Bacha Baa Botsa . . .
Nka Fumana Motho ea Nepahetseng eo Nka Lulang le Eena Joang?
“Haeba ke ne ke se na batho bao ke lulang le bona, ke ne ke tla hlōleha ho sebeletsa ke le moevangeli oa nako e tletseng, ho lefa chelete ea rente le litšenyehelo tse ling.”—Lynn.a
HA BACHA ba tloha lapeng, hangata ba tšosoa ke litšenyehelo tseo ba bang le tsona ‘lefatšeng la sebele.’ Ho ba bangata, tsela ea ho thulana ka katleho le ho tura ha lintho ke hore motho a arolelane litšenyehelo le motho a le mong kapa ba eketsehileng bao a lulang le bona.
Empa joalokaha sehlooho se fetileng letotong lena se bontšitse, ho lula le motho e mong—haholo-holo haeba u sa mo tloaela—e ka ba phephetso ea sebele.b Ho joalo esita le har’a bacha ba Bakreste ba lulang hammoho e le hore ba ka sebeletsa e le baevangeli ba nako e tletseng. Ho sa tsotellehe hore na boemo ba hao ke bofe, haeba u nahana ka ho lula le motho e mong, ho ka ba molemo ho sebelisa “bohlale bo sebetsang” ha u khetha motho eo.c—Liproverbia 3:21.
Kotsi ea Litloaelano Tse Mpe
Bacha ba hōlileng ba batla batho ba ka lulang le bona libotong tsa boitsebiso le liphatlalatsong tsa likoranta le ho Internet. Empa mehloli e joalo ke sefi bakeng sa bacha ba Bakreste. Mehloli e joalo e ka qetella e entse hore u kopane le batho ba lumelang lintho tse fapaneng le tseo u li lumelang, boitšoarong le litekanyetsong. Na ho batla ho lula le motho ea nang le tumelo e tšoanang le ea hao e tla be e le ho talima litaba ho tsoa lehlakoreng le le leng kapa ho khetholla batho ba tumelo e fapaneng le ea hao? Che, ke bohlale ho etsa joalo. Bibele ka boeona ea eletsa: “Litloaelano tse mpe li senya mekhoa e metle.”—1 Bakorinthe 15:33.
Ak’u nahane ka moroetsana e mong ea bitsoang Lee. E ne e e-s’o be Mokreste ea kolobelitsoeng ha a qala ho lula dometering ea univesithi. Oa hopola: “Tikoloho eo e ne e le kotsi. Ka linako tse ling metsoalle e meng ea ka e ne e fumana batho ba lulang le eona kamoreng ba kopanetse liphate.” Kapele, ho lula sebakeng se joalo ho ile ha qala ho ba le tšusumetso e mpe bophelong ba Lee. Oa lumela: “Ke ile ka lahleheloa ke liboka tse ngata tsa Bokreste.” Ha ho makatse hore ebe hanyane ka hanyane boitšoaro ba hae bo ile ba senyeha. O re: “Ka letsatsi le leng ke ile ka iphumana ke rohakana, ’me ngoananyana e mong a re ho ’na: ‘Na Jehova o amohela puo e joalo?’” Ho ne ho hlabisa lihlong hakaakang! Ka lehlohonolo, Lee o ile a tloha tikolohong eo e mpe ’me a qala ho hatela pele moeeng. Empa phihlelo ea hae e bontša kotsi ea ho lula le batho ba sa hlompheng litekanyetso tsa hao.
Ho Fumana Motho ea Tšoanelehang ea ka Lulang le Uena
U ka mo fumana hokae? Qala ka ho sheba phuthehong ea heno ea Lipaki tsa Jehova. Ntho e thahasellisang ke hore, hangata baevangeli ba nako e tletseng ba teana le bacha ba bang bao likelello tsa bona li sekametseng linthong tsa moea likolong tse fapa-fapaneng le libokeng tse tšoareloang baboleli ba nako e tletseng ka ho khetheha.d Batsoali, baholo ba phutheho ea heno, balebeli ba potoloho le ba bang ba ka thusa; ho ka ’na ha etsahala hore ebe ba tseba bacha ba bang ba ka tšoanelehelang ho lula le uena.
Ho tsebisa ba bang hore u batla motho ea ka lulang le uena ho ka u tsoela molemo. Ha batho ba bangata ba tseba seo u se hlokang, ho ka ’na ha etsahala hore u se fumane. (Moeklesia 11:6) Ho feta moo, kōpa thuso ho Jehova ha u batla eo u ka lulang le eena, ’me u kholisehe hore o tla hlohonolofatsa boiteko ba hao.—1 Johanne 5:14, 15.
Ho Batla Boitsebiso bo Nepahetseng
Ha u se u fumane motho ea ka lulang le uena, ho ka etsahala hore u potlakele ho lula le eena hang-hang. Empa ho bohlale ho etsa lipatlisiso pele. Na motho eo o “buuoa hantle ke barab’abo rōna” phuthehong ea habo? (Liketso 16:1, 2) Mohlomong uena le batsoali ba hao le ka buisana ka ho toba le batho ba tšoanelehang moeeng ba mo tsebang. U ka botsa: ‘Ebe motho eo o na le botumo ba mofuta ofe? Na o tsitsitse maikutlong le moeeng? Na o kopanela mosebetsing oa boboleli le ho fana ka litlhaloso libokeng? Na motho eo o tsebahala ka boitšoaro bo botle?’
Hopola hore “ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa.” (Liproverbia 13:20) David o re: “Motho eo ke lulang le eena o sekametse haholo linthong tsa moea. Seo se nthusa ho tsoela pele moeeng.” Ka ho tšoanang, Renee, ea lutseng le batho ba bangata, o re: “Ba bang ba batho bao ke neng ke lula le bona ba ne ba re re bale hammoho khaolo e le ’ngoe ea Bibele bosiu bo bong le bo bong. Kaha batsoali ba ka e ne e se Lipaki, ha ho mohla re kileng ra ba le thuto ea lelapa ea Bibele. Kahoo ho ba le ‘thuto ea lelapa’ le motho ea lulang le ’na e ne e le ntho e thabisang haholo ho ’na!” E, motho ea lulang le uena ea ratang lintho tsa moea joaloka uena e ka ba tlhohonolofatso ea sebele.
Ho Buisana ka Lintho
Ho latelang ke ho kopana le motho eo ’me le tšohle litaba. Ho buisana ho joalo ho tla u thusa ho etsa qeto ea hore na le tšoanelana hakae bothong ba lōna. Ho thahasellisang ke hore tlaleho e neng e ngotsoe koranteng ea Communication Research Reports e boletse hore batho ba lulang ’moho ’me ba e-na le mekhoa e tšoanang ea ho buisana “ho ile ha fumanoa lenane la bona le phahame har’a batho ba neng ba bolela hore ba thabela ho lula le motho e mong le hore ba khotsofetse.” Kahoo haeba u le motho ea botsoalle, ea tloaelang batho ba bang habonolo, ea ratang ho bua, u ka ’na ua ba le mathata haeba u lula le motho e mong ea lihlong, ea thōtseng kapa ea ratang ho itšehla thajana.
Le hoja ho sa hlokahale hore puisano ea lōna e be joalokaha eka motho o fatoa litaba ka ho hlongoa lipotso ke mapolesa, ho ka ba molemo ho tseba lipakane tsa hae tsa hona joale le tsa nakong e tlang. Na o hahamalla ho hōla moeeng kapa na mohlomong o mpa a balehela boemo bo seng monate ba lapeng? Lynn o bua ka bothata bo bong bo ka ’nang ba hlaha, o re: “Ke ne ke lula le motho e mong ea neng a intša le mohlankana, ’me mohlankana eo oa hae o ne a e-ba teng letsatsi le chabang le le likelang, a lula ho fihlela har’a mp’a bosiu.” Lynn o ne a nka lipontšo tsa bona tsa lerato li sa lokela ebile li khopisa. Leha ho le joalo, ka linako tse ling mathata a joalo a ka qojoa, haeba ho ka behoa melao e itseng esale pele. Ka mohlala, Renee o re: “Re ne re ipehetse molao oa hore ha ho fihla nako e itseng bashemane ba ne ba lokela ho tsamaea.” Hape ho ka ba molemo haeba ba lulang hammoho ba ka lumellana hore ha ho le ea mong oa bona ea lokelang ho ba mong ka kamoreng kapa foleteng le motho e mong oa bong bo fapaneng.
Lintho tse ling tsa bohlokoa tseo le ka buisanang ka tsona e ka ’na ea e-ba mesebetsi ea ho itlosa bolutu, lintho tseo le li ratang le ’mino oo le ratang ho o mamela. Mark o re: “Nka thabela ho lula le motho ea ratang ho etsa lintho tseo le ’na ke li ratang, ea nang le botho bo tšoanang le ba ka le ea ratang ho etsa lintho tseo le ’na ke ratang ho li etsa.” Ho thahasella lintho tse sa tšoaneng ha ho bolele hore le ke ke la lula hammoho. Taba ea bohlokoa ke hore na bobeli ba lōna le tenyetseha hakae. Na le ikemiselitse ho mamellana linthong tseo le fapanang ho tsona le ho etsa liphetoho e le hore le ka lula hammoho?
Lee o re: “U lokela ho botsa motho eo hore na o lebeletse hore lintho li etsoe joang ha le lula hammoho. Batho ba bang ba lebeletse hore u be motsoalle oa bona oa hlooho ea khomo. Empa seo hase sona se ka kelellong ea ka.” Ka ho tšoanang David o re: “Ke rata ho lula le motho eo nka etsang lintho hammoho le eena empa ka nako e tšoanang a sa nahane hore o lokela ho ntšala morao hohle moo ke eang teng ha ke batla ho etsa lintho tse itseng le batho ba bang.” Ha le ntse le buisana joalo, botsa hore na motho eo o thahasella ho ba mosebetsi-’moho le uena ho boleleng evangeli kapa haeba ho na le seo a se nahanang, joaloka ho sebeletsa phuthehong ea batho ba buang puo esele.
Qetellong, tiisa hore u se ke ua hlokomoloha lintho tse kang ho pheha (na ka bobeli le tseba ho pheha?), ho arolelana mesebetsi ea ntlo, tšebeliso ea lisebelisoa tsa botho, sebaka sa polokelo ea liphahlo, thepa ea ka tlung, ntlo ea polokelo le ho hlokomela liphoofolo tsa lapeng. Ho buisana ka lintho tse joalo ho ka thibela ho se utloisisane le maikutlo a bohloko. Liproverbia 20:18 e re: “Ka keletso merero e tiisoa ka thata.”
“Ka Mokhoa o Hlomphehang le ka Tlhophiso”
Molao-motheo o mong o molemo ke o fumanoang ho Luka 14:28, e reng: ‘Bala litšenyehelo.’ E, leka ho fumana hore na litšenyehelo tsa bophelo li tla ja bokae. Ho tla hlokahala bokae bakeng sa rente? Bakeng sa lijo? Bakeng sa litšebeletso? Na le tla sebelisa thelefono e le ’ngoe? Haeba ho joalo, le tla e lefa joang? Lynn o re: “Pele ke lula le ngoanana leha e le ofe, ke tla tiisa hore na ebe o tla khona ho jara boikarabelo ba hae ba ho lefa litšenyehelo.” Makasine e bitsoang The Next Step e mocheng oa boitsebiso oa k’homphieutha ka ho loketseng e re: “Motho eo u lulang le eena ea sa thuseng ka ho lefa rente kapa ho reka lijo . . . kapa ea nang le likoloto tse ngata o u beha tlas’a khatello e sa hlokahaleng.”
Renee o re: “Ka linako tse ling, taba-taba hase hore na ho lefshoa bokae empa ke hore na e lefshoa neng!” Oa hlalosa: “Re lokela ho lefa chelete ea rente letsatsing la boraro la khoeli. Empa ka linako tse ling motho eo ke lulang le eena o qeta mafelo-beke a le sieo ebile a sa ntša karolo ea hae, ’me ke tlameha ho kōpa tšoarelo ho mong’a ntlo.” Ka ho hlakileng ke ntho e bohlale ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe “ka mokhoa o hlomphehang le ka tlhophiso” le ho se lebelle hore lintho li tla iketsahalla ka mohlolo. (1 Bakorinthe 14:40) Hangata ke habohlokoa ho ngola litumellano fatše.
Ho ba bohlale le ho ba le kahlolo e molemo ho tla fella ka hore u fumane motho ea lulang le uena eo e tla ba tlhohonolofatso eseng ea tla u bakela mahlomola. Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba ho hlaha mathata le likhohlano tsa botho? Sehlooho se latelang se tla tšohla maemo ana.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe.
b Bona sehlooho se reng “Ke Hobane’ng ha ho le Thata Hakaale ho Lula le Motho e Mong?,” se hlahileng tokollong ea rōna ea May 8, 2002.
c Kahobane batho ba bangata kajeno ba lula hammoho ka morero oa boitšoaro bo bobe, re lokela ho hatisa taba ea hore sehlooho sena se bua ka batho ba bong bo tšoanang ba lulang hammoho ka lebaka la maemo a moruo le a boiketlo.
d Baevangeli ba nako e tletseng ba na le tokelo ea ho ba teng Sekolong sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho. Liboka tsa baevangeli ba nako e tletseng li boetse li tšoaroa nakong ea likopano tsa selemo le selemo tsa potoloho.
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Ho kotsi ho lula le batho ba sa khomareleng melao ea Bibele ea boitšoaro
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Pele u lumela ho lula le motho e mong, kopanang ’me le buisane ka litaba tsa bohlokoa