Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g02 7/8 maq. 22-26
  • Mohla Bokhoba bo Tla Fela!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mohla Bokhoba bo Tla Fela!
  • Tsoha!—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ha Temallo e Fetola Motho Lekhoba
  • “’Nete e Tla le Lokolla”
  • Mofuta oa Bokhoba o Kotsi ka ho Fetisisa
  • Motheo o Tiileng oa Tšepo
  • Batho ba Lokolohileng Empa ba Tla Ikarabella
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Na Molimo o Ile a Iphapanyetsa Khoebo ea Makhoba?
    Tsoha!—2001
  • Sebeletsa Jehova, Molimo oa Tokoloho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Na “Taolo ea Lefatše le Lecha” ea Motho e Haufi?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
Bala Tse Ling
Tsoha!—2002
g02 7/8 maq. 22-26

Mohla Bokhoba bo Tla Fela!

TOKOLOHO! Ke mantsoe a seng makae a ipiletsang ho batho joaloka lentsoe lena. Batho ba ’nile ba loana le ho utloa bohloko, ba phela le ho shoa ba ntse ba phehella tokoloho. Leha ho le joalo, ka masoabi, ba bangata ha baa finyella pakane ea bona. Na ho na le tšepo ea ho lokoloha bokhobeng—tšepo e ke keng ea fella ka ho ferekana le ho nyahama? E, e teng.

Moapostola Pauluse o ile a susumetsoa hore a ngole sena ka tšepiso ea Molimo: “Pōpo le eona e tla lokolloa bokhobeng ba ho bola ’me e be le tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo.” (Baroma 8:21) Empa re ka kholiseha joang hore kannete Molimo o tla tlisa “tokoloho e khanyang” joalo? Tsela e ’ngoe ke ka ho hlahloba litšebelisano tsa Molimo le moloko oa batho ho pholletsa le histori.

Bibele e re: “Moo moea oa Jehova o leng teng, ho na le tokoloho.” (2 Bakorinthe 3:17) E, moea oa Molimo, kapa matla a sebetsang, o na le matla a hlollang. O ’nile a o sebelisa ka nako e telele ho fana ka tokoloho ka litsela tse ngata. O entse seo joang? Re lokela ho lula re ntse re hopola hore ho na le mefuta e mengata ea bokhoba. Re se re buile ka mofuta o le mong har’a e mengata e sehlōhō, moo batho ba matla ba fetolang ba fokolang makhoba ba sebelisa likhoka le pefo. Empa ak’u boele u nahane ka mefuta e meng hape ea bokhoba.

Batho ba ka iketsa makhoba ka ho lemalla lintho tseo ho ka bang boima ho li tlohela. Batho ba ka fetoloa makhoba ke leshano le thetso, ba qhekelloa hore ba phele bophelo bo laoloang ke lithuto tsa bohata. Ho hobe le ho feta, ho na le mofuta oa bokhoba o amang e mong le e mong oa rōna—ebang rea o tseba kapa che—’me liphello tsa oona lia bolaea. Leha ho le joalo, re lokela ho bolela ka ho hlaka hore le hoja re bua ka mefuta e mengata ea botlamuoa sehloohong sena, ho hang ha re bolele hore kaofela ha eona ea tšoana. E fapana haholo. Leha ho le joalo, ho na le tšobotsi e le ’ngoe e etsang hore e tšoane. Qetellong, Molimo oa tokoloho o tla tiisa hore boima ba mefuta ena eohle ea bokhoba e tlosoa molokong oa batho.

Ha Temallo e Fetola Motho Lekhoba

Ak’u bone kamoo buka ea When Luck Runs Out e hlalosang ho lemalla papali ea chelete kateng: “Boloetse boo takatso e matla le e sa laoleheng e susumelletsang motho ho ikutloa a tlamehile ho bapala papali ea chelete. Takatso eo e hōla ka matla le ka potlako . . . ho fihlela ha qetellong, e mela ka metso ’me hanyane ka hanyane e senya ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea bohlokoa bophelong ba hae.” Ha ho motho ea tsebang hore na ha e le hantle ke batho ba bakae bao e leng makhoba a papali ea chelete. Palo e hakanngoang ea naha e le ’ngoe feela, United States, e ka ba limilione tse ka bang tšelela.

Ho lemalla tahi ho ka ba kotsi ka mokhoa o tšoanang, kapa ho be kotsi ho feta moo, ebile ho atile haholo libakeng tse ngata. Naheng e ’ngoe e khōlō, halofo ea banna bohle ke makhoba a tahi. Ricardo ea ileng a fetoha lekhoba la joala lilemong tse 20 tse fetileng, o hlalosa se boleloang ke mofuta ona oa bokhoba: “Ho tloha hoseng, ’mele oa hao o batla joala—e le hore u ka khutsisa methapo, ua lebala mathata, kapa ho u fa sebete se hlokahalang e le hore u ka sebetsana ka katleho le bophelo. Ha u khone ho phela ka ntle le joala, empa u leka ho ikholisa le ho kholisa bao u phelang le bona hore boitšoaro ba hao bo botle.”

Hase joala feela bo fetolang batho makhoba. Lefatšeng ka bophara, ho na le batho ba limilione ba sebelisang lithethefatsi tse seng molaong hampe. Ho feta moo, batho ba limilione tse likete tse 1,1 ba tsuba koae—e nang le sethethefatsi se ka lemalloang ho feta lithethefatsi tse ling tsohle. Batho ba bangata ba batla ho tlohela ho tsuba, empa ba ikutloa ba entsoe makhoba. Na Jehova o ile a atleha ho ba Molokolli oa batho mefuteng e matla joalo ea botlamuoa?a

Ak’u nahane ka mohlala oa Ricardo. Oa hlalosa: “Hoo e ka bang lilemong tse leshome tse fetileng, ke ile ka hlokomela hore joala bo ne bo laola bophelo ba ka. Bo ne bo fokolisa lenyalo la ka, mosebetsi oa ka le lelapa la ka, ’me ke ne ke tseba hore nke ke ka rarolla mathata ntle le haeba ke bo tlohela. Ka ho ba le thuto ea Bibele, ke ile ka ithuta hore bofuma—ba nama le ba moea—bo hlasela motho ea noang haholo. (Liproverbia 23:20, 21) Ke ne ke batla ho ba le kamano e ntle le Molimo, ’me ho rapela ha ka ke kōpa thuso ho Molimo ho ile ha etsa hore ke tšepahale. Ho na le monna ea ileng a ithuta Bibele le ’na ’me o ile a ipaka e le motsoalle oa bohlokoa haholo. Ka mor’a hore ke khutlele joaleng hape, ha aa ka a nyahama, empa ka mamello le ka tieo o ile a mpontša tsela eo Molimo a ratang hore Bakreste ba ’nete ba phele ka eona.”

Kajeno Ricardo o ikutloa a lokolohile bokhobeng boo a neng a le ho bona—bonyane ha ho bapisoa le kamoo a neng a phela kateng pele. Ka ho se tsilatsile oa lumela hore pele ka linako tse ling o ne a ee a khutlele joaleng hape. O re: “Ho sa tsotellehe bofokoli boo, takatso ea ka ea ho sebeletsa Jehova ka botšepehi, hammoho le tšehetso eo ke e fumaneng ho mosali oa ka le Bakreste-’moho, e nthusitse ho laola boemo. Ke labalabela ho bona nako eo ka eona Molimo a tšepisitseng hore ‘ha ho ea tla re, “Kea kula”’ ’me bokhoba ba tahi e tla ba ntho ea nako e fetileng. Khabareng, ke tsoela pele ho loana kamehla ho hlahisa ’mele oa ka ‘e le sehlabelo se phelang, se halalelang, se amohelehang ho Molimo.’”—Esaia 33:24; Baroma 12:1.

Lefatšeng lohle batho ba likete-kete ba ile ba latsoa thuso ea Molimo ka ho toba ’me ba khona ho itokolla mefuteng e sa tšoaneng ea bokhoba. Ho ke ke ha latoloa hore ke bona ba ipepeselitseng bokhoba boo, mohlomong ka ho inehella likhatellong kapa litekong tse sa tšoaneng. Leha ho le joalo, ba lemohile hore Jehova ke Molokolli ea sa feleng pelo. O ikemiselitse ho thusa le ho matlafatsa bohle ba batlang ho mo sebeletsa e le kannete.

“’Nete e Tla le Lokolla”

Ho thoe’ng ka ho ba makhoba a leshano le thetso? Jesu Kreste oa re tiisetsa hore tokoloho linthong tse joalo e ka finyelloa. O itse: “Haeba le lula lentsoeng la ka, ka sebele le barutuoa ba ka, le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.” (Johanne 8:31, 32) Nakong eo a neng a bua mantsoe ana ka eona, palo e khōlō ea bamameli ba hae e ne e le makhoba a melao e thata ea lineano tsa Bafarisi. Ha e le hantle, Jesu o ile a re ka baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea hae: “Ba tlama mejaro e boima ’me ba e beha mahetleng a batho, empa bona ha ba rate ho e sisinya ka monoana.” (Matheu 23:4) Lithuto tsa Jesu li ile tsa lokolla batho botlamuoeng bo joalo. O ile a pepesa leshano la bolumeli, a ba a tsebahatsa tšimoloho ea bona. (Johanne 8:44) ’Me o ile a nkela leshano sebaka ka ’nete, a senola ka ho hlaka lintho tse utloahalang tseo Molimo a li hlokang molokong oa batho.—Matheu 11:28-30.

Ho tšoana le barutuoa ba Jesu, batho ba likete kajeno ba lemoha hore ka thuso ea Molimo ba ka lokoloha leshanong la bolumeli le lineanong tsa bohata tse ba fetotseng makhoba. Ka mor’a hore ba ithute ’nete e khathollang ea Bibele, ba iphumana ba lokolohile tšabong e hatellang ea bafu, ba lokolohile tšabong ea tlhokofatso ea ka ho sa feleng ea lihele tsa mollo, hape ba lokolohile khatellong ea ho lefa chelete eo ba e sebelelitseng ka thata ba lefa litšebeletso tsa baruti ba ipolelang hore ba emela Kreste—ea ileng a re: “Le amohetse ntle ho tefo, le fane ntle ho tefo.” (Matheu 10:8) Ho feta moo, tokoloho e khōloanyane e atametse.

Mofuta oa Bokhoba o Kotsi ka ho Fetisisa

Hlokomela kamoo Jesu a hlalosang mofuta oa bokhoba o kotsi ka ho fetisisa, o boletsoeng pejana, o amang monna, mosali, le ngoana e mong le e mong lefatšeng: “Kannete-nete ke re ho lōna, Moetsi e mong le e mong oa sebe ke lekhoba la sebe.” (Johanne 8:34) Ke mang ea ka reng ha a etse sebe? Esita le moapostola Pauluse o ile a lumela: “Molemo oo ke o lakatsang ha ke o etse, empa bobe boo ke sa bo lakatseng ke bona boo ke tloaetseng ho bo etsa.” (Baroma 7:19) Le hoja ho se motho ea ka itokollang litlamong tsa sebe, ho na le tharollo.

Jesu o ile a tiisetsa barutuoa ba hae: “Haeba Mora a le lokolla, ka sebele le tla be le lokolohile.” (Johanne 8:36; Today’s English Version) Phethahatso ea tšepiso ena e tla bolela ho lokoloha ha ’nete mofuteng oa bokhoba o kotsi ka ho fetisisa. E le hore re ka utloisisa kamoo re ka lokolohang kateng, ntho ea pele re lokela ho bona hore na ho tlile joang hore re be makhoba.

Bibele e re Molimo o ile a bōpa batho ba e-na le bolokolohi ba ho ikhethela, ba se na tšekamelo ea ho etsa sebe. Empa mora oa Molimo ea ichebileng boeena, ea sa bonahaleng, o ne a batla ho busa moloko oa batho, ho sa tsotellehe hore na ho etsa joalo ho ne ho tla tlisa bohloko bo bokae ho batho. E le hore le ka finyella pakane eo, lengeloi lena la lerabele, leo hamorao le ileng la bitsoa Satane Diabolose, le ile la furallisa batsoali ba rōna ba pele, Adama le Eva, Molimo. Ka mor’a hore Adama a hane ka boomo ho ikokobelletsa litaelo tse tobileng tsa Molimo, ha aa ka a fetoha moetsalibe a le mong empa o ile a fetisetsa ho se phethahale le lefu litloholong tsohle tsa hae. (Baroma 5:12) Qetellong, Satane e ile ea e-ba “’musi oa lefatše,” ’me ho tloha ka nako eo “sebe se ile sa busa e le morena le lefu.”—Johanne 12:31; Baroma 5:21; Tšenolo 12:9.

Re ka lokolloa joang? Ka ho ba barutuoa ba Jesu, re ka rua molemo lefung la Kreste la sehlabelo, le nang le matla a ho “etsa lefeela ea nang le mokhoa oa ho baka lefu, ke hore, Diabolose” le ho “lokolla bohle bao ka ho tšaba lefu ba neng ba le tlas’a bokhoba bophelong bohle ba bona.” (Baheberu 2:14, 15) Ak’u nahane feela—ho lokoloha bokhobeng ba sebe le lefu! Na ho nahana ka tokoloho e joalo ha ho khatholle?

Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka mofuta oa bokhoba oo re buileng ka oona qalong? Na ho na le mohla ho qobelloa ha batho ho ba makhoba ho tla fela?

Motheo o Tiileng oa Tšepo

Ka sebele re ka kholiseha hore mofuta o nyonyehang joalo oa bokhoba o tla felisoa. Hobane’ng? Ak’u nahane ka sena: Jehova Molimo ke eena ea ikarabellang ka ho toba bakeng sa ho macha ho hoholo ka ho fetisisa ha tokoloho historing eohle ea moloko oa batho. Mohlomong u tseba tlaleho eo ea histori.

Sechaba sa Iseraele se ne se holehiloe ke Egepeta, se qobelloa ho sehla ka thata ebile se tšoeroe ka sehlōhō. Se ile sa ntša mohoo sa kōpa thuso ho Molimo, ’me eena, ka mohau oa hae o moholo, o ile a se utloa ’me a nka bohato. A sebelisa Moshe le Arone e le babuelli ba hae, Jehova o ile a laela Faro oa Egepeta hore a lokolle Baiseraele. Morena eo ea ikhohomosang o ile a hana ka makhetlo, esita le ka mor’a hore Jehova a otle naha eo ka letoto la likotlo tse senyang. Hamorao, Molimo o ile a kokobetsa Faro. Qetellong, Baiseraele ba ne ba lokolohile!—Exoda 12:29-32.

Ka sebele ena e bile tlaleho e thabisang! Leha ho le joalo, u ka ’na ua ipotsa hore na ke hobane’ng ha Molimo a sa ka a etsa ntho e tšoanang mehleng ea kajeno. Ke hobane’ng ha a sa ka a kenella litabeng tsa batho ’me a felisa bokhoba? Hopola, hore Jehova hase “’musi oa lefatše lena”—empa ke Satane. Ka lebaka la ho phehisana khang ho ileng ha hlaha morao koana Edene, Jehova o lumeletse Mohanyetsi enoa ea khopo ho busa ka nakoana. Ka bokhutšoanyane, bokhoba, khatello le bokhopo ke litšobotsi tse khethollang puso ea Satane. Ka tlas’a tšusumetso ea hae, puso ea batho e ikahetse tlaleho e hlabisang lihlong. Ha e bua ka ho toba ka puso eo Bibele e re: ‘Motho o busitse motho ho mo ntša kotsi.’—Moeklesia 8:9.

Empa ka nako e kae? Bibele e hlalosa hore re phela “matsatsing a ho qetela,” nakong eo boithati le meharo li jeleng setsi. (2 Timothea 3:1, 2) Sena se bolela hore haufinyane ’Muso oa Molimo, oo Jesu a ileng a re ruta ho o rapella, o tla theha moloko oa batho o lokileng oo ho oona bokhoba bo ke keng ba hlola bo e-ba teng. (Matheu 6:9, 10) Jesu Kreste, Morena ea khethiloeng ke Molimo, o tla nka bohato ho felisa mesaletsa ea bokhoba ho fihlela sera sa ho qetela, lefu, se etsoa lefeela.—1 Bakorinthe 15:25, 26.

Qetellong, ha letsatsi leo le fihla, moloko oa batho o tšepahalang o tla bona hore ho lokolloa ha batho ba Molimo bokhobeng Egepeta e ne e mpa e le lehlaseli le lenyenyane la tokoloho ena e khōlō ka ho fetisisa. E, ka nako e loketseng, “pōpo le eona e tla lokolloa bokhobeng ba ho bola.” Qetellong, batho bohle ba tla thabela ka ho feletseng “tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo.”—Baroma 8:21.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lekholong la pele la lilemo, bonyollo e ne e le ntho e tloaelehileng meketeng e meholo ea Baroma. Ka lebaka leo, Bakreste ba ile ba eletsoa hore ba se ke ba lumella lijo kapa ntho leha e le efe ea boemo bo tšoanang ho ba fetola makhoba.—Baroma 6:16; 1 Bakorinthe 6:12, 13; Tite 2:3.

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Palo e hakanyetsoang ho limilione tse tšeletseng ke batho bao e leng makhoba a papali ea chelete United States feela

[Litšoantšo tse leqepheng la 23]

Batho ba limilione tse makholo ke makhoba a lithethefatsi, joala le koae

[Litšoantšo tse leqepheng la 24, 25]

Ho tšoana le Ricardo, batho ba likete-kete ba ile ba itokolla bokhobeng ka thuso ea Molimo

[Litšoantšo tse leqepheng la 26]

Joalokaha Baiseraele ba boholo-holo ba ile ba lokolloa bokhobeng, haufinyane barapeli ba ’nete ba Molimo ba tla latsoa tokoloho e khōloanyane

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela