Khaolo 14
“Hase Karolo Ea Lefatše”
KA KAKARETSO, bolumeli ba kajeno ke karolo ea lefatše ka ho felletseng, kahoo bo kopanela meketeng ea lefatše ’me bo bonahatsa moea oa lona oa bochaba. Hangata baruti ba bona ba lumela ’nete eo, ’me ba bangata ho bona ke sona seo ba se ratang. Ka ho fapaneng haholo, Jesu o itse ka balateli ba hae ba ’nete: “Hase karolo ea lefatše, feela joalokaha le ’na ke se karolo ea lefatše.”—Joh. 17:16, NW.
Tlaleho e bontša eng mabapi le Lipaki tsa Jehova tabeng ee? Na li fane ka bopaki bo kholisang ba hore hase karolo ea lefatše?
Boikutlo ba Tsona ka Batho ba Bang
Liithuti tsa Bibele tsa pele li ne li hlokomela hantle hore Bakreste e ke ke ea ba karolo ea lefatše. Molula-Qhooa o ile oa hlalosa hore kaha balateli ba Kreste ba tlotsitsoeng ba halalelitsoe ’me ba tsoetsoe ka moea o halalelang e le hore ba ka kopanela ’Musong oa leholimo, ka ketso ena ea Molimo ba behelletsoe ka thōko lefatšeng. Ho phaella moo, o ile oa hlalosa hore ba tlameha ho qoba moea oa lefatše—merero ea lona, lipakane tsa lona, le litebello tsa lona, hammoho le litsela tsa lona tsa boithati.—1 Joh. 2:15-17.
Na see se ile sa ama boikutlo ba Liithuti tsa Bibele ka batho ba sa lumeleng litumelo tsa tsona? Ho hang ha boa li etsa mekhelo. Empa tseo kannete li ileng tsa sebelisa seo li ithutang sona ka Mangolong ha lia ka tsa batla setsoalle sa batho ba lefatše ho isa bohōleng ba ho kopanela mokhoeng oa bona oa bophelo. Molula-Qhooa o ile oa lebisa bahlanka ba Molimo keletsong ea Bibele ea ho ‘etsa bohle hantle.’ O ile oa boela oa ba eletsa hore ha ba hlorisoa ba loanele ho qoba maikutlo a boiphetetso, ’me ho e-na le hoo, joalokaha Jesu a boletse, ba ‘rate lira tsa bona.’ (Ba-Gal. 6:10; Matt. 5:44-48) Haholo-holo o ile oa ba khothalletsa ho batla ho arolelana le ba bang ’nete ea bohlokoa e mabapi le tokisetso ea Molimo bakeng sa poloko.
Ka ho utloahalang, ha ba etsa lintho tsena lefatše le ne le tla ba talima e le ba fapaneng. Empa ho se be karolo ea lefatše ho akarelletsa ho hongata haholo.
Ho Ikarola le ho Ikhetha ho Babylona e Moholo
E le hore e se be karolo ea lefatše, ba ne ba sa lokela ho ba karolo ea litsamaiso tsa bolumeli tse neng li itšuntse ka ho teba litabeng tsa lefatše le tse amohetseng lithuto le mekhoa e tsoang Babylona ea boholo-holo, eo e leng sera sa khale sa borapeli ba ’nete. (Jer. 50:29) Ha ntoa ea pele ea lefatše e qhoma, e ne e le lilemo tse mashome-shome Liithuti tsa Bibele li pepesa hore lithuto tsa Bokreste-’mōtoana tse kang Boraro-bo-bong, ho se shoe ha sephefumolohi sa motho, le lihele tsa mollo li simolohile boheteneng. Hape li ne li pepesitse tlaleho ea likereke ea ho leka ho laola mebuso bakeng sa merero ea tsona ea boithati. Ka baka la lithuto le mekhoa ea Bokreste-’mōtoana, Liithuti tsa Bibele li ne li bo amahanya le “Babylona e moholo.” (Tšen. 18:2) Li ile tsa hlalosa hore bo tsoakile ’nete le liphoso, Bokreste bo sa tsotelleng le mokhoa o tobileng oa lefatše, le hore ka nepo lebitso la Bibele “Babylona” (le bolelang, “Pherekano”) le hlalosa boemo boo. Li ile tsa phehella batho ba ratang Molimo ho tsoa ho “Babylona.” (Tšen. 18:4) Ho finyella seo, ho ea bofelong ba December 1917 le mathoasong a 1918, li ile tsa aba likopi tse 10 000 000 tsa tokollo ea The Bible Students Monthly e neng e buella sehlooho se reng “Ho Oa ha Babylona,” seo e neng e le ho pepesoa ho matla ha Bokreste-’mōtoana. Ka lehlakoreng le leng, sena se ile sa fella ka hore baruti ba be le lehloeo le mabifi, eaba ba sebelisa ho nkeha maikutlo ha nakong ea ntoa ka boiteko ba ho felisa mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova.
Ka ho ke keng ha qojoa, ho tsoa Babylona e Moholo ho ne ho akarelletsa ho khaotsa ho ba setho sa mekhatlo e buellang lithuto tsa eona tsa bohata. Liithuti tsa Bibele li ile tsa etsa joalo, le hoja ka lilemo tse ngata li ne li talima batho ba leng likerekeng ba ipolelang hore ba inehetse ka ho felletseng le hore ba na le tumelo thekollong e le baena ba Bakreste. Leha ho le joalo, Liithuti tsa Bibele ha lia ka tsa ngola mangolo a ho ikhula likerekeng tsa Bokreste-’mōtoana feela empa, ha ho khoneha, ba bang ho tsona ba ne ba bala mangolo a bona ka lentsoe le phahameng libokeng tsa kereke moo ho lumelletsoeng hore litho li bue ka bolokolohi. Ha ho sa khonehe, ba ne ba romela kopi ea lengolo le bolelang hore baa ikhula—lengolo le mosa le nang le bopaki bo loketseng—ho setho ka seng sa phutheho eo ba ikhulang ho eona.
Na ba ne ba boetse ba entse bonnete ba hore ha baa nkella litloaelo le mekhoa e hlomphollang Molimo ea mekhatlo eo? Boemo e ne e le bofe nakong e lebisang Ntoeng ea I ea Lefatše?
Na Bolumeli bo Lokela ho Itšunya-tšunya Lipolotiking?
Litabeng tsa lipolotiki, babusi ba lichaba tse ngata tse khōlō, ka baka la maqhaama a bona le kereke e K’hatholike kapa ea Prostanta, e ne e se e le khale ba ipolela hore ba busa ka ‘tokelo e tsoang ho Molimo,’ joaloka baemeli ba ’Muso oa Molimo le ka mohau o khethehileng oa Molimo. Kereke e ile ea hlohonolofatsa ’muso; ka lehlakoreng le leng, ’muso o ile oa tšehetsa kereke. Na Liithuti tsa Bibele le tsona li ile tsa kopanela ho see?
Ho e-na le ho etsisa likereke tsa Bokreste-’mōtoana, li ile tsa etsa boiteko ba ho ithuta lithutong le mohlaleng oa Jesu Kreste le baapostola ba hae. Thuto ea tsona ea Bibele e ile ea li bontša eng? Lingoliloeng tsa pele tsa Watch Tower li senola hore li ne li hlokomela hore ha Jesu a botsoa ke ’musisi oa Moroma Ponse Pilato, o itse: “’Muso oa ka ha o tsoe lefatšeng.” Jesu o ile a bolella ’musisi tjena ha a botsoa ka mosebetsi oa hae: “Ke tsoaletsoe hona, ’me ke tletse hona lefatšeng, ke tle ke pake ’nete.” (Joh. 18:36, 37) Liithuti tsa Bibele li ne li tseba hore Jesu o ile a khomarela kabelo eo a sa thekesele. Ha Diabolose a tšepisa ho mo neha mebuso eohle ea lefatše le khanya ea eona, o ile a hana. Ha batho ba batla ho mo etsa morena, o ile a baleha. (Matt. 4:8-10; Joh. 6:15) Liithuti tsa Bibele ha lia ka tsa iphapanyetsa hore Jesu o buile ka Diabolose e le “’musi oa lefatše” ’me a re Diabolose ‘ha a na matla holim’a hae.’ (Joh. 14:30, BPN) Li ile tsa bona hore Jesu o ne a sa batle ho itšunya tsamaisong ea lipolotiki ea Roma kapa hore balateli ba hae ba itšunye ho eona empa hore o ne a tšoarehile ka ho felletseng ka ho bolela “litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo.”—Luka 4:43, NW.
Na ho lumela ha tsona lintho tsee tse tlalehiloeng ka Lentsoeng la Molimo ho ne ho li khothalletsa ho se hlomphe ba boholong pusong? Le hanyenyane. Ho e-na le hoo, ho ile ha li thusa ho utloisisa lebaka leo ka lona mathata a tobaneng le babusi e leng a tsietsang, lebaka leo ka lona ho nang le tlōlo ea molao e ngata hakana, le lebaka leo ka lona mananeo a mebuso a ho ntlafatsa boemo ba batho a atisang ho nyopa. Tumelo ea tsona e ile ea li thusa ho mamella ho sa tsotellehe mathata, hobane li ne li kholisehile hore Molimo o tla tlisa topollo ka nako ea hae e loketseng ka ’Muso oa hae. Nakong eo ba ne ba utloisisa hore “babusi ba phahameng,” bao ho buuoang ka bona ho Ba-Roma 13:1-7 (KJ), ke babusi ba lefatše. Tumellanong le seo, li ile tsa khothalletsa hore ho hlomphuoe basebeletsi ba ’muso. Ha a tšohla Ba-Roma 13:7, C. T. Russell, bukeng The New Creation (e hatisitsoeng ka 1904), o itse Bakreste ba ’nete “joalokaha ho ka lebelloa e lokela ho ba batho ba tšepahalang ka ho fetisisa ho utloeng ba phahameng lefatšeng lena, le batho ba utloang melao le litlhokahalo tsa molao ka ho fetisisa, ntle leha melao ena e fumanoa e le khahlanong le litlhokahalo le litaelo tsa leholimo. Mohlomong ke babusi ba seng bakae ba lefatše mehleng ea rōna ba ka bolelang hore ke phoso ho utloa ’Mōpi ea phahameng ka ho fetisisa le ho ikokobeletsa litaelo tsa hae tse phahameng ka ho fetisisa. Ka hona, [Bakreste ba ’nete] ba lokela ho fumanoa har’a batho ba bolokang molao ka ho fetisisa nakong ea joale—eseng e le ba fehlang morusu, ba likhathatso, ba tšoaea-tšoaeang liphoso.”
Joaloka Bakreste, Liithuti tsa Bibele li ne li tseba hore mosebetsi oo li lokelang ho inehela ho oona ke oa ho bolela ka ’Muso oa Molimo. ’Me, joalokaha ho boletsoe moqolong oa pele oa Studies in the Scriptures, “haeba sena se etsoa ka botšepehi, ho ke ke ha ba le nako le tšekamelo ea ho itšunya lipolotiking tsa mebuso e teng hona joale.”
Tabeng ena, li ne li tšoana ka tekanyo e khōlō le Bakreste ba pele ba hlalositsoeng ke Augustus Neander bukeng The History of the Christian Religion and Church, During the Three First Centuries: “Bakreste ba ne ba hlahelletse ’me ba ikhethile ka har’a naha, . . . ’me ho tlameha ho lumeloe hore ho ile ha bonahala Bokreste bo khona ho susumetsa bophelo ba sechaba ka mokhoa oo feela e leng o hloekileng ka ho fetisisa, ka hore ka hohle-hohle bo leke ho kenya boikutlo bo boholoanyane ba khalalelo ka ho baahi ba naha.”
Ha Lefatše le E-ea Ntoeng
Lefatšeng lohle liketsahalo tsa Ntoa ea I ea Lefatše li ile tsa beha lipolelo tsa ba ipolelang hore ke Bakreste tekong e khōlō. E bile ntoa e tšabehang ka ho fetisisa e kileng ea loanoa ho fihlela nakong eo; hoo e ka bang baahi bohle ba lefatše ba ile ba kenella ka tsela e ’ngoe e itseng.
Mopapa Benedict XV, ho sa tsotellehe ho tšehetsa ha Vatican Linaha tsa Selekane, o ile a leka ho ikhakanya joalokaha eka ha a nke lehlakore. Leha ho le joalo, sechabeng se seng le se seng, baruti ba K’hatholike le ba Prostanta, ha baa ka ba boloka boemo bo joalo ba ho se nke lehlakore. Mabapi le boemo bona United States, Dr. Ray Abrams, bukeng ea hae Preachers Present Arms, o ngotse: “Likereke li ile tsa ba le morero o momahaneng o neng o sa tsejoe ho fihlela nakong ena historing ea bolumeli. . . . Ntle ho tšenyo ea nako baeta-pele ba ile ba itlhophisetsa nako ea ntoa. Lihoreng tse mashome a mane ka mor’a phatlalatso ea ntoa, Lekhotla le Kopaneng la Likereke tsa Kreste Amerika le ile la rala motheo bakeng sa tšebelisano-’moho e shoetseng. . . . Kereke ea Roma e K’hatholike, e itlhophiselitse tšebeletso e tšoanang tlas’a Lekhotla la Ntoa la Sechaba la K’hatholike, le neng le etelletsoe pele ke baarekabishopo ba 14 ’me Mok’hadinale Gibbons e le mopresidente, e ile ea bonahatsa boinehelo bo tšoanang ntoeng. . . . Likereke tse ngata li ile tsa kenella ntoeng ho feta kamoo li neng li kōpiloe. Li ile tsa fetoha litsi tse thaothang batho hore ba ngolisetse sesole.” Liithuti tsa Bibele li ile tsa etsa’ng?
Le hoja li ne li leka ho etsa seo li nahanang hore se khahlisa Molimo, hase ka mehla boemo ba tsona e neng e le ba ho se nke lehlakore ho sa fetoheng. Seo li neng li se etsa se ne se susumetsoa ke tumelo e neng e boetse e lumeloa ke ba bang ba ipolelang hore ke Bakreste, ea hore “babusi ba phahameng” ba “khethiloe ke Molimo,” ho latela mantsoe a King James Version. (Ba-Roma 13:1) Ka hona, tumellanong le phatlalatso ea mopresidente oa United States, Molula-Qhooa o ile oa phehella Liithuti tsa Bibele ho kopanela ho bolokoeng ha May 30, 1918, e le letsatsi la thapelo le thapelisiso mabapi le phello ea ntoa ea lefatše.a
Lilemong tsa ntoa, maemo ao Liithuti tsa Bibele ka bomong li neng li kena ho ’ona e bile a sa tšoaneng. Le tsela eo li neng li tobana le maemo ana ka eona e ne e sa tšoane. Ba ikutloa ba tlamehile ho utloa “marena a leng teng,” kamoo ba neng ba bitsa babusi ba lefatše ka teng, ba bang ba ile ba kena ka liforong thekong e ka pele ba nkile lithunya le lithipa tse hlonngoeng ntlheng ea sethunya. Empa kaha ba ne ba hopola lengolo le reng, “U se ke ua bolaea,” ba ne ba thunya moeeng kapa ba leka feela ho qhela sebetsa matsohong a sera. (Ex. 20:13, KJ) Ba seng bakae, joaloka Remigio Cuminetti, Italy, ba ile ba hana ho apara liaparo tsa sesole. ’Muso oa Italy nakong eo o ne o sa lumelle mang kapa mang ho hana ho nka lihlomo ka baka la letsoalo. O ile a qosoa ka makhetlo a mahlano ’me a koalloa teronkong le litsing tsa mafu a kelello, empa tumelo le boikemisetso ba hae li ile tsa lula li sa thekesele. Engelane ba bang ba ileng ba kōpa hore ba behelloe ka thōko ba ile ba abeloa ho sebetsa tšebeletsong ea sechaba kapa mekhatlong eo e seng ea ntoa. Ba bang, joaloka Pryce Hughes, ba ile ba nka boemo bo sa fetoheng ba ho se nke lehlakore, ho sa tsotellehe liphello tse ka ba hlahelang ka bomong.
Bonyane nakong eo, tlaleho e akaretsang ea Liithuti tsa Bibele e ne e batla e sa tšoane hakaalo le ea Bakreste ba pele e hlalositsoeng ho The Rise of Christianity, ea E. W. Barnes, ea tlalehileng sena: “Tlhahlobisiso e hlokolosi ea boitsebiso bohle bo teng e bontša hore, ho fihlela mehleng ea Marcus Aurelius [’musisi oa Roma ho tloha ka 161 ho ea ho 180 C.E.], ha ho Mokreste ea ileng a fetoha lesole; ’me ha ho lesole, leo ka mor’a ho fetoha Mokreste, le ileng la lula tšebeletsong ea sesole.”
Empa, qetellong ea Ntoa ea I ea Lefatše, ho ile ha hlaha boemo bo bong bo ileng ba hloka hore lihlopha tsa bolumeli li bonahatse botšepehi ba tsona.
Na ke Ponahatso ea Lipolotiki ea ’Muso oa Molimo?
Selekane sa khotso, ho akarelletsa Tumellano ea Selekane sa Lichaba, e ile ea tekenoa Versailles, Fora, ka June 28, 1919. Esita le pele selekane seo sa khotso se tekenoa, Lekhotla le Kopaneng la Likereke tsa Kreste Amerika le ile la tlalehoa le boletse hore Selekane seo e tla ba “ponahatso ea lipolotiki ea ’Muso oa Molimo lefatšeng.” ’Me Lekhotla le ka Holimo-limo la U.S. le ile la amohela mangolo a mangata a tsoang lihlopheng tsa bolumeli a le phehellang hore le tiise Tumellano ea Selekane sa Lichaba.
Lipaki tsa Jehova ha lia ka tsa kopanela ho seo. Esita le pele selekane sa khotso se tiisoa (ka October), J. F. Rutherford o ile a fana ka puo Cedar Point, Ohio, ka September 7, 1919, ’me puong eo a bontša hore tšepo bakeng sa batho ba leng tsietsing hase Selekane sa Lichaba empa ke ’Muso o hlonngoeng ke Molimo. Le hoja Liithuti tseo tsa Bibele li ne li lumela hore selekane sa batho sa ho ntlafatsa maemo se ka finyella lintho tse ngata tse molemo, li ne li sa furalle ’Muso oa Molimo bakeng sa ho tšehetsa kofuto ea lipolotiki e hlonngoeng ke bo-ralipolotiki le ho hlohonolofatsoa ke baruti. Ho e-na le hoo, li ile tsa etsa mosebetsi oa ho fana ka bopaki lefatšeng lohle mabapi le ’Muso oo Molimo a neng a o behile matsohong a Jesu Kreste. (Tšen. 11:15; 12:10) Ho Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa July 1, 1920, ho ile ha hlalosoa hore ona ke mosebetsi oo Jesu a o boletseng esale pele ho Mattheu 24:14.
Hang hape, ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, Bakreste ba ile ba tobana le tseko e tšoanang. Lekhetlong lena, e ne e amana le Machaba a Kopaneng, mohlahlami oa Selekane. Ha Ntoa ea II ea Lefatše e ntse e kupa, ka 1942, Lipaki tsa Jehova li ne li se li hlokometse ho tsoa ka Bibeleng, ho Tšenolo 17:8, hore mokhatlo oa lefatše oa khotso o tla hlaha hape, le hore o tla hlōleha ho tlisa khotso ea ka ho sa feleng. Sena se ile sa hlalosoa ke N. H. Knorr, eo e neng e le mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower nakong eo, puong ea kopano e reng “Khotso—Na e ka Tšoarella?” Ka sebete Lipaki tsa Jehova li ile tsa bolela pono eo ea boemo bo ntseng bo etsahala lefatšeng. Ka lehlakoreng le leng, baeta-pele ba K’hatholike, ba Prostanta, le ba Bajode ha e le hantle ba ile ba kopanela lipuisanong tse neng li tšoaretsoe San Francisco ka 1945 tseo ho tsona ho ileng ha raloa Molao-motheo oa Machaba a Kopaneng. Ho batho ba shebelletseng liketsahalo tsena, ho ile ha hlaka hore na ke mang ea batlang ho iketsa “motsoalle oa lefatše” le ea lekang ho se be “karolo ea lefatše,” joalokaha Jesu a ne a boletse hore ho tla ba joalo ka barutuoa ba hae.—Jak. 4:4; Joh. 17:14, NW.
Tlaleho ea ho se Nke Lehlakore ha Bokreste
Le hoja Lipaki tsa Jehova li ile tsa hlokomela ka potlako litseko tse ling tse amanang le kamano ea Mokreste le lefatše, litaba tse ling li ne li hloka nako e eketsehileng. Leha ho le joalo, ha Ntoa ea II ea Lefatše e ntse e ipha matla Europe, sehlooho sa bohlokoa ho Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa November 1, 1939, se ile sa li thusa ho utloisisa se boleloang ke ho se nke lehlakore ha Bokreste. Sehlooho seo se ile sa bolela hore balateli ba Jesu Kreste ba tlameha ho inehela ka ho felletseng ho Molimo le ’Musong oa hae, oa Puso ea Molimo. Lithapelo tsa bona li lokela ho etsoa lebitsong la ’Muso oa Molimo, eseng lebitsong la lefatše. (Matt. 6:10, 33) Sehlooho seo se ile sa beha mabaka ka hore tumellanong le seo Jesu Kreste a se boletseng mabapi le ho khetholla ’musi ea sa bonahaleng oa lefatše (Joh. 12:31; 14:30), motho ea inehetseng ’Musong oa Molimo a ka jela paate joang khohlanong ea lihlotšoana tsa lefatše? Na Jesu o ne a sa ka a re ka balateli ba hae: “Hase karolo ea lefatše, feela joalokaha le ’na ke se karolo ea lefatše”? (Joh. 17:16, NW) Boemo bona ba ho se nke lehlakore ha Bokreste e ne e se boo lefatše ka kakaretso le tlang ho bo utloisisa. Empa na ka sebele Lipaki tsa Jehova li ne li tla bo phelela?
Ho se nke lehlakore ha tsona ho ile ha behoa tekong e sisimosang nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, haholo-holo Jeremane. Rahistori Brian Dunn o itse: ‘Lipaki tsa Jehova li ne li sa lumellane le puso ea Bonazi. Ho se nke lehlakore ha tsona lipolotiking e ne e le eona khanyetso e khōlō ka ho fetisisa pusong ea Bonazi. Sena se ne se bolela hore ha ho molumeli ea ka nkang lihlomo, ea ka sebeletsang sesoleng, ea ka kopanelang meketeng ea sechaba, kapa a etse pontšo leha e le efe ea botšepehi sesoleng.’ (The Churches’ Response to the Holocaust, 1986) Ho A History of Christianity, Paul Johnson o ile a phaella: “Tse ngata li ile tsa ahloleloa lefu ka baka la ho hana tšebeletso ea sesole . . . kapa tsa qetella li le Dachau kapa likampong tsa mahlanya.” Ke Lipaki tse kae tse ileng tsa kenngoa literonkong Jeremane? Hamorao Lipaki tsa Jehova Jeremane li ile tsa tlaleha hore tse 6 262 ho tsona li tšoeroe ’me tse 2 074 lenaneng leo li kentsoe likampong tsa mahloriso. Hangata bangoli ba lefatše ba fihlela qeto ea hore e bile manane ao a phahame ho feta moo.
Brithani, moo banna le basali ba neng ba abeloa tšebeletsong ea sesole, molao o ile oa etsa tokisetso ea hore ba bang ba behelloe ka thōko; empa makhotla a mangata a ile a hana ho behella Lipaki tsa Jehova ka thōko, ’me baahloli ba ile ba li ahlolela ho kenngoa teronkong nako e fetang lilemo tse 600 ka kakaretso. United States, Lipaki tsa Jehova tse makholo-kholo joaloka basebeletsi ba Bakreste li ile tsa behelloa ka thōko ho tšebeletso ea sesole. Ba bang ba fetang 4 000, bao ho neng ho hannoe hore ba behelloe ka thōko ho lumellana le Molao oa Tšebeletso e Ikhethetsoeng, ba ile ba tšoaroa ’me ba koalloa teronkong nako e fetanang ho fihla lilemong tse hlano. Naheng ka ’ngoe lefatšeng, Lipaki tsa Jehova li ile tsa tšoarella boemong bo tšoanang ba ho se nke lehlakore ha Bokreste.
Leha ho le joalo, teko ea bonnete ba tumelo ea tsona ha ea ka ea khaotsa ha ntoa e lala. Le hoja tlokotsi ea 1939-45 e ne e fetile, ho ile ha hlaha likhohlano tse ling; ’me esita le linakong tsa khotso e itseng, lichaba tse ngata li ile tsa khetha ho tšoarella tabeng ea tšebeletso ea sesole e qobelloang. Lipaki tsa Jehova, joaloka basebeletsi ba Bakreste, li ile tsa tsoela pele ho kenngoa literonkong ’me tsa se ke tsa behelloa ka thōko. Ka 1949, ha John Tsukaris le George Orphanidis ba hana ho nka lihlomo khahlanong le batho ba bang, ’muso oa Greece o ile oa laela hore ba bolaoe. (Ka litsela tse sa tšoaneng) Lipaki tsa Jehova Greece li ne li tšoeroe ka tsela e sehlōhō haholo hoo ka mor’a nako Lekhotla la Europe (Komiti ea Litokelo tsa Botho) le ileng la leka ho sebelisa tšusumetso ea lona lebitsong la tsona, empa ka baka la khatello e tsoang Kerekeng ea Greek Orthodox, ho theosa ho fihlela ka 1992 litšusumetso tsa lona li ne li ntse li hlokomolohuoa, haese liketsahalong tse seng kae feela. Leha ho le joalo, mebuso e meng e fumane e le ho sa rateheng ho tsoela pele ho otla Lipaki tsa Jehova ka baka la litumelo tsa tsona tsa bolumeli tse laoloang ke letsoalo. Ho tloha lilemong tsa bo-1990, linaheng tse seng kae, joaloka Sweden, Finland, Poland, Netherlands, le Argentina, ’muso o ne o sa qobelle Lipaki tse mafolo-folo ho kenela tšebeletso ea sesole kapa tšebeletso e qobelloang ea sechaba e fapaneng, le hoja taba ka ’ngoe e ne e hlahlobisisoa ka hloko.
Libakeng ka ho latellana, ho ’nile ha hlokahala hore Lipaki tsa Jehova li tobane le maemo a ’nileng a beha ho se nke lehlakore ha tsona ha Bokreste tekong. Mebuso e busang Latin America, Afrika, Bochabela bo Hare, Ireland Leboea, le libakeng tse ling e ’nile ea tobana le khanyetso e mabifi e tsoang ho makhotla a bofetoheli. Ka baka leo, mebuso le makhotla a bofetoheli a ’nile a qobella Lipaki tsa Jehova hore li a tšehetse ka mafolo-folo. Empa Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa ipoloka li sa nke lehlakore ka ho felletseng. Ba bang ho tsona ba ’nile ba shapuoa ka sehlōhō, ba ba ba bolaoa, ka baka la boemo boo ba bo nkileng. Leha ho le joalo, hangata boemo ba ’nete ba ho se nke lehlakore ha Bokreste ho entse hore Lipaki tsa Jehova li hlomphuoe ke balaoli ka mahlakoreng a mabeli, ’me Lipaki li lumelletsoe ho ntšetsa mosebetsi oa tsona oa ho bolella ba bang litaba tse molemo tsa ’Muso oa Jehova ntle ho tšitiso ea letho.
Lilemong tsa bo-1960 le bo-1970, ho se nke lehlakore ha Lipaki ho ile ha tobana le liteko tse sehlōhō mabapi le tlhokahalo ea hore baahi bohle ba Malawi ba reke likarete tse bontšang hore ke litho tsa mokha oa lipolotiki o busang. Lipaki tsa Jehova li ile tsa hlokomela hore ho kopanela ho sena ho khahlanong le litumelo tsa tsona tsa Bokreste. Ka baka leo, li ile tsa tobana le mahloriso a sisimosang ao ho seng a tšoanang le oona ka sehlōhō. Ba mashome a likete ho tsona ba ile ba qobelloa hore ba balehe ka har’a naha, ’me nakong eona eo ba bangata ba ile ba qobelloa ho khutlela naheng ea habo bona e le hore ba ka tobana le sehlōhō se fetelletseng.
Le hoja li hlorisoa ka sehlōhō, Lipaki tsa Jehova ha lia ka tsa bonahatsa moea oa bofetoheli. Litumelo tsa tsona ha li sokele ’muso ofe kapa ofe oo li phelang ho oona. Ho fapana le hoo, Lekhotla la Lefatše la Likereke le ’nile la tšehetsa liphetohelo ka lichelete, ’me baruti ba K’hatholike ba ’nile ba tšehetsa makhotla a lingangele. Empa haeba e mong oa Lipaki tsa Jehova a ne a ka kenella liketsong tsa bofetoheli khahlanong le puso, ho ne ho tla tšoana le ho latola tumelo ea hae.
Bonneteng Lipaki tsa Jehova lia lumela hore mebuso ea batho e tla tlosoa ke ’Muso oa Molimo. Ke sona seo Bibele e se buang ho Daniele 2:44. Empa, joalokaha Lipaki li bolela, ho e-na le ho bolela hore ke batho ba tlang ho hloma ’Muso oo, lengolo leo le bolela hore “Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso.” Li hlalosa hore ka ho tšoanang lengolo lena ha le bolele hore Molimo o file batho matla hore ba lokise tsela bakeng sa ’Muso oo ka ho tlosa lipuso tsa batho. Lipaki tsa Jehova lia hlokomela hore mosebetsi oa Bakreste ba ’nete ke ho bolela le ho ruta. (Matt. 24:14; 28:19, 20) Tumellanong le tlhompho ea tsona bakeng sa Lentsoe la Molimo, tlaleho e bontša hore ha ho le a mong ho tsona ea kileng a leka ho ketola puso ea mofuta ofe kapa ofe libakeng tsohle tse lefatšeng, leha e le hona hore li kile tsa loha mano a ho hlekefetsa mosebeletsi oa ’muso sechabeng. Koranta ea Italy La Stampa e itse ka Lipaki tsa Jehova: “Ke baahi ba tšepahalang ka ho fetisisa bao mang kapa mang a ka lakatsang ho ba le bona: ha li qobe makhetho kapa ho leka ho qoba melao e thata hore li fumane phaello.” Leha ho le joalo, kaha li hlokomela botebo ba taba ena mahlong a Molimo, e mong le e mong ho tsona o ikemiselitse ka tieo ho lula e se “karolo ea lefatše.”—Joh. 15:19, NW; Jak. 4:4.
Ha Litšoantšo tsa Naha li Fetoha Lintho tse Rapeloang
Ha Adolf Hitler a hloella pusong Jeremane, lefatše le ile la nkeha maikutlo ke moea oa lerato la naha. E le hore ho ka hlophisoa batho bakeng sa tšebeletso ea sesole, ba ile ba qobelloa ho kopanela litšebeletsong tsa lerato la naha. Jeremane ho ne ho hlokahala hore batho bohle ba etse tumeliso e hlomamisitsoeng ’me ba hooe, ba re “Heil Hitler!” Ketso ena e ne e le ea ho thoholetsa Hitler joaloka mopholosi; e ne e reretsoe ho fetisa khopolo ea hore litebello tsohle tsa batho li thehiloe boeta-peleng ba hae. Empa Lipaki tsa Jehova ha lia ka tsa kopanela boikutlong bo joalo. Li ne li tseba hore borapeli ba tsona bo tlameha ho lebisoa ho Jehova feela le hore O hlomamisitse Jesu Kreste joaloka Mopholosi oa batho.—Luka 4:8; 1 Joh. 4:14.
Esita le pele Hitler a fetoha ’musi oa mohatelli Jeremane, Lipaki tsa Jehova, bukaneng The Kingdom, the Hope of the World (e hatisitsoeng ka 1931), li ile tsa hlahloba mohlala oa Mangolo oa metsoalle e meraro ea Baheberu e sebete ea moprofeta Daniele Babylona. Ha Baheberu bao ba tšepahalang ba laeloa ke morena hore ba khumamele setšoantšo ha ho letsoa ’mino o itseng, ba ile ba hana ho sekisetsa, ’me Jehova o ile a hlakisa hore o amohela seo ka ho ba lopolla. (Dan. 3:1-26) Bukana eo e ile ea bolela hore litšebeletso tsa lerato la naha li hlahisetsa Lipaki tsa Jehova phephetso e tšoanang ea botšepehi ba tsona mehleng ea kajeno.
Butle-butle, ho susumelletsoa ha sechaba hore se kenele litšebeletso tse qobelletsoeng tsa lerato la naha ha lia ka tsa fella Jeremane feela. Ka June 3, 1935, kopanong e neng e tšoaretsoe Washington, D.C., ha J. F. Rutherford a kōptjoa hore a fane ka maikutlo tabeng ea ho lumelisa folaga likolong, o ile a hatisa taba ea ho bontša botšepehi ho Molimo. Likhoeli tse seng kae hamorao, ha Carleton B. Nichols, E monyenyane, ea lilemo li robeli, oa Lynn, Massachusetts, a hana ho lumelisa folaga ea Amerika le ho kopanela ho bineng pina ea lerato la naha, sena se ile sa tlalehoa likoranteng naheng eohle.
Ha Moena Rutherford a hlalosa taba ena, o ile a fana ka puo seea-le-moeeng ka October 6 tlas’a sehlooho se reng “Ho Lumelisa Folaga,” ’me ho eona a re: “Ho batho ba bangata ho lumelisa folaga ke ntho feela e etsoang ka tloaelo ’me ke habohlokoa bo fokolang kapa ha ho na thuso. Ho batho ba ho talimang ho latela pono ea Mangolo, ho bolela ho hongata.
“Ka tšoantšetso folaga e emela marena a bonahalang a busang. Ho leka ka molao ho qobella moahi kapa ngoana oa moahi ho lumelisa kofuto kapa ntho leha e le efe, kapa ho bina seo ho thoeng ke ‘lipina tsa lerato la naha’, ke leeme le felletseng ebile ho fosahetse. Ho etsoa melao ebile ea tiisoa bakeng sa ho thibela ho etsoa ha liketso tse pepeneneng tse ntšang batho ba bang kotsi, ’me ha e etsoe ka morero oa ho qobella motho ho hatella letsoalo la hae, haholo-holo ha letsoalo leo le tataisoa tumellanong le Lentsoe la Jehova Molimo.
“Ho hana ho lumelisa folaga, le ho ema motho a khutsitse, joalokaha moshanyana enoa a entse, ho ne ho ke ke ha ntša mang kapa mang kotsi. Haeba motho a lumela ka botšepehi hore taelo ea Molimo e khahlanong le ho lumelisa lifolaga, joale ho qobella motho ea joalo ho lumelisa folaga khahlanong le Lentsoe la Molimo, le khahlanong le letsoalo la hae, ke ho ntša motho eo kotsi e khōlō. Naha ha e na tokelo ea molao kapa tokelo leha e le efe ea ho ntša sechaba kotsi.”
Tlhaloso e eketsehileng ea mabaka a boemo boo Lipaki tsa Jehova li bo nkileng e ile ea fanoa bukaneng Loyalty, e ileng ea boela ea hatisoa ka 1935. Ho ile ha lebisoa tlhokomelo mangolong a kang a latelang: Exoda 20:3-7, le laetseng hore borapeli bo lebisoe feela ho Jehova le hore bahlanka ba Molimo ba ne ba sa lokela ho etsa kapa ho khumamela setšoantšo sa ntho leha e le efe e leholimong kapa lefatšeng; Luka 20:25, leo ho lona Jesu Kreste a ileng a laela hore ho se ke ha nehoa Cesare feela seo e leng sa hae empa seo e leng sa Molimo se nehelanoe ho Eena; le Liketso 5:29 (NW), moo baapostola ba ileng ba bolela ka tieo hore, “Re tlameha ho utloa Molimo e le ’musi ho fapana le batho.”
United States, taba ea hore na ho loketse ho qobella motho leha e le ofe ho lumelisa folaga e ile ea isoa makhotleng. Ka June 14, 1943, Lekhotla le Phahameng la U.S. le ile la fanyeha qeto ea lona ea pele, ’me nyeoeng ea West Virginia State Board of Education v. Barnette, la ntša taelo ea hore ho lumelisa folaga ho qobelletsoeng ha ho lumellane le tšepiso ea tokoloho e boletsoeng molaong oa naha oa motheo.b
Ho hang taba e amang litšebeletso tsa bochaba ha ea fella Jeremane le United States feela. Amerika Leboea le Boroa, Europe, Afrika, le Asia, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa hlorisoa ka sehlōhō ka baka la ho se kopanele ha tsona, le hoja li bontša tlhompho ka ho ema ha ho lumelisoa folaga kapa litšebeletsong tse tšoanang. Bana ba ’nile ba shapuoa; ba bangata ba ’nile ba lelekoa likolong. Ho ’nile ha tsekoa linyeoeng tse ’maloa ka lekhotleng.
Leha ho le joalo, batho ba shebelletseng ba ’nile ba ikutloa ba tlamehile ho lumela hore ho sena, joaloka litabeng tse ling, Lipaki tsa Jehova li ipakile li tšoana le Bakreste ba pele. Leha ho le joalo, joalokaha ho boletsoe bukeng The American Character: “Ho batho ba bangata . . . ho thata ho utloisisa likhanyetso tsa Lipaki feela joalokaha ho ne ho le thata ho Trajan le Pliny ho utloisisa likhanyetso tsa Bakreste [’Musong oa Roma] mabapi le ho etsa mahlabelo litšebeletsong tse itseng a eang ho ’Musisi ea Halalelang.” Ena e ne e le ntho e lebelletsoeng, kaha Lipaki tsa Jehova, ho tšoana le Bakreste ba pele, li ne li talima litaba ho latela melao-motheo ea Bibele eseng kamoo lefatše le li talimang ka teng.
Boemo ba Tsona bo Boletsoe ka ho Hlaka
Ka mor’a hore Lipaki tsa Jehova li mamelle liteko tse sisimosang ka baka la boemo ba tsona ba Bokreste ba ho se nke lehlakore ka lilemo tse ngata, Molula-Qhooa oa June 1, 1980, (November 1, 1979, ka Senyesemane) o ile oa boela oa tiisa boemo ba tsona. O ile oa boela oa hlalosa hore na lebaka la khato eo Lipaki ka bomong li e nkang ke lefe ha o re: “Ka baka la boithuto bo masene Lentsoeng la Molimo, Bakreste bana ba banyenyane ba tseba ho etsa qeto. Ha ho ea ileng a ba etsetsa qeto ena. Ba tsebile ho iketsetsa eona ka bomong, motheong oa letsoalo la e mong le e mong le theiloeng Bibeleng. Qeto ea bona e ne e le ho intša liketsong tsa lehloeo le pefo ho batho ba kang bona ba lichaba tse ling. E, ba ne ba lumela ba bile ba batla ho kopanela ho phethahatsoeng ha boprofeta bo tsebisahalang ba Esaia: ‘Ba tla tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma, le marumo a bona ba a tee lisekele; sechaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.’ (Esa. 2:4) Bahlankana bana ba lichaba tsohle ba etsa joalo.”
Lilemong tseo ka tsona ho khomarela ha tsona tabeng ea ho se nke lehlakore ha Bokreste ho bileng tlas’a teko, ho hlahlobisisa bocha seo Bibele e se buang, ho Ba-Roma 13:1-7, ka “marena a maholo” ho ile ha lebisa polelong e hlakileng haholoanyane ea kamano ea Lipaki le mebuso ea lefatše. E ile ea hatisoa litokollong tsa Molula-Qhooa tsa May 1, May 15, le June 1, 1963, (November 1, November 15, le December 1, 1962, ka Senyesemane) ’me ea boela ea tiisoa hape tokollong ea November 1, 1990. Lihlooho tseo li ile tsa hatisa boemo ba Jehova Molimo e le “Ea Phahameng ka ho Fetisisa,” empa tsa boela tsa hlalosa hore babusi ba lefatše ke “marena a maholo” kamanong le batho ba bang feela le mosebetsing oo Molimo o ba lumelletseng ho sebetsa ba le ho oona tsamaisong ea joale ea lintho. Lihlooho tsena li ile tsa bontša tlhoko ea hore Bakreste ba ’nete ba hlomphe babusi ba joalo ba lefatše ka hloko le ho ba utloa litabeng tsohle tse seng khahlanong le molao oa Molimo le letsoalo la bona le koetlisitsoeng ka Bibele.—Dan. 7:18; Matt. 22:21; Lik. 5:29; Ba-Roma 13:5.
Ho khomarela ha Lipaki tsa Jehova litekanyetso tsena tsa Bibele ka tieo ho li etselitse botumo ba ho ikarola lefatšeng ho hopotsang batho ka Bakreste ba pele.
Ha Lefatše le E-ba le Matsatsi a Lona a Phomolo
Ha Lipaki tsa Jehova li lahla lithuto tsa bolumeli tse simolohileng boheteneng, li ile tsa boela tsa khaotsa ho kopanela meetlong e mengata e silafetseng ka ho tšoanang. Empa ka nakoana, matsatsi a itseng a phomolo a ne a sa hlahlobisisoa ka hloko kamoo ho loketseng. Le leng la ’ona ke la Keresemese.
Letsatsi lena la phomolo le ne le ketekoa selemo le selemo ke basebetsi ba ntlo-khōlō ea Mokhatlo oa Watch Tower Lehaeng la Bethele Brooklyn, New York. Ka lilemo tse ngata ba ne ba hlokometse hore December 25 hase nako e nepahetseng, empa ba ile ba nahana hore khale haholo nako eo e ne e ratoa haholo ’me e amahanngoa le tsoalo ea Mopholosi le hore ho etsetsa ba bang lintho tse ntle ho loketse letsatsing lefe kapa lefe. Leha ho le joalo, ka mor’a phuputso e eketsehileng tabeng ena, basebetsi ba ntlo-khōlō ea Mokhatlo, hammoho le basebetsi ba liofisi tsa makala a Mokhatlo tse Engelane le Switzerland, ba ile ba etsa qeto ea ho khaotsa ho kopanela meketeng ea Keresemese, kahoo ka mor’a 1926 ha ho mokete oa Keresemese o ileng oa tšoaroa moo.
R. H. Barber, setho sa basebetsi ba ntlo-khōlō se ileng sa etsa patlisiso e batsi mabapi le tšimoloho ea meetlo ea Keresemese le litholoana tseo e li hlahisang, o ile a hlahisa liphello phatlalatsong ea seea-le-moea. Boitsebiso boo bo ile ba boela ba hatisoa ho The Golden Age ea December 12, 1928. E ne e le ho pepesoa ho pharalletseng ha tšimoloho e hlomphollang Molimo ea Keresemese. Ho tloha nakong eo, batho ka kakaretso ba ’nile ba tseba hore meetlo ea Keresemese e simolohile boheteneng, empa ke batho ba fokolang ba etsang liphetoho tseleng ea bona ea bophelo ka baka la sena. Ka lehlakoreng le leng, Lipaki tsa Jehova li ne li ikemiselitse ho etsa liphetoho tse hlokahalang e le hore li ka amoheleha haholoanyane e le bahlanka ba Jehova.
Ha li hlokomelisoa hore ha e le hantle ho keteka tsoalo ea Jesu ho fetohile habohlokoa haholoanyane ho batho ho feta thekollo eo a faneng ka eona ka lefu la hae; hore moketjana ona oa letsatsi la phomolo le moea oo limpho li neng li fanoa ka oona ha o hlomphe Molimo; hore ha e le hantle baloi bao ho fana ha bona ka limpho e leng hona ho etsisoang e ne e le balepi ba linaleli ba laoloang ke bademona; hore batsoali ba behela bana ba bona mohlala oa ho bua leshano ka seo ba ba bolelletseng sona ka Santa Claus; hore bonneteng “Mohalaleli Nicholas” (Santa Claus) e ne e le lebitso le leng la Diabolose; le hore joalokaha Mok’hadinale Newman a lumetse khatisong ea hae ea Essay on the Development of Christian Doctrine, mekete e joalo ke “likofuto le mahlaahlela a borapeli ba bademona” ao kereke e a amohetseng—ha Lipaki tsa Jehova li hlokomelisoa ka lintho tsena, kapele-pele li ile tsa khaotsa ka ho felletseng ho kopanela meketeng ea Keresemese.
Lipaki tsa Jehova li ba le linako tse monate le malapa le metsoalle ea tsona. Empa ha li kopanele matsatsing a phomolo le meketeng e amanang le melimo ea bohetene (joalokaha ho le joalo ka matsatsi a phomolo a kang la Easter, Letsatsi la Selemo se Secha, May Day, le Mother’s Day). (2 Ba-Kor. 6:14-17) Joaloka Bakreste ba pele,c esita le matsatsi a tsoalo ha li a keteke. Hape ka tlhompho li qoba ho kopanela matsatsing a phomolo a sechaba a ho ikhopotsa liketsahalo tsa lipolotiki le tsa sesole ’me li qoba ho fana ka tlhompho ea borapeli ho bahale ba sechaba. Hobane’ng? Hobane Lipaki tsa Jehova hase karolo ea lefatše.
Li Thusa Batho ba Bang
Ho lebisa borapeli ho melimo ho ne ho metse ka metso bophelong ba sechaba le ba meetlo ’Musong oa Roma. Kaha Bakreste ba ne ba tela ho kopanela nthong efe kapa efe e silafalitsoeng ke melimo ea bohetene, batho ba ne ba talima Bokreste e le tšokelo tseleng ea bona ea bophelo; ’me ho latela se boletsoeng ke rahistori Tacitus, ho ne ho thoe Bakreste ba hloile moloko oa batho. Ha a hlahisa maikutlo a tšoanang, Minucius Felix, ho lingoliloeng tsa hae, o qotsa Moroma e mong a re ho Mokreste eo a mo tloaetseng: “Ha u be teng lipontšong; ha u kopanele mekolokong . . . u nena lipapali tse halalelang.” Batho ba lefatše la Roma ea boholo-holo ba ne ba sa utloisise Bakreste.
Ka ho tšoanang le kajeno, ba bangata lefatšeng ha ba utloisise Lipaki tsa Jehova. Batho ba ka ’na ba khahloa ke litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro tsa Lipaki empa ba ikutloa hore Lipaki li lokela ho kopanela le lefatše le ba potolohileng mesebetsing ea lona ’me li kenye letsoho ho etseng hore lefatše e be sebaka se setle. Leha ho le joalo, batho ba tsebang Lipaki tsa Jehova ka seqo baa hlokomela hore li tšehetsoa ke Bibele linthong tsohle tseo li li etsang.
Ho fapana le ho ikarola ho batho ka kakaretso, Lipaki tsa Jehova li nehela bophelo ba tsona ho thuseng batho ba bang ka tsela eo Jesu Kreste a behileng mohlala ka eona. Li thusa batho ho ithuta kamoo ba ka tobanang ka katleho le mathata a bophelo hona joale ka ho ba tloaetsa ’Mōpi le tataiso ea bophelo e fanoeng ka Lentsoeng la hae le bululetsoeng. Ka bolokolohi li arolelana le baahisani ba tsona linnete tsa Bibele tse ka fetolang pono ea motho ea bophelo ka kakaretso. Tumelo ea tsona e thehiloe tlhokomelong ea hore “lefatše lea feta,” hore haufinyane Molimo o tla kenella ka hore a felise tsamaiso ea joale e khopo, le hore bokamoso bo khanyang bo letetse ba lulang e se karolo ea lefatše le ba behang tumelo e felletseng ’Musong oa Molimo.—1 Joh. 2:17.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Molula-Qhooa (oa Senyesemane), June 1, 1918, leq. 174.
b Bakeng sa makolopetso a eketsehileng, bona Khaolo 30, “Ho Sireletsa le ho Theha Litaba tse Molemo ka Molao.”
c The History of the Christian Religion and Church, During the Three First Centuries, ea Augustus Neander, leq. 190.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 188]
Hase mekhelo, empa ha li kopanele mokhoeng oa bophelo oa lefatše
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 189]
Li ile tsa ikhula likerekeng tsa Bokreste-’mōtoana
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 190]
“Bakreste ba ne ba hlahelletse ’me ba ikhethile ka har’a naha”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 194]
Ho se nke lehlakore ha Bokreste ho behoa tekong
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 198]
‘Ha ho motho e mong ea ba etselitseng qeto’
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 199]
Lebaka leo ba ileng ba khaotsa ho keteka Keresemese
[Lebokose le leqepheng la 195]
Hase Tšokelo Pusong Leha e le Efe
◆ Ha koranta e ’ngoe ea Omaha, Nebraska, U.S.A., “World-Herald” e ngola ka tšoaro ea Lipaki tsa Jehova naheng e ’ngoe ea Latin America, e itse: “Ho nahana hore Lipaki tsa Jehova ke tšokelo ea mofuta leha e le ofe ho lebotho leha e le lefe la lipolotiki ho tsoaloa ke leeme le lipelaelo tse sa utloahaleng; li khahlanong le bofetoheli ’me li rata khotso joalokaha ho lebelletsoe ho sehlopha sefe kapa sefe sa bolumeli, ’me li hloka feela hore li tloheloe hore li hahamalle tumelo ea tsona ka tsela ea tsona.”
◆ “Il Corriere di Trieste,” koranta ea Italy e itse: “Lipaki tsa Jehova li lokela ho roleloa khaebana ka tieo le momahano ea tsona. Ka ho fapaneng le malumeli a mang, bonngoe ba tsona joaloka batho bo li thibela ho rapela Molimo a le mong, ka lebitso la Kreste a le mong, ho hlohonolofatsa mahlakore a mabeli a loantšanang ntoeng, kapa ho matahanya lipolotiki le bolumeli bakeng sa ho phetha lithahasello tsa Lihlooho tsa Naha kapa mekha ea lipolotiki. Qetellong, li itokiselitse ho tobana le lefu ho e-na le ho tlōla . . . Taelo e reng U SE KE UA BOLAEA!”
◆ Ka mor’a hore Lipaki tsa Jehova li mamelle thibelo ea lilemo tse 40 Czechoslovakia, koranta “Nová Svoboda” e itse, ka 1990: “Tumelo ea Lipaki tsa Jehova e thibela tšebeliso ea lihlomo khahlanong le batho, ’me tse hanneng tšebeletso ea sesole ea motheo le tse ileng tsa hana ho ea mosebetsing oa merafong ea mashala li ile tsa ea teronkong, esita le lilemo tse ’nè. Ho sena feela ho hlakile hore li na le matla a maholo a boitšoaro. Re ka sebelisa batho ba joalo ba hlokang boithati esita le maemong a phahameng a lipolotiki—empa re ke ke ra khona ho ba beha ho ’ona. . . . Ha e le hantle, li hlokomela ba boholong ’musong empa li lumela hore ke ’Muso oa Molimo feela o ka khonang ho rarolla mathata ’ohle a batho. Empa u hlokomele—hase batho ba chesehang ka ho fetelletseng. Ke batho ba tletseng kutloelo-bohloko.”
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 200, 201]
Mekhoa e ’Nileng ea Lahloa
Mokete ona oa Keresemese o neng o tšoaretsoe Bethele ea Brooklyn ka 1926 e bile oa ho qetela. Butle-butle Liithuti tsa Bibele li ile tsa qala ho utloisisa hore tšimoloho ea letsatsi lena la phomolo kapa mekhoa e amanang le lona ha li tlotlise Molimo
Ka lilemo, Liithuti tsa Bibele li ne li roala sefapano le moqhaka e le beche ea boiponahatso, ’me letšoao lena le ne le le sekoahelong se ka holimo sa “Molula-Qhooa” (oa Senyesemane) ho tloha ka 1891 ho ea ho 1931. Empa ka 1928 ho ile ha hatisoa hore hase letšoao le bontšang hore motho ke Mokreste empa ke mosebetsi oa hae joaloka paki. Ka 1936 ho ile ha hlalosoa hore bopaki bo bontša hore Kreste o shoetse thupeng, eseng sefapanong se nang le maballo a mabeli
Bukeng ea tsona ea “Daily Manna,” Liithuti tsa Bibele li ile tsa boloka lethathamo la matsatsi a tsoalo. Empa ka mor’a ho khaotsa ho keteka Keresemese le ha li hlokomela hore mekete ea tsoalo e lebisa tlhompho e sa lokelang ho libōpuoa (e leng lebaka le leng leo ka lona Bakreste ba pele ho seng mohla ba ileng ba keteka mekete ea tsoalo), Liithuti tsa Bibele li ile tsa khaotsa mokhoa ona
Ka lilemo tse kang 35, Moalosi Russell o ne a nahana hore Great Pyramid of Gizeh ke lejoe la Molimo la bopaki, bo netefatsang linako tsa Bibele. (Esa. 19:19) Empa Lipaki tsa Jehova li lahlile khopolo ea hore “pyramid” ea Egepeta e amana le borapeli ba ’nete. (Bona litokollo tsa November 15 le December 1, 1928 tsa “Molula-Qhooa”[oa Senyesemane])
[Setšoantšo se leqepheng la 189]
Ho ile ha abjoa likopi tse limillione tse leshome
[Litšoantšo tse leqepheng la 191]
Ba bang ba ile ba kena ka liforong ba nkile lithunya, empa ba bang, ho akarelletsa le A. P. Hughes oa Engelane le R. Cuminetti, Italy, ba ile ba hana ho kenella linthong tse joalo
[Litšoantšo tse leqepheng la 193]
Lipaki tsa Jehova li ile tsa hana ho tiisa Selekane sa Lichaba kapa Machaba a Kopaneng joalokaha eka a tsoa ho Molimo empa tsa buella feela ’Muso oa Molimo ka Kreste
[Setšoantšo se leqepheng la 197]
Carleton le Flora Nichols. Ha mora oa bona a hana ho lumelisa folaga, sena se ile sa fetoha litaba tse khōlō har’a sechaba