Ha Shoalane e Tšoara Har’a Mp’a Motšehare
KA BANGOLI BA TSOHA! ANGOLA LE ZAMBIA
BA BANG ba ka ’na ba re: ‘Shoalane har’a mp’a motšehare? Hoo ho ke ke ha etsahala!’ Hase feela hore hoo hoa etsahala empa ho etsahala ka makhetlo a mangata lilemong tse ling le tse ling tse leshome—ha khoeli e sira letsatsi ka ho feletseng. Ho tla joang hore khoeli e sire letsatsi hona ke hobane’ng ha e le pono e hlollang hakaale? Re tla fumana karabo ka mor’a hore re lebise tlhokomelo khoeling.
Na u ee u hlokomele tsela eo khoeli e fetolang ponahalo ka eona ha e ntse e likoloha lefatše? Nakong eo khoeli le letsatsi li bapileng ka eona sepakapakeng, re bona khoeli e tolokileng e nyoloha bochabela ha letsatsi le likella bophirimela. Ka mor’a matsatsi a seng makae, khoeli e hlaha ka mor’a nako bosiu bo bong le bo bong, butle-butle e haola sepakapakeng e habile letsatsing le chabang. Karolo ea khoeli e bonesitsoeng ke mahlaseli a letsatsi e ea e ntse e nyenyefala, ho fihlela qetellong ha e e-ea fifing. Nakong eo khoeli le letsatsi li bonahalang sepakapakeng letšehare lohle, le karolo eo ea ha e e-ea fifing ea nyamela, le khoeli ka boeona ka lehlakoreng la eona le lefifi ha e bonahale lefatšeng ka ho feletseng. Ha ho le joalo, ho thoe khoeli e thoasitse, (ha e le pakeng tsa Letsatsi le Lefatše). Ka mor’a moo, ketsahalo ena ea etsolloa ’me khoeli e suthela hōle le letsatsi ho fihlela e tolokile. Ketsahalo ena ea ipheta hoo e ka bang matsatsi a mang le a mang a 28.
Khoeli e tolokileng ke eona e ka sirang letsatsi. Ka tloaelo, khoeli le letsatsi li fetana motšehare o mong le o mong rōna re sa tsebe hobane li se tseleng e le ’ngoe. Leha ho le joalo, ka linako tse ling letsatsi, khoeli le lefatše kaofela li koloka hantle tseleng e le ’ngoe. Ha ho le joalo, moriti oa khoeli o bonahala lefatšeng, hobane khoeli e sirile letsatsi.
Khoeli e sira letsatsi haeba letsatsi, khoeli le lefatše li kolokile ka tsela e ikhethang. Letsatsi le leholo ka mokhoa o hlollang, bolelele ba lona ha le paroloa ka lehare le feta khoeli ka makhetlo a ka bang 400. Leha ho le joalo, ntho e thahasellisang ke hore letsatsi le hōle le lefatše ka makhetlo a 400 ha ho bapisoa le khoeli. Ka lebaka leo, re bona eka letsatsi le khoeli lia lekana ka boholo. Ke kahoo ka linako tse ling ho bonahalang eka khoeli e koahela letsatsi.
E le hore khoeli e sire letsatsi ka ho feletseng joalo, ha ho hlokahale feela hore letsatsi, khoeli le lefatše li koloke hantle empa ho boetse ho hlokahala hore e be nako eo khoeli e atametseng haufi haholo le lefatše.a Liketsahalong tsena ntlha ea moriti oa khoeli e sebōpeho se chitja e etsa hore ho be lefifi karolong e itseng e nyenyane holim’a lefatše.
Mohlang khoeli e neng e sira letsatsi ka la 21 June, 2001, moriti oa khoeli o ne o le bophara ba lik’hilomithara tse 200. Lefifi lena le qalile ho bonahala tseleng eo le neng le tla tsamaea ho eona lebōpong la leoatle le ka bochabela la Amerika Boroa ha ho chaba letsatsi ’me le tšele Atlantic Boroa, moo le neng le tla bonahala ka nako e ka etsang metsotso e mehlano e leng nako e telele ka ho fetisisa eo le neng le tla bonoa ka eona holim’a lefatše. Ka mor’a hore le fete Angola, Zambia, Zimbabwe le Mozambique, le ne le tla khaotsa ho bonahala ha letsatsi le likela lebōpong la leoatle le ka bochabela la Madagascar. A re ke re boneng hore na bashebelli ba Angola le Zambia ba bone pontšo ena e hlollang ea sepakapaka joang.
Litokisetso Bakeng sa Ketsahalo Ena
Ba e-na le tebello e khōlō, babatlisisi ba nang le tsebo e ikhethang, batho ba ratang ho boha linaleli, le batho ba bang ba bangata ba ile ba phallela Afrika ho ea bona ha khoeli e sira letsatsi ka ho feletseng ka lekhetlo la pele lilemong tse ncha tse sekete. Kaha Lusaka, Zambia, e ne e le oona feela motse-moholo oo moriti ona o neng o tla bonahala ho oona, baeti ba bangata ba ile ba phallela sebakeng seo e le hore ba ka o bona.
E ne e le lekhetlo la pele Zambia e eteloa ke bahahlauli ba bangata hakaalo. Matsatsi a seng makae feela pele khoeli e sira letsatsi, Lusaka e ile ea tlala tsoete! ka baeti ba likete. Litokisetso bakeng sa ketsahalo ena li ne li entsoe likhoeli tse ngata pele e etsahala. Lihotele, libaka tsa ho robala, liahelo tse hirisoang le mahae kaofela li ne li tletse tsoete! ka matšoele-tšoele a baeti.
Libaka tsa ho boha ketsahalo ena li ne li akarelletsa boema-fofane ba Lusaka, moo baeti ba neng ba ka fihla hoseng, ba bohe ketsahalo ena, ’me ba kene tseleng mantsiboea. Liteishene tsa thelevishene le tsa liea-le-moea li ile tsa tsebisa batho ka ketsahalo ena e tlang libeke tse ngata pele, ’me ka ho pheta-pheta tsa lemosa ka kotsi ea ho sheba letsatsing ka ho toba. Likhalase tse khethehileng tsa mahlo tse sebelisetsoang ho sheba letsatsi li ile tsa rekisoa ka bongata bo tšosang, ho fihlela li fela mabenkeleng a mangata.
Leha ho le joalo, moriti oa khoeli o qalile ho bonahala ka lekhetlo la pele k’honthinenteng ea Afrika Angola, motseng o lebōpong la leoatle oa Sumbe. Ke sebakeng sena moo bashebelli ba neng ba tla bona moriti ona ka nako e ka bang metsotso e mene le halofo, e leng nako e telele ka ho fetisisa eo moriti ona o kileng oa bonoa ka eona ke batho sebakeng se le seng sa lefatše.
Likhoeli tse ngata pele khoeli e sira letsatsi, motse-moholo oa Angola, Luanda, le litoropong tse ling tse khōlō ho ile ha manehoa mamatjana a liphatlalatso tse tsebahatsang ketsahalo ena le tse lemosang ka kotsi ea eona. Moriti oa khoeli o ne o tla feta bohareng ba naha, kahoo baahi ba Angola ba ne ba tla bona ha khoeli e sira karolo e khōlō ea letsatsi hantle. Baahi ba Luanda ba ne ba tla bona karolo ea 96 lekholong ea letsatsi ha e siroa ka ho feletseng. ’Muso, o sebelisana le lik’hamphani tse ikemetseng, o ile oa reka likhalase tsa mahlo tse khethehileng tse limilione tse sebelisoang bakeng sa ho sheba letsatsi hore li abeloe batho. Bongata ba tsona li ile tsa fuoa batho ba se nang chelete ka ntle ho tefo.
Karolo ea Angola eo batho ba neng ba bokane ho eona ka bongata ho tla boha ketsahalo ena e ne e le Sumbe, e lebōpong le letle le le lesesanyane la leoatle lipakeng tsa Atlantic Boroa le lesabasaba le bohareng la Angola. Sebaka sa Sumbe ha sea ka sa angoa ke lintoa tse ileng tsa ripitla Angola, kahoo baeti ba ileng ba fihlela sebakeng sena ba fumane toropo e feletseng ea baahi ba ka bang 25 000 ba mofuthu, ba botsoalle le ba mosa. E le hore sebaka sena se ka khona ho amohela baeti bana kaofela, ho ile ha etsoa libaka tsa bahahlauli tse eketsehileng, ’me le phepelo ea motlakase e ile ea ntlafatsoa. Ho ile ha hlophisoa setsi se khethehileng sa thuto e amanang le ha khoeli e sira letsatsi bakeng sa bo-rasaense, baemeli ba ’muso, le basebeletsi ba liphallelo ba tsoang Angola le linaheng tse ling. Ho ile ha etsoa sethala se seholohali lebōpong bakeng sa boithabiso bo boholo ka ho fetisisa boo ho seng mohla bo kileng ba bonoa Sumbe.
Letsatsi le Leholo Lea Fihla
O mong oa melemo ea ho ea shebella ha khoeli e sira letsatsi u le Angola ke hobane ha ho ne pula ka June. Empa ak’u nahane ho tepella ho ileng ha e-ba teng letsatsi pele khoeli e sira letsatsi, ha maru a thiba Sumbe! Mantsiboea oohle le hoseng ho latelang, toropo eohle e ne e koahetsoe ke maru a matšo a matenya. Na batho ba ne ba ke ke ba bona ha khoeli e sira letsatsi? Motšehare oa hoseng maru a ile a qala ho apoha, ’me pele ho motšehare o moholo le ile la sa le bohoeng ba ntja. Ha ba ha re kokololo! Ka ho tšoanang, batho ba Zambia le bona ba ne ba tšoenyehile, ha ho tsoha ho le lerootho, maru a thibile. Empa le moo hape maru a ile a apoha ka nako. Mamela ha ba boneng ba hlalosa liketsahalo tsa letsatsi leo.
Angola: “Re ile ra khetha ho boha ketsahalo ena re le sebakeng se phahameng se okametseng leoatle. Ha hora e atamela, matšoele-tšoele a ile a phuthehela lebōpong la leoatle le libakeng tse khethehileng tse etselitsoeng ho shebella ketsahalo ena. Motšehare o moholo, pele khoeli e sira letsatsi, ba bangata ba ile ba roala likhalase tsa bona tse ba sireletsang mahlo eaba ba qala ho sheba ha khoeli e qala ho koahela letsatsi. Nakoana ka mor’a motšehare o moholo, khoeli e ile ea qala ho sira letsatsi. Ha u sheba ka libona-hōle kapa sebonela-hōle, u ne u tla bona likaroloana tse ling tsa letsatsi—mahlaseli a ka thōko—a ne a bonahala. Bashebelli ba ile ba bona likaroloana tsena li ntse li nyamella moriting ka bonngoe. Ha ketsahalo ena e ntse e tsoela pele, ho ile ha qala ho bata ’me ha bonahala ’mala o sa tloaelehang. Qetellong, ha mahlaseli a ho qetela a letsatsi a koaheloa ke moriti o ntseng o atamela, ho ile ha fifala.”
Zambia: “Ofisi ea lekala ea Lipaki tsa Jehova ea Zambia, e Makeni, Lusaka, e ne e le sebaka se tšoanelehang ka ho fetisisa bakeng sa ho boha ha khoeli e sira letsatsi. Ka 3:07 thapama, khoeli e ile ea qala ho sira letsatsi. Moriti o ile oa qala ho koahela mehaho, o akha le mahlaseli a leseli ka hare. Moea o ile oa kokobela, ’me linonyana tsa khaotsa ho bina. Liphoofolo li ile tsa itokisetsa boroko ba bosiu. Ka 3:09 thapama, metsotsoana e seng mekae pele khoeli e sira letsatsi ka ho feletseng, letsatsi le ntseng le nyamela le ile la fifala hore ebe mahlaseli a seng makae feela, ho fihlela ho sala le le leng. Ketsahalo ena e bitsoa Bailey’s beads le reng ea daemane.b Ho latelang ho ile ha bonahala sebōpeho se sechitja sa letsatsi, ’mala o mopinki o nang le bofubelu, o bonahalang pele khoeli e sira letsatsi ka ho feletseng le pele ho fifala!”
Angola: “Reng ena e phatsimang ea daemane e ile ea siea batho ba ahlame ba bang ba hoeletsa. Ka mor’a moo, ka 1:48 thapama ka nako ea mona, khoeli e ile ea sira letsatsi ka ho feletseng. Batho ba ile ba itšoara ka litsela tse fapaneng. Ba bang ba ne ba le maphatha-phathe ba nka litšoantšo. Ba bang ba ile ba qala ho hooa hammoho, ‘Le siretse! Le siretse! Le siretse!’ Ba bang ba ile ba letsa meloli ba hlolloa ke ho bona ha shoalane e tšoara har’a mp’a motšehare. Ho ile ha bonahala mahlaseli a letsatsi le chesang ka likhato tse milione a phallela ka nģa tsohle. Re ne re bona khase e tukang ho pota-pota botšo ba khoeli. Kapele, joalokaha eka nako e potlakisitsoe, khoeli e ile ea qala ho siruha letsatsi ’me mahlaseli a letsatsi a ile a sala moriti morao.
“Ha phikoloho ea letsatsi e qala ho hlahella, re ile ra bona likaroloana tse ling tsa letsatsi tse neng li patehile, li hlahella ka bonngoe ho fihlela letsatsi le le joalokaha re le tseba.”
