Pono ea Bibele
Na Molimo o Tšehetsa Ntoa?
KE HANGATA hakaakang balaoli ba mabotho, babusi esita le baruti ba ’nileng ba phatlalatsa kapa ba saenela ntoa ka lebitso la Molimo! Ka 1095, ka tlhohonolofatso ea Mopapa Urban II, Ntoa ea Pele ea Bolumeli e ile ea kupa ho loanela hore Bokreste-’mōtoana bo boele bo fumane Jerusalema, “Motse o Halalelang.” Empa pele morero oa lebotho le leng la Masole a Bolumeli o phethahala, le ile la timetsoa ke Maturkey, ao cheseho ea ’ona ho Allah e neng e le matla joalo ka tumelo ea Masole a Bolumeli thutong ea Boraro-bo-bong.
Ka August 1914, mocha e mong oa Lejeremane o ile a ngola a le kampong nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše a re: “Haeba toka ke ntho e teng, e-ba liketsahalo tsa lefatše li laoloa ke Molimo—e leng seo ke kholisehileng ka sona—joang kapa joang re tla hlōla.” Khoeling eona eo, Czar Nicholas II o ile a romela mabotho a Russia hore a hlasele Jeremane, a phatlalatsa: “Ke romela litumeliso tsa ka tse mofuthu ho mabotho a ka a matla le ho linaha tse babatsehang tsa selekane. Molimo o na le rōna!”
Ka kholiseho e joalo, masole a limilione a ’nile a ea ntoeng a tšepile ka ho feletseng hore Molimo o ka lehlakoreng la ’ona. Batho ba bangata ba nka hore Molimo o lumella lintoa tse joalo e le hore ho ka finyelloa tokoloho, ’me ba tšehetsa maikutlo ao a bona ka ho lebisa tlhokomelo lintoeng tse ka Mangolong a Seheberu (ao ka tloaelo a bitsoang Testamente ea Khale). Na tlhaloso eo ea bona ea Lentsoe la Molimo e nepahetse?
Lintoa Tsa Iseraele ea Boholo-holo
Jehova Molimo o ile a laela Iseraele hore e lokela ho loana e le hore e tlose Bakanana ba silafetseng Naheng e Tšepisitsoeng. (Levitike 18:1, 24-28; Deuteronoma 20:16-18) Lekhetlong leo kahlolo ea Molimo e ile ea tla ka sechaba sa Iseraele joalokaha a ile a otla ba khopo ka moroallo mehleng ea Noe, ’me a ba otla ka mollo Sodoma le Gomora.—Genese 6:12, 17; 19:13, 24, 25.
Ho ea ka Bibele, Iseraele e ile ea loana lintoa tse ling tlas’a tataiso ea Molimo, hangata e le ho qhala lira tse neng li e sokela. Ha sechaba se ne se mamela Jehova, se ne se hlōla lintoa tsena. (Exoda 34:24; 2 Samuele 5:17-25) Empa hangata ha Iseraele e ne e loana e sa laeloa ke Molimo, phello e ne e e-ba tlokotsi. Nahana ka taba ea Morena Jeroboame. O ile a hlokomoloha temoso ea boprofeta ’me a romela lebotho la hae le leholo ntoeng ea lehae khahlanong le Juda. Ha qetellong pefo e emisa, ho ne ho shoele masole a Jeroboame a 500 000. (2 Likronike 13:12-18) Esita le Morena Josiase ea neng a tšepahala o kile a kena ntoeng e neng e sa mo ame. Qeto eo ea lepotlapotla e ile ea etsa hore a lahleheloe ke bophelo.—2 Likronike 35:20-24.
Liketsahalo tsee li bontša eng? Hore Iseraeleng ea boholo-holo, Molimo ke eena ea neng a etsa qeto ea hore ho ka loanoa. (Deuteronoma 32:35, 43) O ne a etsa hore batho ba hae ba loane e le hore ba finyelle merero e itseng e khethehileng. Leha ho le joalo, ke khale merero eo e phethahetse. Ho feta moo, Jehova o ile a bolela esale pele hore ba mo sebeletsang “karolong e qetellang ea matsatsi” ba tla “tea lisabole tsa bona hore e be mehoma” ’me ba se ke ba “hlola ba ithuta ntoa.” (Esaia 2:2-4) Ka ho hlakileng, lintoa tsa Bibele ha li lokafatse lintoa tsa kajeno, tseo ho seng le e ’ngoe ea tsona e loanang tlas’a tataiso ea Molimo, kapa ka taelo ea hae.
Phello ea Thuto ea Kreste
Ha Jesu a le lefatšeng, o ile a bontša kamoo lehloeo le ka nkeloang sebaka ke lerato le se nang boithati, a laela: “Le ratane feela joalokaha ke le ratile.” (Johanne 15:12) O ile a boela a re: “Ho thaba ba nang le khotso.” (Matheu 5:9) Mona, lentsoe la Segerike bakeng sa “ba nang le khotso” le bolela ho fetang feela ho ba le khutso. Le akarelletsa ho bōpa khotso, ho sebetsa ka mafolofolo ho khothalletsa kutloano.
Ha Jesu a ne a tšoaroa, moapostola Petrose o ile a leka ho mo sireletsa ka sebetsa se bolaeang. Empa Mora oa Molimo o ile a mo khalemela ka thata, a re: “Khutlisetsa sabole ea hao sebakeng sa eona, kaha bohle ba nkang sabole ba tla timela ka sabole.” (Matheu 26:52) Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba sebelisa mantsoe ao joang? Hlokomela mantsoe a latelang a qotsitsoeng.
“Tlhahlobo e hlokolosi ea boitsebiso bohle bo teng e [bontša] hore ho fihlela nakong ea Marcus Aurelius [121-180 C.E.], ha hoa ka ha e-ba le Mokreste eo e bileng lesole; hape ha hoa ka ha e-ba le lesole leo ka mor’a hore le fetohe Mokreste, le ileng la lula sesoleng.”—The Rise of Christianity.
“Boitšoaro ba Bakreste [ba pele] bo ne bo fapane hōle le ba Baroma. . . . Kaha Kreste o ne a ruta litaba tsa khotso, ba ne ba hana ho ba masole.”—Our World Through the Ages.
Kaha barutuoa ba Kreste ba ne ba hana ho sebeletsa sesoleng se seholo sa moemphera, Baroma ba ile ba bolaea ba bangata. Ke hobane’ng ha Bakreste ba ile ba mamella boemo boo bo sa thabiseng? Hobane Jesu o ne a ba rutile hore e be ba bōpang khotso.
Ntoa ea Mehleng Ena
Nahana hore e ne e tla ba ntho e tšabehang hakaakang haeba balateli ba Kreste ba ne ba ka ba mahlakoreng a mabeli a loantšanang ntoeng, ba leka ho bolaeana. Liketso tse joalo li ne li tla hanana le melao-motheo ea Bokreste. Ka sebele, ba mamelang Molimo oa Bibele ba ke ke ba ntša leha e le mang kotsi—esita le tsona lira tsa bona.a—Matheu 5:43-45.
Ka ho hlakileng, Molimo ha a hlohonolofatse lintoa tsa kajeno tsa batho. Kaha Bakreste ba ’nete ba na le khotso, ba buella khotso e tla ba teng lefatšeng ka bophara tlas’a ’Muso oa Molimo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bibele e bua ka “Har–Magedone,” eo hape e reng ke “letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle.” Mona ha ho buuoe ka ntoa ea batho, empa ho buuoa ka ntoa eo ho eona Molimo a tla timetsa feela ba etsang bobe. Ka hona, Har–Magedone e ke ke ea sebelisoa ho lokafatsa lintoa tsa batho tsa kajeno kapa ho fana ka maikutlo a hore Molimo oa li tšehetsa.—Tšenolo 16:14, 16; 21:8.
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Molaoli oa mabotho, Francisco Franco oa Spain, o eme le baruti ba ’maloa ba Mak’hatholike
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
U.S. National Archives photo
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Masole a hlohonolofatsoa ke baruti ba Greek Orthodox pele a e-ea Kosovo, ka la 11 June, 1999
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
AP Photo/Giorgos Nissiotis