Tataiso e ka Tšeptjoang Bakeng sa Bokamoso
NA HO se tšepahale ha tlhaloso ea linomoro le mefuta e meng ea bonohe ho bolela hore ha re sa na mokhoa o mong oa ho tseba ka bokamoso ba rōna? Che ha ho joalo!
Linomoro tse sa utloisisoeng li ke ke tsa bolella batho hore na bokamoso ba bona ke bofe. Empa “Molimo ea phelang,” ea bolelang “qetello ho tloha tšimolohong,” o entse seo. Sena o se etsa ka Lentsoe la hae le ngotsoeng, Bibele. (1 Timothea 4:10; Esaia 46:10) Lentsoe la Molimo ea phelang ke lona hape le ‘khonang ho lemoha menahano le boikemisetso ba pelo,’ eseng lentsoe la bahlalosi ba linomoro, ka hona, le ka u thusa ho utloisisa hore na u susumetsoa ke eng le hore na ke eng e ka u tlisetsang katleho ea sebele.—Baheberu 4:12.
’Mōpi oa rōna, e leng Mongoli oa Bibele, ke eena feela eo ka nepo a ka bolelang bokamoso esale pele. Lebaka ke hore Molimo o matla ’ohle, ’me o ’nile a tšepahala kamehla lentsoeng la hae. Jehova Molimo o itse: “Ke o boletse . . . Ke tla boela ke o phethe.” (Esaia 46:11) Ka mor’a hore a etelle pele Baiseraele ho ba kenya Naheng e Tšepisitsoeng, Joshua o ne a ka khona hore ka kholiseho: “Ha ho tšepiso e ileng ea hlōleha ho phethahala tšepisong eohle e molemo eo Jehova a neng a e entse ho ntlo ea Iseraele; e ile ea phethahala kaofela.”—Joshua 21:45; 23:14.
Bibele e na le boprofeta bo bongata bo e-song ho phethahale. Har’a bona ke bo bolelang esale pele ka nako eo ka eona ho tla felisoa bokhopo ’me lefatše e be paradeise. (Pesaleme ea 37:10, 11; Liproverbia 2:21, 22) Na bokamoso boo boa ipiletsa ho uena? Na ua lumela hore ’Mōpi oa rōna o na le bohlale le matla a ho lokisa lintho lefatšeng lee? Haeba ho joalo, u tla batla ho hlahloba seo Bibele e se bolelang ka bokamoso ba lefatše.a
Ka hona, sebelisa nako ea hao ka bohlale hona joale—eseng ka ho leka ho tseba bokamoso ba hao ka linomoro empa ka ho leka ka matla ho fumana kutloisiso e nepahetseng ea Bibele le boprofeta ba eona. Lipaki tsa Jehova li ikemiselitse ho u thusa hore u fumane tsebo e eketsehileng ka bokamoso, joalokaha bo senotsoe ka Lentsoeng la Molimo, Bibele.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona khaolo ea 1, 10 le ea 19 bukeng ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, e hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova.