Likepe Tse Matlahali li Loketse ho Thusa
KA MONGOLI OA TSOHA! FINLAND
LINONYANA TSA LEOATLENG li fofa sepakapakeng se elileng. Mocheso ke o ntšang koena bolibeng. Ho foka moea o nang le monko oa lithollo tsa kofi. Qetellong ho utloahala lerata le leholo la mamati a khahleloang a sekepe se roalang thepa, ho lla lenaka ’me sekepe sena se laetseng thepa e boima se tloha koung se kena leetong la sona. Thōtō ena ea lithollo tsa kofi e leba Finland, naheng ea batho ba ratang kofi haholo. Leha ho le joalo, libeke li sekae hamorao, sekepe sena se jereng mekotla ea lithollo tsa kofi se ka ’na sa qaoa leqhoeng le tebileng Baltic Sea, serameng se matla sa mariha. Ke’ng se ka etsoang? Ha ho lebaka la ho tšoenyeha kaha thuso e tseleng. Pejana mane ho hlahella sekepe se matlahali—ke sekepe se pshatlang leqhoa.
Ho Pshatla Leqhoa
Boholo ba thepa lefatšeng bo tsamaisoa ka likepe. Hangata sena ha se hlahise mathata. Empa likepe li ka fihla joang likoung ha metsi a leoatle a fetohile leqhoa? Sena e ba phephetso ka ho khetheha Baltic Sea e phetheselang, eo linaha tse ngata li e sebelisang e le eona feela tsela ea ho kena leoatleng le bulehileng. Ka mohlala, ha ho bata haholo mariha, likou tse ngata Finland li apareloa ke leqhoa, ’me boholo ba likou tse ka leboea bo ka ’na ba pota-potoa ke leqhoa ho isa likhoeling tse tšeletseng. Sena se entse hore batho ba lahleheloe ke bophelo.
Ka 1867, kotulo e ile ea e-ba mpe linaheng tse ka leboea le tse bohareng Europe. Kaha ho ne ho se mokhoa oa ho fihla Finland ka lebaka la leqhoa le bileng teng ho fihlela ka May, ha hoa ka ha e-ba le tsela ea ho tsamaisa liphallelo ho fihlela leqhoa le qhibilihile. Bukeng e reng Through Ice and Snow, molaoli oa sekepe Seppo Laurell o re: “Ka nako eo batho ba ka bang 110 000, kapa ba fetang karolo ea bohlano lekholong ea baahi [ba Finland], ba ile ba bolaoa ke tlala.”
Le libakeng tse ling leqhoa le sitisa likepe tse tsamaisang thepa. Amerika Leboea, bothata bona bo tloaelehile Great Lakes, Nōkeng ea St. Lawrence le ho iphaphatha ka lebōpo la Canada. Ho ba thata le ho feta libakeng tse lintlheng tse ka leboea le ka boroa tsa lefatše nakong ea mariha ha ho le leqhoa. Moo leqhoa le ka ba botebo ba limithara tse peli ho isa ho tse tharo.
Boiteko ba Pele ba ho Betla Tsela Leqhoeng
Ha ho qala ho sebelisoa likepe, leqhoa e ne e batla e le tšitiso e ke keng ea hlōloa. Ka mor’a hore ho be le likepe tse beseletsoang tse entsoeng ka tšepe, boemo bo ile ba ntlafala. Haeba sekepe se tsamaisang thepa se le matla ka ho lekaneng, se ne se ka khona ho feta leqhoeng le sa tieang haholo. Leha ho le joalo, likepe tseo li ne li ntse li haelloa, le hoja tse ling tsa tsona li ne li hahiloe ka thata ka ho khetheha hore li sebetse le leqhoeng.
Ho haha likepe tse pshatlang leqhoa ho ile ha fana ka tharollo. Ho boleloa hore sekepe sa pele lefatšeng se pshatlang leqhoa ke City Ice Boat I, se hahiloeng United States ka 1837. Ka 1871, Europe ho ile ha hahuoa sekepe se bitsoang Eisbrecher sebakeng sa Hamburg, Jeremane. Ka mor’a moo ho sebelisoa ha likepe ho ile ha bontša hore na ke tsa mofuta ofe tse sebetsang hamolemo, ’me mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo, ho ne ho se ho ntse ho raliloe meralo e itseng.a
Likepe Tsa Tšepe Tse Boholo bo sa Tloaelehang
Ho etsahala’ng ha sekepe se qaoa leqhoeng? Mosesisi e mong oa likepe o re: “Sekepe se tsukutleha joalokaha eka se na le feberu e matla.” Sekepe se pshatlang leqhoa se lokela ho emellana le boemo bo thata ho feta sekepe se tloaelehileng sa khoebo. Mosebetsi e mong sekepeng se pshatlang leqhoa o re: “Ho qaoa leqhoeng ho tšoana le ho tsamaisa seketsoana lebōpong.” Lipoleiti tsa tšepe tse karolong e ka pele ea sekepe li ka ’na tsa e-ba botenya ba lisenthimithara tse fetang tse tharo—athe likepeng tse pshatlang leqhoa likarolong tse lintlheng tsa lefatše, li ka ba botenya ba lisenthimithara tse hlano—’me mahlakore a sekepe a hahoa ka thata ka ho khetheha ho feta a likepe tse tloaelehileng e le hore se sebetse leqhoeng. Likepe tseo li matla hakae? Ntoeng ea II ea Lefatše, ha sekepe se pshatlang leqhoa se bitsoang Tarmo se ne se qhomisoa ka bomo, karolo eo basesisi ba sekepe ba leng ka ho eona le liphaposi tse ngata tsa sona li ile tsa senyeha, empa bokantle ba sekepe ha boa ka ba phunyeha leha e le lesoba.
Tsela eo sekepe se bōpehileng ka eona ke ea bohlokoa sekepeng se pshatlang leqhoa. Hangata ha ho thata ho pshatla leqhoa empa ho thata ke ho le tlosa tseleng. Karolo e ka pele likepeng tse ngata tse pshatlang leqhoa e batla e bōpehile joaloka ntlha ea khaba. Sekepe se pshatla leqhoa ka boima ba sona ebe se le sutumelletsa ka mathōko le ho le isa tlaase. Sekepe se hahiloe ka hloko ho fokotsa hore se hohlane le leqhoa. Ho feta moo, bokantle ba sekepe bo etsoa ka tšepe e sa etseng mafome kapa bo pentoa ka pente e boreleli haholo le e tšoarellang.
Likepe tsee tsa tšepe tse boholo bo sa tloaelehang li tsamaisoa ka eng? Ha ho sa tšoana le mehleng ela ea ha banna ba ne ba rotha mofufutso ba beseletsa ka mashala tanka ea metsi ka enjeneng. Likepe tsa kajeno tse pshatlang leqhoa li tsamaea ka disele le motlakase, ’me matla a tsamaisang litšepe tsa tsona a tšoana le a likepe tse tsamaisang oli tse boholo bo itekanetseng. E le ho hlomella likepe tse pshatlang leqhoa hore li sebetse libakeng tse lintlheng tsa lefatše ho se tšabo ea hore li ka felloa ke mafura, tse ling tsa tsona li haheletsoe mechine e ntšang matla a nyutlelie.
Litšobotsi Tse Ling Tse Ikhethang
Haeba seketsoana sa masokoana se qaoa seretseng, motsamaisi oa sona a ka ’na a se qaolla ka ho se tsukutla. Ho joalo le ka likepe tse pshatlang leqhoa. Leha ho le joalo, tsona li ke ke tsa sisinyeha le haeba sehlopha sohle sa banna ba 30 ba ka leka ho se tsukutla ka ho se thesela ka matla ka mahlakoreng. Se tsukutloa ke ho sekama ha sona ka tsela e ikhethang—metsi a tsoa ka tankeng e khōlō e lehlakoreng le leng la sekepe ho ea ho e ka lehlakoreng le leng ’me a etsa joalo ka makhetlo. Ho makatsang ke hore maemong a mang, ho tsukutleha hona ho nka nakoana e ka etsang metsotsoana e 15! Taba ena ea ho tsukutleha ha sona e lekane ho etsa hore motho ea sa tsebeng letho ka likepe a fafohe letsoalo. Ka sebele, ho bo-ralikepe seo hase letho.
Bofelong ba lekholo la bo19 la lilemo, motho e mong o ile a nahana ho kenya masokoana a sekepe karolong e ka pele ea sona. Ha masokoana ana a ntse a bilika a etsa mophula oa metsi o fokotsang khohlano le ho suthisa leqhoa le ntseng le qhibiliha. Likepe tse ling tsa kajeno tse pshatlang leqhoa li na le masokoana a mabeli karolong e ka morao ea sekepe le lesokoana le le leng kapa a mabeli karolong e ka pele ea sona. Leha ho le joalo, likepeng tse ngata tse pshatlang leqhoa, lesokoana le hlaheletseng ka ntle karolong e ka pele ea sekepe le nketsoe sebaka ke mochine o fehlang moea. Liphaephe tsa sekepe tse karolong e ka metsing li butsoela moea ka sefutho metsing a ka tlas’a leqhoa, e leng ho etsang hore metsi a tšikhunye ka matla, e le ho fokotsa khohlano.
Ho Shebela Pejana
Letsatsi le futhumetseng la selemo le etsa seo likepe tse robong tsa Finland tse pshatlang leqhoa li hlōlehang ho se etsa—le qhibilihisa leqhoa le pota-potileng likou tsohle, esita le le likarolong tse ntlheng e ka leboea ea naha. Likepe tse pshatlang leqhoa li khutlela koung ea tsona, ’me sena se bolela hore basebetsi ba tla ja bothebelele lehlabuleng lena. Likepe tsena tse theko e boima, tse ikhethang, li tla qeta likhoeli tse ngata li lutse feela kaha moetso oa tsona o ikhethang ha oa etsetsoa ho tsamaea metsing a se nang leqhoa.
Leha ho le joalo, ho na le moetso o mocha oa likepe. Mariha likepe tsena li etsa mosebetsi o tloaelehileng oa ho pshatla leqhoa, empa nakong ea ha metsi a se na leqhoa, li ka sebelisetsoa lintho tse kang ho kenya lik’heibole, ho etsa lipatlisiso le ho hloekisa oli leoatleng. Sekepe se seng se joalo, e leng Botnica, se hahiloeng ka 1998 hore se sebelisoe ke Finnish Maritime Administration, se na le likarolo tse peli tse tsamaisang masokoana tse potolohang joaloka lebili, ’me kahoo li boetse li thintša sekepe. Tsamaiso ena ea masokoana e etsa hore sekepe se laolehe habonolo ka tsela e makatsang. Le likepe tse ncha tse tsamaisang baeti li entsoe ka tsela ena.
Ka lebaka la mekhoa e tsoetseng pele ea likepe tse pshatlang leqhoa, ho hlahile khopolo ea ho etsa mofuta o mocha oa sekepe se tsamaisang thepa. Ha sekepe se secha se e-ea pele se tla tsamaea maqhubung ka tsela e tloaelehileng. Leha ho le joalo, karolo e ka morao ea sona e tla sebelisetsoa ho pshatla leqhoa. ‘Sekepe sena se tšebetso e habeli’ se tla thusa haholo likarolong tse lintlheng tsa lefatše, moo hangata likepe tse pshatlang leqhoa li sa finyelleng teng. Sekepe se ka ipetlela tsela leqhoeng ka ho checha ka santhao.
Ha tsena li ntse li etsahala, Finland eona e hloka kofi ka potlako. Sekepe se pshatlang leqhoa seo ho builoeng ka sona serapeng se qalang sehloohong sena se qaollotse sekepe sa kofi se neng se qauoe ’me joale sea se hula. Molaoli oa sekepe se pshatlang leqhoa o itšetleha ka mokoallo oa litšepe a khobile matšoafo. Joale o retelehela karolong eo basesisi ba sekepe ba leng ho eona. Joale ke nako ea ho phoka kofi e chesang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Likepe tse pshatlang leqhoa li fapana ka boholo le ka moetso, ho itšetlehile ka hore na li sebetsa hokae—likoung, leoatleng le bulehileng, kapa likarolong tse lintlheng tsa lefatše. Taba e khōlō e tšohloang sehloohong sena ke ea likepe tse pshatlang leqhoa tse sebelisoang leoatleng le bulehileng.
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Sekepe se pshatlang leqhoa se bitsoang “Otso” se betla tsela
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Finnish Maritime Administration
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Sekepe sa mariha se qauoe leqhoeng—hoo e ka bang ka 1890
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Museovirasto
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
“Taymyr” e tsamaeang ka matla a nyutlelie
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Kværner Masa-Yards
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Likepe tse pshatlang leqhoa tse etsang mesebetsi e fapa-fapaneng li boetse li ka sebelisetsoa ho kenya lik’heibole le liphaephe
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Finnish Maritime Administration
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
“Botnica”
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Finnish Maritime Administration