Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g02 7/8 maq. 19-20
  • Bokhoba—Seoa se Ntseng se Tsoela Pele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bokhoba—Seoa se Ntseng se Tsoela Pele
  • Tsoha!—2002
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Molimo o Ile a Iphapanyetsa Khoebo ea Makhoba?
    Tsoha!—2001
  • Na Bibele e Khothalletsa Bokhoba?
    Tsoha!—2011
  • Ntoa ea Nako e Telele Khahlanong le Bokhoba
    Tsoha!—2002
  • Lekunutu le Bolokiloeng ka Thata
    Tsoha!—2000
Bala Tse Ling
Tsoha!—2002
g02 7/8 maq. 19-20

Bokhoba—Seoa se Ntseng se Tsoela Pele

NA BOKHOBA bo felile? Batho ba bangata ba ka ’na ba nahana joalo. Lentsoe lena le hopotsa motho litšoantšo tse tšabehang tsa bobatana le khatello. Leha ho le joalo, likelellong tsa batho ba bangata litšoantšo tseo ke tsa nako e fetileng. Ka mohlala, ba bang ba nahana ka likepe tsa makholong a lilemo a fetileng—likepe tsa lehong tse lerata tse tletseng tsoete! ka batho ba tšohileng, ba petetsaneng ka har’a litšila.

Ke ’nete hore likepe tse joalo tsa makhoba ha li sa le eo maoatleng kajeno, ebile litumellano tsa machaba li khahlanong le mofuta o joalo oa bokhoba. Leha ho le joalo, bokhoba bo sa ntse bo jele setsi. Mokhatlo oa litokelo tsa batho oa Machaba Khahlanong le Bokhoba o lekanya hore batho ba limilione tse 200 ba sa ntse ba phela ka tlas’a mofuta o itseng oa bokhoba. Ba sebetsa ka tlas’a maemo a mabe ho feta ao makhoba a makholo a fetileng a lilemo a neng a le tlas’a ’ona. Ha e le hantle, litsebi tse ling li bolela hore “kajeno batho ba bangata ke makhoba ho feta leha e le neng pele historing.”

Litlaleho tsa makhoba ana a kajeno li utloisa bohloko. Kanji,a ea leng lilemo li leshome feela, letsatsi le leng le le leng o lisa likhomo tsa benghali ba thata ba mo shapang kamehla. O re: “Haeba ke le lehlohonolo, ke fumana sengoathoana sa bohobe ba khale, ho seng joalo ke qeta letsatsi lohle ke sa ja. Ha ho mohla ke ileng ka lefuoa bakeng sa mosebetsi oo ke o etsang hobane ke lekhoba hape ke thepa ea bona. . . . Lithaka tsa ka li bapala le bana ba bang, ’me ke bona ho le molemo hore ke mpe ke shoe ho e-na le ho phela bophelo bona bo bobe.”

Joaloka Kanji, makhoba a kajeno hangata ke bana kapa basali. Ba qobelloa ho sebetsa ka thata ba etsa lik’hapete, ba betla litsela, ba hela ’moba kapa ba bile ba sebetsa e le matekatse. ’Me ba ka rekisoa ka cheletana e ka etsang R120 feela. Batsoali ba bang ba rekisa bana ba bona hore e be makhoba e le hore ba ka lefa likoloto.

Na litlaleho tse kang tsee li u ferola libete? Hase uena feela. Bukeng ea hae ea Disposable People, mongoli Kevin Bales o re: “Bokhoba ke ntho e nyonyehang. Hase feela ho utsoa matla a motho e mong, ke ho utsoa bophelo bohle ba hae.” Ka mor’a ho bona tsela eo motho a ileng a haelloa ke ho bontša kutloelo-bohloko ho motho e mong ka eona, re na le lebaka lefe la ho lumela hore mahlomola a bakoang ke bokhoba a tla ke a fele? Potso ena e u ama ho feta kamoo u neng u ka nahana kateng pele.

Joalokaha re tla bona, ho na le mefuta e mengata ea bokhoba. Ho na le mefuta e sa tšoaneng ea bokhoba, ’me e meng ea eona e ama motho e mong le e mong ea phelang. Kahoo kaofela ha rōna re lokela ho tseba hore na ho na le mohla tokoloho ea sebele e tla ke e tle molokong oa batho. Empa pele, a re ke re hlahlobeng ka bokhutšoanyane histori ea thekiso ea makhoba.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Hase lebitso la hae la sebele.

[Litšoantšo tse leqepheng la 19]

E se e le nako e telele basali ba futsanehileng le bana e le liphofu tsa khoebo ea makhoba

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

Top photo: UN PHOTO 148000/Jean Pierre Laffont

U.S. National Archives photo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela