LIPOTSO TSA BIBELE LIA ARAJOA
Morero oa boprofeta bo ka Bibeleng ke ofe?
Ke hobane’ng ha bibele e hlalosa liketsahalo tsa mehla ea rōna?—Luka 21:10, 11.
Ka Bibeleng ho na le boprofeta bo bongata bo hlakileng. Ha ho na motho ea ka bolelang se tla etsahala nakong e tlang. Kahoo, ho phethahala ha boprofeta ba Bibele ke bopaki bo kholisang ba hore ke Lentsoe la Molimo.—Bala Joshua 23:14; 2 Petrose 1:20, 21.
Boprofeta ba Bibele bo seng bo phethahetse bo re fa lebaka la ho lumela ho Molimo. (Baheberu 11:1) Bo boetse bo re kholisa hore litšepiso tsa Molimo tse mabapi le bokamoso bo babatsehang li tla phethahala. Kahoo bo re fa tšepo e tiileng.—Bala Pesaleme ea 37:29; Baroma 15:4.
Boprofeta ba Bibele bo re tsoela molemo joang?
Boprofeta bo bong bo thusa bahlanka ba Molimo hore ba nke bohato. Ka mohlala, ha Bakreste ba mehleng ea Jesu ba bona ha boprofeta bo itseng bo phethahala, ba ile ba tsoa Jerusalema. Hamorao ha motse oo o timetsoa ka lebaka la batho ba sa kang ba amohela Jesu, Bakreste bona ba ne ba le hōle sebakeng se sireletsehileng.—Bala Luka 21:20-22.
Kajeno, boprofeta bo bongata bo seng bo phethahetse bo bontša hore haufinyane ’Muso oa Molimo o tla felisa mebuso ea batho. (Daniele 2:44; Luka 21:31) Kahoo, ho potlakile hore motho ka mong a nke bohato hona joale e le hore a amoheloe ke Jesu Kreste, e leng Morena eo Molimo a mo khethileng.—Bala Luka 21:34-36.