Zambia: “Khoeli e ile ea sira letsatsi ka ho feletseng ka metsotso e meraro le metsotsoana e 14, kahoo re bile le nako e lekaneng ea ho boha ketsahalo ena e susumetsang tšabo e nang le tlhompho. Ho ne ho le hotšo, empa ho ne ho ntse ho e-na le mafube moo pono e fellang. Le hoja sepakapaka se ne se ntse se le seputsoa, re ile ra bona lipolanete tse lulang li siriloe ke letsatsi—ka mohlala, Jupiter le Saturn, li ne li bonahala hantle. Mohlomong ntlha e khōlō ea ketsahalo ena ke ea mahlaseli a letsatsi a neng a bonahala ho pota-pota botšo ba khoeli. Ho ne ho bonahala ’mala o mopinki o nang le bosoeu ka hare ho pota-pota selikalikoe sena se setšo. Ka lebaka la ho makatsoa ke ketsahalo ena, bashebelli ba ile ba e hlalosa e ‘makatsa ebile e le ntho e ntle haholo.’ Butle-butle khoeli e ile ea siruha letsatsi ho fihlela ha mahlaseli a letsatsi a chabetse lefatšeng a sa sitisoe. Ho sira ha khoeli letsatsi ho ile ha fela ka 4:28 thapama!”
Thuto e Ileng ea Fanoa ke Ketsahalo Ena ea ha Khoeli e Sira Letsatsi
Ka mor’a moo, batho ba bangata ba ile ba hlalosa kamoo ketsahalo ena e ba ammeng kateng moeeng. Mosali e mong oa Angola o itse ketsahalo ena e ile ea mo ama haholo hoo a ileng a batla a lla. E mong o ile a bua ka mpho e ntle eo Molimo a faneng ka eona. Leha ho le joalo, e mong o ile a bolela hore ke ’Mōpi ea lerato feela ea ka etsang pontšo ena e le hore batho ba ka ananela botle bo hlollang ba mohloli oa matla a lefatše.
Ho ne ho hlakile hore batho ba bangata Afrika ba na le tlhompho e khōlō ho ’Mōpi le Bibele. Ha Lipaki tsa Jehova li ntse li buisana le batho toropong ea Sumbe ka ho sira ha khoeli letsatsi ’me li bolela hore ona ke o mong oa mesebetsi e hlollang ea ’Mōpi oa rōna Jehova, baahi ba sebakeng seo ba ile ba bontša thahasello ea sebele mabapi le hore ho buisanoe ka taba ena. Ka cheseho ba bangata ba ile ba amohela Molula-Qhooa oa morao-rao o buang ka mesebetsi ena e hlollang.
Ketsahalo ena ea leholimo e ile ea thusa batho ba limilione ho lebala mathata a bona ka nakoana le ho lebisa tlhokomelo ea bona nthong e ’ngoe e tsosolosang motho moeeng e le kannete le e susumetsang tšabo. Ka mor’a hore ba bone litšobotsi tsa letsatsi tseo ba sa tloaelang ho li bona, ba bang ba ile ba nahana ka khanya e sa bonahaleng empa e hlolla le ho feta ea ’Mōpi oa lona, Jehova Molimo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Kaha litselana tseo khoeli le lefatše li potolohang ho tsona li motopo, tsela eo letsatsi le khoeli li bonahalang li le khōlō ka eona ea fapana ho ea ka hore na li hokae litselaneng tsa tsona. Ha khoeli e le hōle-hōle le lefatše tselaneng ea eona, karolo e lefifi ea moriti oa khoeli e ka ’na ea se ke ea bonahala lefatšeng. Ha seo se etsahala, batho ba sebakeng seo moriti ona o bonahalang ho sona ba bona feela karolo e ka ntle ea letsatsi hobane boholo ba lona bo siriloe ke khoeli.
b Ketsahalo ena e bitsoang Bailey’s beads e bakoa ke mahlaseli a letsatsi a fetang har’a likhohlo tse khoeling pele khoeli e sira letsatsi ka ho feletseng. Poleloana “reng ea daemane” e hlalosa tsela eo letsatsi le shebahalang ka eona pele khoeli e le koahela ka ho feletseng, nakong eo karolo e nyenyane ea letsatsi e sa ntseng e bonahala, kahoo karolo e phatsimang ea ho qetela ea letsatsi e koaheloang ke khoeli e bonahala joalokaha eka ke reng ea daemane e benyang.
[Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 28]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
→ →
Letsatsi → Khoeli ⇨ Karolo e ntšo ⇨ Lefatše
→ →
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© 1998 Visual Language
[Litšoantšo tse leqepheng la 31]
“Baily’s beads”
Khoeli e sirile letsatsi ka ho feletseng
Reng ea daemane
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Courtesy Juan Carlos Casado, www.skylook.net ▸
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Bashebelli ha khoeli e sira letsatsi Lusaka, Zambia