Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g02 5/8 leq. 9
  • Khotso ea Lefatše Hase Toro Feela!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Khotso ea Lefatše Hase Toro Feela!
  • Tsoha!—2002
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Khotso e Tla Tla Joang Lefatšeng?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Khotso ea ’Nete—E Tsoa Mohloling Ofe?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • “Khotso ea Molimo” e ke e Lebele Pelo ea Hao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Ke Mang ea Tla Isa Batho Khotsong?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Bala Tse Ling
Tsoha!—2002
g02 5/8 leq. 9

Khotso ea Lefatše Hase Toro Feela!

HAEBA Alfred Nobel a ne a ka bona liketsahalo tsa lekholong le fetileng la lilemo, na o ne a tla ’ne a be le tšepo ea hore lefatše le tla ba le khotso? Ha ho pelaelo hore o ne a tla thabela ho tseba hore ba bangata ba entse boiteko bo matla ho felisa ntoa. Leha ho le joalo, o ne a tla tobana le ’nete e bohloko. Moprofesa Hugh Thomas o akaretsa sena hantle ha a re: “Lekholo la bomashome a mabeli la lilemo—le hoja le tsebahala ka ho ntlafatsa maemo a bophelo le ho ameha haholoanyane ha mebuso ka bophelo ba mafutsana—le ’nile la busoa ke tšebeliso ea lithunya tsa morathatha, likoloi tsa ntoa tse laetseng libetsa, lifofane tse lihang libomo tsa B-52, libomo tsa nyutlelie hammoho le limisaele. Le tumme ka lintoa tse sehlōhō ka ho fetisisa le tse senyang, ho feta tse bileng teng leha e le neng pele.” Thomas o phaella ka hore “ho se ho tsoa ho batho ho etsa qeto ea hore na ka sebele mehla ena e bile ea tsoelo-pele kapa che.”

Hona joale ha re se re le lekholong la bo21 la lilemo, na tšepo ea hore lefatše le tla ba le khotso ea eketseha? Le letho! Ha e bua ka mokhoa o sa tobang ka litlhaselo tsa bokhukhuni tsa New York City le Washington, D.C., tsa la 11 September, 2001, makasine oa Newsweek e re: “Lefatšeng lena leo lifofane tsa 767 li ka fetoloang limisaele tse lebisoang phofung, ha ho bonahale ho e-na le ntho eo ho ka thoeng e ke ke ea etsahala kapa ha e utloahale—ho hobe le ho feta, ha ho eo ho ka thoeng e ka thibeloa.”

Ba bang ba re ho tlameha ho etsahala lintho tse peli e le hore khotso e ka ba teng lefatšeng: Ea pele, batho ba lokela ho etsa phetoho e khōlō boikutlong ba bona le boitšoarong ba bona; ea bobeli, lichaba tsohle li lokela ho ba ngatana-’ngoe tlas’a ’muso o le mong. Bibele e re bolella esale pele ka nako eo khotso e tla finyelloa ka eona—empa eseng ka boiteko ba batho. Pesaleme ea 46:9 e re mabapi le ’Mōpi, Jehova Molimo: “O felisa lintoa ho isa pheletsong ea lefatše.” Molimo o tla finyella see joang? O tla se finyella ka ’Muso oa hae, oo batho ba bangata ba tšepahalang ba ’nileng ba o rapella ka makhetlo. ’Muso oo hase takatso feela ea pelo, empa ke ’muso oa sebele oo ka oona Molimo a tla tlisa khotso lefatšeng lohle. Moprofeta ea neng a bululetsoe, Esaia, o ile a bolela esale pele hore bafo ba ’muso oo “ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa.” (Esaia 2:4) Ka lenaneo la thuto lefatšeng ka bophara, batho ba tla ithuta ho lulisana ka khotso ’me ka tsela eo, ba “[tee] lisabole tsa bona hore e be mehoma le marumo a bona hore e be likere tse faolang limela.”

Le hona joale, Lipaki tsa Jehova li etsa sena. Li hana ho nka libetsa bakeng sa ho bolaea batho ba bang, le hoja e le batho ba tsoang merabeng e fapaneng ’me ba phela linaheng tse fetang 200. Boemo ba bona ba ho se jele paate lefatšeng lena le tletseng lintoa, ke bopaki ba hore khotso ke ntho e tla fela e be teng, hase toro feela.

Na u ka rata ho tseba ho eketsehileng ka tšepo ee ea Bibele ea hore ho tla ba le khotso ea sebele? Ka kōpo ngolla bahatisi ba makasine ena, u sebelise aterese e haufi le uena ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5, kapa u ikopanye le Lipaki tsa Jehova tsa sebakeng sa heno.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela