Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g02 9/8 maq. 3-5
  • Ho Phela Har’a Batho ba Lemaletseng ho Lahla Lintho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Phela Har’a Batho ba Lemaletseng ho Lahla Lintho
  • Tsoha!—2002
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ho na le Tharollo?
    Tsoha!—2002
  • Leqephe la Bobeli
    Tsoha!—2002
  • Kamoo U ka Sebetsanang ka Katleho le Batho ba Lemaletseng ho Lahla Lintho
    Tsoha!—2002
  • Likokoanyana Tseo e Leng Litsebi Tsa ho Lahla Litšila
    Tsoha!—2002
Bala Tse Ling
Tsoha!—2002
g02 9/8 maq. 3-5

Ho Phela Har’a Batho ba Lemaletseng ho Lahla Lintho

BATHO ba linaheng tse tsoetseng pele ba lahla liqubuhali tsa lithōle. Ka mohlala, nahana ka toti e lahloang selemo le selemo United States. Ho ’nile ha thoe “metsi a lekanang le litšila tseo ka boima a ka tlala matamo a Liolimpiki a ho sesa a 68 000.” Lilemong tse fetileng, ho ile ha hakanngoa hore selemong se seng le se seng, baahi ba New York City feela ba lahla toti e ka tlalang Central Park e khōlō ea motse oo ea ba ea pakellana ho ea holimo ka limithara tse ’nè!a

Ha ho makatse hore ebe United States e ’nile ea bitsoa “mohlala o lemosang lefatšeng lohle” tabeng ea ho ba “sechaba se sebelisang lihlahisoa tse ngata le se lemaletseng ho lahla lintho.” Empa naha eo hase eona feela. Ho hakanngoa hore toti e lahloang ke batho ba Jeremane selemo se seng le se seng e ka tlala habonolo terene e bolelele ba ho tloha motse-moholo Berlin, ho ea lebōpong la leoatle Afrika, lik’hilomithara tse ka bang 1 800. ’Me Brithani, ho kile ha hakanngoa hore lelapa le itekanetseng la batho ba bane le lahla pampiri e lekanang le lifate tse tšeletseng ka bongata ka selemo.

Linaha tse hōlang moruong le tsona li teng bothateng bona ba toti e ngata e lahloang. Koranta ea litaba e tsebahalang ea tlaleha: “Litaba tse bohloko ke hore boholo ba batho ba lefatše ba libilione [limilione tse likete] tse 6 ba qala ho tsamaea mehlaleng ea United States le linaha tse ling tse tsoetseng pele tabeng ea ho ba le lintho tse ngata tse lahloang.” E, ebang rea rata kapa ha re rate, boholo ba rōna kajeno re karolo ea batho ba lemaletseng ho lahla lintho.

Ke ’nete hore esale batho ba ntse ba e-na le lintho tseo ba li lahlang. Empa hona joale lijo tse ka makotikoting le tse ka lipaketeng li fumaneha hohle ka bongata ho feta lilemong tse fetileng, ka hona, lipakete tse lahloang li tletse hohle. Palo ea likoranta, limakasine, maqetšoana a papatso le boitsebiso bo bong bo ngotsoeng e eketsehile.

Lefatše la rōna le tsoetseng pele ho tsa indasteri le saense le boetse le hlahisitse mofuta o mocha oa toti. Koranta ea Jeremane, Die Welt, e bolela hore “likoloi tse ka bang limilione tse robong li etsoa likarapa selemo le selemo European Union.” Ho li lahla ha ho bonolo. Ho thata le ho feta ke potso ea hore na u ka qhalla litšila tsa nyutlelie kapa tsa lik’hemik’hale hokae moo ho sireletsehileng? Ho latela tlaleho, morao koana ka 1991 United States e ne e e-na le “liqubu-qubu tsa litšila tse kotsi tsa lik’hemik’hale ’me ho se sebaka seo li ka lahleloang ho sona.” Ho boleloa hore meqomo e limilione e tšetseng lintho tse bolaeang e ne e bolokiloe ka litorong tsa nakoana ’me kamehla ho na le monyetla oa hore ho ka “hlaha kotsi haeba li lahleha, li utsuoa le ho senya tikoloho haeba li ka tšoaroa hampe.” Ka 1999 feela, libaka tsa mosebetsi tse 20 000 United States li ile tsa hlahisa litšila tse kotsi tse boima ba lithane tse fetang limilione tse 40.

Lebaka le leng ke baahi ba lefatše ba ’nileng ba eketseha ka potlako lekholong le fetileng la lilemo. Ha batho ba le bangata, le toti e ba ngata! ’Me boholo ba baahi ba tšoarehile ka ho bokella lintho tse bonahalang. Worldwatch Institute morao tjena e itse: “Ho tloha ka 1950, re sebelisitse thepa e ngata le ho ba le litšebeletso tse ngata ho feta nako leha e le efe e ’ngoe historing.”

Ke ’nete hore ba seng bakae ba lulang linaheng tse tsoetseng pele ba batla ho felisa ‘thepa le litšebeletso’ tseo. Ka mohlala, nahana hore na ho bonolo hakaakang ho ea lebenkeleng ho ea reka korosari e seng e ntse e phuthetsoe hantle, ebe e tšeloa ka mekotlaneng ea pampiri kapa ea polasetiki ebe u ea le eona hae. Haeba ka tšohanyetso batho ba ne ba ke ke ba hlola ba phuthelloa lintho hantle joalo, ba ne ba ka elelloa ka potlako hore na seo se ne se ba thusa hakaakang. ’Me ha re tla tabeng ea bohloeki, ho phuthela lintho joalo bonyane ho tlatsetsa ka tsela e sa tobang bophelong bo botle.

Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe melemo eo, na ho na le lebaka la ho tšoenyeha hore batho ba kajeno ba lemaletseng ho lahla lintho ba batla ba tlōtse meeli? Ka sebele le teng, etsoe litharollo tse fapaneng tse ’nileng tsa hlahisoa bakeng sa ho rarolla bothata ba lintho tse ngata tse lahloang ha lia fokotsa qubuhali ea toti eo batho ba e lahlang. Ho hobe le ho feta, boikutlo boo batho ba lemaletseng ho lahla lintho ba nang le bona bo nyahamisa le ho feta.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Serapa sena sa boikhathollo se boholo ba lihekthere tse 341, kapa boholo ba karolo ea botšelela lekholong ea toropo ea Manhattan.

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Ke bothata ho qhala litšila tse kotsi ka mokhoa o sireletsehileng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela