahana ka lithahasello tsa moea.”

E, ho pholletsa le histori, batho ba ’nile ba ba le maikutlo a hore ho hlokahala hore ba rapele. Ka makholo a lilemo, ba bangata e bile litho tsa bolumeli bo hlophiselitsoeng ho khotsofatsa tlhoko eo. Empa lintho lia fetoha. Lichabeng tse ngata tse tsoetseng pele indastering—tse kang tsa Amerika Leboea le Europe Leboea—batho ba bangata ba furalla likereke. Na mokhoa oo o bolela ho fela ha bolumeli? Che.

Koranteng ea Sweden e bitsoang Svenska Dagbladet ho ngotsoe sena: “Litlaleho tse buang ka ho fela ha bolumeli li feteletsa litaba haholo.” Ke eng e nkelang likereke tse tloaelehileng sebaka? Koranta ena e tsoela pele: “Mokhoa o mocha ke oa hore ha re litho tsa kereke efe kapa efe. Ho e-na le hoo, re ka ikhethela litumelo tseo re li ratang malumeling a fapaneng lefatšeng ebe rea li kopanya re iketsetsa tsa rōna. . . . Li ka akarelletsa ntho efe le efe, ho sa tsotellehe hore na ke likristale tse folisang kapa seaparo sa moitlami oa monna oa Mobuddha. Ha u khathala ke seo u ikhethetseng sona, u ka se chencha habonolo feela hore u se rate.”

Bafuputsi ba likamano tsa litho tsa bolumeli ba bitsa mokhoa ona “bolumeli ba motho ka mong” kapa “bolumeli bo sa bonahaleng.” Setsebi sa likamano tsa batho, Bibby ea qotsitsoeng ka holimo o ile a qapa poleloana e reng “bolumeli bo lumellanang le litakatso tsa motho ka mong.” Ba bang ba re malumeli a joalo ke a “lumellanang le litakatso tsa motho ea itseng” kapa “a eang ka hore na motho o rata eng.” Linaheng tseo ka tloaelo e leng tsa Bokreste, sehlopha sa bolumeli se seholo ka ho fetisisa hona joale ke sa batho bao ha e le hantle ba nang le bolumeli ba bona ba le bang.

Nahana ka liphello tsa phuputso e ileng ea etsoa Sweden, e leng e ’ngoe ea linaha tse sa sekamelang bolumeling lefatšeng. Phuputsong ena ho fumanoe hore batho ba babeli ho ba bararo ba inka e le Bakreste “ka tsela eo bona ba ikhethetseng eona.” Ba bang ba itse: “Ke na le mokhoa oa ka ke le mong oa ho talima Bokreste,” “Ha ke lokolohe ha ke le kerekeng,” “Ha ke rate ho ea kerekeng le ho mamela baprista,” kapa “Ke khona ho kena ka kamoreng ea ka ke le mong ’me ke ithapelle.” Ba bangata ba ne ba lumela thuto ea ho tsoaloa hangata kapa ea boemo bo ke keng ba qojoa. Ba bangata ba itse ba na le tumelo ea hore e ka ’na eaba ho na le matla a itseng a bomolimo a teng empa ba sitoa ho a hlalosa.

Phuputsong e ’ngoe ho fumanoe hore batho ba bangata ba ntša maikutlo a bona ka bolumeli ha ba le ka ntle, ba thabela botle ba tlhaho. Mosali e mong e mocha oa sehoai o itse: “Ke nahana hore ha u le libakeng tsa mahaeng, ke hona ha u le haufi le Molimo.” Motho e mong ea ileng a botsoa lipotso, ea neng a inka e se molumeli, o ile a hlalosa: “Ha ke le morung, ke utloa eka ke ka har’a tempele e khōlō. . . . Hore na ke mang ea ikarabellang ho eona, ha ke tsebe, empa boikutlo boo bona ke ba le bona.” Ba bang ba re tlhaho ea halalela, e entsoe ke Molimo ’me ea hlolla, ba bile ba re ho ba ho eona ho ba fa matla a macha, khotso le khutso. Ha a akaretsa taba, e mong oa ba neng ba botsa batho lipotso o ile a phetha tlaleho ea hae tjena: “Molimo a ka fumanoa morung.”

Mokhoa ona o bonahala linaheng tse ngata lefatšeng kajeno. Thomas Luckmann, setsebi sa likamano tsa litho tsa bolumeli sa Leamerika, o ile a re lichabeng tse tsoetseng pele, bolumeli ba kereke bo nketsoe sebaka ke “mofuta oa bolumeli o lumellanang le maemo a motho ka mong.” Ha e le hantle, motho ka mong o iqapela mokhoa oa bophelo ka ho ikhethela likhopolo tse itseng litabeng tsa bolumeli e be o li kopanya le tse ling ho iketsetsa bolumeli ba hae bo khethehileng.

U ka ’na ua ipotsa, ‘Na malumeli a tloaelehileng le likereke li qheleloa ka thōko sechabeng? Haeba ho joalo, ke hobane’ng?’ Lipotso tsena li tšohloa sehloohong se latelang.

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Ha a bua ka tloaelo ea morao tjena ea ho batla lintho tsa moea tlhahong, mofuputsi e mong o ile a etsa qeto ena: “Molimo a ka fumanoa morung”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela