Ho Ithuta ho Itseng ho Bakreste ba Lekholong la Pele la Lilemo
“Hlokomelang: mohlomong ho ka ba le e mong ea tla le nka joaloka phofu ea hae ka filosofi le thetso ea lefeela ho ea ka neano ea batho, ho ea ka lintho tsa motheo tsa lefatše eseng ho ea ka Kreste.”—Bakolose 2:8.
KE KAMOO moapostola Pauluse a ileng a lemosa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo kateng ka likotsi tsa ho latela ka bofofu lifilosofi tsa batho. Ba ne ba ka khomarela tataiso e tšepahalang e fanoeng ke Jesu le baapostola ba hae, thuto e neng e se e ntse e ba tliselitse melemo e mengata, kapa e ne e ka ba liphofu tsa likhopolo tsa batho tse lulang li feto-fetoha, e leng tsela e neng e se e ntse e tliselitse batho ba limilione tlokotsi le mahlomola.—1 Bakorinthe 1:19-21; 3:18-20.
Ho Phela “ho ea ka Kreste”
Masole a bolumeli a lilemong tse sekete tse fetileng ha aa ka a utloisisa hore ho phela “ho ea ka Kreste” ho bolela ho fetang feela ho ipolela ha motho e le ea tšepahalang ho Jesu Kreste. (Matheu 7:21-23) Ho bolela ho phela ka ho feletseng tumellanong le lithuto tsa Jesu tse fumanoang Lentsoeng le bululetsoeng la Molimo, Bibele. (Matheu 7:15-20; Johanne 17:17) Jesu Kreste o re: “Haeba le lula lentsoeng la ka, ka sebele le barutuoa ba ka.” (Johanne 8:31) O itse “bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.”—Johanne 13:35.
Ka sebele, masole ao a bolumeli e ne e bile liphofu tsa “thetso ea lefeela ho ea ka neano ea batho.” Ha ho bile ha ho makatse hore ebe batho ba tloaelehileng ba ile ba thetsoa ke baeta-pele ba bona ba bolumeli, bona babishopo ha ba “tuma e le masole.” Cyclopedia of Biblical, Theological, and Ecclesiastical Literature ea McClintock le Strong e re: “Baruti ba ile ba tloaela ho ba le moea oa ntoa hoo haeba ho ne ho e-na le ntho eo ba ka e fumanang [ka ho loana], ba neng ba ka loana neng le neng.”
Ke eng e lebisitseng boemong boo bo soabisang? Ka mor’a lefu la baapostola ba Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, baeta-pele ba kereke ea bokoenehi ba ile ba kheloha ka ho eketsehileng lithutong tsa Kreste, joalokaha Lentsoe la Molimo le ne le boletse esale pele. (Liketso 20:29, 30) Kereke eo e neng e silafetse e ile ea qetella e tšoasehile haholoanyane litabeng tsa lefatše. Lekholong la bone la lilemo, ho lumeloa hore Moemphera oa Roma, Constantine, o ile a sokolohela Bokresteng ha a ne a le makhatheng a lefu. Joale Cyclopedia eo e re: “Ho nka folakha e nang le Sefapano e le ea bohlokoa ho feta litšoantšo tse rapeloang, ho ile ba qobella Mokreste e mong le e mong hore e be lesole.”
Ho hlakile hore ho hang Bakreste ba ne ba sa qobelloa ho etsa joalo. Empa “likhang tse susumetsang” tsa filosofi ea batho li ile tsa etsa hore ba etse litlōlo tsa molao tse tebileng khahlanong le seo Kreste a neng a se emela. (Bakolose 2:4) Likhang tsa bohata li ’nile tsa sebelisoa nako e telele ho lokafatsa lintoa le likhohlano tsa batho. Leha ho le joalo, Cyclopedia e re ho kenella ha motho ea nang le botho kapa ea tšabang Molimo “ntoeng e etsang liketso tsa bodiabolose, joalokaha ho ile ha e-ba joalo mehleng ea boholo-holo le mehleng ea kajeno, ho ke ke ha amahanngoa ka tsela leha e le efe le . . . melao-motheo ea Bokreste.”
Malumeli ao e seng a Bokreste-’mōtoana le ’ona a ’nile a retelehela ntoeng ho theosa le makholo a lilemo. Joaloka likereke tsa Bokreste-’mōtoana, a ’nile a bolaea litho tsa bolumeli ba ’ona hammoho le ba bang ka lebaka la ho se tšoane ha lichaba, lipolotiki le bolumeli. A sebelisitse pefo kapa tšoso ho sokollela ba bang tumelong ea ’ona. Moo a lekang ho finyella merero ea ’ona, a mang a kopanetse tšollong ea mali historing. Ha ho moo a fapaneng le malumeli a Bokreste-’mōtoana teng.
Ho Aroha Lefatšeng
Ke hobane’ng ha Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba khona ho ikarola lintoeng tse tšollang mali le lipolotiking tsa mehla ea bona? Ba ile ba thusoa ke melao-motheo e ’meli. Oa pele, ho na le taelo eo Jesu a neng a ile a e fa moapostola Petrose ha Petrose a ne a sebelisitse sabole ho mo sireletsa: “Khutlisetsa sabole ea hao sebakeng sa eona, kaha bohle ba nkang sabole ba tla timela ka sabole.” (Matheu 26:52) Oa bobeli ke mantsoe a Jesu ho Pilato nakong eo a neng a botsa Jesu ka borena ba hae: “’Muso oa ka hase karolo ea lefatše lena. Hoja ’muso oa ka e ne e le karolo ea lefatše lena, bahlanka ba ka ba ka be ba loanne hore ho se ke ha nehelanoa ka ’na ho Bajuda. Empa joale, ’muso oa ka ha o tsoe mohloling ona.”—Johanne 18:36.
Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba sebelisa melao-motheo eo joang? Ba ile ba ipoloka ba arohile ka ho feletseng lefatšeng, ba lula ba sa jele paate litabeng tsa lipolotiki le tsa sesole. (Johanne 15:17-19; 17:14-16; Jakobo 4:4) Ba hanne ho nka libetsa ho loantša batho ba bang. Histori e hlakisa hore Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ha baa ka ba kenella mekheng ea bochaba ea Bajuda kapa mabothong a moemphera oa Roma. Leha ho le joalo, ba ne ba sa leke ho bolella baeta-pele ba lipolotiki hore na ba etse’ng, kaha boo e ne e le boikarabelo ba baeta-pele bao ba mebuso.—Bagalata 6:5.
Lekholong la bobeli la lilemo C.E., Justin Martyr o ile a ngola ka Bakreste e le ba ‘teileng lisabole tsa bona hore e be mehoma.’ (Mikea 4:3) Mabapi le ba neng ba ile ba e-ba khahlanong le boemo ba Bakreste, Tertullian o ile a botsa: “Na ho sebelisa sabole ho lokela ho nkoa e le ho nepahetseng, ha Morena eena a bolela hore ea sebelisang sabole o tla timela ka sabole?”
“Mamela Molimo e le ’Musi ho E-na le Batho”
Ho hana ho ea ntoeng ha hoa ka ha e-ba bonolo bakeng sa Bakreste ba pele. Ho ne ho le khahlanong le tumelo ea mehla eo. Celsus eo e neng e le sera sa Bokreste o ile a soma boemo ba bona. O ne a lumela hore motho e mong le e mong o lokela ho ea ntoeng haeba ba boholong ba batla hore ho be joalo. Ho sa tsotellehe lehloeo le matla, Bakreste ba pele ba ile ba hana ho latela filosofi leha e le efe ea batho e neng e hanana le lithuto tsa Kreste. Ba ile ba re: “Re tla mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.”—Liketso 4:19; 5:29.
Lipaki tsa Jehova mehleng ea kajeno li latetse mohlala oa bona. Ka mohlala, Jeremane ea Bonazi, li ile tsa hana li tiile ho kenella lintoeng tsa lipolao tsa Hitler tse ileng tsa tšolla mali. Li ne li ikemiselitse ho mamella mahloriso a tšabehang, le hona ho shoa haeba ho hlokahala, ho e-na le ho tlohela ho se jele paate ha tsona ha Bokreste. Ho tlalehiloe hore Manazi a ile a “kenya halofo ea tsona chankaneng, ’me kotara ea tsona ea bolaoa” ka lebaka la ho mamela ha tsona melao-motheo ea Bibele. (Of Gods and Men) Ka hona, ha ho motho le ea mong ho ba limilione tse leshome ba bolailoeng Ntoeng ea II ea Lefatše ea bolailoeng ke Paki ea Jehova. Ho e-na le ho bolaea ba bang, Lipaki li ne li ikemiselitse ho tela bophelo ba tsona, joalokaha tse ngata li ile tsa etsa joalo.
Seo re ka Ithutang Sona
Se etsahetseng nakong e fetileng se ka re ruta eng? Ka sebele, thuto e ’ngoe ke ena: Kamehla filosofi ea batho e ’nile ea hlahisa lehloeo le tšollo ea mali har’a lichaba le merabe. Ke ka nepo Moeklesia 8:9 e reng: ‘Motho o busitse motho ho mo ntša kotsi.’ ’Me lebaka le ka sehloohong la sena le fumanoa ho Jeremia 10:23 moo Lentsoe la Molimo le reng: “Tsela ea motho oa lefatše ha e matleng a hae. Ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.” Che, Molimo ha aa bōpela batho hore ba laole mehato ea bona ka katleho, ba sa itšetleha ka eena. Ba ne ba sa fuoa matla ana. Histori eohle e pakile sena.
Joale, rōna re ke ke ra fetola seo baeta-pele ba lichaba ba se etsang ha ba pheta litlokotsi tse etsahetseng nakong e fetileng, hape ha rea fuoa matla a ho leka ho ba susumelletsa hore ba latele tsela e itseng. Empa ha rea lokela ho susumelletsoa hore re kenelle lintoeng tsa bona le ho ba karolo ea bona. Jesu o itse ho balateli ba hae: “Hase karolo ea lefatše, feela joalokaha ke se karolo ea lefatše.” (Johanne 17:14) Ho qoba ho ba karolo ea lintoa tsa lefatše lena, re lokela ho lumella Lentsoe la Molimo, Bibele—eseng filosofi ea batho e lulang e fetoha—hore le tataise bophelo ba rōna.—Matheu 7:24-27; 2 Timothea 3:16, 17.
Bokamoso bo Hlollang
Lentsoe le tšepahalang la Molimo ha le fane feela ka leseli liketsahalong tsa nako e fetileng le tsa kajeno. Le fana ka tataiso ea sebele bakeng sa bokamoso. (Pesaleme ea 119:105; Esaia 46:9-11) Le boetse le fana ka tlhaloso e hlakileng ea hore na morero oa Molimo ka lefatše lena ke ofe. A ke ke a lumella batho hore ba senye lefatše ka hore ka booatla, ba sebelise hampe matla a maholo ao ba a fihletseng ka saense le theknoloji. O tla etsa bonnete ba hore lefatše lena le ba boemong ba Paradeise boo qalong a neng a rerile hore le be ho bona.—Luka 23:43.
Tabeng ena, Lentsoe la Molimo le re: “Ba lokileng ke bona ba tla lula lefatšeng, ’me ba sa tšoauoeng phoso ke bona ba tla sala ho lona. Ha e le ba khopo, ba tla felisoa lefatšeng; ha e le ba bolotsana, ba tla tlosoa ho lona.” (Liproverbia 2:21, 22) Sena se tla tloha se etsahala, kaha linako tsena tse bohloko li fana ka bopaki ba hore re phela “matsatsing a ho qetela” a tsamaiso ena e khopo ea lintho. (2 Timothea 3:1-5, 13) ’Me ka sebele, matsatsi ana a ho qetela a baliloe; aa fela. Boprofeta ba Bibele boa re ruta: “Lefatše lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona, empa ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.”—1 Johanne 2:17; Daniele 2:44.
Haufinyane Molimo o tla “felisa ba senyang lefatše” ’me lefatše lena le tletseng pefo le nkeloe sebaka ke lefatše le lecha leo ‘ho loka ho tla aha ho lona.’ (Tšenolo 11:18; 2 Petrose 3:10-13) Joale bakeng sa ba setseng, “o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.” (Tšenolo 21:1-4) Lintoa le pefo li tla be li feletse ruri, kaha boprofeta bo ho Esaia 2:4 bo tla be bo phethahetse ka ho feletseng: “Ba tla lokela ho tea lisabole tsa bona hore e be mehoma le marumo a bona hore e be likere tse faolang limela. Sechaba se ke ke sa phahamisetsa sechaba se seng sabole, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa.” Le uena u ka thabela bokamoso boo bo babatsehang, ba ka ho sa feleng haeba u ithuta ho itseng liketsahalong tsa nako e fetileng.—Johanne 17:3.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 27]
Lipaki tsa Jehova li ithutile ho Bakreste ba lekholong la pele la lilemo
[Setšoantšo se leqepheng la 24, 25]
Jesu o itse ’Muso oa hae hase karolo ea lefatše lena
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Lentsoe la Molimo le tšepisa bophelo bo sa feleng lefatšeng le phethahetseng la paradeise