Bacha Baa Botsa . . .
Ke Hobane’ng ha ho le Thata Hakaale ho Sebelisana le Motho eo ke Lulang le Eena?
“Ke motho ea makhethe haholo. Empa ha ke fihla hae, ke fumana motho eo ke lulang le eena a itahletse fatše a shebeletse TV—hohle mona ho tletse lipampiri le liqhome. Nako le nako ha ke tla hae, ka kelellong ke ba le setšoantšo sa hore na ke il’o fumana ho le joang, ebe ke re ka pelong, ‘ke utloa ke sa batle ho kena ka mono.’”—David.
“Motho eo ke neng ke lula le eena e ne e le ngoana ea neng a bokotsoa habo. Ke bona eka o ne a nahana hore ho na le motho eo re mo hirileng ea re sebeletsang. Hape o ne a batla hore ka linako tsohle lintho li etsoe ka tsela ea hae.”—Renee.a
SEHLOOHO se ho U.S.News & World Report se itse: “Ho ithuta ho mamella mokhoanyana o itseng oa motho eo u sa mo tloaelang ho ka ’na ha u ruta . . . ho tenyetseha le ho inehela. Empa hangata ho bohloko nakong eo u tlamehang ho ithuta sena.” Ba kileng ba e-ba le batho bao ba lulang le bona ba ka lumela.
Liithuti tse ngata tsa univesithi li lula le e mong e le ho fokotsa litšenyehelo tse phahameng tsa ho kena sekolo. Bacha ba bang ba khetha ho lula le e mong hobane ba sa batle ho ba tlas’a taolo ea batsoali. Ho bacha ba Bakreste, ba bangata ba lula le e mong molemong oa ho phehella lithahasello tsa moea. (Matheu 6:33) Ba fumana hore ho arolelana litšenyehelo tsa bolulo le e mong ho ba nolofaletsa ho ba baboleli ba nako e tletseng. Ka linako tse ling, ho lula le e mong ke karolo ea bophelo ba baromuoa le ba sebeletsang liofising tsa makala tsa Lipaki tsa Jehova.b
Tsoha! e ile ea bua le bahlankana le baroetsana ba ’maloa ba kileng ba lula le ba bang. Kaofela ba ile ba lumela hore motho eo u lulang le eena a ka etsa se fetang feela ho u thusa ho lefa rente—e ka ba motsoalle, eo u ka qoqang le eena le ho etsa lintho le eena. Lynn oa hopola: “Re ne re robala bosiu re ntse re shoahla litaba tsa banana kapa re shebeletse lifilimi.” Renee o re: “Motho eo u lulang le eena a ka boela a u khothatsa. Ka linako tse ling ho monate ho ba le motho eo u lulang le eena ea u khothatsang ha u ntse u sebetsa, u leka ho lefella litšenyehelo tse ling le hona ho etsa boboleli.”
Leha ho le joalo, ho lula le motho—haholo-holo eo ha le qala ho lula hammoho u neng u sa mo tsebe—e ka ba phephetso e khōlō. Mabapi le bophelo ba kolecheng, U.S.News & World Report e itse: “Ho sa tsotellehe boiteko bo matla ba likolo tse ngata ba ho leka ho lulisa hammoho bana ba batlang ba e-na le lithahasello tse tšoanang, ho ntse ho e-ba le liphello tse sa thabiseng.” Ka sebele, khohlano e bang pakeng tsa bana ba koleche ba lulang hammoho e ’nile ea hōla ho fihlela e fetoha pefo! Ka lebaka leo, Internet e butse mocha oa phatlalatso oo ho oona liithuti li buang phatlalatsa ka mathata a tsielehisang a ho lula le motho e mong ao ho bonahalang a sa fele. Ke hobane’ng ha hangata ho lula le e mong ho e-ba thata?
Ho Lula le Motho eo U sa mo Tsebeng
Mark o re: “Ho lula le motho eo u sa mo tsebeng ke ntho e thahasellisang. Ha u tsebe hore na ha e le hantle ke motho oa mofuta ofe.” Ka sebele, hoa tšosa ho nahana hore u ka ’na ua lula le motho eo e leng lintho tse seng kae tseo le li thahasellang le le babeli kapa eo le thahasellang lintho tse sa tšoaneng ka ho feletseng. Ke ’nete hore Bakreste bona ba lokela ho ba le lintho tse ngata tseo ba tšoanang ka tsona le lintho tse ngata tseo ba ka qoqang ka tsona. Leha ho le joalo, David oa lumela: “Ke ne ke tšaba lintho tse ngata ka taba ea ho lula le e mong.”
Leha ho le joalo, ho ile ha etsahala hore David a lule le motho ea tsoang toropong joaloka eena. Empa hase batho bohle ba lulang hammoho ba tšoanelanang hantle hakaalo. Mark o re: “Motho oa pele eo ke neng ke lula le eena o ne a sa bue haholo. Ha u lula ka kamoreng e le ’ngoe le motho, kannete u batla ho qoqa. Empa o ne a sa qoqe. Ho ile ha ntula habohloko.”
Limelo tse sa tšoaneng le tsona li ka baka mathata a mang. Lynn o re: “Ha u tsoa lapeng, u batla ho etsa lintho ka tsela ea hao. Empa ka potlako u fumana hore u lokela ho nahanela batho ba bang.” Ruri ha u tsoa boemong bo sireletsehileng ba lapeng, u ka makatsoa ke ho fumana kamoo batho ba bang ba talimang lintho ka tsela e fapaneng kateng.
Limelo le Mekhoa e Fapaneng
Ntho e ka sehloohong ke hore na batsoali ba koetlisitse ngoana na—kapa ha baa mo koetlisa. (Liproverbia 22:6) Fernando e mocha o re: “Ke motho ea makhethe, ’me motho eo ke neng ke lula le eena o ne a le bohlasoa. Mohlala ke oa otoropo: O ne a rata ho lahlela liphahlo feela. Ke ne ke rata ho fanyeha liphahlo hantle.” Ka linako tse ling tsela ea ho etsa lintho e ba e fapaneng haholo.
Renee oa hopola: “Nkile ka lula le motho eo kamore ea hae ea ho robala e neng eka ke thotobolo! Hape nkile ka lula le ba bang ba neng ba sa hleke tafole ka mor’a ho ja, kapa ba siea lijana ka sinking matsatsi a mabeli kapa a mararo.” E, ha ho tluoa tabeng ea mosebetsi oa ka tlung, ho bonahala ba bang e le ba tšoaneloang ke mantsoe a ho Liproverbia 26:14: “Lemati le ntse le tsamaea holim’a ase ea lona, ’me ea botsoa o ntse a fetoha holim’a setulo sa hae se kang bethe.”
Ka lehlakoreng le leng, ho lula le motho ea makhethe ka ho feteletseng le teng ho ntse ho ka se thabise. Moroetsana ea bitsoang Lee o re ka e mong oa bao a kileng a lula le bona: “Ho ea ka eena, re ne re lokela ho hloekisa hora e ’ngoe le e ’ngoe. Ha e le hantle ha ke motho ea bohlasoa, empa ka linako tse ling ke ne ke ee ke siee lintho tse kang libuka holim’a bethe. ’Me o ne a nka hore o lokela ho nkenya tseleng.”
Batho ba lulang hammoho ba ka boela ba e-ba le maikutlo a fapaneng tabeng ea bohloeki. Mark oa hlalosa: “Motho eo ke lulang le eena o tsoha nako e se e ile haholo. O mathela sinking, a fafatse hlooho ka metsi ebe e se e le ha a ile.”
Limelo le botho bo fapaneng li ka ama khetho ea motho ea boithabiso le boikhathollo. Mark o re ka eo a lulang le eena: “Ha re rate ’mino o tšoanang.” Leha ho le joalo, ha batho ba hlomphana, ho se tšoane ho joalo ho ka ba tsoela molemo, mohlomong ho ba thuse ka bobeli hore ba rate le mefuta e meng. Empa hangata ho se tšoane ho tjena ho baka khohlano. Fernando o re: “Ke rata ’mino oa Masepanishe, empa motho eo ke lulang le eena o lula a o soma.”
Bothata ba Thelefono
Tšebeliso ea fono e ka ba se seng sa lisosa tse khōlō tsa liqabang. Mark o re: “Ke batla ho robala. Empa motho eo ke lulang le eena o bua fonong ho fihlela bosiu. Ka mor’a nako sena se ka tena.” Lynn le eena oa hopola: “Ka linako tse ling metsoalle ea motho eo ke lulang le eena e ne e founa ka hora ea boraro kapa ea bone hoseng. Haeba a le sieo, ke ne ke tlameha ho tsoha ke arabe fono eo.” Ba ile ba rarolla bothata boo joang? “Re ile ra etsa hore e mong le e mong a be le fono ea hae.”
Empa hase bacha bohle ba ka khonang ho ba le lifono tsa bona, ’me ba bangata ba tlameha ho e kopanela le ba bang. Sena se ka etsa hore ka linako tse ling maemo e be a tsitsipano. Renee oa hopola: “E mong eo nkileng ka lula le eena o ne a e-na le mohlankana, ’me hangata o ne a lula fonong lihora tse ngata. Khoeling e ’ngoe, sekoloto sa fono se ile sa feta R1 000. O ile a lebella hore re e arolelane kaha re ne re ile ra lumellana hore re tla arolelana sekoloto sa eona ka ho lekana.”
Ho fumana monyetla oa ho sebelisa fono ka bohona e ka ba bothata bo bong. Lee oa hopola: “Ke ne ke lula le motho e moholo ho ’na. Re ne re e-na le fono e le ’ngoe. Kaha ke ne ke e-na le metsoalle e mengata, ke ne ke lula fonong. Ho ne ho se mohla a tletlebang ka sena. Ke ne ke nahana hore haeba a batla ho sebelisa fono, o tla mpolella. Ke hona ke elelloang hore ke ne ke sa mo nahanele.”
Ho se be le Nako ea Boinotši
David o re: “Motho e mong le e mong o batla nako ea ho ba mong. Ka linako tse ling ke batla ho roba monakeli, ke se ke ka etsa letho.” Leha ho le joalo, ho fumana nako ea ho ba mong ho ka ba thata ha u lula le motho e mong. Mark oa lumela: “Ke rata ho ba mong ka nako e ’ngoe. Ka hona, bothata bo boholo boo ke thulanang le bona ke ba ho hloka nako ea boinotši. Ke na le kemiso e tšoanang le ea motho eo ke lulang le eena. Ka lebaka leo, ho thata ho ba le nako ea boinotši.”
Ka linako tse ling le Jesu Kreste o ne a batla ho ba mong. (Matheu 14:13) Ka hona, boemo e ka ba bo nyahamisang ha u thatafalloa kapa u sitoa ho bala, ho ithuta kapa ho thuisa ha motho eo u lulang le eena a le teng. Mark o re: “Ho thata ho ithuta kaha o lula a etsa ho hong. O na le baeti, o fonong, o shebeletse TV kapa o mametse seea-le-moea.”
Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe boima bo bakoang ke ho mamella motho eo u lulang le eena, bacha ba likete ba atlehile ho mamella. Lihlooho tse latelang letotong lena li tla tšohla litsela tse ling tse sebetsang tse ka etsang hore ho lula le motho e mong e be ho thabisang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe.
b Le hoja keletso ena e lebisitsoe ho bacha, e ntse e ka thusa le ba hōlileng ba tlamehang ho lula le motho e mong ka lebaka la maemo a fetohileng, a kang a ha motho a hlokahaletsoe ke molekane.
[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]
Ho rata ’mino o sa tšoaneng ho ka baka mathata
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Ho se nahanele ho ka baka tsitsipano