Khaolo ea Leshome le Metso e Robeli
“Hase Karolo ea Lefatše”
1. (a) Pele ho lefu la hae, Jesu o ile a rapella eng molemong oa barutuoa ba hae? (b) Ke hobane’ng ha ‘ho se be karolo ea lefatše’ e le habohlokoa hakaale?
BOSIUNG ba pele a bolaoa, Jesu o ile a rapella barutuoa ba hae. A tseba hore o tlil’o ba tlas’a khatello e matla ea Satane, Jesu o ile a re ho Ntat’ae: “Ha ke u kōpe hore u ba ntše lefatšeng, empa ke kōpa hore u ba lebele ka lebaka la ea khopo. Hase karolo ea lefatše, feela joalokaha ke se karolo ea lefatše.” (Johanne 17:15, 16) Ke hobane’ng ha ho aroha lefatšeng e le habohlokoa hakaale? Hobane Satane ke ’musi oa lefatše lena. Bakreste ba ne ba ke ke ba rata ho ba karolo ea lefatše le tlas’a taolo ea hae.—Luka 4:5-8; Johanne 14:30; 1 Johanne 5:19.
2. Jesu e ne e se karolo ea lefatše ka litsela life?
2 Ho se be karolo ea lefatše ho ne ho sa bolele hore Jesu ha a rate batho ba bang. Ho fapana le hoo, o ile a phekola ba kulang, a tsosa bafu le ho ruta batho ka ’Muso oa Molimo. O bile a tella moloko oa batho bophelo ba hae. Empa o ne a sa rate boikutlo ba bonyefoli le liketso tsa bokhopo tsa batho ba neng ba bonahatsa moea oa lefatše la Satane. Kahoo, o ile a lemosa ka lintho tse kang litakatso tsa boitšoaro bo bobe, tsela ea bophelo ea ho rata lintho tse bonahalang le ho loanela bophahamo. (Matheu 5:27, 28; 6:19-21; Luka 20:46, 47) Joale ha ho makatse hore ebe le Jesu o ile a qoba lipolotiki tsa lefatše. Le hoja e ne e le Mojuda, o ne a sa nke lehlakore likhohlanong tsa lipolotiki tse lipakeng tsa Roma le Bajuda.
“’Muso oa ka Hase Karolo ea Lefatše Lena”
3. (a) Baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba ile ba qosa Jesu ka eng ho Pilato, hona hobane’ng? (b) Ke eng e bontšang hore Jesu o ne a sa thahaselle ho ba morena oa motho?
3 Nahana ka se ileng sa etsahala ha baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba ne ba tšoara Jesu ’me ba mo isa ho Ponse Pilato, ’musisi oa Roma. Ha e le hantle, baeta-pele bao ba ne ba tšoenyehile hobane Jesu o ne a ile a pepesa boikaketsi ba bona. E le hore ba susumeletse ’musisi hore a nke bohato khahlanong le Jesu, ba ile ba mo qosa ka ho re: “Re fumane monna enoa a khelosa sechaba sa habo rōna ’me a hanela ho lefshoa ha makhetho ho Cesare ’me a re ke eena Kreste morena.” (Luka 23:2) Ka ho hlakileng, hona e ne e le leshano hobane selemo pele ho moo ha batho ba ne ba batla ho mo etsa morena, Jesu o ile a hana. (Johanne 6:15) O ne a tseba hore e tla ba Morena oa leholimo nakong e tlang. (Luka 19:11, 12) Hape, o ne a lokela ho behoa teroneng ke Jehova eseng batho.
4. Boikutlo ba Jesu e ne e le bofe ka ho lefa lekhetho?
4 Matsatsi a mararo feela pele Jesu a tšoaroa, Bafarisi ba ile ba leka ho etsa hore Jesu a bue ho hong ho mo tsoakelletsang tabeng ena ea ho lefa lekhetho. Empa o ile a re: “Mpontšeng denari [chelete ea tšepe ea Roma]. E na le setšoantšo le mongolo tsa mang?” Ha ba re “Ke tsa Cesare,” a arabela: “Joale, ka sebele le lefe Cesare lintho tsa Cesare, empa le lefe Molimo lintho tsa Molimo.”—Luka 20:20-25.
5. (a) Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae eng nakong eo a neng a tšoaroa ka eona? (b) Jesu o ile a hlalosa lebaka la seo a neng a se entse joang? (c) Phello ea nyeoe eo e bile efe?
5 Che, Jesu o ne a sa rute ho fetohela ba boholong. Ha masole le banna ba bang ba ne ba tlil’o tšoara Jesu, Petrose o ile a hula sabole ’me a hlatha e mong oa banna bao, a mo khaola tsebe. Empa Jesu o ile a re: “Khutlisetsa sabole ea hao sebakeng sa eona, kaha bohle ba nkang sabole ba tla timela ka sabole.” (Matheu 26:51, 52) Letsatsing le latelang Jesu o ile a hlalosetsa Pilato liketso tsa hae, a re: “’Muso oa ka hase karolo ea lefatše lena. Hoja ’muso oa ka e ne e le karolo ea lefatše lena, bahlanka ba ka ba ka be ba loanne hore ho se ke ha nehelanoa ka ’na ho Bajuda.” (Johanne 18:36) Pilato o ile a lumela hore ho ne ho se na “lebaka la liqoso tseo” Jesu a qosoang ka tsona. Empa ka lebaka la ho inehela khatellong ea mahoohoo, Pilato o ile a etsa hore Jesu a khokhotheloe thupeng.—Luka 23:13-15; Johanne 19:12-16.
Barutuoa ba Latela Ketello-pele ea Jesu
6. Bakreste ba pele ba bontšitse joang hore ba qoba moea oa lefatše empa hore ba rata batho?
6 Kahoo barutuoa ba Jesu ba ile ba utloisisa hore na ho se be karolo ea lefatše ho hloka eng. Ho ne ho bolela ho qoba moea oa lefatše le liketso tsa lona tse khopo, tse neng li akarelletsa boithabiso bo mabifi le ba boitšoaro bo bobe liserekising le lebaleng la liketsahalo la Roma. Ka lebaka leo, barutuoa ba ne ba bitsoa ba hloileng moloko oa batho. Empa ho e-na le hore ba hloee batho ba bang, ba ne ba sebetsa ka thata ho thusa ba bang hore ba rue molemo litokisetsong tsa Molimo bakeng sa poloko.
7. (a) Ka lebaka la ho se be karolo ea lefatše, barutuoa ba pele ba ile ba tleloa ke eng? (b) Ba ile ba talima babusi ba lipolotiki le ho lefuoa ha makhetho joang, hona hobane’ng?
7 Balateli ba Jesu ba ile ba hlorisoa joaloka eena, hangata ke liofisiri tsa ’muso tse filoeng letsoho ka ntle. Empa, hoo e ka bang ka 56 C.E. moapostola Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba Roma, a ba khothalletsa hore ba “ipehe tlas’a balaoli ba phahameng [babusi ba lipolotiki], kaha ha ho na bolaoli haese ka Molimo.” Hase hore Jehova ke eena ea hlomang mebuso, empa o e lumella hore e be teng ho fihlela ’Muso oa hae e le oona feela o busang lefatšeng lohle. Ka ho loketseng, Pauluse o ile a eletsa Bakreste hore ba hlomphe ba boholong mebusong le hore ba lefe makhetho.—Baroma 13:1-7; Tite 3:1, 2.
8. (a) Bakreste ba lokela ho ipeha ka tlas’a balaoli ba phahameng ho isa bohōleng bofe? (b) Bakreste ba pele ba ile ba latela mohlala oa Jesu joang?
8 Leha ho le joalo, ho ipeha ka tlas’a babusi ba lipolotiki e lokela ho ba ho lekanyelitsoeng, eseng ho se nang moeli. Ha melao ea Jehova e hanana le melao ea motho, ba sebeletsang Jehova ba lokela ho utloa melao ea Hae. Hlokomela seo buka ea On the Road to Civilization—A World History e se buang ka Bakreste ba pele: “Bakreste ba ile ba hana ho kopanela mesebetsing e itseng ea baahi ba Roma. Bakreste . . . ba ne ba nka ho kenela tšebeletso ea sesole e le ho koenehela tumelo ea bona. Ba ne ba ke ke ba lula setulo sa bopolotiki. Ba ne ba ke ke ba rapela moemphera.” Ha lekhotla le phahameng la Bajuda “le laela ka tieo” hore barutuoa ba khaotse ho bolela, ba ile ba arabela: “Re tla mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.”—Liketso 5:27-29.
9. (a) Ke hobane’ng ha Bakreste ba Jerusalema ba ile ba nka bohato boo ba bo nkileng ka 66 C.E.? (b) Hoo ho fana ka mohlala oa bohlokoa ka tsela efe?
9 Mabapi le likhohlano tsa lipolotiki le tsa sesole, barutuoa ba ile ba lula ba sa nke lehlakore. Ka 66 C.E., Bajuda ba leng Judea ba ile ba fetohela Cesare. Lebotho la Roma la potlakela ho lika-liketsa Jerusalema. Bakreste ba neng ba le motseng oo ba ile ba etsa joang? Ba ile ba hopola keletso ea Jesu ea hore ba tsoe motseng oo. Eare ha Baroma ba ikhula ka nakoana, Bakreste ba balehela ka mose oane ho Nōka ea Jordane ho ea libakeng tse lithaba tsa Pella. (Luka 21:20-24) Ho se nke lehlakore ha bona ho ile ha sebeletsa e le mohlala ho Bakreste ba tšepahalang hamorao.
Bakreste ha ba Nke Lehlakore Matsatsing Ana a Qetello
10. (a) Lipaki tsa Jehova li tšoarehile mosebetsing ofe, hona hobane’ng? (b) Ha li nke lehlakore tabeng efe?
10 Na tlaleho ea histori e bontša hore sehlopha leha e le sefe matsatsing aa a qetello se phehelletse tsela ea ho se nke lehlakore se etsisa Bakreste bao ba pele? E, Lipaki tsa Jehova li entse joalo. Nakong ena eohle, li ’nile tsa bolela hore ’Muso oa Molimo ke oona feela o tla tlisa khotso, nala le thabo tse tšoarellang ho barati ba ho loka. (Matheu 24:14) Empa likhohlanong tsa lichaba teng, ha li nke lehlakore ho hang.
11. (a) Ho se nke lehlakore ha Lipaki ho fapane joang le mekhoa ea baruti? (b) Lipaki tsa Jehova li na le pono efe ka seo ba bang ba se etsang lipolotiking?
11 Ka lehlakoreng le leng, baruti ba malumeli ana a lefatše ba ’nile ba ameha haholo litabeng tsa lipolotiki. Linaheng tse ling, ka mafolofolo ba tsoile letšolo ho emela kapa ho tsoa bo-nkhetheng ba lipolotiki. Baruti ba bang ba bile ba litulong tsa lipolotiki. Ba bang ba chochisa bo-ralipolotiki hore ba tšehetse mananeo a lumelloang ke baruti. Leha ho le joalo, Lipaki tsa Jehova ha li itšunya-tšunye lipolotiking. Hape ha li kena-kenane le seo ba bang ba se etsang tabeng ea ho kena mekheng ea lipolotiki, ho mathela litulo kapa ho khetha likhethong. Jesu o itse barutuoa ba hae e ne e ke ke ea e-ba karolo ea lefatše, kahoo Lipaki tsa Jehova ha li kopanele lipolotiking.
12. Ho bile le phello efe kahobane malumeli a lefatše lee a nka lehlakore?
12 Joalokaha Jesu a boletse esale pele, lichaba li ’nile tsa ea ntoeng. Esita le lihlopha tse ling ka har’a lichaba li ’nile tsa loantšana. (Matheu 24:3, 6, 7) Hoo e ka bang kamehla baeta-pele ba bolumeli ba ’nile ba tšehetsa sechaba kapa sehlopha se seng khahlanong le se seng, ba khothalletsa balateli ba bona ho etsa se tšoanang. Ka phello efe? Litho tsa bolumeli bo le bong lia bolaeana ntoeng hobane feela li sa tšoane ka bochaba kapa morabe. Sena se khahlanong le thato ea Molimo.—1 Johanne 3:10-12; 4:8, 20.
13. Bopaki bo bontša eng ka ho se nke lehlakore ha Lipaki tsa Jehova?
13 Leha ho le joalo, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa ema li tiile li sa nke lehlakore likhohlanong tsohle. Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa November 1, 1939, o itse: “Bohle ba ka lehlakoreng la Morena ha ba na ho nka lehlakore lichabeng tse loantšanang.” Lipaki tsa Jehova lichabeng tsohle le tlas’a maemo ’ohle li tsoela pele li tiile boemong bona. Ha li lumelle lipolotiki tsa lefatše tse arolang le lintoa hore li qhale kameho ea tsona ea machaba ea bara ba motho. Li “tea lisabole tsa [tsona] hore e be mehoma le marumo a [tsona] hore e be likere tse faolang limela.” Kaha ha li nke lehlakore, ha li sa ithuta ntoa.—Esaia 2:3, 4; 2 Bakorinthe 10:3, 4.
14. Ka lebaka la ho lula li ikarotse lefatšeng, Lipaki tsa Jehova li fetile ho eng?
14 Phello e ’ngoe ea ho se nke lehlakore ha tsona ke efe? Jesu o itse: “Kahobane ha le karolo ea lefatše, . . . lefatše le le hloile.” (Johanne 15:19) Lipaki tsa Jehova tse ngata li ’nile tsa kenngoa literonkong kahobane e le bahlanka ba Molimo. Ba bang ba ’nile ba hlokofatsoa, esita le ho bolaoa, e leng se tšoanang le se etsahalletseng Bakreste ba lekholong la pele la lilemo. Lebaka la sena ke hobane Satane, “molimo oa tsamaiso ena ea lintho,” o hanyetsa bahlanka ba Jehova, bao e seng karolo ea eona.—2 Bakorinthe 4:4; Tšenolo 12:12.
15. (a) Lichaba tsohle li lebile hokae, hona Lipaki tsa Jehova li hlokolosi ho qoba eng? (b) Ke hobane’ng ha ho aroha lefatšeng e le taba e tebileng hakaale?
15 Bahlanka ba Jehova ba thabela hore ebe hase karolo ea lefatše, hobane lichaba tsohle tsa lona li lebile bofelong ba tsona ka Armagedone. (Daniele 2:44; Tšenolo 16:14, 16; 19:11-21) Re tla qoba tlokotsi eo hobane re arohile lefatšeng. Joaloka batho ba kopaneng lefatšeng ka bophara, re tšepahalla ’Muso oa Molimo oa leholimo. Ke ’nete hore ka ho se be karolo ea lefatše, re pepesehetse ho nyefoloa le ho hlorisoa. Leha ho le joalo, haufinyane seo se tla khaotsa, kaha lefatše lena la hona joale le khopo le tlas’a Satane le tla felisoa ka ho sa feleng. Ka lehlakoreng le leng, ba sebeletsang Jehova ba tla phela ka ho sa feleng lefatšeng la hae le lecha la ho loka tlas’a ’Muso oa Molimo.—2 Petrose 3:10-13; 1 Johanne 2:15-17.
Tlhahlobo
• Jesu o ile a bontša joang hore na ho ameha eng tabeng ea ‘ho se be karolo ea lefatše’?
• Boikutlo ba Bakreste ba pele e ne e le bofe ka (a) moea oa lefatše, (b) babusi ba lefatše le (c) ho lefa makhetho?
• Ke ka litsela life Lipaki tsa Jehova mehleng ea kajeno li fanang ka bopaki ba ho se nke lehlakore ha tsona ha Bokreste?
[Setšoantšo se leqepheng la 165]
Jesu o ile a hlalosa hore eena le balateli ba hae “hase karolo ea lefatše”