Na ho na le Tharollo?
UTLA etsa’ng ka thepa eo u sa e batleng? Ho bonahala karabo e bonolo le e hlakileng e le hore feela, “e lahle.” Leha ho le joalo, hase kamehla ho lahla lintho ho leng bonolo. U e lahlele kae? Mokhatlo oa Italy oa tikoloho o hakanyetsa hore botlolo ea khalase e lahleloang leoatleng e tla nka lilemo tse 1 000 hore e bole. Ha ho bapisoa, pampiri eona e tla nka feela likhoeli tse tharo. Setompi sa sakerete se silafatsa leoatle lilemo tse ka bang hlano; lipolasetiki, lilemo tse 10 ho ea ho tse 20; lintho tse entsoeng ka nylon, lilemo tse 30 ho ea ho tse 40; makotikoti lilemo tse 500; ’me tse entsoeng ka polystyrene, lilemo tse 1 000.
Lintho tse lahloang tse kang tsena li eketsehile haholo. Matsatsing ana ’maraka o rekisa lintho tse ngata, ’me lefatše la papatso le batla ho re kholisa hore re li hloka kaofela. Koranta ea Brithani, The Guardian e re ka ho toba: “Ba bapatsang ba re thusa ho khotsofatsa litlhoko tseo re neng re e-s’o lemohe hore re na le tsona.” Ka sebele, re ba tekong ea ho reka lintho tsa morao-rao e le hore re se salle morao. ’Me ho latela tlhaloso ea tsa papatso, ntho e “ncha” e bolela e “betere le ea boleng bo phahameng,” athe ea “khale” e bolela “e tlaasana le e siiloeng ke nako.”
Ke ka hona re lulang re khothalletsoa ho reka ntho e ncha ho e-na le ho lokisa ntho ea khale. Ho fanoa ka lebaka la hore ho reka ntho e ncha ho molemo ho bile ho baballa chelete ho feta ho lokisa ea khale. Ka linako tse ling seo ke ’nete. Leha ho le joalo, hangata ho lahla lintho tsa khale le ho reka tse ncha ho hloka chelete e ngata ’me ha ho hlokahale.
Thepa e ngata kajeno e etselitsoe ho lahloa. E ka etsoa ka tsela eo ho leng thata ho e lokisa—ntlha eo re lokelang ho e hopola ha re reka. Makasine ea Jeremane ea lihlahisoa e itse: “Ho etsoa hore lihlahisoa li se ke tsa qeta nako e telele li sebetsa. Se neng se ‘kene’ maobane se ‘tsoile’ kajeno, ’me hangata li qetella li lahliloe. Ka hona, letsatsi le letsatsi ho qetelloa ho lahliloe lihlahisoa tse e-song ho ntlafatsoe hobane li nkoa li se na thuso!”
Na ho reka hoo ho se nang meeli ho hlile ho tsoela moreki molemo? Bonneteng, ho ruang molemo ke khoebo, e ikemiselitseng ho fumana chelete e ngata. Koranta ea beke le beke ea Switzerland, Die Weltwoche e re: “Joang kapa joang moruo o ne o tla oa haeba motho e mong le e mong a ne a ka sebelisa thepa ea hae ea ka tlung le koloi ea hae ho-ea-ho-ile, kapa le haeba a ne a ka li sebelisa nako e menang habeli eo a e nkang hona joale.” Ho oa ha moruo ha se tharollo kaha sena se ne se tla bolela hore bareki ba felloa ke mesebetsi. Joale tharollo ke efe bothateng boo ba lintho tse ngata tse lahloang?
Li Lahloe, li Sebelisoe Hape, Kapa li Fokotsoe?
Linaha tse ling tse tsoetseng pele li khaoletsa taba ka ho qhalla litšila tsa tsona linaheng tse ntseng li hōla moruong. Ka mohlala, tlaleho e bontša hore “sebakeng se seng se tsebahalang Nigeria, ho ile ha fumanoa lithane tse 3 500 tsa lik’hemik’hale tse kotsi tse neng li lutla meqomong e fetang 8 000 e mafome, li silafatsa mobu le metsi a ka tlas’a lefatše.” Mokhoa o joalo oa ho lahla o bonahala e se tharollo e sebetsang ebile hase tsela e ntle ea ho tšoara batho ba bang.
Ho thoe’ng ka ho sebelisa hape thepa e seng e sa batloe bakeng sa merero e meng, ho e-na le ho e lahla? Ho hlakile hore mananeo a joalo a hloka hore batho ba arole lintho tseo ba li lahlang ho ea ka mahlopho, e leng eona ntho e seng e ntse e le molaong libakeng tse ling. Ba boholong ba ka ’na ba batla hore toti e aroloe ho ea ka mahlopho a kang pampiri, k’hateboto, tšepe, khalase le lihlahisoa tsa liphoofolo. ’Me khalase eona e lokela ho hlophisoa ho ea ka ’mala oa eona.
Ho hlakile hore ho sebelisa ntho hape ho na le melemo ea hona. Buka e reng 5000 Days to Save the Planet e re ho sebelisa alominiamo hape “ho boloka matla a mangata” ’me ho ka “fokotsa tšenyo ea tikoloho e bakoang ke metsoako e itseng ea lik’hemik’hale tse etsang alominiamo ka tlas’a lefatše.” Buka eo ea hlalosa: “Ha pampiri e sebelisoa hape, ho sebelisoa halofo ea matla a ha e ne e etsoa ka lekhetlo la pele, ha metsi ’ona ho sebelisoa karolo ea leshome feela. . . . Lihlahisoa tse ngata li ka fumanoa, tsa tsosolosoa le ho sebelisoa hape. . . . Esita le lifemeng tse ke keng tsa sebelisa lihlahisoa tsa tsona hape, ka linako tse ling li ka li tsosolosa hore ba bang ba li sebelise . . . Holland, tsamaiso ea ho rekisa lintho tse lahloang e ’nile ea sebetsa ka katleho ho tloha lilemong tsa bo-1970.”
Ho e-na le ho batla litsela tsa ho lahla lintho, ba bang ba boholong ba hatella taba ea ho qoba ho lahla. Buka e boletsoeng ka holimo e fana ka temoso ea hore “ho hlokahala hore ho nkoe khato ka potlako” hore batho ba “tlohele ho lemalla ho lahla lintho . . . hore e be sechaba se fokotsang lintho tse lahloang le se sebelisang lihlahisoa.”
Leha ho le joalo, ba batlang ho “tlohela mokhoa oa ho lemalla ho lahla lintho” ba tla tlameha ho ikemisetsa ho sebelisa thepa eo ba e rekileng nako e telele kamoo ba ka khonang, ba e lahle feela ha e ke ke ea hlola e lokisoa. Lintho tse seng li sa batloe, empa e le tse ntseng li ka sebelisoa li lokela ho fuoa ba bang ba tla li sebelisa. Ofisi ea Darmstadt ea German Öko-Institut (Setsi sa Lintho Tse Phelang le Tikoloho ea Tsona e Akaretsang) e bontša hore malapa ao ka linako tsohle a khomarelang keletsong ea “Ho sebelisa ho e-na le ho senya” a ka fokotsa karolo ea 75 lekholong ea lintho tse lahloang ha a bapisoa le malapa a sa lateleng keletso eo.
Empa na ke malapa a mangata a tla mamela keletso eo? Ha ho bonahale joalo. Bothata ba batho ba lahlang lintho e mpa feela e le sesupo sa hore ho na le bothata bo boholo. Bathong ba kajeno ba lemaletseng ho lahla lintho, batho ba eketsehileng ba se ba amohetse seo re ka reng ke khopolo ea ho rata ho lahla lintho. A ke re hlahlobeng khopolo eo—le hore na e ka lebisa ho feteletseng lintho joang.
Likotsi Tsa Khopolo ea ho Rata ho Lahla Lintho
Khopolo ea ho rata ho lahla lintho e ka feta tšenyo e nkoang habobebe. E ka etsa hore batho ba hloke kananelo le ho se nahane, e le hore ba tloaele ho lahla lijo tse ngata tseo le ho li latsoa ba e-song ho li latsoe, hammoho le lintho tse ling. Ba nang le boithati le ba susumetsoang ke feshene le ke hore na ke lintho life tse ratoang le tse sa ratoeng, ba ka ikutloa ba tlamehile ho lula ba chencha liaparo, thepa ea ka tlung le lintho tse ling ka tse ncha leha li ntse li le ntle.
Leha ho le joalo, khopolo ea ho rata ho lahla lintho e ka ’na ea fetela le linthong tse ling. Lenaneo la Jeremane le lebisitseng tlhokomelo ho sebeliseng thepa ea ka tlung e lahliloeng le sa tsoa re: “Tsela eo re tšoarang lisofa tseo re utloang re se re sa li rate ka eona ’me re li lahla ka mor’a lilemo tse hlano, re reka tse ncha, e fetetse mokhoeng oo re tšoarang batho ka oona. Potso ke hore na sechaba sa rōna se tla mamella sena ho fihlela kae.” Tlaleho eo ea hlalosa: “Hang ha motho a se a sitoa ho finyella katleho e phahameng mosebetsing, oa suthisoa ho kenngoe e mong. Etsoe batho ba batlang mosebetsi ba bangata!”
Bukeng ea hae ea Earth in the Balance, Al Gore eo e kileng ea e-ba Motlatsi oa Mopresidente oa United States, o botsitse potso ena e loketseng: “Haeba re nka lintho tseo re li sebelisang e le tse ka lahloang, na boikutlo boo bo fetetse le tseleng eo re nkang batho ba bang ka eona? . . . Khabareng, na ha re sa nka motho e mong e le oa bohlokoa?”
Batho ba seng ba sa ananele ba bang le ho ba hlompha ba tla fumana ho le bonolo—e bile ho se molato—ho lahla metsoalle le balekane ba lenyalo. Ha koranta ea Jeremane, Süddeutsche Zeitung, e hlahisa maikutlo a eona mokhoeng ona oa ho nahana, e beha lebaka: “Re reka liphahlo tse ncha habeli ka selemo, lilemong tse ling le tse ling tse ’nè re reka koloi e ncha, ha lilemong tse ling le tse ling tse leshome re reka lisofa tse ncha; selemo se seng le se seng re sheba sebaka se secha seo re ka eang phomolong ho sona; re chencha matlo, mesebetsi, likhoebo—joale bothata bo hokae ka ho chencha balekane ba rōna ba lenyalo?”
Batho ba bang kajeno ba bonahala ba ikemiselitse ho lahla ntho leha e le efe hang ha e fetoha moroalo. Ka mohlala, naheng e ’ngoe ea Europe, ka 1999 ho ile ha lahloa kherehloa likatse tse hakanyetsoang ho 100 000 le lintja tse hakanyetsoang ho 96 000 ke beng ba tsona. ’Muelli oa liphoofolo naheng eo o re baahi ba habo “ha ba nke ho rua phoofolo e le tlamo ea nako e telele. Ba tla reka lelinyane ka September, [selemong se tlang ha ba e-ea phomolong] ka August ba le lahla kherehloa.” Ho hobe le ho feta, khopolo ea ho rata ho lahla e fetela le bophelong ba batho.
Ho se Hlomphe Bophelo
Ho bonahala batho ba bangata kajeno ba nka bophelo ba bona e se ba bohlokoa ba letho. Joang? Ka mohlala, makasine ea Europe e sa tsoa bontša hore lilemong tsa morao tjena boikemisetso ba bacha ba ho ipeha kotsing bo eketsehile. Sena se bonahala ho ikemisetseng ha bona ka ho eketsehileng ho bapaleng lipapali tse behang bophelo kotsing. Moo ba batlang monyaka oa nakoana o hlasimollang, ba ikemiselitse ho leketlisa bophelo ba bona lefung! Bo-rakhoebo ba chesehelang chelete e ngata ba nka monyetla ka tšekamelo ena. Ralipolotiki e mong oa Jeremane o hlokometse hore ba buellang lipapali tse behang bophelo kotsing “hangata ba nka ho etsa chelete ho le bohlokoa ho feta bophelo ba motho.”
Ho thoe’ng ka ho lahla ngoana ea e-s’o hlahe? Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo o hakanya hore “lefatšeng ka bophara, bana ba ka bang limilione tse 75 ba emoloang selemo le selemo ha e le hantle ha ba batloe ke mang kapa mang. Ho basali ba bangata, tharollo feela ke ho ntša mpa.” Esita le ka mor’a hore masea a tsoaloe, a ntse a le kotsing. Ho latela koranta ea Brazil, O Estado de S. Paulo, “bothata ba masea a lahloang kherehloa literateng bo hloa mekoalaba.” Na ho joalo le sebakeng seo u phelang ho sona?
Lefatšeng la kajeno, hohle re bona bopaki ba hore bophelo ba motho hangata bo nkoa e se ba bohlokoa, bo se na thuso ’me e le ntho ea ho lahloa neng kapa neng. Re bona tšekamelo ena pefong e bonahalang boithabisong bo tloaelehileng, moo “bahale” ba bolaeang “ba khopo” ka bongata filiming e le ’ngoe kapa lenaneong le le leng la TV. Re e bona tlōlong ea molao e mabifi e atileng lefatšeng lohle, moo masholu a bolaeang liphofu tsa ’ona bakeng sa chelete e fokolang—kapa li bolaeloa monate feela. Re e bona hape litabeng ha ho tlalehoa ka liketso tse nyahamisang tsa likhukhuni, ho hloekisoa ha morabe le mehato ea ho timetsa ka ho feletseng morabe o itseng, tseo kaofela li akarelletsang ho bolaea batho ba bangata ka sehlōhō—ho lahloa bophelo ba bohlokoa joalokaha eka ke toti.
Re ke ke ra khona ho qoba ho phela har’a batho ba lemaletseng ho lahla lintho, empa re ka qoba ho latela khopolo ea bona ea ho rata ho lahla lintho. Sehlooho se latelang se tla tšohla hore na re ka thusoa ke eng ho sebetsana ka katleho le batho ba lemaletseng ho lahla lintho hammoho le maikutlo a seng matle a tsamaeang le hona.
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Libakeng tse ngata, ke molao hore lintho li tsosolosoe bakeng sa ho sebelisoa hape
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
Na ho fetoha ha feshene ho u qobella hore u lahle liaparo tse ntseng li le ntle ’me u reke tse ncha?
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Masea a e-s’o tsoaloe a tlameha ho baballoa, eseng ho lahloa
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Index Stock Photography Inc./BSIP Agency
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Bophelo ke ba bohlokoa haholo hore bo ka behoa kotsing ka lebaka feela la monyaka oa nakoana o hlasimollang